Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Lebaka Leo ka Lona Bokhopo bo Tsoelang Pele
    Molula-Qhooa—2007 | September 15
    • Bibele e re bolella se ileng sa etsahala. Satane Diabolose o ile a bua le Eva a sebelisa noha joaloka ’muelli oa hae, eaba o re: “Na ehlile Molimo o itse le se ke la ja tsa sefate se seng le se seng se serapeng?” Eare ha Eva a pheta taelo ea Molimo, Satane a re ho eena: “Ka sebele le ke ke la shoa. Etsoe Molimo oa tseba hore letsatsing leo ka lona le jang tsa sona mahlo a lōna a tla tutuboloha ’me le tla ba joaloka Molimo, le tsebe botle le bobe.” Ka lebaka leo Eva a bona sefate sena se lakatseha hoo a ileng a “qala ho kha tholoana ea sona ’me a e ja.” Tlaleho ena e tsoela pele ka ho re: “Ka mor’a moo a fa le monna oa hae ha a se a e-na le eena ’me a qala ho e ja.” (Genese 3:1-6) Ka tsela eo, Adama le Eva ba ile ba sebelisa hampe bolokolohi ba bona ba ho ikhethela eaba ba etsa sebe ka ho se mamele Molimo.

      Na ua utloisisa hore na ketsahalo ee e tebile hakae? Diabolose o ile a hanyetsa seo Molimo a neng a se boleletse Adama. Mantsoe a Satane a ne a fana ka maikutlo a hore Adama le Eva ba ne ba sa hloke hore Jehova a ba etsetse qeto ea se setle le se sebe. Kahoo, phephetso ea Satane e ile ea hlahisa pelaelo ea hore na Jehova o na le tokelo ea ho busa batho le hore na puso ea hae e nepahetse. Kahoo, khang ea bohlokoa ka ho fetisisa eo Satane a ileng a e hlahisa e ne e le hore na Jehova o na le tokelo ea ho busa batho kapa che. Molimo oa ’nete o ile a araba phephetso ee joang?

  • Lebaka Leo ka Lona Bokhopo bo Tsoelang Pele
    Molula-Qhooa—2007 | September 15
    • Ho se ho fetile lilemo tse ka bang 6 000 ho tloha ha Satane a belaella tokelo ea Molimo ea ho busa. Histori e senotse eng? Nahana ka mahlakore a mabeli a qoso ea Satane khahlanong le Molimo. Ka sebete Satane o ile a re ho Eva: “Ka sebele le ke ke la shoa.” (Genese 3:4) Ka ho re Adama le Eva ba ke ke ba shoa ha ba ne ba ka ja tholoana e hanetsoeng, bonneteng Satane o ne a re Jehova o leshano. Ruri eo e ne e le qoso e tebileng. Haeba Molimo o ne a sa ka a bua ’nete tabeng ee, na ho na le ntho leha e le efe eo a neng a ka tšeptjoa ho eona? Leha ho le joalo, ke eng se bontšitsoeng ke ho feta ha nako?

      Adama le Eva ba ile ba kula, ba utloa bohloko, ba tsofala ’me qetellong ba shoa. Bibele e re: “Matsatsi ’ohle a Adama ao a a phetseng e bile lilemo tse makholo a robong le mashome a mararo eaba oa shoa.” (Genese 3:19; 5:5) ’Me Adama o ile a fetisetsa lefa lena le utloisang bohloko molokong oohle oa batho. (Baroma 5:12) Ho feta ha nako ho pakile hore Satane “o leshano ’me ke ntate oa leshano” ’me ho bontšitse hore Jehova ke “Molimo oa ’nete.”—Johanne 8:44; Pesaleme ea 31:5.

Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ea Tšebeliso
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela