Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Talima ho Jehova Bakeng sa Matšeliso
    Molula-Qhooa—1996 | November 1
    • 5 Ka tsela ena, banyalani ba baetsalibe ba ile ba qala ho shoa. Ha a liha kahlolo ea lefu, Molimo o ile a boela a re ho Adama: “Lefatše le rohakiloe ke hona ka baka la hao, ’me u tla ja tsa lona ka thata, ka matsatsi ’ohle a ho phela ha hao; le tla u melisetsa litšehlo le meutloa, ’me u tla ja joang ba naha.” (Genese 3:17, 18) Kahoo Adama le Eva ba ile ba lahleheloa ke tebello ea ho fetola lefatše le sa lengoang paradeise. Kaha ba ne ba lelekiloe Edene, ba ile ba tlameha ho sebelisa matla a bona kaofela ho fumaneng lijo tsa bona ka thata lefatšeng le rohakiloeng. Kaha bana ba bona ba ne ba futsitse boetsalibe le lefu, ba ne ba hloka matšeliso haholo.—Baroma 5:12.

  • Talima ho Jehova Bakeng sa Matšeliso
    Molula-Qhooa—1996 | November 1
    • 8 Jehova o ile a rera ho timetsa lefatše leo le khopo ka moroallo oa lefatše lohle, empa pele o ile a laela Noe ho haha areka ho boloka bophelo. Kahoo, moloko oa batho le liphoofolo o ile oa pholoha. Noe le lelapa la hae ba ile ba ikutloa ba lokolohile hakaakang ka mor’a Moroallo ha ba e-tsoa arekeng ba kena lefatšeng le hloekisitsoeng! Ho ile ha tšelisa hakaakang ho hlokomela hore thohako e neng e le lefatšeng e ne e tlositsoe, e leng se ileng sa etsa hore mosebetsi oa temo o be bobebe haholoanyane! Ka sebele, boprofeta ba Lameke bo ile ba ipaka ho ba ’nete, ’me Noe o ile a phelela se boleloang ke lebitso la hae. (Genese 8:21) Kaha Noe e ne e le mohlanka oa Molimo ea tšepahalang, o ile a sebelisoa ho tlisetsa moloko oa batho “matšeliso” ka tekanyo e itseng. Leha ho le joalo, tšusumetso e khopo ea Satane le mangeloi a hae a bademona ha ea ka ea fela ha Moroallo o fela, ’me moloko oa batho o tsoela pele ho bobola tlas’a khatello ea sebe, ho kula le lefu.

Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ea Tšebeliso
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela