Ho Bontša Lerato le Tlhompho Joaloka Mosali
“Mosali o lokela ho ba le tlhompho e tebileng ho monna oa hae.”—BA-EFESE 5:33, “NW.”
1. Ho hlaha lipotso life mabapi le boemo ba kajeno ba lenyalo?
MEHLENG ena ea kajeno ea ho ipusa le “tokoloho,” tsela e tloaelehileng eo lenyalo le talingoang ka eona e nonyetsehile habohloko. Malapa a limillione a lokela ho sebetsa a haelloa ke ntate kapa ’mè. Ho phela hammoho ntle ho molemo oa lenyalo la molao ho fetohile tloaelo ea ba bangata. Empa na hoo ho lebisitse moo mosali le ’mè a sireletsehileng haholoanyane? Na ho fane ka botsitso bakeng sa bana? Hape na ho qhalana hoo ha litekanyetso ho lebisitse tlhomphong e khōloanyane ka hare ho tokisetso ea lelapa? Ho fapana le moo, Lentsoe la Molimo le buella eng?
2. Ke hobane’ng ha ho ne ho se molemo hore Adama a ’ne a be mong?
2 Ha Molimo o bolela sepheo sa oona sa ho bōpa mosali oa pele, o itse: “Ha ho molemo hoba motho [“monna,” NW] a lule a ’notši.” ’Me ka mor’a ho bona malapa a liphoofolo—tse tona le tse tšehali le malinyane a tsona—boikutlo ba Adama bo tlameha bo ile ba lumellana le polelo eo. Le hoja a ne a phethahetse ’me a le paradeiseng e khotsofatsang, Adama o ne a haelloa ke botsoalle ba motho e mong ea kang eena. O ne a filoe bohlale le puo, empa ho ne ho se sebōpuoa se seng sa mofuta oa hae seo a neng a ka arolelana le sona limpho tseo. Empa, haufinyane boemo bo ne bo tla fetoha, hobane Molimo o ile oa re: “Ke tla mo etsetsa mothusi, e le motlatsi oa hae.”—Genese 2:18-20, NW.
3. (a) Eva e ne e le oa “mofuta” oa Adama joang? (b) Ho bolela eng ho monna hore a ‘khomarele’ mosali oa hae?
3 Jehova o ile a bōpa mosali Eva ka ho sebelisa e ’ngoe ea likhopo tsa Adama e le motheo. Kahoo, Eva e ne e le oa “mofuta” o tšoanang le Adama. E ne e se phoofolo e tlaasana empa e ne e le “lesapo la masapo a [hae], ke nama ea nama ea [hae].” Tumellanong le hoo, tlaleho e bululetsoeng e re: “Ka baka lena, monna o tla tlohela ntat’ae le ’m’ae, o tla khomarela mosali oa hae, ’me e tla ba nama e le ’ngoe feela.” (Genese 2:23, 24) Lentsoe la Seheberu le fetoletsoeng e le “khomarela” ha e le hantle le bolela “ho momahana, ho namathela, haholo-holo ka tieo, joalokaha eka ke ka boka.” (Hebrew and Chaldee Lexicon to the Old Testament Scriptures ea Gesenius) Hona ka sebele ho fetisa khopolo ea hore monna le mosali ke metsoalle e ke keng ea aroloa. Seithuti se seng se bolela hore “ho bolela ho fetang kopano ea botona le botšehali ea monna le mosali ’me ho atolohela kamanong eohle.” Kahoo, lenyalo hase monate o inahaneloang o fetang. Ke kamano ea nako e telele. ’Me moo ho nang le tlhomphano le seriti, bonngoe boo, le hoja mohlomong ka linako tse ling bo utloa bohloko, e lokela ho ba bo ke keng ba khaoha.—Mattheu 19:3-9.
4. Ke ka kutloisiso efe mosali e neng e le mothusi le motlatsi oa monna?
4 Molimo o itse mosali e ne e tla ba mothusi oa monna le motlatsi oa hae. Kaha ba entsoe ka setšoantšo sa Molimo, o ne o tla ba lebella hore ba bontše litšoaneleho tsa hae—toka, lerato, bohlale, le matla—kamanong ea bona e mong ho e mong. Kahoo, Eva e ne e tla ba “motlatsi,” e seng ea hlōlisanang le e mong. Lelapa le ne le ke ke la tšoana le sekepe se nang le baqhobi ba babeli ba hlōlisanang, empa bohlooho bo ne bo tla sebelisoa ke Adama.—1 Ba-Korinthe 11:3; Ba-Efese 5:22-24; 1 Timothea 2:12, 13.
5. Banna ba bangata ba tšoere basali joang, hona na hoo ho amoheloa ke Molimo?
5 Leha ho le joalo, bofetoheli le sebe tsa batho ba babeli ba pele khahlanong le bohlooho ba Molimo bo lerato li ile tsa fetisa tlhophiso e fapaneng bakeng sa ho thea lelapa la bona le malapa ’ohle a tlang. Ka ho tseba esale pele liphello tsa sebe sa bona le phello ea sona holim’a batho, Jehova o ile a re ho Eva: “Litakatso tsa hao li tla ba ho monna oa hao, ’me u tla busoa ke eena.” (Genese 3:16) Ka bomalimabe, ka makholo a lilemo banna ba bangata ba ’nile ba busa basali ba bona ka mokhoa o hatellang. Basali ba ’nile ba ’me ba ntse ba tlotlolloa le ho nyelisoa ka litsela tse ngata lefatšeng lohle. Empa, joalokaha re bone sehloohong se fetileng, ho sebelisa melao-motheo ea Bibele ha ho fane ka motheo oa hore ba batona e be ba hatellang. Ka lehlakoreng le leng, e hatisa bohlokoa ba tlhompho e tebileng.
Tlhompho e Tebileng—Phephetso
6, 7. (a) Banna ba sa lumelang ba ka hapeloa ’neteng joang? (b) Ho ka etsahala joang hore e be mosali o hlōleha ho bontša “tlhompho e tebileng” ho monna oa hae ea sa lumelang?
6 Moapostola Petrose o ile a qaqisa mohlala oa Kreste boitšoarong ’me a hlalosa hore Jesu o re sietse ‘mohlala oa hore re hate moo a hatileng teng.’ Eaba Petrose oa bolela: “Ka mokhoa o tšoanang, lōna basali, le ikokobeletse banna ba lōna, e le hore, haeba bafe kapa bafe ba sa utloe lentsoe, ba mpe ba hapuoe ntle ho lentsoe ka boitšoaro ba basali ba bona, ka hobane e bile lipaki tse boneng ka mahlo boitšoaro ba lōna bo hloekileng hammoho le tlhompho e tebileng.” (1 Petrose 2:21–3:2, NW) Basali ba Bakreste ba ka bontša “tlhompho e tebileng” ee joang?
7 Ba bangata ba bo-khaitseli ba rōna ba Bakreste ba na le banna ba sa lumelang le bao ka linako tse ling ba hanyetsang. Na joale maemo aa a bolela hore keletso ea Petrose ha e-na thuso, ke lefeela? Che, boikokobetso le tlhompho lia hlokahala esita le haeba “bafe kapa bafe ba sa utloe lentsoe.” Kahoo, na e ne e tla ba pontšo ea tlhompho e tebileng haeba mosali oa Mokreste ea nang le monna ea hanyetsang a ea Holong ea ’Muso ’me a bua ka eena, a phetela bo-khaitseli ba bangata ka phuthehong kamoo monna oa hae a mo tšoereng hampe ka teng? Haeba a ne a ka etsa joalo ka moena kapa khaitseli ka phuthehong, ho ne ho tla bitsoa eng? Ho bua ka motho e mong hampe, kapa mohlomong esita le ho seba. Kahoo, hase bopaki ba tlhompho e tebileng hore mosali a bue ka monna oa hae ea sa lumelang hampe. (1 Timothea 3:11, TLP; 5:13, TLP) Empa, ho lokela ho hlokomeloa hore bo-khaitseli ba bang ba hanyetsoang ba na le bothata bo tebileng. Tharollo ea Bokreste ke efe? Ba ka ea ho baholo ’me ba batla thuso ea bona le keletso ea bona.—Ba-Heberu 13:17.
8. Monna ea hanyetsang e ka ’na eaba o nahana eng?
8 Baholo ba ka sebelisana ka bohlale le monna ea hanyetsang joang? Pele ho tsohle, ba ka leka ho sheba boemo ka tsela eo a bo talimang ka eona. Ho befa ha hae ka mantsoe le ka ho otla ho ka hlohlelletsoa ke boitšoaro bo bakoang ke lintho tse tharo tse amanang le ho hloka tsebo ho tlisang tšabo ’me joale sena se etsa hore a itšoare ka mokhoa o mabifi. Hoo ho etsahala hobane’ng? Ka linako tse ling monna o tseba hanyenyane kapa ha a tsebe letho ka Lipaki tsa Jehova ntle le seo a se utloang ho basebetsi ’moho le eena ba nang le leeme. Oa tseba hore pele mosali oa hae a qala ho ithuta Bibele e ka ’na eaba o ne a amehile ka ho felletseng ka eena le bana ba bona. Le hoja e ka ’na eaba hona joale ke mosali le ’mè ea molemo haholoanyane, boikutlo ba monna ke ho re: ‘Ka beke o ntahla ka makhetlo a mararo ho ea libokeng tseno. Ha ke tsebe hore na ho etsahalang libokeng tseno, empa ho na le banna ba bang ba shebahalang hantle holong mono, ’me . . . ’ E, ho hloka tsebo ha hae ho ka ’na ha etsa hore a boulele ’me a be le tšabo. E be ho tla bohato ba ho itšireletsa. Moo ho lemohuoang maikutlo ana, baholo ba ka thusa joang?—Liproverbia 14:30; 27:4, NW.
9. Ke katamelo efe e bohlale e ka ’nang ea sebelisoa ho banna ba bang ba sa lumelang, ’me hoo ho ka ’na ha e-ba le phello efe?
9 Mohlomong e mong oa baholo a ka etsa hore a tsebe monna eo ka ho mo tloaela. (1 Ba-Korinthe 9:19-23) Monna eo e ka ’na eaba o na le tsebo ea metlakase, ke ’metli oa mapolanka, kapa ke ea pentang. A ka ’na a utloisisa ho sebelisa tsebo eo ho thusa bothateng bo teng Holong ea ’Muso. Ka tsela eo o tla khona ho bona ka hare ho Holo ea ’Muso a sa ikutloe a tlamehile ka tsela leha e le efe ho ea sebokeng. Ha a ntse a tloaela baena, boikutlo ba hae ho mosali oa hae le ’nete bo ka ’na ba nolofala. Ka ho bona lerato le moea oa tšebelisano ka phuthehong, a ka ba a ’na a qala ho tlisa mosali oa hae libokeng. Joale, joalokaha ntho e ’ngoe e isa ho e ’ngoe, a ka ’na a kena ka holong nakong ea seboka ho tla mamela ka nakoana. Ka pele, a ka kōpa thuto ea Bibele. Sena sohle se ka finyelloa ’me ka linako tse ling se ’nile sa finyelloa. Ho na le banna ba lumelang ba likete kajeno, re leboha lerato le joalo le bohlale le “tlhompho e tebileng” ea mosali.—Ba-Efese 5:33, NW.
O Lebela Ntlo ea Hae
10, 11. Ke litšobotsi life tse sa tšoaneng tsa mosali ea khabane tse hlalosoang ke Morena Lemuele? (Li hlahlojoe ka ho arohana.)
10 Morena Lemuele o ile a fumana keletso e ntle ho ’m’ae ka litšoaneleho tsa mosali ea khabane. (Liproverbia 31:1) Tlhaloso ea hae ho Liproverbia 31:10-31 ea mosali le ’mè ea sebetsang ka thata e tšoanela hore e baloe ka hloko. Ka ho hlakileng o ne a e-na le phihlelo ea ho sebelisa melao-motheo e lokileng ea Molimo le ho bontša tlhompho e tebileng.
