SEHLOOHO SE ITHUTOANG 10
“Ke Eng se Nthibelang ho Kolobetsoa?”
“Ka bobeli ba theohela ka metsing, Filipi le leqhalaha; ’me a le kolobetsa.”—LIK. 8:38.
PINA EA 52 Re Tla Phelela Molimo
SELELEKELAa
1. Adama le Eva ba ile ba lahleheloa ke’ng, hona phello e ile ea e-ba efe?
U NAHANA hore ke mang ea nang le tokelo ea ho re behela melao ea ntho e nepahetseng le e fosahetseng? Nakong eo Adama le Eva ba neng ba e-ja tholoana ea sefate sa tsebo ea botle le bobe, ba ile ba bontša ka ho hlaka hore ha ba natse Jehova le melao ea hae. Kahoo, ba khetha ho ipehela melao ea bona e tla ba tataisa. (Gen. 3:22) Ba ile ba lahleheloa ke’ng? Kamano ea bona le Jehova e ile ea senyeha. Ba boela ba lahleheloa ke monyetla oa ho phela ka ho sa feleng ’me ba fetisetsa lefutso la sebe le lefu ho bana ba bona. (Bar. 5:12) Ruri qeto eo Adama le Eva ba e entseng e felletse ka masisa-pelo.
2-3. (a) Leqhalaha la Moethiopia le ile la etsa’ng ha Filipi a ntse a le ruta ka Molimo? (b) Ke melemo efe eo re e fumanang ha re sebeletsa Jehova, hona re tl’o tšohla lipotso life?
2 Ebe phapang ke efe tseleng eo Adama le Eva ba ileng ba itšoara ka eona le eo leqhalaha la Moethiopia le ileng la itšoara ka eona ha Filipi a ntse a le ruta ka Molimo? Leqhalaha leo le ile la ameha maikutlo haholo ha le hlokomela kamoo Jehova le Jesu ba le ratang kateng, kahoo la etsa qeto ea ho kolobetsoa hang-hang. (Lik. 8:34-38) Haeba re inehela ho Jehova re bile re kolobetsoa joaloka leqhalaha leo, re bontša ka ho hlaka hore na re batla ho sebeletsa mang. Re bontša hore re ananela melemo eo Jehova le Jesu ba re etselitseng eona. Re boetse re bontša hore re tšepa Jehova ebile re lumela hore ke eena feela ea nang le tokelo ea ho re behela melao ea lintho tse nepahetseng le tse fosahetseng.
3 Ke melemo efe eo re e fumanang ha re sebeletsa Jehova? Molemo o mong ke hore Jehova o tla re fa lintho tsohle tseo Adama le Eva ba li lahlileng, ho akareletsa le monyetla oa ho phela ka ho sa feleng. Kaha re na le tumelo ho Jesu, Jehova oa re tšoarela ha re mo foselitse ebile o re thusa hore re mo sebeletse re sa tšetšethoe ke letsoalo. (Mat. 20:28; Lik. 10:43) Re boetse re thabela ho ba karolo ea bahlanka ba Jehova ba nang le bokamoso bo chabileng. (Joh. 10:14-16; Bar. 8:20, 21) Ho ntse ho le joalo, ho na le batho ba leqe ho latela mohlala oa leqhalaha la Moethiopia. Ebe ba sitisoa ke’ng hore ba kolobetsoe? Hona ba ka thusoa ke’ng?
LIPHEPHETSO TSE SITISANG BATHO BA BANG HO KOLOBETSOA
4-5. Avery le Hannah ba ne ba e-na le bothata bofe?
4 Ho se itšepe. Avery o holisitsoe ke batsoali ba Lipaki. Ntate oa hae ke moholo ’me o tsebahala ka ho hlokomela lelapa la hae le ho phetha boikarabelo ba hae hantle ka phuthehong. Leha ho le joalo, Avery o ne a le leqe ho kolobetsoa. Hobane’ng? O re: “Ke ne ke bona eka nka se khone ho etsa lintho hantle joaloka ntate oa ka.” Avery o ne a boetse a sa itšepe, a bona eka a ke ke a khona ho phetha boikarabelo boo a neng a ka bo fuoa nakong e tlang. O tsoela pele ho re: “Ke ne ke tšaba hore ke tla kopuoa ho rapela, ho fana ka lipuo kapa ho kenya batho matlong ha re le tšimong.”
