“Ke Rata Likhopotso Tsa Hao”
“Lintho tsohle tse ileng tsa ngoloa nakong e fetileng li ile tsa ngolloa ho re laea.”—BAROMA 15:4.
1. Jehova o etsa hore re fumane likhopotso joang, ’me ke hobane’ng ha re li hloka?
NAKO le nako Jehova o na le lintho tseo a li hopotsang batho ba hae e le hore a ba thuse ho sebetsana le likhatello tsa linako tsena tse thata. Tse ling tsa likhopotso tsena ba li fumana ha motho a bala Bibele, ’me tse ling li tla e le boitsebiso bo fanoang libokeng tsa Bokreste kapa e le litlhaloso tse fanoang ke ba bang. Boholo ba seo re se balang kapa re se utloang linakong tsena ke seo re seng re ntse re se tseba. Ho ka etsahala hore ebe ke boitsebiso boo re seng re kile ra bua ka bona. Leha ho le joalo, kaha rea lebala, ho hlokahala hore nako le nako re nchafatse mehopolo ea rōna mabapi le merero, melao le litaelo tsa Jehova. Re lokela ho leboha likhopotso tsa Molimo. Li re tsosa molota hore re ele hloko mabaka a ileng a re susumelletsa ho phela bophelo bo tumellanong le thato ea Molimo. Kahoo, mopesaleme o ile a binela Jehova a re: “Ke rata likhopotso tsa hao.”—Pesaleme ea 119:24.
2, 3. (a) Ke hobane’ng ha Jehova a ile a boloka litlaleho tsa batho bao Bibele e buang ka bona ho fihlela mehleng ea rōna? (b) Ke litlaleho life tsa Mangolo tse tla tšohloa sehloohong see?
2 Lentsoe la Molimo le matla haholo le hoja e le khale le ngotsoe. (Baheberu 4:12) Le re bolella litlaleho tsa ’nete ka bophelo ba batho bao Bibele e buang ka bona. Le hoja mekhoa le maikutlo li fetohile haholo ho tloha nakong ea ha ho ne ho ngoloa Bibele, hangata mathata ao re thulanang le ’ona a batla a tšoana le ao batho ba neng ba thulana le ’ona nakong eo. Litaba tse ngata tseo re li boloketsoeng ka Bibeleng ke mehlala e amang maikutlo ea batho ba neng ba rata Jehova le ba neng ba mo sebeletsa ka botšepehi ho sa tsotellehe maemo a bohloko. Litlaleho tse ling li qoolla boitšoaro boo Molimo a bo hloileng. Jehova o entse hore litlaleho tsena tsohle tsa batho bana, tse ntle le tse mpe, li akarelletsoe ka Bibeleng e le likhopotso. Ho joalokaha moapostola Pauluse a ile a ngola, a re: “Lintho tsohle tse ileng tsa ngoloa nakong e fetileng li ile tsa ngolloa ho re laea, e le hore ka mamello ea rōna le ka matšeliso a tsoang Mangolong re ka ba le tšepo.”—Baroma 15:4.
3 A re ke re tsepamiseng likelello litlalehong tse tharo tse ka Mangolong: tlaleho ea litšebelisano tsa Davida le Saule, ea Ananiase le Safira le ea tsela eo Josefa a ileng a itšoara ka eona mabapi le mosali oa Potifaro. E ’ngoe le e ’ngoe ea litlaleho tsena e re ruta thuto ea bohlokoa.
Ho Tšepahalla Litokisetso Tsa Molimo
4, 5. (a) Ke boemo bofe bo ileng ba e-ba teng pakeng tsa Morena Saule le Davida? (b) Davida o ile a etsa joang ka bora ba Saule?
4 Morena Saule o ile a bontša hore ha a tšepahale ho Jehova ebile ha a tšoanelehe hore a buse batho ba Hae. Kahoo, Molimo o ile a mo lahla eaba o laela moprofeta Samuele hore a tlotse Davida hore e tle e be eena morena oa Iseraele oa ka moso. Eitse ha Davida a bontša hore ke mohlabani ea hloahloa le ha batho ba mo rorisa, Saule o ile a qala ho talima Davida e le sera sa hae. Saule o ile a leka hangata ho mo bolaea. Davida o ile a pholoha ka lekhetlo le leng le le leng hobane Jehova a ne a e-na le eena.—1 Samuele 18:6-12, 25; 19:10, 11.
5 Davida o ile a qeta lilemo tse ngata a phela joaloka mophaphathehi. Ha ho ne ho hlaha monyetla oa hore a bolaee Saule, metsoalle ea hae e ile ea mo khothalletsa hore a mo bolaee, e bolela hore Jehova o nehetse sera sa Davida matsohong a hae. Leha ho le joalo, Davida o ile a hana. Botšepehi ba hae ho Jehova le ho hlompha ha hae setulo sa Saule e le morena ea tlotsitsoeng oa batho ba Molimo bo ile ba mo susumelletsa hore a hane. Na hase Jehova ea neng a khethile Saule hore e be morena oa Iseraele? Kahoo, ke Jehova ea neng a tla mo tlosa ha ho hlokahala. Davida o ile a etsa qeto ea hore ha a na tokelo ea ho fetola maemo. Ka mor’a hore a etse sohle seo a neng a ka se khona ho felisa bora ba Saule, Davida o ile a phetha ka ho re: “Jehova o tla mo otla; kapa letsatsi la hae le tla tla ’me o tla lokela ho shoa, kapa o tla theohela ntoeng, ’me ka sebele o tla felisoa. Ke ho sa utloahaleng, ponong ea Jehova, hore ke otlolle letsoho khahlanong le motlotsuoa oa Jehova!”—1 Samuele 24:3-15; 26:7-20.
6. Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore re nahane ka pale ea Davida le Saule?
6 Tlaleho ena e na le thuto ea bohlokoa. Na u kile ua ipotsa hore na ke hobane’ng ha mathata a itseng a hlaha ka phuthehong ea Bokreste? Ho ka etsahala hore ebe motho ea itseng o itšoara ka tsela e sa lokelang. Mohlomong boitšoaro ba hae hase bo fosahetseng, empa boa u tšoenya. U lokela ho etsa’ng? Ka lebaka la ho ameha ka motho eo le ka lebaka la ho tšepahala ho Jehova, mohlomong u ka etsa qeto ea ho buisana le eena ka mosa, ka sepheo sa ho rua mor’eno. Ho etsoa’ng haeba bothata bo tsoela pele? Ka mor’a ho etsa sohle seo u ka se khonang, u lokela ho tlohela taba matsohong a Jehova. Davida o ile a etsa joalo.
7. Re lokela ho etsisa Davida joang ha re tšoaroa ka leeme kapa ha re khetholloa?
7 Kapa u ka ’na ua phela har’a mathata a ho tšoaroa ka leeme sechabeng kapa a khethollo ea bolumeli. Mohlomong hona joale u ka etsa ho honyenyane kapa ha ho letho leo u ka le etsang ka ’ona. Ho ka ba thata haholo ho mamella boemo bo joalo, empa re ka ithuta ho seo Davida a ileng a se etsa ha a ne a tšoeroe ka leeme. Lipesaleme tseo Davida a ileng a li ngola hase feela tlaleho e amang pelo ea lithapelo tsa hae tse tlohang pelong tsa hore Molimo a mo sireletse liatleng tsa Saule empa hape ke tsa ho tšepahala ha hae ho Jehova le ho ameha ha hae ka ho tlotlisoa ha lebitso la Molimo. (Pesaleme ea 18:1-6, 25-27, 30-32, 48-50; 57:1-11) Davida o ile a lula a tšepahala ho Jehova le hoja Saule a ile a mo tšoara ka leeme ka lilemo tse ngata. Le rōna re lokela ho lula re tšepahala ho Jehova le ho mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng ho sa tsotellehe leeme leo re le etsetsoang, le seo ba bang ba se etsang. Re ka kholiseha hore Jehova o bona boemo ka botlalo.—Pesaleme ea 86:2.
8. Lipaki Tsa Jehova tsa Mozambique li ile tsa etsa joang ha ho ne ho lekoa botšepehi ba tsona ho Jehova?
8 Bakreste ba Mozambique ke mohlala oa mehleng ea kajeno oa batho ba ileng ba khomarela Jehova ka botšepehi ha ba lekoa. Ka 1984 metse ea bona e ile ea hlaseloa khafetsa ke litho tse hlometseng tsa mokhatlo oa baitseki tse neng li utsoa, li chesa matlo li bile li bolaea. Ho ne ho bonahala ho se letho leo Bakreste bana ba ’nete ba ka le etsang ho itšireletsa. Ho ne ho etsoa boiteko ba hore baahi ba moo ba thaotheloe mokhatlong oa batho ba hlometseng kapa hore ba o tšehetse ka litsela tse ling. Lipaki Tsa Jehova li ne li nka hore ka ho tšehetsa mokhatlo oo, li tla be li jela paate, e leng ntho eo tsona joaloka Bakreste li sa lumellaneng le eona. Ho hana ha tsona ho ile ha halefisa litho tsa mokhatlo oo oa batho ba hlometseng. Ho ile ha bolaoa Lipaki tse ka bang 30 nakong eo e mahlonoko, empa ho tšosoa ka lefu le hona ha hoa ka ha senya botšepehi ba batho ba Molimo.a Joaloka Davida, ba ile ba mamella leeme empa qetellong ba ile ba hlōla.
Khopotso e Lemosang
9, 10. (a) Re ka rua molemo joang mehlaleng e itseng ea Mangolo? (b) Phoso ea se entsoeng ke Ananiase le Safira e ne e le efe?
9 Batho ba bang bao ho buuoang ka bona ka Mangolong e bile mehlala e lemosang tabeng ea boitšoaro bo lokelang ho qojoa. Bibele e na le litlaleho tse ngata tsa batho ba ileng ba etsa liphoso eaba baa kotula, ’me ba bang ba bona e ne e le bahlanka ba Molimo. (1 Bakorinthe 10:11) Tlaleho e ’ngoe ea mofuta oo ke ea Ananiase le Safira, banyalani ba neng kopanela le phutheho ea Bokreste ea Jerusalema ea lekholong la pele la lilemo.
10 Ka mor’a Pentekonta ea 33 C.E., ho ile ha hlokahala thuso ea lintho tse bonahalang bakeng sa balumeli ba bacha ba ileng ba sala Jerusalema ka morero oa ho rua molemo ha ba ntse ba e-na le baapostola. Litho tse ling tsa phutheho li ile tsa rekisa thepa ea tsona bakeng sa ho bokella chelete e le hore bohle ba be le lintho tse hlokahalang. (Liketso 2:41-45) Ananiase le Safira ba ile ba rekisa tšimo ea bona eaba ba isa ho baapostola karolo e itseng feela ea chelete eo ba neng ba e fumane, empa ba bolela hore ba fane ka chelete eohle eo ba rekisitseng tšimo ka eona. Ke ’nete hore Ananiase le Safira ba ne ba e-na le tokelo ea ho fana ka chelete eo ba neng ba batla ho fana ka eona, ebang e ne e le e ngata kapa e nyenyane, empa sepheo sa bona se ne se fosahetse ebile ba ne ba sa tšepahale. Ba ne ba batla ho iketsa eka ke batho ba lokileng le ba fanang haholo. Moapostola Petrose o ile a susumetsoa ke moea o halalelang eaba o senola ho se tšepahale le ho ikaketsa ha bona, ’me Jehova o ile a ba bolaea.—Liketso 5:1-10.
11, 12. (a) Ke mehlala efe e meng ea Mangolo e lemosang ka botšepehi? (b) Melemo ea ho tšepahala ke efe?
11 E se eka pale ea Ananiase le Safira e ka ba temoso e matla ho rōna haeba ho ka etsahala hore re kene molekong oa ho sotha ’nete ka lebaka la ho batla ho iketsa eka re batho ba lokileng le ba fanang haholo. Re ka ’na ra thetsa batho ba bang, empa re ke ke ra thetsa Jehova. (Baheberu 4:13) Khafetsa Mangolo a re khothalletsa hore re tšepahale e mong ho e mong, kaha batho ba leshano ba ke ke ba phela lefatšeng la ho loka. (Liproverbia 14:2; Tšenolo 21:8; 22:15) Ho lokela hore re hlakeloe ke hore na sena se etsahala hobane’ng. Satane Diabolose ke eena ea khothalletsang leshano.—Johanne 8:44.
