Buka ea Bibele ea 1—Genese
Mongoli: Moshe
Sebaka Seo e Ngoletsoeng ho Sona: Lefeelleng
Ho Ngoloa ho Phethiloe ka: 1513 B.C.E.
Nako e Akarelitsoeng: “Tšimolohong” ho ea ho 1657 B.C.E.
1. Ke lihlooho life tse ling tsa bohlokoa tse koahetsoeng ho Genese?
INAHANELE u nka buka e nang le likhaolo tse khutšoanyane tse 50 feela ’me leqepheng la pele kapa la bobeli u fumana tlaleho e nepahetseng feela ea histori ea pejana ea motho le tlaleho e bontšang kamano ea motho le Molimo, ’Mōpi oa hae, hammoho le lefatše le nang le likete-kete tsa libōpuoa! Maqepheng ao a fokolang, hape u fumana temoho e tebileng morerong oa Molimo oa ho bea motho holim’a lefatše. Ha u bala ho tsoela pele, u sibolla hore na ke hobane’ng ha motho a e-shoa le lebaka la boemo ba hae ba hona joale bo likhathatso, ’me u beoa leseling mabapi le motheo oa sebele bakeng sa tumelo le tšepo, esita le mabapi le ho khetholla kofuto ea Molimo ea topollo—Peō ea tšepiso. Buka e hlollang e fupereng lintho tsena tsohle ke Genese, ea pele ea libuka tse 66 tsa Bibele.
2. Lebitso Genese le bolela eng, ’me ke karolo ea pele ea eng?
2 “Genese” e bolela “Qalo; Tsoalo,” e leng lebitso le nkiloeng phetolelong ea Segerike ea Septuagint. Meqolong e ngotsoeng ka letsoho ea Seheberu, sehlooho ke mantsoe a qalang, Bereʼ·shithʹ, “tšimolohong” (en ar·khei ka Segerike). Genese ke buka ea pele ea Libuka tse Hlano tse Qalang tsa Bibele. Ho bonahala qalong ena e ne e le buka e le ’ngoe e bitsoang Torah (Molao) kapa ‘buka ea molao oa Moshe’ empa hamorao e ile ea aroloa meqolo e mehlano bakeng sa hore e tšoarehe habonolo.—Josh. 23:6; Esdrase 6:18.
3. (a) Moqapi oa Genese ke mang, empa e ngotsoe ke mang? (b) Moshe e ka ’na eaba o fumane boitsebiso boo a bo kopanyellelitseng ho Genese joang?
3 Jehova Molimo ke Moqapi oa Bibele, empa o ile a bululela Moshe hore a ngole buka ea Genese. Moshe o ile a fumana boitsebiso boo a bo tlalehileng ho Genese hokae? Bo bong e ka ’na eaba o bo amohetse ka ho toba ka tšenolo ea bomolimo ’me bo bong, ka tlas’a tataiso ea moea o halalelang, ka puisano ea molomo. Hape ho ka etsahala hore ebe Moshe o ne a e-na le litlaleho tse ngotsoeng tse ileng tsa bolokoa ke bo-ntat’ae moholo e le litlaleho tse molemo le tsa bohlokoahali tsa ho qaleha ha motho.a
4. (a) Moshe o ile a qetella ho ngola ha hae hokae hona e le neng? (b) E ka ’na eaba Moshe o fumane taba eo a e kopanyellelitseng karolong ea ho qetela ea Genese joang?
4 Ho ka etsahala hore ebe e ne e le lefeelleng la Sinai ka 1513 B.C.E. moo Moshe, tlas’a pululelo, a ileng a phethela ho ngola ha hae. (2 Tim. 3:16; Joh. 5:39, 46, 47) Moshe o ile a fumana boitsebiso ba karolo ea ho qetela ea Genese hokae? Kaha ntat’a ntat’ae moholo Levi e ne e le ngoan’abo Josefa ka malapa, litaba tsena tse qaqileng li ne li ka tsebahala hantle ka lapeng habo. E ka ’na eaba Levi o ile a phela le nakong ea ntate oa Moshe, Amram. Ho feta moo, moea oa Jehova le oona o ne o tla tiisa ho nepahala ha ho tlalehoa ha karolo ena ea Mangolo.—Ex. 6:16, 18, 20; Num. 26:59.
5. Ke bopaki bofe bo ka hare ba Bibele ba hore Moshe ke eena mongoli?
5 Ha ho pelaelo hore na Genese e ngotsoe ke mang. “Bukeng ea Molao oa Moshe” le litšupiso tse tšoanang tse supang libukeng tse hlano tsa pele tsa Bibele, tseo Genese e leng e ’ngoe ea tsona, hangata li fumanoa ho tloha nakong ea mohlahlami oa Moshe, Joshua, ho ea pele. Ha e le hantle, ho na le litšupiso tse ka bang 200 tse supang ho Moshe ho tse 27 tsa libuka tse qetellang tsa Bibele. Ha ho mohla Bajode ba kileng ba belaella taba ea hore e ngotsoe ke Moshe. Mangolo a Bokreste a Segerike a bua hangata ka Moshe e le mongoli oa “molao,” bopaki bo ka sehloohong e le ba Jesu Kreste. Moshe o ngotse ka taelo e tobileng ea Jehova le tlas’a pululelo ea Hae.—Ex. 17:14; 34:27; Josh. 8:31; Dan. 9:13; Luka 24:27, 44.
6. Ke eng se fanang ka maikutlo a hore ho ngola ho qalile pele historing ea batho?
6 Ba bang ba nang le khoao, ba ’nile ba botsa, Empa ho tla joang hore e be Moshe le ba tlileng pele ho eena ba ne ba khona ho ngola? Na ho ngola e ne e se tsoelo-pele ea batho ea morao-rao? Ho bonahala ho ngola ho qalile pejana paleng ea batho, mohlomong le pele ho Moroallo oa mehleng ea Noe, o bileng teng ka 2370 B.C.E. Na ho na le bopaki leha e le bofe ba hore motho o ne a khona ho ngola pele? Le hoja e le ’nete hore baepolli ba lintho tsa khale ba behela matlapa a itseng a letsopa ao ba a epollotseng matsatsi a pejana ho 2370 B.C.E., matsatsi a joalo e mpa feela e le ao ba inahanelang oona. Leha ho le joalo, ho lokela ho hlokomeloa hore Bibele e bontša ka ho hlakileng hore ho hahoa ha metse, ho ntšetsoa pele ha liletsa tsa ’mino, le ho betloa ha lisebelisoa tsa tšepe ho qalile nako e telele pele ho Moroallo. (Gen. 4:17, 21, 22) Joale, ka ho utloahalang, batho ba ne ba ka ba le bothata bo bonyenyane mabapi le ho qapa mokhoa oa ho ngola.
7. Ke bopaki bofe ba lefatše bo teng ba moroallo oa lefatše le makala a mararo a moloko oa motho, joalokaha bo hlalositsoe ka Bibeleng?
7 Ka litsela tse ling tse ngata, Genese e ipakile e tsepame nthong e le ’ngoe ka mokhoa o makatsang ka linnete tse pakiloeng. Ke Genese feela e fanang ka tlaleho ea ’nete e nang le bopaki ea Moroallo le baphonyohi ba oona, le hoja litlaleho tsa moroallo le ho pholoha ha batho (mabakeng a mangata e le ka lebaka la ho bolokoa sekepeng) li fumanoa lipaleng tsa makala a mangata a lelapa la motho. Tlaleho ea Genese e boetse e fana ka ho qaleha ha bolulo ba makala a sa tšoaneng a batho, a tsoang ho bara ba bararo ba Noe—Sema, Kama, le Jafeta.b Dr. Melvin G. Kyle, oa Xenia Theological Seminary, Missouri, U.S.A., o re: “Hore ho tloha setsing se bohareng, kae-kae Mesopotamia, lekala la Kama la moloko le ile la fallela ka boroa-bophirima, lekala la Jafeta leboea-bophirima, ’me lekala la Sema la leba ‘bochabela’ ’nģa ea ‘naheng ea Shinare’ ho ke ke ha latoloa.”c
8. Ke mefuta efe e meng ea bopaki e pakang bonnete ba Genese?
8 Bonnete ba Genese e le karolo ea tlaleho ea bomolimo bo boetse bo bontšoa ke ho lumellana ha eona ho ka hare, hammoho le ho lumellana ha eona ho felletseng le karolo e setseng ea Mangolo a bululetsoeng. Ho se pate ’nete ha eona ho bontša mongoli ea neng a tšaba Jehova le ea ratang ’nete le eo a sa kang a tsila-tsila ho ngola ka libe tsa sechaba seo le tsa ba neng ba hlahelletse Iseraeleng. Ka holim’a tsohle, ho nepahala ho sa thekeseleng hoo boprofeta ba eona bo phethahalang ka hona, joalokaha ho tla bontšoa ho ea qetellong ea khaolo ena, ho tšoaea Genese e le mohlala o totobetseng oa lengolo le bululetsoeng ke Jehova Molimo.—Gen. 9:20-23; 37:18-35; Ba-Gal. 3:8, 16.
LITABA TSE KA HARE TSA GENESE
9. (a) Ke eng se phetoang khaolong e qalang ea Genese mabapi le pōpo ea Molimo? (b) Khaolo ea bobeli e fana ka makolopetso afe a eketsehileng ka motho?
9 Pōpo ea maholimo le lefatše, le ho lokisoa ha lefatše bakeng sa hore le ahuoe ke batho (1:1–2:25). Ho fihlela morao-rao lilemong tseo ho hlakileng hore ke tse libillione, Genese e qala ka bonolo bo makatsang: “Tšimolohong, Molimo o no o hlole maholimo le lefatše.” Ha e le hantle, polelo ena e qalang e khetholla Molimo e le ’Mōpi ’me thepa ea oona eo o e bōpileng e le maholimo le lefatše. Ka mantsoe a hlollang, le a khethiloeng hantle, khaolo ea pele e tsoela pele ho fana ka tlaleho e akaretsang ea mosebetsi oa ho bōpa kamanong le lefatše. Hona ho finyelletsoe ka linako tse tšeletseng tse bitsoang matsatsi, letsatsi ka leng le qala ka shoalane, ha mosebetsi oa ho bōpa bakeng sa nako eo o sa hlalosoa, ’me le fela khanyeng ea hoseng, ha khanya ea mosebetsi oa ho bōpa o bonahala ka ho hlakileng. Ka “matsatsi” a latellanang ho hlaha leseli; sebaka sa leholimo; lefatše le ommeng le limela; maseli ho aroleng motšehare le bosiu; tlhapi le bo-’malitšibana; le liphoofolo tsa naha ’me qetellong ea e-ba motho. Mona Molimo o tsebahatsa molao oa oona o busang mefuta ena, mokoallo o ke keng oa tlōloa o etsang hore ho se be bonolo hore mofuta o mong o iphetolele ho o mong. Hoba o etse motho ka setšoantšo sa Oona, Molimo o tsebahatsa morero oa Oona o hararo bakeng sa motho holim’a lefatše: ho le tlatsa ka bana ba lokileng, ho le busa, le ho busa pōpo ea liphoofolo. “Letsatsi” la bosupa le hlohonolofalitsoe ’me le boleloa le halalela ke Jehova, eo joale a tsoelang pele ho ‘phomola mesebetsing eohle ea hae eo a e entseng.’ Tlaleho e boetse e fana ka sephetho, kapa pono e hōlisitsoeng, ea mosebetsi oa Molimo oa pōpo mabapi le motho. E hlalosa serapa sa Edene le moo se leng hona teng, e bolela molao oa Molimo ka sefate se thibetsoeng, e pheta ho rea liphoofolo mabitso ha Adama, ’me joale e fana ka tlaleho ea ho lokisetsa ha Jehova lenyalo la pele ka ho etsa mosali ho tsoa ’meleng oa Adama le ho mo tlisa ho Adama.
