Jehova oa re Tšelisa ha re E-na le Mathata
“Molimo oa matšeliso ’ohle, ea re tšelisang matšoenyehong ’ohle a rōna.”—2 BAKOR. 1:3, 4.
1, 2. Ke joang Jehova a re tšelisang mathateng a rona, hona Lentsoe la hae le re kholisa joang?
MOHLANKANA e mong o ile a buisana le moholo ea seng a e-na le lelapa ka taba e ’ngoe e neng e mo tšoenya. Mohlankana eo o ne a ntse a nahana ka lengolo la 1 Bakorinthe 7:28 le reng: “Ba kenang lenyalong ba tla ba le matšoenyeho nameng ea bona.” O ile a botsa moholo eo hore na matšoenyeho ao ke’ng le hore na o ne a ka sebetsana le ’ona joang haeba a nyala. Pele mor’abo rona a ka arabela potso eo, o ile a khothalletsa mocha eo ho nahana ka mantsoe a moapostola Pauluse a reng Jehova ‘Molimo oa matšeliso ’ohle o re tšelisa matšoenyehong ’ohle a rōna.’—2 Bakor. 1:3, 4.
2 Jehova ke Ntate ea lerato ea re tšelisang ha re e-na le mathata. Mohlomong ho na le nako eo Jehova a kileng a u tšelisa le ho u tataisa ka Lentsoe la hae. Re kholisehile hore Jehova o re batlela se molemo feela joalokaha a ile a etsa joalo ka bahlanka ba hae ba mehleng ea khale.—Bala Jeremia 29:11, 12.
3. Re tl’o araba lipotso life?
3 Re khona ho sebetsana ka katleho le mathata a lelapa haeba re tseba hore na a bakoa ke eng. Ke lintho life tse ka bakang “matšoenyeho nameng” tseo Pauluse a neng a bua ka tsona? Ke mehlala efe ea Bibele kapa ea mehleng ea rona e ka re tšelisang? Ho tseba mehlala eo ho ka re thusa haholo.
“MATŠOENYEHO NAMENG”
4, 5. Ke lintho life tse ling tse bakang “matšoenyeho nameng”?
4 Ha Jehova a theha lenyalo la pele o ile a re ‘monna o tla siea ntat’ae le ’m’ae a khomarele mosali oa hae ’me e tla ba nama e le ’ngoe.’ (Gen. 2:24) Leha ho le joalo, ha batho ba babeli ba sa phethahalang ba nyalana ’me ba theha lelapa, kamano ea bona e ka ’na ea tsukutleha. (Bar. 3:23) Ka bobeli ha ba sa ikarabella ho batsoali, empa monna e se e ba hlooho ea lelapa hobane Molimo o file monna hore e be hlooho ea mosali. (1 Bakor. 11:3) Malapa a mang a macha a thatafalloa ho ela sena hloko. Bibele e re mosali o ikarabella ho monna, eseng batsoali ba hae. Ka linako tse ling ho ka tsoha ho hloka kutloano pakeng tsa banyalani ba bacha le litho tsa malapa a bo-bona, e leng se ka bakang matšoenyeho.
5 Matšoenyeho a mang a hlaha ha monna le mosali ba hlokomela hore ba tl’o ba le ngoana. Ba thabelang hore ba tl’o ba le ngoana le bona ba tšoenyeha ka bophelo ba ’mè le lesea nakong eo a ntseng a lebeletse le ha ngoana a hlaha. Ba boetse ba tšoenyeha ka hore na ba tla sebelisa chelete e kae ho holisa ngoana. Esita leha ngoana a se a le teng, ho ba le lintho tse ling tseo ba tšoenyehang ka tsona. ’Mè a ka ’na a qeta nako e ngata a hlokomela ngoana. Ka lebaka leo, hangata ntate o utloa eka ’mè o mo hlokela nako kaha o se a qeta nako e ngata a shebane le ngoana. Ntle ho moo, kaha lelapa le se le eketsehile, boikarabelo ba ntate boa eketseha hobane o boetse o lokela ho hlokomela ngoana ka lintho tseo a li hlokang.