5 Hannah ea lilemo li 18 le eena o ne a e-na le bothata ba ho se itšepe. O holisitsoe ke batsoali ba Lipaki. Leha ho le joalo, o ne a sa lumele hore a ka khona ho mamela melao ea Jehova bophelo bohle ba hae. Ke hobane’ng ha a ne a ikutloa joalo? O ne a ikhalala haholo. Ka linako tse ling, o ne a e-ba le khatello ea maikutlo hoo a neng a intša kotsi. O re: “Ha ho na motho eo ke ileng ka mo bolella ka taba ena ’me ke ne ke nahana hore Jehova a ke ke a thabela hore ke mo sebeletse ka lebaka la lintho tseo ke neng ke iketsa tsona.”
6. Ke’ng e ileng ea sitisa Vanessa hore a kolobetsoe?
6 Ho susumetsoa ke metsoalle. Vanessa ea lilemo li 22 o re: “Ke ne ke e-na le motsoalle oa hlooho ea khomo eo ke mo tsebileng ka nako e telele haholo.” Leha ho le joalo, motsoalle eo oa hae o ne a sa mo thuse hore a hahamalle ho kolobetsoa. Taba eo e ne e utloisa Vanessa bohloko haholo ’me o re: “Ha ke motho ea khonang ho theha setsoalle habonolo, kahoo ke ne ke nahana hore ha nka khaotsa setsoalle sa ka le eena nke ke ka ba le motsoalle e mong.”
7. Ke hobane’ng ha Makayla a ne a tšaba ho kolobetsoa?
7 Ho tšaba ho etsa liphoso. Makayla o ne a le lilemo li hlano ha abuti oa hae a khaoloa. Ha a ntse a hola, o ile a bona kamoo taba eo e neng e utloisitse batsoali ba hae bohloko kateng. O re: “Ke ne ke tšaba hore ha nka kolobetsoa, ke tla etsa phoso ebe kea khaoloa ’me ke utloise batsoali ba ka bohloko le ho feta.”
8. Ke hobane’ng ha Miles a ne a tšaba ho kolobetsoa?
8 Ho tšaba ho hanyetsoa. Ntate oa Miles le ’mè oa hae oa bobeli ke Lipaki, empa ’mè oa hae ea mo tsoetseng ha se Paki. Miles o re: “Ke lutse le ’mè oa ka lilemo tse 18 kaofela ’me ke ne ke tšaba ho mo bolella hore ke batla ho kolobetsoa. Ke ile ka bona tsela eo a ileng a itšoara ka eona ha Ntate e e-ba Paki. Ke ne ke tšaba hore o tla hanyetsana le ’na.”
U KA THUSOA KE’NG HORE U HLOLE LIPHEPHETSO TSEE?
9. U tla etsa’ng ha u hlokomela hore Jehova o na le mamello hape o lerato?
9 Adama le Eva ba ile ba hloleha ho sebeletsa Jehova hobane ba ne ba sa mo rate ka lipelo tsohle tsa bona. Leha ho le joalo, Jehova o ile a ba fa monyetla oa hore ba phele nako e telele e le hore ba be le bana ’me ba ba holise ho ea ka melao eo ba ipehetseng eona. Ho e-s’o ee kae, Adama le Eva ba ile ba khola litholoana tse bosula tsa qeto eo ba e entseng. Mora oa bona oa letsibolo o ile a bolaea moen’ae ’me ka mor’a nako e khutšoanyane, lefatše le ne le tletse ka batho ba ratang ntoa le ba ikhohomosang. (Gen. 4:8; 6:11-13) Ho ntse ho le joalo, Jehova o ne a e-na le tsela eo a neng a tla pholosa bana ba Adama ba neng ba tla rata ho mo sebeletsa. (Joh. 6:38-40, 57, 58) Ha u ntse u ithuta ka Jehova, u tla mo rata le ho feta ha u hlokomela hore o na le mamello hape o lerato. U ke ke oa rata ho utloisa Jehova bohloko joaloka Adama le Eva empa u tla batla ho mo sebeletsa.