10. Genese e hlalosa ho qaleha ha sebe le lefu joang, ’me ke morero ofe oa bohlokoa o tsebahatsoang moo?
10 Sebe le lefu li kena lefatšeng; “peō” e boletsoeng esale pele e le molopolli (3:1–5:5). Mosali o ja tholoana e thibetsoeng ’me o susumelletsa monna oa hae ho kopanela le eena borabeleng, ’me kahoo Edene e ba e silafetseng ke ho se utloe. Ka pele-pele Molimo o supa mekhoa eo morero oa hae o tlang ho finyelloa ka eona: “Eaba Jehova Molimo o re ho noha [Satane, mohlohlelletsi ea sa bonahaleng oa borabele]: . . . Ke tla bea hloeano mahareng a hao le mosali, le mahareng a peō ea hao le peō ea hae; peo eo e tla u khoba hloho, ’me u tla e lōma serethe.” (3:14, 15) Motho o ile a lelekoa serapeng, ho ea phela ka bohloko le ho sebetsa ka thata har’a meutloa le litšehlo. Qetellong, o tlameha ho shoa le ho khutlela leroleng leo a ntšitsoeng ho lona. Ke bana ba hae feela ba neng ba ka ba le tšepo Peōng e tšepisitsoeng.
11. Tšenyo ea sebe e tsoela pele joang ka ntle ho Edene?
11 Tšenyo e tšabehang ea sebe e tsoela pele ka ntle ho Edene. Kaine, ngoana e motona ea tsoetsoeng oa pele, o fetoha ’molai oa ngoan’abo Abele, mohlanka ea tšepahalang oa Jehova. Jehova o lelekella Kaine lefatšeng la Boleleri, moo a ileng a tsoala bana bao hamorao ba ileng ba fieloa ka Moroallo. Joale Adama o ba le mora e mong, Setha, eo e bang ntate oa Enose; nakong ena batho ba qala ho bitsa lebitso la Jehova ka boikaketsi. Adama o shoa a le lilemo li 930.
12. Lefatše le senngoa joang mehleng ea Noe?
12 Batho ba khopo le mangeloi a khopo ba senya lefatše; Molimo o tlisa Moroallo (5:6–11:9). Mona ho fanoe ka leloko la Setha. Ea ikhethileng har’a bana bana ba Setha ke Henoke, ea halaletsang lebitso la Jehova ka ho “tsamaea le Molimo oa ’nete.” (5:22, NW) Monna ea latelang ea nang le tumelo e hlokomelehang ke setloho-tloholoana sa Henoke Noe, ea hlahileng lilemo tse 1 056 ka mor’a ho boptjoa ha Adama. Nakong eona ena ho etsahala ho hong ho eketsang pefo lefatšeng. Mangeloi a Molimo a lahla litulo tsa oona tsa leholimo ho tla nyala barali ba shebahalang hantle ba batho. Ho lula hammoho hona ho sa lumelloang ho hlahisa moloko o tsoakaneng oa linatla tse tsejoang e le Linefilime (le bolelang “Balihi”), ba iketsetsang lebitso ho e-na le ho le etsetsa Molimo. Joale Jehova o tsebisa Noe hore O tla tlosa motho le liphoofolo ka lebaka la bobe bo tsoelang pele ba batho. Ke Noe feela ea fumanang mohau ho Jehova.
13. Hona joale Jehova o halaletsa lebitso la hae joang?
13 Noe eba ntate oa Sema, Kama, le Jafeta. Ha pefo le tšenyeho li ntse li tsoela pele lefatšeng, Jehova o senolela Noe hore O haufi le ho halaletsa lebitso la Hae ka moroallo o moholo, ’me O laela Noe ho haha areka ea pholoho, a mo fa makolopetso a ho haha. Noe ka potlako oa lumela ’me o bokella lelapa la hae la batho ba robeli, hammoho le liphoofolo le linonyana; joale, ka selemo sa bo600 sa bophelo ba hae (2370 B.C.E.), Moroallo oa qala. Pula ea tsoela pele ho tšoloha ka matsatsi a 40, ho fihlela ha le lithaba tse telele li koahetsoe ke metsi a ka bang linoko tse 15 (hoo e ka bang limithara tse 6,7). Ha, ka mor’a selemo, Noe a qetella a khonne ho etella lelapa la hae pele ho tsoa arekeng, ketso ea hae ea pele ke ho nyehela sehlabelo se seholo sa teboho ho Jehova.
14. Joale Jehova o laela eng le ho etsa selekane sa eng, ’me ke liketsahalo life tse tlatsang bophelo ba Noe?
14 Joale Jehova o hlohonolofatsa Noe le lelapa la hae ’me o ba laela hore ba tlatse lefatše ka bana ba bona. Molao oa Molimo o fana ka tumello ea ho ja nama empa o hloka hore ho teloe mali, e leng sephefumolohi, kapa bophelo, ba nama, hape o hloka hore ’molai a ahloleloe lefu. Selekane sa Molimo sa hore ha o sa tla hlola o tlisa moroallo holim’a lefatše se tiisoa ke ho hlaha ha mookoli maholimong. Hamorao, Kama o bontša ho hloka hlompho ho moprofeta oa Jehova Noe. Ha a lemoha sena, Noe o rohaka mora oa Kama Kanana, empa o phaella ka tlhohonolofatso ho bontša hore Sema o tla hauheloa haholo le hore Jafeta le eena o tla hlohonolofatsoa. Noe o shoa a le lilemo li 950.