6-8. Ke joang ho se be le bana ho ka etsang hore banyalani ba be le matšoenyeho?
6 Bothata bo bong bo hlahelang banyalani ke hore ba batla ho ba le bana empa ha ba khone ho ba le bona. Mosali a ka ’na a imeloa haholo kelellong ha a sa khone ho ba le bana. Ke ’nete hore ho kena lenyalong kapa ho ba le bana ha ho bolele hore banyalani ba ke ke ba imeloa kelellong, empa haeba ba sa khone ho ba le bana baa tšoenyeha. (Liprov. 13:12) Mehleng ea Bibele, ho se be le bana e ne e le sekhobo. Ragele, mohats’a Jakobo o ile a ba mona ha ausi’ae a ba le bana empa eena a sa khone ho ba le bona. (Gen. 30:1, 2) Baromuoa ba sebetsang tšimo libakeng tseo ho tsona malapa a bang le bana ba bangata ba atisa ho botsoa hore na ke hobane’ng ha ba sa be le bana. Leha baromuoa bao ba fana ka mabaka a utloahalang a ho se be le bana, batho bao ba re: “Re tla le batlela ngaka e ka le thusang.”
7 Morali’abo rona e mong oa Engelane o ne a labalabela ho ba le bana empa a sa khone ho ba le bona. Ha a fihla lilemong tseo ho tsona a neng a se a sa khone ho ba le bana ho hang, o ile a utloa bohloko hobane o ne a batla ho ba le bana ka nako eo. Eena le mohats’a hae ba ile ba etsa qeto ea ho holisa ngoana eo e seng oa bona. Leha ho le joalo, o re: “Ho ile ha feta nako e telele pele ke tšeliseha hobane le hoja ke ne ke e-na le ngoana, e ne e se eo ke mo tsoetseng.”
8 Ke ’nete hore Bibele e re mosali “o tla sireletsoa ka ho tsoala bana.” (1 Tim. 2:15) Empa ha se hore o tla fumana bophelo bo sa feleng ka ho ba le bana. Mantsoe ao a mpa a bolela hore ’mè o tla qoba ho seba batho ba bang le ho itšunya-tšunya litabeng tsa bona hobane o ba le mosebetsi o mongata oo a o etsang oa ho hlokomela bana ba hae le lelapa la hae. (1 Tim. 5:13) Ho ntse ho le joalo, a ka ba le mathata lelapeng la hae.
9. Ke bothata bofe bo bong bo ikhethang boo batho ba lenyalong ba thulanang le bona?
9 Bothata bo bong boo banyalani ba kopanang le bona ke ba ho hlokahalloa ke molekane. Ba bangata ba hlahetsoe ke bothata bona ba sa lebella hore bo tla hlaha. Ho hlokahalloa ke molekane ke bothata bo ikhethang boo batho ba bangata ba thulaneng le bona. Bakreste baa lumela hore bafu ba tla tsosoa feela joalokaha Jesu a tšepisitse. (Joh. 5:28, 29) Taba ee e ka thusa molekane ea hlokahalletsoeng joang? E ka mo tšelisa kaha ke tšepiso e hlahang ka Bibeleng eo Jehova a fanang ka eona ho tšelisa motho ea hlokahalletsoeng ke molekane. A re boneng hore na Jehova o ile a tšelisa bahlanka ba bang ba hae joang le hore na ba ile ba ikutloa joang hamorao.
