Pono ea Hao ka Moea e Ama Bophelo ba Hao
“Motho ea e-ba moea o phelang.”—GENESE 2:7.
1, 2. Ke eng seo malumeli a mangata a se lumelang mabapi le motho le moea?
HOO e ka bang malumeli ’ohle a ruta hore motho o na le moea o sa shoeng. New Catholic Encyclopedia e re moea o “bōptjoa ke Molimo ’me o kenngoa ’meleng nakong ea kemolo.” E boetse e re thuto ea moea o sa shoeng “ke le leng la majoe a motheo” a likereke tsa Bokreste-’mōtoana. Ka ho tšoanang, The New Encyclopædia Britannica e bolela hore “khopolo ea Mamosleme e bolela hore moea o ba teng ka nako e le ’ngoe le ’mele; ka mor’a moo, o ba le bophelo boo e leng ba oona, kopano ea oona le ’mele ke boemo ba nakoana.”
2 Malumeli a joalo a lumela hore moea o tloha ’meleng nakong ea lefu ’me o tsoela pele ho phela ka ho sa feleng, qetello ea oona e le thabo e felletseng leholimong, ho lula pelekatoring ka nakoana, kapa tlhokofatso ea ka ho sa feleng liheleng tsa mollo. Lefu le talingoa e le monyako oa ho kena bophelong bo sa feleng sebakeng sa moea. Ho joalokaha sengoli se seng se boletse bukeng We Believe in Immortality: “Ke talima Lefu e le phihlelo e khōlō e khanyang. Ke talima Lefu e le ho phahamisetsoa boemong bo itseng ke Molimo.”
3. Tumelo ea malumeli a fapa-fapaneng a Bochabela ke efe?
3 Mahindu, Mabuddha le ba bang ba bangata ba lumela hore motho o fetohela bophelong bo bong. Sena se akarelletsa tumelo ea hore lefung moea o tsoaloa hangata, o tsoaloa bocha e le motho e mong kapa ntho e ’ngoe e phelang. Haeba motho o ne a le molemo, ho boleloa hore moea oa hae o tla tsoaloa bocha e le motho oa boemo bo phahameng haholoanyane. Empa haeba o ne a le mobe, o tla tsoaloa bocha e le motho oa boemo bo tlaasana kapa esita le hona ho ba phoofolo kapa kokoanyana.
4, 5. Ke hobane’ng ha e le habohlokoa ho tseba ’nete ka moea?
4 Leha ho le joalo, ho thoe’ng haeba batho ha ba na moea o sa shoeng? Ho thoe’ng haeba lefu hase “ho phahamisetsoa boemong bo itseng ke Molimo,” hase monyako o kenang ka ho toba bophelong ba moea bo sa feleng kapa ho tsoaloeng hangata ha bohle ba shoang? Joale tumelo ea moea o sa shoeng e ne e tla lebisa motho tseleng e fosahetseng. Buka Official Catholic Teachings e bolela hore kereke e tsitlallela tumelong ea moea o sa shoeng hobane ho se e lumele “ho ne ho tla etsa hore lithapelo tsa eona, meetlo ea eona ea mapato le liketso tsa bolumeli tse etsetsoang bafu e be tse se nang moelelo kapa tse sa utloisiseheng.” Kahoo tsela ea motho ea bophelo, borapeli, le bokamoso ba ka ho sa feleng lia ameha.—Liproverbia 14:12; Mattheu 15:9.
5 Ke habohlokoa ho tseba ’nete ka tumelo ena. Jesu o itse: “Ba o rapelang [Molimo] e ka khona ba rapele ka moea le ka ’nete.” (Johanne 4:24) ’Nete e mabapi le moea oa motho e fumanoa ka hare ho Lentsoe la Molimo, Bibele. Mangolo a bululetsoeng a fupere tšenolo ea merero ea Molimo, kahoo re ka kholiseha hore a re bolella ’nete. (1 Ba-Thessalonika 2:13; 2 Timothea 3:16, 17) Thapelong ho Molimo Jesu o ile a re: “Lentsoe la hao ke ’nete.”—Johanne 17:17.
Na o Bōpiloe a E-na le Moea o sa Shoeng?
6. Tlaleho ea Genese e re bolella eng ka ho hlaka mabapi le pōpo ea motho?
6 Genese 2:7 ea re bolella: “Jehova Molimo a bōpa motho ka lerōle la lefatše, ’me a bululela linkong tsa hae phefumoloho ea ho phela, ’me motho ea e-ba moea o phelang.” Tlaleho ha e bolele hore Molimo o ile oa kenya motho moea o sa shoeng. E bolela hore ha matla a Molimo a fa ’mele oa Adama matla, e ile “ea e-ba moea o phelang.” Kahoo motho ke moea. Ha a na moea.
7. Ke hobane’ng ha batho ba ile ba behoa lefatšeng?
7 Molimo o ne o bōpetse Adama ho phela lefatšeng, eseng leholimong. Lefatše e ne e se feela sebaka seo ho etsetsoang teko ho sona ho bona hore na Adama o ne a tšoaneleha ho ea leholimong. Molimo o ne o bōpetse lefatše “hore le ahuoe,” ’me Adama e ile ea e-ba eena moahi oa pele oa lona. (Esaia 45:18; 1 Ba-Korinthe 15:45) Hamorao, ha Molimo o bōpa Eva hore e be mosali oa Adama, morero oa Molimo ka bona e ne e le hore ba tlatse lefatše baahi ’me ba le fetole paradeise joaloka lehae la batho la ka ho sa feleng.—Genese 1:26-31; Pesaleme ea 37:29.
8. (a) Ho ba teng ha Adama ho ne ho itšetlehile ka eng? (b) Hoja Adama a se ke a etsa sebe, ke hokae moo a ka beng a ile a tsoela pele ho phela teng?
8 Ha ho kae kapa kae moo Bibele e bolelang hore karolo e ’ngoe ea Adama e ne e le e sa shoeng. Ho fapana le hoo, ho ba teng ha hae ho ne ho itšetlehile ka ho hong, ho ne ho theiloe ho utloeng molao oa Molimo. Haeba a ne a ka roba molao oo, joale ho ne ho tla latela eng? Bophelo bo sa feleng sebakeng sa moea? Che, ho hang. Ho e-na le hoo, o ne a tla “shoa.” (Genese 2:17) O ne a tla khutlela moo a tsoileng teng: “Hobane u lerōle, ’me u tla khutlela lerōleng.” (Genese 2:7; 3:19) Adama o ne a le sieo pele a bōptjoa, ’me o ne a tla ’ne a be sieo le ka mor’a hore a shoe. Kahoo o ne a e-na le likhetho tse peli feela: (1) ho utloa le ho phela kapa (2) ho se utloe le ho shoa. Hoja Adama a se ke a etsa sebe, a ka be a phetse lefatšeng ka ho sa feleng. Ho ne hose mohla a neng a tla ea leholimong.
9. Ka nepo Bibele e bitsa lefu eng, hona hobane’ng?
9 Adama ha aa ka a utloa, ’me o ile a shoa. (Genese 5:5) Kotlo ea hae e ne e le lefu la hae. E ne e se monyako oa ho kena “phihlelong e khanyang” empa e ne e le monyako oa ho kena boemong ba ho se beng teng. Ka hona, lefu hase motsoalle empa ke seo Bibele e se bitsang lona, “sera.” (1 Ba-Korinthe 15:26) Haeba Adama a ne a e-na le moea o sa shoeng o neng o tla ea leholimong haeba a bontša kutlo, joale lefu e ne e tla ba tlhohonolofatso. Empa e ne e se tlhohonolofatso. E ne e le thohako. ’Me ka baka la sebe sa Adama, thohako ea lefu e ile ea atolohela ho batho bohle kahobane kaofela ke bana ba hae.—Ba-Roma 5:12.
10. Ke bothata bofe bo tebileng bo hlahisoang ke ho lumela hore Adama o ne a e-na le moea o sa shoeng?
10 Ho feta moo, haeba Adama a ne a bōpiloe a e-na le moea o sa shoeng o neng o tla hlokofatsoa ka ho sa feleng liheleng tsa mollo haeba a etsa sebe, ke hobane’ng ha a sa ka a lemosoa ka see? Ke hobane’ng ha a ile a bolelloa feela hore o ne a tla shoa ’me a khutlele lerōleng? E ne e tla ba ho hloka toka hakaakang ho ahlolela Adama ho ea tlhokofatsong e sa feleng ka baka la ho se utloe, empa a sa ka a lemosoa ka hona! Leha ho le joalo, ho Molimo “ho hloka toka ha ho eo.” (Deuteronoma 32:4, NW) Ho ne ho sa hlokahale hore Adama a lemosoe ka lihele tsa mollo bakeng sa meea e sa shoeng ea ba khopo. Lihele tse joalo li ne li le sieo, leha e le hona hore ho ne ho e-na le meea e sa shoeng. (Jeremia 19:5; 32:35) Ha ho na tlhokofatso e sa feleng lerōleng la lefatše.
Tšebeliso ea Bibele ea “Moea”
11. (a) Ka Bibeleng lentsoe la Sesotho “moea” le tsoa lentsoeng lefe la Seheberu le la Segerike? (b) King James Version e fetolela lentsoe la Seheberu le la Segerike bakeng sa “moea” joang?
11 Ka Mangolong a Seheberu, lentsoe la Sesotho “moea” (soul, ka Senyesemane) le tsoa lentsoeng la Seheberu neʹphesh, le hlahang ka makhetlo a fetang 750. Lentsoe le tšoanang le lona ka Mangolong a Segerike ke psy·kheʹ, le hlahang ka makhetlo a fetang 100. New World Translation of the Holy Scriptures ka mehla e fetolela mantsoe ana e le “moea.” Libibele tse ling li sebelisa mantsoe a fapa-fapaneng. Litsela tse ling tseo King James Version e fetolelang neʹphesh ka tsona ke: takatso, sebata, ’mele, phefumoloho, sebōpuoa, (’mele) o shoeleng, taba-tabelo, pelo, bophelo, monna, monahano, motho, botho, moea, ntho. Hape e fetolela psy·kheʹ e le: pelo, bophelo, monahano, moea.
12. Bibele e sebelisa lentsoe la Seheberu le la Segerike bakeng sa “moea” joang?
12 Bibele e bitsa libōpuoa tsa leoatle neʹphesh: “Moea o mong le o mong o phelang o ka metsing.” (Levitike 11:10, NW) Lentsoe leo le ka bolela liphoofolo tse phelang moo ho omileng: “Lefatše a le ke le hlahise meea e phelang ho latela mefuta ea eona, phoofolo e lulang hae le phoofolo e tsamaeang le sebata sa naha.” (Genese 1:24, NW) Ka makhetlo a makholo-kholo neʹphesh e bolela batho. “Meea eohle e tsoileng lethekeng la Jakobo e ile ea e-ba meea e mashome a supileng.” (Exoda 1:5, NW) Mohlala oa ho sebelisoa ha psy·kheʹ ka tsela ena ke 1 Petrose 3:20 (NW). E bolela ka areka ea Noe, “eo ka har’a eona batho ba seng bakae, ke hore, meea e robeli, ba ileng ba nkoa ba sireletsehile ho feta metsing.”
13. Bibele e sebelisa lentsoe “moea” ka litsela life?
13 Bibele e sebelisa lentsoe “moea” ka litsela tse ling tse ngata. Jeremia 2:34 e re: “Etsoe le mosehong oa kobo ea hao ho fumanoa mali a meea ea mafutsana.” Mona moea o boleloa o e-na le mali. Pesaleme ea 107:9 e re: “Hobane o kholisitse moea o nyoriloeng, ’me a sitsa moea o lapileng ka menono.” Boemong bona ho boleloa hore moea oa ja. Deuteronoma 24:7 (NW) e bua ka motho ea “koetelang moea oa banab’abo.” Ka sebele hase moea o sa shoeng o neng o koeteloa. Pesaleme ea 119:28 e re: “Moea oa ka o llisoa ke ho hlomoha.” Kahoo moea o ka ba oa hlomoha. Bibele e boetse e bontša hore moea oa shoa. Oa timela. “Moea o etsang sebe ke oona o tla shoa.” (Ezekiele 18:4) “Efela u ntšitse moea oa ka lefung.” (Pesaleme ea 116:8) “Ka ho bolaea meea e neng e sa tšoanela ho shoa.” (Ezekiele 13:19) “Mahlomola le litlokotsi li be teng holim’a moea oa motho ka mong o etsang bobe.” (Ba-Roma 2:9) “Moea o mong le o mong o phelang o ile oa shoa.”—Tšenolo 16:3, NW.
14. Bibele e bontša ka ho hlaka hore moea ke eng?
14 Ka ho hlakileng, tšebeliso ea Bibele ea neʹphesh le psy·kheʹ e bontša hore moea ke motho kapa, tabeng ea liphoofolo, ke sebōpuoa. Hase karolo e ’ngoe e sa shoeng ea motho. Ka sebele, neʹphesh e bile e sebelisoa mabapi le Molimo ka booona: “Moea oa hae o hloile ea khopo le ea ratang sehlōhō.”—Pesaleme ea 11:5.
Litsebi Tse Ngata Lia Lumela
15. Lingoliloeng tse ’maloa tsa litsebi li itlhalosa joang mabapi le thuto ea moea o sa shoeng?
15 Litsebi tse ngata lia lumela hore Bibele ha e bue ka moea o sa shoeng. The Concise Jewish Encyclopedia e re: “Bibele ha e bue ka thuto ea ho se shoe ha moea, kapa hona hore sena se hlahella ka ho hlaka ho lingoliloeng tsa pele tsa bo-rabbi.” The Jewish Encyclopedia e re: “Tumelo ea hore moea o tsoela pele ho ba teng ka mor’a ho shoa ha ’mele ke taba ea khakanyo ea filosofi kapa ea thuto ea bolumeli ho fapana le tumelo e totobetseng, ’me tumellanong le hoo ha ho kae kapa kae moo e rutoang ka ho hlaka ka hare ho Lengolo le Halalelang.” The Interpreter’s Dictionary of the Bible e re: “Nephesh . . . ha e tsoele pele ho ba teng e arohile ho ’mele, empa e shoa le oona. . . . Ha ho temana leha e le efe ea Bibele e fanang ka motheo bakeng sa polelo ea hore ‘moea’ o aroloa ho ’mele nakong ea lefu.”
16. Litsebi tse ling li itlhalosa joang mabapi le moea?
16 Hape, Expository Dictionary of Bible Words e re: “Ka hona, ‘moea’ ka T[estamenteng] ea K[hale] ha o supe karolo e itseng e sa bonahaleng ea batho e tsoelang pele ho phela ka mor’a lefu. [Neʹphesh] ha e le hantle e bolela bophelo joalokaha bo thabeloa ka mokhoa o ikhethang ke batho. . . . Moelelo oa motheo oa [psy·kheʹ] o tiisoa ke se tšoanang le eona T[estamenteng] ea K[hale], ho fapana le moelelo oa eona tumelong ea Bagerike.” ’Me The Eerdmans Bible Dictionary e bolela hore ka Bibeleng, lentsoe moea “ha le bolele karolo e itseng ea motho, empa ho fapana le hoo ke motho kaofela. . . . Ka kutloisiso ena batho ha ba na meea—ke meea.”—Mongolo o tšekaletseng ke oa rōna.
17. Mehloli e ’meli ea boitsebiso ea K’hatholike e lumela eng mabapi le “moea”?
17 Esita le New Catholic Encyclopedia ea lumela: “Mantsoe a Bibele bakeng sa moea hangata a bolela motho ea felletseng.” Ea phaella: “Ha ho karohano ea ’mele le moea ka hare ho T[estamente] ea K[hale]. . . . Lentsoe [neʹphesh], le hoja le fetoletsoe ka lentsoe la rōna moea, ha ho mohla le bolelang moea o arohileng ho ’mele kapa ho motho. . . . Lentsoe [psy·kheʹ] ke lentsoe la T[estamente] e N[cha] le tšoanang le [neʹphesh]. . . . Khopolo ea moea o tsoelang pele o phela ka mor’a lefu ha e lemohehe kapele ka hare ho Bibele.” ’Me Georges Auzou, Moprofesa oa K’hatholike oa Mofora oa Lengolo le Halalelang, bukeng ea hae La Parole de Dieu (Lentsoe la Molimo) oa ngola: “Khopolo ea ‘moea,’ o bolelang boleng boo e leng ba moea feela, bo sa bonahaleng, bo arohileng ho ‘’mele,’ . . . ha e hlahe ka hare ho Bibele.”
18. (a) Buka e ’ngoe ea boitsebiso e hlalosa tšebeliso ea Bibele ea lentsoe “moea” joang? (b) Ke hokae moo litsebi tse ling tsa thuto ea bolumeli li fumaneng khopolo ea hore ho na le ho hong ho tsoelang pele ho phela ha ’mele o shoa?
18 Ka hona, The Encyclopedia Americana ea hlokomela: “Khopolo ea Testamente ea Khale ke hore motho ke ntho e le ’ngoe, hase kopano ea moea le ’mele. Le hoja khafetsa lentsoe la Seheberu [neʹphesh] le fetoleloa e le ‘moea,’ e ne e tla ba ho fosahetseng ho le bala ka moelelo oa Segerike. . . . Ha ho mohla [neʹphesh] e utloisisoang e le e sebetsang e arohile ho ’mele. Ka Testamenteng e Ncha lentsoe la Segerike [psy·kheʹ] hangata le fetoleloa e le ‘moea’ empa hape ha lea lokela ho utloisisoa ka ho toba e le le nang le moelelo oo lentsoe leo le neng le e-na le oona ho bo-rafilosofi ba Bagerike. . . . Bibele ha e fane ka tlhaloso e hlakileng ea kamoo motho a tsoelang pele a phela ka teng ka morao ho lefu.” Ea phaella: “Litsebi tsa thuto ea bolumeli li ile tsa lokela ho retelehela litlhalosong tsa bo-rafilosofi bakeng sa mokhoa o lekaneng oa ho hlalosa ho tsoela pele ha motho a phela ka morao ho lefu.”
Hase Bibele Empa ke Filosofi
19. Filosofi ea Bagerike e amana joang le tumelo ea moea o sa shoeng?
19 Ke ’nete hore litsebi tsa thuto ea bolumeli li ile tsa amohela likhopolo tsa bo-rafilosofi ba bahetene bakeng sa ho thea thuto ea moea o sa shoeng. Dictionnaire Encyclopédique de la Bible (Buka ea Boitsebiso e Hlalosang Mantsoe a Bibele) ea Sefora e re: “Khopolo ea ho se shoe e hlahisitsoe ke monahano oa Bagerike.” The Jewish Encyclopedia ea tiisa: “Tumelo ea ho se shoe ha moea e tlile ho Bajode ka baka la ho kopana le monahano oa Bagerike haholo-holo ka filosofi ea Plato, ’muelli oa eona ea ka sehloohong,” ea phetseng lekholong la bone la lilemo pele ho Kreste. Plato o ne a lumela: “Moea ha o shoe ’me o ke ke oa timela, ’me meea ea rōna ka sebele e tla ba teng lefatšeng le leng!”—The Dialogues of Plato.
20. Filosofi ea bohetene e qalile ho kenella Bokresteng neng hona joang?
20 Filosofi ee ea bohetene e ile ea kenella Bokresteng neng? The New Encyclopædia Britannica e re: “Ho tloha bohareng ba lekholo la bo2 la lilemo AD Bakreste ba neng ba fumane koetliso e itseng filosofing ea Bagerike ba ile ba qala ho ikutloa hore ho hlokahala hore ba senole tumelo ea bona ka litlhaloso tsa eona, bakeng sa ho ikhotsofatsa ka borutehi ba bona hape le hore ba sokolle bahetene ba rutehileng. Filosofi eo ba neng ba lumellana le eona ka ho fetisisa ke Filosofi ea Plato.” Kahoo, joalokaha Britannica e bolela, “bo-rafilosofi ba pele ba Bakreste ba ile ba amohela khopolo ea Bagerike ea ho se shoe ha moea.” Esita le Mopapa John Paul II o ile a lumela hore thuto ea ho se shoe ha moea e akarelletsa “litlhaloso tsa likolo tse itseng tsa filosofi ea Bagerike.” Empa ho amohela litlhaloso tsa filosofi ea Bagerike ho ne ho bolela hore Bokreste-’mōtoana bo lahlile ’nete e totobetseng e senotsoeng ho Genese 2:7: “Motho ea e-ba moea o phelang.”
21. Tumelo ea moea o sa shoeng e tloha morao hakae?
21 Leha ho le joalo, thuto ea moea o sa shoeng e tloha morao koana pele ho nako ea Plato. Bukeng The Religion of Babylonia and Assyria, ea Morris Jastrow, rea bala: “Bothata ba ho se shoe . . . bo ile ba eloa hloko ka ho teba ke litsebi tsa thuto ea bolumeli tsa Bababylona. . . . Lefu e ne e le tsela e isang mofuteng o mong oa bophelo.” Hape, buka Egyptian Religion, ea Siegfried Morenz, e re: “Baegepeta ba pele ba ne ba talima bophelo ka morao ho lefu e le feela ho ntšetsoa pele ha bophelo lefatšeng.” The Jewish Encyclopedia e bontša kamano ea malumeli ana a boholo-holo le Plato ha e bolela hore Plato o ile a lebisoa khopolong ea moea o sa shoeng ke “liphiri tsa Orpheus le Eleusis tseo ho tsona lipono tsa Bababylona le Baegepeta li ileng tsa kopanngoa ka mokhoa o makatsang.”
22. Ke hobane’ng ha ho ka boleloa hore lipeō tsa thuto ea moea o sa shoeng ha e le hantle li jetsoe qalehong ea histori ea batho?
22 Ka hona, khopolo ea moea o sa shoeng ke ea boholo-holo. Ha e le hantle, metso ea eona e tloha morao koana qalehong ea histori ea batho! Ka mor’a hore Adama a bolelloe hore o ne a tla shoa haeba a ke ke a utloa Molimo, pono e fapaneng ka ho felletseng le eo e ile ea senoleloa mosali oa Adama, Eva. O ile a bolelloa: “Ha e le ho shoa, le ke ke la shoa.” Mona ke hona moo lipeō tsa thuto ea moea o sa shoeng li ileng tsa jaloa teng. ’Me haesale ho tloha ka nako eo, tumelo ea sechaba se seng ka mor’a se seng e ’nile ea amohela pono ea bohetene ea hore ‘ha e le hantle ha u na ho shoa empa u tla tsoela pele ho phela.’ Sena se akarelletsa Bokreste-’mōtoana, bo kentseng balateli ba bona bokoenehing ka ho hanyetsa merero ea Molimo le thato ea oona.—Genese 3:1-5; Mattheu 7:15-23; 13:36-43; Liketso 20:29, 30; 2 Ba-Thessalonika 2:3, 7, NW.
23. Ke mang ea hōlisitseng thuto ea moea o sa shoeng, hona hobane’ng?
23 Ke mang ea ileng a etsa hore batho ba lumele leshano leo? Jesu o ile a mo khetholla ha a bolella baeta-pele ba bolumeli ba mehleng ea hae: “Le tsoa ho ntat’a lōna, Diabolosi, ’me le rata ho phetha litakatso tsa ntat’a lōna. . . . Ha a bua leshano, o bua tseo e leng tsa hae, kahobane o leshano, ke raleshano.” (Johanne 8:44, TLP) E, ke Satane ea hōlisitseng khopolo ea moea o sa shoeng ho furallisa batho borapeli ba ’nete. Kahoo tsela ea motho ea bophelo le tšepo ea hae bakeng sa bokamoso li ka lebisoa tseleng e fosahetseng ka ho lumela lithuto tse hlahileng leshanong la pele le tlalehiloeng ka hare ho Bibele, le hoja ho se pelaelo hore ka nako eo Eva o ile a utloisisa hore noha e ne e mpa e bolela hore o ne a ke ke a shoa ho hang nameng.
24. Ke lipotso life tseo ka nepo li ka botsoang mabapi le bophelo bo sa feleng le ho se shoe?
24 Bibele ha e rute hore batho ba na le moea o sa shoeng. Joale, ke hobane’ng ha e bua ka tšepo ea bophelo bo sa feleng? Ho feta moo, na ho 1 Ba-Korinthe 15:53 Bibele ha e re: “E ka khona ho bolang hona ho apare ho sa boleng”? ’Me na Jesu ha aa ka a ea leholimong ka mor’a tsoho ea hae, hona na ha aa ka a ruta hore ba bang le bona ba ne ba ka ea leholimong? Lipotso tsena le tse ling li tla hlahlojoa sehloohong sa rōna se latelang.
Lipotso tsa Tlhahlobo
◻ Malumeli a mangata a lumela eng mabapi le moea?
◻ Bibele e bontša joang hore motho ha aa bōptjoa a e-na le moea o sa shoeng?
◻ Ke eng e hlakisoang ke tšebeliso ea Bibele ea lentsoe la Seheberu le la Segerike bakeng sa “moea”?
◻ Litsebi tse ngata li re’ng ka pono ea Bibele ka moea?
◻ Thuto ea moea o sa shoeng e tloha morao hakae historing?
[Litšoantšo tse leqepheng la 20]
Kaofela ke meea