15. Batho ba leka ho iketsetsa lebitso le tummeng joang, ’me Jehova o sitisa morero oa bona joang?
15 Bara ba bararo ba Noe ba phetha taelo ea Molimo ea hore ba ate, ba hlahisa malapa a 70, baholo-holo ba moloko o teng oa motho. Nimrode, setloholo sa Kama, ha a balelloe, ka ho totobetseng hobane o ile a fetoha “setsomi se matla khahlanong le Jehova.” (10:9, NW) O hloma ’muso ’me o qala ho haha metse. Nakong ena lefatše lohle le na le puo e le ’ngoe. Ho e-na le ho qhalanela lefatšeng ho le tlatsa le ho le lema, batho ba etsa qeto ea ho haha motse ’me tlhōrō ea tora ea oona e be maholimong e le hore ba ka iketsetsa lebitso le tummeng. Leha ho le joalo, Jehova o sitisa morero oa bona ka ho ferekanya puo ea bona, ’me kahoo a ba qhalanya. Motse oo o bitsoa Babele (e bolelang “Pherekano”).
16. (a) Ke hobane’ng ha leloko la Sema e le la bohlokoa? (b) Ho tla joang hore Abrame a bitsoe “motsoalle oa Molimo,” ’me o amohela litlhohonolofatso life?
16 Ho sebelisana ha Molimo le Abrahama (11:10–25:26). Ho ka saloa morao lesika la bohlokoa la ho tloha ho Sema ho ea ho mora oa Terah Abrame, le boetse le fana ka ho hokahana ha leloko. Ho e-na le ho ipatlela lebitso, Abrame o bontša tumelo ho Molimo. O siea motse oa Bakalde oa Ure ka taelo ea Molimo ’me, a le lilemo li 75, o tšela Eufrate a le tseleng ea hae ho ea lefatšeng la Kanana, a bitsa lebitso la Jehova. Ka lebaka la tumelo ea hae le kutlo, o ile a tla bitsoa “motsoalle [moratuoa] oa Molimo,” ’me Molimo o theha selekane sa hae le eena. (Jak. 2:23; 2 Likron. 20:7; Esa. 41:8) Molimo o sireletsa Abrame le mosali oa hae nakong e khutšoanyane eo a e lutseng Egepeta. Morao koana Kanana, Abrame o bontša ho fana ha hae le ho ba le khotso ha hae ka ho lumella ngoan’a ngoan’abo le morapeli ’moho le eena, Lota, hore a khethe karolo e molemohali ea naha. Hamorao, o pholosa Lota ho marena a mane a neng a mo hapile. Joale, ha a khutla ntoeng, Abrame o kopana le Melkisedeke, morena oa Saleme, eo e le moprista oa Molimo ea hlohonolofatsang Abrame, le eo Abrame a lefang karolo ea leshome ho eena.
17. Molimo o atolosa selekane sa oona joang, ’me ho senoloa eng ka peō ea Abrame?
17 Hamorao Molimo o hlaha ho Abrame, a tsebahatsa hore ke Eena thebe ea Abrame ’me a atolosa tšepisong ea selekane ka ho senola hore peō ea Abrame e tla ba kaa ka linaleli tsa leholimo ka palo. Abrame o bolelloa hore peō ea hae e tla ba kholehong ka lilemo tse 400 empa e tla lokolloa ke Molimo, ka ho ahlola sechaba seo se ba tubang. Ha Abrame a le lilemo li 85, Sarai mosali oa hae, a ntse a hloka bana, o mo fa lekhabunyane la hae la Moegepeta Agare hore a be le ngoana le lona. Ho tsoaloa Ishmaele ’me o talingoa hore e ka ’na ea e-ba eena mojalefa. Leha ho le joalo, Jehova o rerile ka ho fapaneng. Ha Abrame a le lilemo li 99, Jehova o fetolela lebitso la hae ho Abrahama, o fetolela lebitso la Sarai ho Sara, ’me o tšepisa hore Sara o tla ba le mora. Abrahama o fuoa selekane sa lebollo, ’me ka pele-pele o bolotsa ba ntlo ea hae.
18. Ke liketsahalo life tse hlokomelehang tse fihlisang bophelo ba Lota tlhōrōng?
18 Joale Molimo o tsebisa motsoalle oa Oona Abrahama boikemisetso ba Oona ba ho felisa Sodoma le Gomorrah ka lebaka la sebe sa bona se tebileng. Mangeloi a Jehova a lemosa Lota ’me a mo thusa ho baleha Sodoma le mosali oa hae le barali ba hae ba babeli. Leha ho le joalo, mosali oa hae, a ntse a lika-lika ho sheba lintho tse ka morao, o fetoha sefika sa letsoai. E le hore ba be le bana, barali ba Lota ba tahisa ntat’a bona ka veine, ’me ka ho kopanela liphate le eena, ba tsoala bara ba babeli, ba ileng ba fetoha bo-ntate ba sechaba sa Moabe le Ammone.
19. Abrahama o kopana le teko efe ka katleho mabapi le Peō, ’me Jehova o tsoela pele ho senola eng ho tiisa tšepiso ea Hae?
19 Molimo o sireletsa Sara hore a se ke a senngoa ke Abimeleke oa Bafilista. Mojalefa ea tšepisitsoeng, Isaaka, o hlaha ha Abrahama a le lilemo li 100 ’me Sara tse ka bang 90. Lilemo tse ka bang hlano ka mor’a sena, Ishmaele ea lilemo li 19 o tloka-tloka Isaaka, mojalefa, ho fellang ka ho lelekoa ha Agare le Ishmaele, ka tumello ea Molimo. Lilemo hamorao, Molimo o leka Abrahama ka ho mo laela ho etsa sehlabelo ka mora oa hae Isaaka ho e ’ngoe ea lithaba tsa Moria. Tumelo e khōlō ea Abrahama ho Jehova ha e thekesele. O leka ho nyehela mora oa hae le mojalefa empa o thibeloa ke Jehova, ea fanang ka pheleu e le e nkelang sehlabelo sa Isaaka sebaka. Jehova o boetse o tiisa tšepiso ea hae ho Abrahama, ea hore O tla atisa peō ea Abrahama joalo ka linaleli tsa leholimo le lehlabathe le lebopong la leoatle. O bontša hore peō ena e tla nka heke ea lira tsa hae le hore ka sebele lichaba tsohle tsa lefatše li tla itlhohonolofatsa ka Peō eo.
20. Ke eng seo Abrahama a se hlokomelang ha a fa Isaaka mosali, ’me Isaaka o etsoa mojalefa a le mong joang?
20 Sara o shoa a le lilemo li 127 ’me o patoa tšimong eo Abrahama a e rekileng ho bara ba Hethe. Abrahama joale o romela mohlanka oa ntlo ea hae ea ka sehloohong ho ea fumanela Isaaka mosali naheng ea bahabo. Jehova o tataisetsa mohlanka eo lelapeng la mora Nakore Bethuele, ’me ho etsoa litokisetso tsa hore Rebeka a khutle le eena. Rebeka o tsamaea ka ho rata, le ka tlhohonolofatso ea lelapa labo, ’me o fetoha monyaluoa oa Isaaka. Abrahama, ka lehlakoreng la hae, o nka mosali e mong, Ketura, ea mo tsoallang bara ba tšeletseng. Leha ho le joalo, o ba fa limpho ’me oa ba leleka ’me o etsa Isaaka mojalefa oa hae a le mong. Joale, a le lilemo li 175, Abrahama oa shoa.
21. Isaaka le Rebeka ba bile le mafahla joang?
21 Joalokaha Jehova a ne a boletse esale pele, Ishmaele ngoan’abo Isaaka ka malapa o fetoha hlooho ea sechaba se seholo, se theiloeng holim’a bara ba hae ba 12 ba marena. Ka lilemo tse 20 Rebeka o ile a lula e le nyopa, empa Isaaka o ntse a kōpa Jehova, ’me o tsoala mafahla, Esau le Jakobo, ao Jehova a ileng a mo bolella ka oona hore e moholo o tla sebeletsa e monyenyane. Joale Isaaka o se a le lilemo li 60.
22. Esau le Jakobo ba talima selekane se entsoeng le Abrahama joang, hona e le ka liphello life?
22 Jakobo le bara ba hae ba 12 (25:27–37:1). Esau o fetoha ea ratang ho tsōma. A hlōleha ho ananela selekane le Abrahama, ka letsatsi le leng o khutla letšolong ’me o rekisa tokelo ea hae ea tsoalo ho Jakobo bakeng sa mothangoana oa sopho. O boetse o nyala basali ba babeli ba Bahethe (’me hamorao Moishmaele), ba ileng ba fetoha khopiso ho batsoali ba hae. Ka thuso ea ’m’ae, Jakobo o ikhakanya joaloka Esau e le hore a ka fumana tlhohonolofatso ea letsibolo. Esau, ea neng a sa ka a senolela Isaaka hore o rekisitse tokelo ea hae ea tsoalo, joale o rera ho bolaea Jakobo ha a lemoha seo Jakobo a se entseng, ka hona Rebeka o eletsa Jakobo hore a balehele Harane ho malom’ae Labane. Pele Jakobo a tsamaea, Isaaka o mo hlohonolofatsa hape ’me o mo laea hore a inkele mosali ho ba ntlo ea bo-’m’ae, eseng ho bahetene. Ha a le Bethele, a le tseleng ho ea Harane, torong o bona Jehova, ea boelang a mo tiisetsa le ho tiisa tšepiso ea selekane ho eena.
23. (a) Ho tla joang hore Jakobo a be le bara ba 12? (b) Rubene o lahleheloa ke tokelo ea tsoalo joang?
23 Harane, Jakobo o sebeletsa Labane, a nyala barali ba hae ba babeli, Lea le Ragele. Le hoja lenyalo lena la sethepu a le tliselitsoe ke mano a Labane, Molimo oa le hlohonolofatsa ka ho fa Jakobo bara ba 12 le morali ka basali bana le makhabunyane a bona a mabeli, Zilpa le Bilha. Molimo o ile oa etsa hore mehlape ea Jakobo e eketsehe haholo eaba joale o mo laela hore a khutlele naheng ea bo-ntat’ae. O phalleloa ke Labane, empa ba etsa selekane sebakeng se bitsoang Galede le Nģalo ea ho Lebela (ham·Mits·pahʹ, ka Seheberu). Ha a tsoela pele ka leeto, Jakobo o tiisetsoa ke mangeloi ’me o betana le lengeloi bosiu, le qetellang le mo hlohonolofalitse ’me le fetola lebitso la hae la Jakobo ho ba Iseraele. Jakobo ka khotso o lokisetsa ho kopana le Esau ’me o tsamaea ho ea Sikeme. Mona morali oa hae, Dina, o senngoa ke mora oa morena oa Moheve. Likhaitseli tsa Dina Simeone le Levi ba iphetetsa ka ho bolaea banna ba Sikeme. Hona ho khentša Jakobo hobane ho mo fa lebitso le lebe naheng eo, joaloka moemeli oa Jehova. Molimo o mo bolella hore a ee Bethele a e’o etsa aletare teng. Ha a le tseleng e tsoang Bethele, Ragele oa shoa ha a belehela Jakobo mora oa hae oa bo12, Benjamine. Rubene o kopanela liphate le lekhabunyane la Ragele, Bilha, ’mè oa bara ba babeli ba Jakobo, ’me ka lebaka la sena o senyeheloa ke tokelo ea tsoalo. Ka pele ka mor’a moo Isaaka oa shoa, a le lilemo li 180, ’me Esau le Jakobo baa mo pata.
24. Ke hobane’ng ha Esau le ba ntlo ea hae ba fallela sebakeng se lithaba sa Seire?
24 Esau le ba ntlo ea hae ba fallela sebakeng se lithaba sa Seire, kaha leruo le bokelletsoeng la Esau le Jakobo le ne le se le le leholo hore le ka ba lumella ho hlola ba lula hammoho. Mathathamo a bana ba Esau hammoho le matona le marena a Edomo aa fanoe. Jakobo o tsoela pele ho lula Kanana.
25. Ke liketsahalo life tse lebisitseng ho hore Josefa a fetohe lekhoba Egepeta?
25 Ho ea Egepeta bakeng sa ho pholosa bophelo (37:2–50:26). Ka lebaka la mohau oa Jehova le ka lebaka la litoro tseo a neng a etsa hore Josefa a li lore, banab’abo ba baholo ho eena ba ile ba mo hloea. Ba rera ho mo bolaea empa ho e-na le hoo ba mo rekisa ho bahoebi ba Baishmaele ba fetang ka tsela. Ka ho qopetsa seaparo sa Josefa se mebala-bala maling a pōli, ba se isa ho Jakobo e le bopaki ba hore mohlankana ea lilemo li 17 o bolailoe ke sebata se hlaha. Josefa o isoa Egepeta ’me o rekisetsoa Potifaro, mookameli oa balebeli ba Faro.
26. Ke hobane’ng ha tlaleho ea ho tsoaloa ha Peretse e le ea bohlokoa?
26 Khaolo ea 38 e fapoha hanyenyane tabeng ho fana ka tlaleho ea ho tsoaloa ha Peretse ke Tamare, eo, ka leqheka le bohlale, a ileng a etsa hore Juda mohoe oa hae a robale le eena e leng ho ka beng ho entsoe ke ngoan’abo monna oa hae. Tlaleho ena e boetse e totobatsa tlhokomelo e hloahloa eo ka eona Mangolo a tlalehileng taba e ’ngoe le e ’ngoe e tsoelang pele ho ea ho hlahisoeng ha Peō e tšepisitsoeng. Mora oa Juda Peretse e ile ea e-ba e mong oa baholo-holo ba Jesu.—Luka 3:23, 33.
27. Josefa e ba tona-kholo ea Egepeta joang?
27 Ho sa le joalo, Jehova o hlohonolofatsa Josefa Egepeta, ’me Josefa o ba moholo ntlong ea Potifaro. Leha ho le joalo, bothata boa mo phehella ha a hana ho nyefola lebitso la Molimo ka ho etsa bohlola le mosali oa Potifaro, kahoo o qosoa ka bohata ’me o akheloa chankaneng. Ha a le moo o sebelisoa ke Jehova ho hlalosa litoro tsa ba babeli ba batšoaruoa ’moho le eena, moqhatsetsi oa Faro le ea mo phehelang. Hamorao, ha Faro a e-ba le toro e mo tšoenyang haholo, o hlokomelisoa ka ho khona ha Josefa, hoo a ileng a tlisoa ho Faro ka potlako a tsoa mokoting oa hae oa chankane. A lebisa tlotla ho Molimo, Josefa o hlalosa toro eo e le e bonelang pele lilemo tse supileng tsa nala, tse tla lateloa ke lilemo tse supileng tsa tlala. Faro o hlokomela “moea oa Molimo” holim’a Josefa ’me a mo khetha ho ba tona-kholo hore a sebetsane le boemo boo. (Gen. 41:38) Joale a le lilemo li 30, Josefa o sebeletsa ka bohlale ka ho bokella lijo nakong ea lilemo tse supileng tsa nala. Joale nakong ea tlala ea lefatše lohle e latelang, o rekisetsa batho ba Egepeta le ba lichaba tse ling lijo-thollo ba tlileng Egepeta ho tla batla lijo.
28. Ke liketsahalo life tse likolohileng ho fallela ha ntlo ea Jakobo Egepeta?
28 Qetellong Jakobo o romela bara ba hae ba baholo ba leshome Egepeta bakeng sa lijo-thollo. Josefa oa ba tseba, empa bona ha ba mo tsebe. A tšoere Simeone, o hloka hore ba tle le moena oa bona leetong le latelang ha ba e-tla ho tla batla lijo-thollo. Ha bara ba robong ba khutla le Benjamine, Josefa oa itšenola, o bontša ho tšoarela bana ba leshome ba molato, ’me o ba laela hore ba nke Jakobo ’me ba fallele Egepeta bakeng sa bophelo ba bona nakong ea tlala. Ka baka leo, Jakobo, a e-na le bana ba hae ba 66, o fallela Egepeta. Faro o ba fa naha e molemohali, naha ea Goshene, moo ba ka lulang.
29. Jakobo o etsa lethathamo lefe la bohlokoa la boprofeta ha a le liphateng tsa lefu?
29 Ha Jakobo a atamela lefung, o hlohonolofatsa Efraime le Manasse, bara ba Josefa, ’me joale o bitsetsa bara ba hae ba 12 hammoho ho tla ba bolella se tla ba etsahalla “karolong ea ho qetela ea matsatsi.” (49:1, NW) Joale o fana ka ho qaqa ka lethathamo la boprofeta, boo kaofela ha bona ho tloha ka nako eo bo phethahetseng ka mokhoa o makatsang.d Mona o bolela esale pele hore lere la puso le tla lula lelokong la Juda ho fihlela ho tla Shilo (e bolelang “Eo E Leng ea Hae; Eo e Ikarabellang ho Eena”), Peō e tšepisitsoeng. Kahoo ka mor’a hore a hlohonolofatse lihlooho tsa meloko e 12 le ho fana ka litaelo mabapi le ho patoa ha hae ka moso Naheng e Tšepisitsoeng, Jakobo o shoa a le lilemo li 147. Josefa o tsoela pele ho hlokomela banab’abo le ba matlo a bona ho fihlela a e-shoa a le lilemo li 110, e leng nakong eo a ileng a bontša tumelo ea hae ea hore Molimo o tla boela o ise Iseraele lefatšeng la eona ’me le eena a kōpa hore masapo a hae a isoe Naheng e Tšepisitsoeng.
LEBAKA LEO E LENG MOLEMO
30. (a) Genese e fana ka motheo ofe bakeng sa ho utloisisa libuka tse latelang tsa Bibele? (b) Genese e supa sepheo sefe se loketseng?
30 E le qalo ea Lentsoe le bululetsoeng la Molimo, Genese e na le molemo o ke keng oa lekanngoa ha e hlahisa merero e khanyang ea Jehova Molimo. E fana ka motheo o mokaakang bakeng sa ho utloisisa libuka tsa Bibele tse latelang! Ka ho pharalla ha eona, e hlalosa qalo le qetello ea lefatše le lokileng Edeneng, phetoho le tlokotsi e phallang e tsoa lefatšeng la pele la batho ba hlokang bomolimo, le ho hlaha ha lefatše le khopo la hona joale. Ka ho ikhethang, e bea sehlooho sa Bibele eohle, e leng, ho tlosoa qoso ha Jehova ka ’Muso o busoang ke “peō” e tšepisitsoeng. E bontša hore na motho o shoa ka lebaka lefe. Ho tloha ho Genese 3:15 ho ea pele—’me haholo-holo tlalehong ea litšebelisano tsa Molimo le Abrahama, Isaaka, le Jakobo—e tšoarella tšepong ea bophelo lefatšeng le lecha tlas’a ’Muso oa Peō eo. E molemo ka ho totobatsa sepheo se nepahetseng bakeng sa batho bohle—hore e be baboloki ba botšepehi le bahalaletsi ba lebitso la Jehova.—Ba-Roma 5:12, 18; Ba-Heb. 11:3-22, 39, 40; 12:1; Matt. 22:31, 32.
31. Ka ho supa chateng e latelang, bontša hore Genese e na le (a) boprofeta bo nang le molemo le (b) melao-motheo ea bohlokoa.
31 Mangolo a Bokreste a Segerike a supa ketsahalo e ’ngoe le e ’ngoe le motho e mong le e mong tse hlahelletseng tse tlalehiloeng bukeng ea Genese. Ho feta moo, joalokaha ho bontšitsoe Mangolong ’ohle, boprofeta bo tlalehiloeng ho Genese bo ’nile ba phethahala bo sa fose. Bo bong ba bona, “lilemo tse makholo a mane” tsa ho tujoa ha peō ea Abrahama, ho qalile ha Ishmaele a soma Isaaka ka 1913 B.C.E. ’me tsa fela ka topollo Egepeta ka 1513 B.C.E.e (Gen. 15:13) Mehlala ea boprofeta bo bong bo molemo le ho phethahala ha bona bo bontšoa chateng e sehloohong sena. Hape molemo o moholohali bakeng sa ho haha tumelo le kutloisiso ke melao-motheo ea bomolimo e boletsoeng pele ho Genese. Baprofeta ba khale, hammoho le Jesu le barutuoa ba hae, hangata ba ne ba supa le ho qotsa lirapa bukeng ea Genese. Re tla be re etsa hantle ha re latela mohlala oa bona, ’me ho ithuta chate e sehloohong sena ho lokela ho thusa ho sena.
32. Genese e na le boitsebiso bofe ba bohlokoa ka lenyalo, leloko, le ho bala nako?
32 Genese ka ho hlakileng haholo e senola thato ea Molimo le morero oa oona mabapi le lenyalo, kamano e loketseng ea monna le mosali, le melao-motheo ea bohlooho le ho koetlisa lelapa. Jesu ka boeena o ile a qotsa boitsebisong bona, a qotsa khaolo ea pele le ea bobeli ea Genese polelong ea hae e le ’ngoe: “Na ha lea ka la bala hobane ea ba entseng tšimolohong, o ba entse e le e motona le e motšehali, a re: Ka baka leo, monna o tla tlohela ntat’ae le ’m’ae, a khomarele mosali oa hae, ’me ba babeli e tla ba nama e le ’ngoe feela?” (Matt. 19:4, 5; Gen. 1:27; 2:24) Tlaleho e ho Genese ea hlokahala bakeng sa ho fana ka leloko la lelapa la motho hape le ho bala nako eo motho a seng a bile le eona lefatšeng lena.—Gen. likhao. 5, 7, 10, 11.
33. Bolela e meng ea melao-motheo le mekhoa ea sechaba sa tsamaiso ea bapatriareka eo e leng ea bohlokoa ho utloisiseng Bibele.
33 Hape ho boetseng ho leng molemo ho liithuti tsa Mangolo ke ho ithuta sechaba sa tsamaiso ea bapatriareka hoo Genese e fanang ka hona. Sechaba sa tsamaiso ea bapatriareka e ne e le sebopeho sa puso ea lelapa e neng e sebetsa ka hare ho batho ba Molimo ho tloha mehleng ea Noe ho fihlela ho fanoa ka Molao Thabeng ea Sinai. A mangata a makolopetso a kenyellelitsoeng selekaneng sa Molao a ne a se a ntse a sebelisoa sechabeng sa tsamaiso ea bapatriareka. Melao-motheo e kang tšoanelo ea motse (18:32), boikarabello ba motse (19:15), kotlo ea polao bakeng sa batlōli hammoho le ho halalela ha mali le ha bophelo (9:4-6), le ho hloea ha Molimo ho tlotlisoa ha batho (11:4-8) ho amme batho ho theosa le histori. Mekhoa e mengata ea molao le mantsoe a khantša leseli liketsahalong tsa morao, le ho fihlela mehleng ea Jesu. Molao oa bapatriareka o busang ho laoloa ha batho le thepa (Gen. 31:38, 39; 37:29-33; Joh. 10:11, 15; 17:12; 18:9) le mokhoa oa ho fetisetsana litša (Gen. 23:3-18), hammoho le molao o busang bojalefa ba ea amohelang tokelo ea ho ba letsibolo (48:22), o tlameha ho tsejoa hore re tle re be le semelo se hlokahalang ho fumana kutloisiso e hlakileng ea Bibele. Mekhoa e meng ea sechaba sa bapatriareka e kenyellelitsoeng Molaong e ne e le mahlabelo, lebollo (le filoeng Abrahama pele), ho etsoa ha lilekane, lenyalo la ho kenela (38:8, 11, 26), le ho sebelisoa ha likano ho tiisa taba e itseng.—22:16; 24:3.f
34. Ke lithuto life tse bohlokoa ho Bakreste, tse ka ithutoang ka ho ithuta Genese?
34 Genese, buka e qalang ea Bibele, e fana ka lithuto tse ngata ka botšepehi, tumelo, kutlo, tlhompho, mekhoa e metle, le sebete. Mehlala e seng mekae ke ena: Tumelo ea Henoke le sebete sa hae ha a tsamaea le Molimo a tobane le lira tse befileng; ho loka, ho hloka molato, le kutlo e felletseng tsa Noe; tumelo ea Abrahama, boikemisetso ba hae, le mamello ea hae, kelello ea hae ea boikarabello e le hlooho ea lelapa le moruti oa litaelo tsa Molimo ho bana ba hae, ho fana ha hae, le lerato la hae; ho ikokobetsa ha Sara ho hlooho eo e le monna oa hae le mahlaha-hlaha a hae; bonolo ba Jakobo le ho ameha ha hae ka tšepiso ea Molimo; kutlo ea Josefa ho ntat’ae, ho hloeka ha boitšoaro ba hae, sebete sa hae, boitšoaro ba hae bo botle chankaneng, tlhompho ea hae ho babusi ba phahameng, boikokobetso ba hae ha a isa khanya ho Molimo, le ho tšoarela ha hae ho mohau ho banab’abo; takatso e chesang ea banna bana kaofela ho halaletsa lebitso la Jehova. Litšobotsi tsena tse beang mohlala li totobetse bophelong ba ba ileng ba tsamaea le Molimo nakong e telele ea lilemo tse 2 369 ho tloha ho boptjoeng ha Adama ho isa lefung la Josefa, joalokaha li boleloa bukeng ea Genese.
35. Ka ho haha tumelo, Genese e supela eng pele?
35 Kannete, tlaleho e ho Genese e molemo ho haheng tumelo, e hlahisa joalokaha e etsa mehlala e joalo e babatsehang ea tumelo, tšoaneleho eo e lekiloeng ea tumelo e hahamallang motse o hahiloeng le ho boptjoa ke Molimo, puso ea ’Muso eo o qalileng ho e lokisetsa khale ka Peō ea oona e tšepisitsoeng, mohalaletsi ea ka sehloohong oa lebitso le leholo la Jehova.—Ba-Heb. 11:8, 10, 16.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Insight on the Scriptures, Moq. 1, maqephe 919-20; Moq. 2, leqephe 1212.
b Insight on the Scriptures, Moq. 1, maqephe 328-9.
c Biblical History in the Light of Archaeological Discovery, 1934, D. E. Hart-Davies, leqephe 5.
d The Watchtower, 1962, maqephe 360-74, 392-408.
e Insight on the Scriptures, Moq. 1, maqephe 460-1, 776.
f The Watchtower, 1952, maqephe 432-45.
[Chate e leqepheng la 18]
GENESE—E BULULETSOE ’ME E MOLEMO
Litemana tsa Molao-motheo Litšupiso tse Tsoang
Genese Ho Bangoli ba Bang
1:27; 2:24 Ho halalela, le ho lula ka mehla
ha tlamo ea lenyalo Matt. 19:4, 5
2:7 Motho ke sephefumolohi 1 Ba-Kor. 15:45
2:22, 23 Bohlooho 1 Tim. 2:13;
9:4 Ho halalela ha mali Lik. 15:20, 29
20:3 Bofebe bo fosahetse 1 Ba-Kor. 6:9
24:3; 28:1-8 Nyala molumeli feela 1 Ba-Kor. 7:39
28:7 Ho utloa batsoali Ba-Ef. 6:1
Boprofeta bo Phethahetseng le Boprofeta bo Tšoanang
12:1-3; Ho tsebahala ha peō
22:15-18 ea Abrahama Ba-Gal. 3:16, 29
14:18 Melkisedeke o tšoantšetsa
Kreste Ba-Heb. 7:13-15
17:11 Se boleloang ka tšoantšetso
ke lebollo Ba-Roma 2:29
49:1-28 Ho hlohonolofatsa ha Jakobo
meloko e 12 Josh. 14:1–21:45
49:9 Tau ea leloko la Juda Tšen. 5:5
Litemana tse ling tse Sebelisitsoeng ke Baprofeta, Jesu, le Barutuoa—Ka Tšoantšetso, ka Tšebetso, kapa e le Mohlala—Li Tsoela Pele ho Paka Bonnete ba Genese
1:1 Molimo o bōpile leholimo
le lefatše Esa. 45:18; Tšen. 10:6
3:1-6 Noha e ile ea thetsa Eva 2 Ba-Kor. 11:3
3:20 Batho bohle ba tsoa ho
ba babeli ba pele Lik. 17:26
4:8 Kaine o ile a bolaea
Abele Juda 11; 1 Joh. 3:12
4:9, 10 Mali a Abele Matt. 23:35
Likhao. 5, 10, 11
Leloko Luka khao. 3
5:29 Noe Ezek. 14:14; Matt. 24:37
6:13, 17-20 Moroallo Esa. 54:9; 2 Pet. 2:5
12:1-3, 7 Selekane sa Abrahama Ba-Gal. 3:15-17
15:6 Tumelo ea Abrahama Ba-Roma 4:3; Jak. 2:23
15:13, 14 Bojaki Egepeta Lik. 7:1-7
18:1-5 Moea oa ho amohela
baeti Ba-Heb. 13:2
19:24, 25 Ho timetsoa Sodoma
le Gomorrha 2 Pet. 2:6; Juda 7
19:26 Mosali oa Lota Luka 17:32
20:7 Moprofeta Abrahama Pes. 105:9, 15
21:9 Ishmaele o rohaka Isaaka Ba-Gal. 4:29
22:10 Abrahama o leka ho
nyehela Isaaka Ba-Heb. 11:17
25:23 Jakobo le Esau Ba-Roma 9:10-13; Mal. 1:2, 3
25:32-34 Esau o rekisa
tokelo ea tsoalo Ba-Heb. 12:16, 17
37:28 Josefa o rekisoa Egepeta Pes. 105:17
41:40 Josefa o etsoa tona-kholo Pes. 105:20, 21