11 Lemuele o ngola hore “mosali ea khabane” ke ea ka tšepjoang, ea tšepahalang, le ea nang le boitelo. (Litemana 10-12) O sebetsa ka thata ho fepa le ho hlokomela monna oa hae le bana. (Litemana 13-19, 21, 24) O mosa hape oa fana ho ba hlokang ka ’nete. (Temana 20) Ka ho hlompha ha hae le boitšoaro ba hae bo botle, o phaella botumong ba monna oa hae bo botle. (Temana 23) Hase ea lulang a bua ka batho kapa ea senyang ka ho nyatsa-nyatsa. Ho fapana le hoo, ka leleme la hae oa haha hape oa folisa. (Temana 26) Kaha ha a botsoa, o na le ntlo e hloekileng, e laolehileng. (Temana 27) (Ha e le hantle, ntlo ea Mokreste e lokela ho ba e ’ngoe ea a hloekileng ka ho fetisisa tikolohong eo.) Monna oa hae le bana ba bontša teboho ’me ba mo rorisa. Ba ka ntle ho lelapa le bona ba ananela litšoaneleho tsa hae. (Litemana 28, 29, 31) Botle ba hae hase ba letlalo; ke botle ba mosali ea tšabang Molimo ea nang le botho ba bomolimo.—Temana 30.
Moea o Mosa le o Bonolo
12. Ke eng ‘ntho ea bohlokoa mahlong a Molimo,’ ’me maele a Sepanishe a totobatsa ntlha ee joang?
12 Ntlha ena ea ho qetela e phetoa ke Petrose ha a eletsa mosali oa Mokreste hore a se ke a ela hloko ka ho fetisisa ponahalo ea hae ea ka ntle. Oa phehella: “Le hlophise motho ea ka sephiring, e leng oa pelo, ka khabo e sa senyeheng ea moea o mosa, o bonolo; hlopheho eo hase le ho rateha [“ke ntho ea bohlokoa mahlong,” NW] ho Molimo.” (1 Petrose 3:3, 4) Hlokomela ntlha ea hore ‘moea o mosa, o bonolo ke ntho ea bohlokoa mahlong a Molimo.’ Kahoo, mosali le ’mè oa Mokreste ea nang le moea o joalo ha a thabise monna oa hae feela empa, habohlokoahali, o thabisa Molimo, joalokaha ho entse basali ba tšepahalang ba mehleng ea boholo-holo. Botle bona ba kahare bo boetse bo bontšoa maeleng a Sepanishe: “Mosali ea motle o thabisa mahlo; mosali ea molemo o thabisa pelo. Haeba oa pele ke lehakoe, oa ho qetela ke letlotlo.”
13. Ke phello efe e khathollang eo mosali a ka bang le eona ho bana ba hae?
13 Mosali oa Mokreste e ka ba ea khathollang ho bohle ba lelapa la hae. (Bapisa Mattheu 11:28-30.) Ha bana ba hlokomela hore o hlompha monna oa hae, ba tla bontša tlhompho eo ha ba sebelisana le batsoali ba bona le ba kantle ho lelapa. Ka baka leo, bana ba Bakreste ba tla ba mosa le ho nahanela. ’Me ke ho khathollang hakaakang ha bana ba ithaopela ho etsa mesebetsi ea lelapa ho e-na le ho qobelloa hore ba e etse! Ho hloka boithati ha bona ho tlatsetsa thabong ea lelapa, ’me ho bososela ha ’mè a amohela ke moputso o moholo.
14. Ho hlokahala ha taeo ho ka ’na ha isa phephetsong efe?
14 Empa ho thoe’ng ka linako tse ling ha taeo e hlokahala? Joaloka batsoali ba bona, bana ba etsa liphoso. Ka linako tse ling ha ba utloe. ’Mè oa Mokreste o tla itšoara joang haeba ntate a le sieo? Na o tla tsoela pele ho hlompha seriti sa bana ba bona? Kapa o tla ba halefela le ho ba kharumela a leka hore ba mo utloe? Na ngoana o ithuta ka ho phahama ha lentsoe? Kapa lentsoe le bonolo, la ho beelana mabaka le na le phello e kholoanyane?—Ba-Efese 4:31, 32.