12 Ho phela ka botšepehi ho na le melemo e mengata. Melemo e meng ea hona ke ho ba le letsoalo le hloekileng le ho thabela ho tšeptjoa ke batho ba bang. Maemong a mangata, Bakreste ba ’nile ba fumana mesebetsi, kapa ba lula mesebetsing, ka lebaka la botšepehi ba bona. Leha ho le joalo, molemo oa bohlokoa ka ho fetisisa ke hore ha re tšepahala, re ba metsoalle ea Molimo Ea Matla ’Ohle.—Pesaleme ea 15:1, 2.
Ho Boloka Boitšoaro bo Hloekileng
13. Josefa o ile a ba boemong bofe, ’me o ile a etsa joang?
13 Mora oa mopatriareka Jakobo ea bitsoang Josefa o ile a rekisoa bokhobeng ha a ne a e-na le lilemo tse 17. Qetellong o ile a lula lelapeng la Potifaro, eo e neng e le mohlanka oa morena oa Egepeta, ’me mosali oa Potifaro o ile a khahloa ke Josefa. Mosali enoa o ile a lakatsa ho kopanela liphate le Josefa, eo e neng e le mohlankana oa koete, ’me letsatsi le letsatsi mosali enoa o ile a ’na a phehella Josefa a re: “Robala le ’na.” Josefa o ne a le hōle le lelapa labo naheng eo ho neng ho se motho ea mo tsebang. Ho ne ho ka ba bonolo hore a robale le mosali enoa ebe taba ena e ba pinyane. Empa, eitse mohla mosali oa Potifaro a mo qhautsang ka letsoho, Josefa o ile a baleha.—Genese 37:2, 18-28; 39:1-12.
14, 15. (a) Ke hobane’ng ha re thabela pale ea Josefa? (b) Ke hobane’ng ha moroetsana e mong oa Mokreste a leboha hore ebe o ile a mamela likhopotso tsa Molimo?
14 Josefa o ne a hōliselitsoe lelapeng le tšabang Molimo, ’me o ne a utloisisa hore ke phoso hore batho bao e seng monna le mosali ba kopanele liphate. O ile a botsa: “Nka etsa bobe bona bo boholo joang ’me ka siteloa Molimo?” Mohlomong qeto ea hae e ile ea susumetsoa ke ho tseba molao oo Molimo a neng a o behetse batho Edene oa hore monna a nyale mosali a le mong. (Genese 2:24) Kajeno batho ba Molimo ba ka rua molemo ka ho nahana ka seo Josefa a ileng a se etsa boemong boo. Libakeng tse ling, taba ea ho kopanela liphate ke ntho e lumelloang hoo bacha ba hanang ho kopanela boitšoarong bona bo bobe ba songoang ke lithaka tsa bona. Ho tloaelehile hore batho ba baholo ba kopanele liphate le batho bao e seng balekane ba bona. Kahoo, pale ea Josefa e re hopotsa ntho ea bohlokoa eo re lokelang ho e hopola mehleng ea rōna. Molao oa Molimo e ntse e le hore bohlola le bofebe ke libe. (Baheberu 13:4) Batho ba bangata ba ileng ba inehela khatellong ea ho kopanela liphate ba sa tšoanela, baa lumela hore ho na le lebaka le utloahalang la ho hana ho etsa joalo. Har’a liphello tse sa rateheng e ka ’na ea e-ba ho hlajoa ke lihlong, letsoalo le molato, ho boulela, ho ima kapa boloetse bo tšoaetsanoang ka ho kopanela liphate. Feela joalokaha Mangolo a re hopotsa, motho ea etsang bohlola “o siteloa ’mele oa hae.”—1 Bakorinthe 5:9-12; 6:18; Liproverbia 6:23-29, 32.