JEHOVA OA RE TŠELISA
10. Ke’ng e ileng ea tšelisa Anna? (Sheba setšoantšo se qalong)
10 Anna mosali oa Elkana, o ne a sa khone ho ba le bana empa mohalitsong oa hae Penina o ne a e-na le bona. (Bala 1 Samuele 1:4-7.) Penina o ne a lula a soma Anna “selemo le selemo.” Ka lebaka leo Anna o ne a lula a utloile bohloko a bile a tetebetse maikutlo. O ile a rapela Jehova a kopa thuso. Bibele e re o ile “a rapela halelele ka pel’a Jehova.” Na o ne a lebeletse hore Jehova a mo fe mora? Mohlomong. Empa ka mor’a moo, “sefahleho sa hae ha sea ka sa hlola se tšoenyeha.” (1 Samuele 1:12, 17, 18) O ne a tšepile hore Jehova o tla mo fa mora kapa a mo tšelise ka tsela e ’ngoe e itseng.
11. Ho rapela ho ka re tšelisa joang?
11 Kaha ha rea phethahala ebile re phela lefatšeng le busoang ke Satane, re tla lula re thulana le mathata le matšoenyeho. (1 Joh. 5:19) Empa rea tšeliseha ha re tseba hore Jehova ke “Molimo oa matšeliso ’ohle.” Ntho e ’ngoe e ka re thusang ha re le mathateng ke ho rapela. Anna o ile a bolella Jehova kamoo a ikutloang kateng. Ha re hlaheloa ke mathata ha rea lokela ho bolella Jehova mathata a rona feela, empa re lokela ho mo kopa ka tieo hore a re thuse ’me re mo bolelle hore na re ikutloa joang.—Bafil. 4:6, 7.
12. Ke’ng e ileng ea thusa Anna hore a thabe?
12 Le hoja re ka utloa re tetebetse maikutlo, ebang ke ka lebaka la ho se be le bana kapa ho hlokahalloa ke molekane, re ka tšeliseha. Mehleng ea Jesu, moprofeta oa mosali ea bitsoang Anna, o ile a hlokahalloa ke molekane ba e-na le lilemo tse supileng feela ba nyalane. Bibele ha e bue ka hore ba ne ba e-na le bana. Joale Anna o ne a ntse a etsa’ng ho fihlela a le lilemo li 84? Luka 2:37 e re le ka mohla o ne “a sa hlokoe tempeleng, a etsa tšebeletso e halalelang bosiu le motšehare ka ho itima lijo le lithapeli.” Ho sebeletsa Jehova ho ile ha etsa hore Anna a thabe a be a tšelisehe.
13. Bakreste-’moho le rona ba ka re thusa joang ha re le mathateng?
13 Ha re qeta nako e ngata re e-na le Bakreste-’moho le rona, re ka fumana metsoalle e ka re tšelisang. (Liprov. 18:24) Paula o ile a utloa bohloko haholo ha ’mè oa hae a khaotsa ho sebeletsa Jehova. Ka nako eo, Paula o ne a le lilemo li hlano. Ho ne ho le thata ho mamella bothata bona. Empa hamorao morali’abo rona Ann oa pula-maliboho o ile a mo khothatsa a ba a qala ho ithuta Bibele le eena. Paula o re: “Le hoja ’na le ’mè Ann re sa amane, o ile a nthusa hore ke tsoele pele ho sebeletsa Jehova ka hore ebe o ile a nkhothatsa.” Paula o ntse a sebeletsa Jehova ’me o thabetse hore ebe ’mè oa hae le eena o sebeletsa Jehova. Morali’abo rona Ann o thabetse hore ebe o ile a thusa Paula ho tsoela pele a sebeletsa Jehova.
14. Jehova a ka re hlohonolofatsa joang ha re tšelisa batho ba bang?
14 Hangata ha re phathahane ka ho thusa batho ba bang, re lebala ka mathata a rona. Barali babo rona baa tseba hore ho monate haholo ho ba basebetsi-’moho le Molimo ka ho bolella batho ba bang litaba tse molemo ebang ba nyetsoe kapa che. Ba ikemiselitse ho rorisa Molimo ka ho etsa thato ea hae. Ka lebaka leo, baa thaba. Kaofela re ka tlatsetsa hore phutheho e momahane ha re bontša hore re rata Bakreste-’moho le rona hammoho le batho bao re buang le bona ka Bibele tšimong. (Bafil. 2:4) Moapostola Pauluse o ile a etsa joalo. O ile a bontša hore o tsotella Bakreste-’moho le eena joalokaha “’mè . . . a baballa bana ba hae” ’me o ba rata “joalokaha ntate a etsa ho bana ba hae.”—Bala 1 Bathesalonika 2:7, 11, 12.
TŠELISA BATHO BA BANG
15. Ke mang ea nang le boikarabelo ba ho ithuta Bibele le bana?
15 Re ka boela ra tšelisa malapa a Bakreste-’moho le rona le ho a thusa. Ka linako tse ling, bahoeletsi ba bacha ba kopa Bakreste-’moho le bona hore ba ithute Bibele le bana ba bona. Bibele e re batsoali ke bona ba nang le boikarabelo ba ho ruta bana ba bona. (Liprov. 23:22; Baef. 6:1-4) Ke ’nete hore maemong a mang batsoali ba ka ’na ba hloka thuso. Empa ha se hore ba lokela ho tlohela ho ruta bana ba bona. Ho bohlokoa hore ba lule ba buisana le bana ba bona.
16. Ke’ng eo re lokelang ho e hopola ha re ithuta le bana bao e seng ba rona?
16 Haeba motsoali a etsa qeto ea ho kopa motho e mong ho ithuta Bibele le ngoana oa hae, motho eo ha aa lokela ho iketsa motsoali oa ngoana eo. Maemong a mang, mohoeletsi a ka koptjoa ho ithuta Bibele le ngoana eo batsoali ba hae ba sa thahaselleng ho ithuta. Boemong boo, mohoeletsi o lokela ho hopola hore ha se motsoali oa ngoana eo. Kahoo, o lokela ho ithuta le ngoana moo batsoali ba hae kapa motho e mong e moholo a leng teng kapa sebakeng se bulehileng. Ha a etsa joalo, ha ho na motho ea ka bang le lipelaelo tsa hore na o etsa’ng le ngoana eo. Mohlomong ha nako e ntse e ea motsoali o tla phetha boikarabelo ba ho ruta ngoana oa hae.
17. Bana ba ka tšelisa batsoali ba bona joang?
17 Ha bana ba rata Jehova ’me ba mo mamela, ba ka tšelisa ba malapa a habo bona. Ba ka bontša hore ba rata Jehova ka hore ba hlomphe batsoali ba bona ’me ba ba thuse ka litsela tsohle. Batsoali ba ka khothala ha bana ba bontša hore ba rata Jehova. Lameke o ne a rapela Jehova. Pele Jehova a felisa lefatše ka moroallo, Lameke o ile a bua ka mora oa hae Noe a re: “O tla re tlisetsa matšeliso mosebetsing oa rōna le bohlokong ba matsoho a rōna bo bakoang ke lefatše leo Jehova a le rohakileng.” Boprofeta boo bo ile ba phethahala ka mor’a hore lefatše le felisoe ka moroallo. (Gen. 5:29; 8:21) Ha batsoali ba bona hore bana ba rata Jehova, baa tšeliseha ’me ba ka khona ho mamella mathata ao ba thulanang le ’ona e le hore ka moso ba tle ba pholohe.
18. Ke’ng e ka re thusang ho mamella mathata ’ohle ao re thulanang le ’ona?
18 Batho ba limilione baa tšeliseha mathateng ao ba nang le ’ona ha ba rapela, ba nahanisisa ka batho ba hlahang ka Bibeleng ba ileng ba tšeliseha mathateng a bona le ha ba qeta nako e ngata ba e-na le Bakreste-’moho le bona. (Bala Pesaleme ea 145:18, 19.) Ha re tseba hore Jehova o fana ka matšeliso a sebele, re tla mamella mathata ’ohle ao re thulanang le ’ona hona joale le nakong e tlang.