10. Ho nahanisisa ka Pesaleme ea 19:7 ho ka u thusa joang hore u batle ho sebeletsa Jehova?
10 Tsoela pele ho ithuta ka Jehova. Ha u ntse u tsoela pele ho ithuta ka Jehova, u tla kholiseha hore u ka khona ho mo sebeletsa ka ho feletseng. Avery eo re buileng ka eena pejana o re: “Ho bala tšepiso e ho Pesaleme ea 19:7 le ho nahanisisa ka eona ho ile ha nthusa hore ke itšepe haholoanyane.” (E bale) Ha Avery a hlokomela kamoo Jehova a phethahatsang tšepiso eo kateng, o ile a mo rata le ho feta. Ho rata Jehova ho re thusa hore re mo sebeletse le ho etsa lintho tseo a li ratang ebe re qoba tseo a li hloileng. Hannah eo le eena re buileng ka eena o re: “Ha ke ntse ke ithuta ka Jehova, ke ile ka hlokomela hore o utloa bohloko ha ke intša kotsi.” (1 Pet. 5:7) Kaha Hannah o ile a ithuta Bibele, e ile ea e-ba ‘mophethi oa lentsoe la Molimo.’ (Jak. 1:22) Phello e ile ea e-ba efe? O re: “Ha ke elelloa kamoo ho mamela Jehova ho nthuisang molemo kateng, ke ile ka matlafatsa kamano ea ka le eena. Hona joale, ke kholisehile hore kamehla Jehova o tla ntataisa ha ke hloka thuso.” Hannah o ile a khona ho hlola bothata boo a neng a e-na le bona. Qetellong o ile a inehela ho Jehova eaba oa kolobetsoa.
11. Vanessa o ile a etsa’ng e le hore a be le metsoalle, hona re ka ithuta’ng mohlaleng oa hae?
11 Khetha metsoalle ka bohlale. Ha nako e ntse e e-ea, Vanessa eo re buileng ka eena pejana, o ile a hlokomela hore motsoalle oa hae o mo sitisa ho sebeletsa Jehova. Kahoo, ba ile ba khaotsa ho ba metsoalle. Empa Vanessa ha aa ka fella moo. O ile a sebetsa ka thata hore a be le metsoalle ka phuthehong. O re o ile a thusoa ke mohlala oa Noe le lelapa la hae. Vanessa o re: “Noe le lelapa la hae e ne e le metsoalle e ntšanang seinong le hoja ba ne ba phela har’a batho ba sa rateng Jehova ho hang.” Vanessa e ile ea e-ba pula-maliboho ka mor’a hore a kolobetsoe. O boetse o re: “Ho ba pula-maliboho ho nthusitse hore ke be le metsoalle e mengata esita le liphuthehong tse ling.” Le uena u ka ba le metsoalle e mengata ha u ikakhela ka setotsoana mosebetsing oo Jehova a re fileng oona.—Mat. 24:14.
12. Ho ka be ho etsahetse’ng ka Adama le Eva hoja ba ile ba tšaba Jehova, empa ho ile ha etsahala’ng ka bona?
12 Tšaba Jehova. Re itsoela molemo haeba re tšaba Jehova. Mohlala, re lokela ho tšaba Jehova ka hore re hloee ho etsa lintho tseo a li hloileng. (Pes. 111:10) Hoja ebe Adama le Eva ba ne ba tšaba Jehova ka tsela ena, ba ka be ba ntse ba mo sebeletsa. Empa ba ile ba khetha ho se mo mamele. Ka mor’a moo, mahlo a bona a ile a tutuboloha kaha ba ile ba bona ka ho hlaka hore ke baetsalibe. Ba ile ba fetisetsa lefutso la sebe le lefu ho bana ba bona. Kaha ba ile ba bona kapa ba utloisisa boemo ba bona hantle, ba ile ba soaba ha ba bona hore ba feela eaba ba iketsetsa liaparo.—Gen. 3:7, 21.
13-14. (a) Ho ea ka 1 Petrose 3:21, ke hobane’ng ha re sa lokela ho tšaba ho shoa? (b) Re na le mabaka afe a ho rata Jehova?
13 Le hoja re lokela ho tšaba ho etsa lintho tseo Jehova a li hloileng, ha rea lokela ho tšaba ho shoa. Jehova o entse hore ho be le tsela ea hore re tle re fumane bophelo bo sa feleng. O tla re tšoarela haeba re bakela libe tsa rona. Jehova o nolofalloa ke ho re tšoarela hobane re e-na le tumelo sehlabelong sa Mora oa hae. Tsela eo re ka bontšang ka eona hore re na le tumelo ke ka hore re inehele ho Jehova re be re kolobetsoe.—Bala 1 Petrose 3:21.
14 Re na le mabaka a mangata a ho rata Jehova. Re na le melemo e mengata e tsoang ho Jehova eo re e thabelang letsatsi le letsatsi, ’me Jehova o boetse o re ruta ka eena le ka merero ea hae. (Joh. 8:31, 32) O sebelisa phutheho hore a re tšehetse le ho re tataisa. O re thusa ho mamella mathata ao re thulanang le ’ona hona joale hape o re file tšepo ea ho phela ka ho sa feleng lefatšeng le tla beng le se na mathata nakong e tlang. (Pes. 68:19; Tšen. 21:3, 4) Ha re nahanisisa kamoo Jehova a re bontšitseng hore oa re rata kateng, re tla batla ho mo sebeletsa le ho feta. Ha re rata Jehova, re tla ithuta ho mo tšaba ka tsela e nepahetseng. Kaha rea mo rata, re tla tšaba ho mo utloisa bohloko.
15. Makayla o ile a khona ho hlola bothata boo a neng a e-na le bona joang?
15 Makayla eo re buileng ka eena pejana o ile a khona ho hlola bothata boo a neng a e-na le bona ha a hlokomela hore Jehova ke Molimo ea tšoarelang. O re: “Ke ile ka qala ho hlokomela hore kaofela ha rona ha rea phethahala ’me re tla lula re etsa liphoso. Ke ile ka boela ka hlokomela hore Jehova oa re rata ebile o re tšoarela ka lebaka la sehlabelo sa Mora oa hae.” Kaha Makayla o rata Jehova, o ile a inehela ho eena a ba a kolobetsoa.
16. Miles o ile a thusoa ke’ng hore a hlole bothata boo a neng a e-na le bona?
16 Miles ea neng a tšaba hore ’mè oa hae o tla mo hanyetsa ha a ka kolobetsoa, o ile a kopa keletso ho molebeli oa potoloho. O re: “Boemo ba molebeli eo oa potoloho bo ne bo tšoana le ba ka hantle kaha le eena ’mè oa hae e ne e se Paki. O ile a nthusa ho bona hore na nka hlalosetsa ’mè oa ka joang hore ke entse qeto ea ho kolobetsoa ke le mong eseng hobane Ntate a ne a nqobella.” ’Mè oa Miles o ne a sa thaba ho hang. Le hoja Miles a ile a qetella a tlohile hae, o ile a lula a sa cheche qetong ea hae. O tsoela pele ho re: “Ho ithuta ka lintho tse ntle tseo Jehova a li entseng ho ile ha nkama maikutlo haholo. Ha ke nahanisa ka sehlabelo sa Jesu ke ile ka hlokomela hore kannete Jehova oa nthata. Taba eo e ile ea etsa hore ke inehele ho Jehova ke be ke kolobetsoe.”
U SE KE OA KOENEHELA QETO EA HAO
17. Kaofela re na le monyetla ofe?
17 Ha Eva a ne a e-ja tholoana ea tsebo ea botle le bobe, e ne e le ha a koenehela Jehova. Ha Adama le eena a e-ja tholoana eo, o ile a bontša hore ha a ananele lintho tsohle tse molemo tseo Jehova a mo etselitseng tsona. Ho fapana le Adama le Eva, kaofela re na le monyetla oa ho bontša hore re ananela lintho tsohle tse molemo tseo Jehova a re etselitseng tsona. Ha re kolobetsoa, re bontša Jehova hore rea lumela hore ke eena feela ea nang le tokelo ea ho re etsetsa melao ea lintho tse nepahetseng le tse fosahetseng. Re paka hore re rata Jehova ebile rea mo tšepa.
18. U ka thusoa ke’ng hore u loanele ho phela ka melao ea Jehova?
18 Phephetso eo kaofela ha rona re tobanang le eona ka mor’a hore re kolobetsoe, ke ea hore letsatsi le letsatsi re loanele ho phela ka melao ea Jehova eseng ea rona. Bahlanka ba Jehova ba limilione ba se ba ntse ba loanela ho phela ka tsela eo. U ka ba e mong oa bona haeba u tsoela pele ho ithuta Lentsoe la Molimo, u e-ba teng libokeng kamehla, u bile u bolela litaba tse molemo ka cheseho. (Baheb. 10:24, 25) Ha u etsa liqeto, u lokela ho iphaphatha ka melao ea Jehova e ka Bibeleng le e fanoang ke mokhatlo oa hae. (Esa. 30:21) Ha u etsa joalo, u tla atleha nthong e ’ngoe le e ’ngoe eo u e etsang.—Liprov. 16:3, 20.
19. U lokela ho lula u hopola eng, hona hobane’ng?
19 Ha u hlokomela hore na u rua molemo hakae ha u mamela tataiso ea Jehova, u tla mo rata u be u rate le melao ea hae. Kahoo, ho sa tsotellehe hore na Satane o u nonosa eng, u ke ke oa khaotsa ho sebeletsa Jehova. Ak’u nahane u se u phetse lilemo tse sekete. Joale u hetla morao ’me u bona hore u ile oa etsa qeto ea bohlokoa ka ho fetisisa ha u ne u inehela ho Jehova u bile u kolobetsoa.
PINA EA 28 E-ba Motsoalle oa Jehova
a Qeto ea bohlokoa ka ho fetisisa eo re ka e etsang bophelong ba rona ke ea ho sebeletsa Jehova. Ke hobane’ng ha ho le bohlokoa ho etsa joalo? Sehloohong sena, re tl’o fumana karabelo ea potso ena. Re tla boela re bone hore na batho ba tšabang ho kolobetsoa ba thulana le liphephetso life le hore na ba ka thusoa ke’ng.
b TLHALOSO EA LITŠOANTŠO: Ho itšepa: Mocha o tšaba ho araba ka libokeng.
c TLHALOSO EA LITŠOANTŠO: Metsoalle: Mocha oa Paki o hlajoa ke lihlong ha a ntse a tsamaea tseleng le motsoalle oa hae ’me a bona Lipaki tse ling.
d TLHALOSO EA LITŠOANTŠO: Ho tšaba: Ngoana e mong o tšaba ho kolobetsoa hobane a tšohile hore le eena o tla khaoloa joaloka abuti oa hae.
e TLHALOSO EA LITŠOANTŠO: Ho hanyetsoa: Moshanyana e mong o tšaba ho rapela ha ’mè oa hae eo e seng Paki a lutse pel’a hae.
f TLHALOSO EA LITŠOANTŠO: Ho itšepa: Mocha o ntlafatsa tsela eo a ithutang ka eona.
g TLHALOSO EA LITŠOANTŠO: Metsoalle: Mocha o ithuta hore a se ke a tšabisa hore ke Paki.
h TLHALOSO EA LITŠOANTŠO: Ho tšaba: Ngoana eo o khetha ho ithuta ka Jehova ’me qetellong oa kolobetsoa.
i TLHALOSO EA LITŠOANTŠO: Ho hanyetsoa: Moshanyana eo o ba sebete ’me o hlalosetsa ’mè oa hae hore na o lumela eng.