15. Bafuputsi ba fumane eng ka bana ba utloang?
15 Ha o hlalosa ka kutlo ea bana, makasine oa Psychology Today o itse: “Ho latela thuto ea haufinyane tjena, ha u bolella bana hore ba se ke ba etsa ntho e itseng ka lentsoe le phahameng, ke ha joale ba tla reteleha ’me ba etse sona seo u sa rateng ha ba se etsa.” Ka lehlakoreng le leng, bafuputsi ba fumane hore ha batho ba baholo ba bua ka bonolo, bana ba sekamela ho utloa ntle le hore ba tsila-tsile haholo. Ha e le hantle, ke habohlokoa haholo ho behelana mabaka le ngoana ho e-na le ho mo khopisa ka litaelo tse sa feleng tsa thuto.—Ba-Efese 6:4; 1 Petrose 4:8.
Tlhompho Kamanong ea Nama
16. Mosali a ka bontša ho nahanela litlhoko tsa monna oa hae tsa maikutlo joang, ’me e le ka molemo ofe?
16 Feela joalokaha monna a lokela ho bontša ho nahanela mosali oa hae ka baka la hobane e le oa sebōpeho se tetemang haholoanyane, le mosali o lokela ho hlokomela seo monna oa hae a se hlokang maikutlong le likamanong tsa botona le botšehali. Bibele e bontša hore monna le mosali oa hae ba lokela ho thabelana le ho khotsofatsana. Hoo ho hloka ho ela hloko seo e mong a se hlokang le maikutlo a hae. Ho khotsofatsana hona ho tla boetse ho thusa ho tiisa hore ha ho molekane eo leihlo la hae le lelerang leo le ka isang hore le ’mele le oona o lelere.—Liproverbia 5:15-20.
17. Monna le mosali ba lokela ho talima ho fana ka litokelo tsa lenyalo joang?
17 Ka sebele, moo ho hlomphana ho leng teng, ha ho molekane ea tla sebelisa litlhoko tsa botona le botšehali e le sebetsa kelellong. E mong le e mong o lokela ho neha e mong litokelo tsa lenyalo, ’me haeba ho e-na le ho timana ka nakoana, e lokela e be ka tumellano. (1 Ba-Korinthe 7:1-5) Ka mohlala, ka linako tse ling monna a ka ’na a ba sieo ka mosebetsi oa nakoana oa kaho ofising ea lekala ea sebaka ka seng ea Mokhatlo oa Watch Tower kapa ka morero o mong oa puso ea Molimo. Tabeng eo o lokela ho tiisa hore mosali oa hae o lumetse ka pelo eohle. Karohano e joalo le eona e ka tlisa mahlohonolo a moea lapeng leo, ke hore, ka sebōpeho sa liphihlelo tse khothatsang tse phetiloeng ke monna ka mor’a hore a khutlele hae.
Mosebetsi oa Bohlokoa oa Bo-khaitseli
18. Ke hobane’ng ha mosali oa moholo a e-na le boikarabelo bo boholoanyane?
18 Moo monna oa mosali oa Mokreste e leng moholo, mosali o na le boikarabelo bo boholoanyane. Pele, ho batloa ho hongata ho monna. O ikarabella ho Jehova bakeng sa boemo ba moea ba phutheho. (Ba-Heberu 13:17) Empa joaloka mosali oa moholo ’me mohlomong a bile a le moholo ka boeena, mohlala oa hae oa ho hlompha le oona ke oa bohlokoa. (Bapisa 1 Timothea 5:9, 10; Tite 2:3-5.) ’Me ke mohlala o motle hakaakang oo basali ba bangata ba baholo ba o behang ho tšehetsa banna ba bona! Hangata monna o lokela ho ba sieo a shebane le litaba tsa phutheho, ’me mohlomong taba-tabelo ea mosali e-ea phahama. Leha ho le joalo, ka botšepehi mosali oa bomolimo ha a phenya-phenye litaba tsa phutheho joaloka ea itšunyakang litabeng tsa ba bang.—1 Petrose 4:15, TLP.