15 Jennyb ke Paki ea Jehova ea lesoha, ’me o na le lebaka la ho leboha likhopotso tsa Molimo. Mohlankana e mong oa tjaka o ile a leka ho mo fereha mosebetsing. Ha Jenny a sa mo tsotelle, o ile a leka ka matla ho mo hohela. Jenny o re: “Ke ile ka loana hore ke lule ke hloekile hobane hoa kakamatsa ha motho oa bong bosele a bontša eka oa u rata.” Leha ho le joalo, o ile a hlokomela hore mohlankana enoa o mpa a leka feela ho mo kenya palong ea basali bao a ileng a kopanela liphate le bona. Nakong eo a neng a utloa eka o tla inehela, o ile a kōpa Jehova ka matla hore a mo thuse hore a tšepahale ho Eena. Jenny o ile a fumana hore lintho tseo a ileng a ithuta tsona ha a ntse a etsa lipatlisiso ka Bibeleng le ka har’a lingoliloeng tsa Bokreste, li ne li tšoana le likhopotso tse mo fang malebela. E ’ngoe ea likhopotso tseo e ne e le pale ea Josefa le mosali oa Potifaro. O phetha ka ho re: “Hafeela ke ntse ke ikhopotsa hore na ke rata Jehova hakae, ha ho hlokahale hore ke tšohe hore ke tla etsa bobe bona bo boholo ebe kea mo siteloa.”
Mamela Likhopotso Tsa Molimo!
16. Re ka rua molemo joang ka ho bala le ho thuisa ka bophelo ba batho bao Bibele e buang ka bona?
16 Bohle re ka hōlisa kananelo eo re nang le eona bakeng sa melao ea Jehova ka ho loanela ho utloisisa hore na ke hobane’ng ha a entse hore re bolokeloe litlaleho tse itseng ka Mangolong. Li re ruta eng? Batho bao ho buuoang ka bona ka Bibeleng ba ne ba e-na le makhabane le mekhoa efe eo re lokelang ho e etsisa kapa ho e qoba? Lentsoeng la Molimo ho ngotsoe ka batho ba bangata haholo. Bohle ba ratang taeo ea Molimo ba ka rua molemo ka ho hlaolela takatso ea bohlale bo phelisang, ho akarelletsa seo re ka ithutang sona mehlaleng eo Jehova a entseng hore e ngoloe ka hloko. Khafetsa makasine ena e ’nile ea e-ba le lihlooho tse buang ka batho bao re ithutang ho hong ka lipale tsa bona. Na u ka ipha nako ea ho li bala?
17. U ikutloa joang ka likhopotso tsa Jehova, hona e le ka lebaka lefe?
17 Re leboha hakaakang hore ebe Jehova o amehile ka lerato ka ba loanelang ho etsa thato ea hae! Ho hang ha rea phethahala, feela joalokaha banna le basali bao Bibele e buang ka bona ba ne ba sa phethahala. Leha ho le joalo, tlaleho ea liketso tsa bona e molemo haholo ho rōna. Ha re mamela likhopotso tsa Jehova, re ka qoba ho etsa liphoso tse khōlō, ’me re ka etsisa mehlala e metle ea ba ileng ba tsamaea litseleng tsa ho loka. Ha re etsa joalo, re tla khona ho bina le mopesaleme re re: “Ho thaba ba bolokang likhopotso tsa [Jehova]; ba ntse ba mo batla ka lipelo tsohle. Moea oa ka o bolokile likhopotso tsa hao, ke li rata ka mokhoa o fetisisang.”—Pesaleme ea 119:2, 167.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bona Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 1996, (ea Senyesemane) leqepheng la 160-2.
b Lebitso la hae le fetotsoe.
U ka Araba Joang?
• Re ka ithuta eng ka boitšoaro ba Davida ho Saule?
• Tlaleho ea Ananiase le Safira e re ruta eng?
• Ke hobane’ng ha pale ea bophelo ba Josefa e le ea bohlokoa kajeno?
[Setšoantšo se leqepheng la 26]
Ke hobane’ng ha Davida a sa ka a lumela hore Saule a bolaoe?
[Setšoantšo se leqepheng la 27]
Re ithuta eng tlalehong ea Ananiase le Safira?
[Setšoantšo se leqepheng la 28]
Josefa o ile a thusoa ke eng hore a hane ho ekoa hore a etse boitšoaro bo bobe?