19. ‘Ho busa ntlo’ ho ka ’na ha akarelletsa eng bakeng sa moholo?
19 Leha ho le joalo, moholo a ka ’na a lokela ho eletsa mosali oa hae haeba a bontša maikutlo a sa haheng kapa haeba a sa behele bo-khaitseli ba bang mohlala o motle. ‘Ho busa ntlo hantle’ ha ho akarelletse bana feela empa le mosali. Ho sebelisa tekanyetso ena ea Mangolo ho ka ’na ha leka boikokobetso ba basali ba bang.—1 Timothea 3:4, 5, 11; Ba-Heberu 12:11.
20. Bolela mehlala e meng e metle ea bo-khaitseli ba lenyalong le ba sa nyaloang mehleng ea boholo-holo le kajeno. (Bona “Life Stories of Jehovah’s Witnesses” ho Watch Tower Publications Index 1930-1985.)
20 Bo-khaitseli ba sa nyaloang le bona ba ka nahana ka mosebetsi o hlomphehang oa basali ka phuthehong. Ho na le mehlala e metle e mengata haholo ea bo-khaitseli ba molemo le ba tšepahalang, ka Mangolong le ka liphuthehong kajeno! Dorkase, mohlomong e le khaitseli oa lesooa, o ne a babatsoa haholo bakeng sa ‘mesebetsi ea hae e metle.’ (Liketso 9:36-42) Priscilla le Foibe le bona ba ne ba chesehela ’nete. (Ba-Roma 16:1-4) Ka ho tšoanang le kajeno, ba bangata ba likhaitseli tsa rōna, ba le lenyalong kapa e le masooa, ke baromuoa, bo-pula-maliboho, le bahoeletsi ba ikhethang. Ka nako e tšoanang, basali ba joalo ba bomolimo ba boloka mahae a hloekile, a laolehile ’me ha ho mohla ba hlokomolohang malapa a bona. Ka lebaka la palo ea bona le maemo a bona, hangata ba etsa karolo e khōloanyane ea mosebetsi oa ho bolela.—Pesaleme ea 68:11.
21. Bo-khaitseli ba tšepahalang ke khothatso joang ho baena ba bona ba Bakreste?
21 Bo-khaitseli ba tšepahalang ka phuthehong ba phetha mosebetsi o moholo oa bohlokoa o hahang. Cheseho ea bona le mohlala oa bona ke khothatso ho baena le ho phutheho ea Bokreste ka kakaretso. Ka sebele ke batlatsi le bathusi. (Bapisa Genese 2:18, NW.) Ba lokeloa ke lerato le tlhompho tsa sebele hakaakang! ’Me ho balekane ba lenyalo ba Bakreste, keletso ea Pauluse ke e loketseng ka sebele: “E mong le e mong ho lōna ka bomong a fele a rate mosali oa hae joalokaha a etsa ho eena; ka lehlakoreng le leng, mosali o lokela ho ba le tlhompho e tebileng ho monna oa hae.”—Ba-Efese 5:33, NW.
Na U sa Hopola?
◻ Mosebetsi oa pele oa Molimo bakeng sa monna le mosali ba phethahetseng e ne e le ofe?
◻ Banna ba sa lumelang ba ka ’na ba hapeloa ’neteng joang?
◻ Litšoaneleho tse ikhethang ke life tsa mosali ea khabane?
◻ Mosali oa Mokreste a ka bontša ‘moea o mosa le o bonolo’ joang?
◻ Ke ho leka-lekana hofe ho hlokahalang kamanong ea nama pakeng tsa banyalani?
[Setšoantšo se leqepheng la 16]
Lelapa ha lea lokela ho tšoana le sekepe se nang le baqhobi ba babeli ba hlōlisanang
[Setšoantšo se leqepheng la 18]
Monna ea sa lumelang a ka ’na a boulela, esita le ho tšoha, ka ho kopanela ha mosali oa hae libokeng kapa litšebeletsong tse ling tsa Bokreste. A ka thusoa joang?