-
Ho Nyehela Mahlabelo a Amohelehang ho JehovaMolula-Qhooa—1999 | February 1
-
-
Ka mor’a nako e itseng, mohlomong ha e se e le batho ba baholo, ka bomong Kaine le Abele ba ile ba etsetsa Jehova sehlabelo. Kaha Abele e ne e le molisa, hase ho makatsang hore ebe o ile nyehela “a mang a matsibolo a mohlape oa hae, esita le likarolo tsa ’ona tse nonneng.” Ho fapana le hoo, Kaine o ile a nyehela “tse ling tsa litholoana tsa mobu.” Jehova o ile a amohela sehlabelo sa Abele, empa “ha aa ka a talima Kaine le nyehelo ea hae ka mokhoa leha e le ofe o bontšang kamohelo.” (Genese 4:3-5, NW) Hobane’ng?
Ba bang ba bontša hore sehlabelo sa Abele se ne se entsoe ka “matsibolo a mohlape oa hae,” ha sa Kaine e ne e mpa feela e le “tse ling tsa litholoana tsa mobu.” Empa bothata e ne e se boleng ba litholoana tseo Kaine a ileng a li nyehela, hobane tlaleho e re Jehova o ile a talima “Abele le nyehelo ea hae” ka mokhoa o bontšang kamohelo, ’me ha aa ka a talima “Kaine le nyehelo ea hae” ka mokhoa o bontšang kamohelo. Ka hona, Jehova o ile a talima ka ho khetheha boemo ba pelo ea morapeli. Ka ho etsa joalo, o ile a lemoha eng? Baheberu 11:4 e bolela hore Abele o ile a nyehela sehlabelo sa hae “ka tumelo.” Ka hona, ho bonahala hore Kaine o ne a hloka tumelo e ileng ea etsa hore sehlabelo sa Abele se amohelehe.
-
-
Ho Nyehela Mahlabelo a Amohelehang ho JehovaMolula-Qhooa—1999 | February 1
-
-
Ho fapana le hoo, ho ka etsahala hore ebe Kaine ha aa ka a nahana ka ho teba ka nyehelo eo a ileng a e etsa. Mohlalosi e mong oa Bibele oa lekholong la bo19 la lilemo o ile a etsa tlhahiso ena: “Nyehelo ea hae e ne e mpa e le ho lumela hore Molimo ke mofani. Ka ho totobetseng e ne e senola hore o ne a sa hlokomele lekhalo la sebele le neng le le teng pakeng tsa hae le ’Mōpi oa hae, o ne a sa hlokomele le tlhokahalo ea ho ipolela sebe kapa ea ho itšetleha ka ho koaheloa ha libe.”
Ho feta moo, e le letsibolo, e ka ’na eaba Kaine ka boikakaso o ile a ba a nka hore ke eena peō e tšepisitsoeng e neng e tla felisa Noha, Satane. Ho ka etsahala hore Eva le eena o ne a e-na le takatso e joalo ea bophahamo bakeng sa mora oa hae oa letsibolo. (Genese 4:1) Ka sebele, haeba sena ke sona seo Kaine le Eva ba neng ba se lebeletse, ba ne ba fositse haholo.
Bibele ha e bolele hore na Jehova o ile a bontša joang hore o amohela sehlabelo sa Abele. Ba bang ba bontša hore se ile sa chesoa ke mollo o tsoang leholimong. Ho sa tsotellehe hore na boemo e ne e le bofe, ha a hlokomela hore nyehelo ea hae ha ea amoheloa, “Kaine o ile a tuka ke bohale, le sefahleho sa hae sa qala ho sosobana.” (Genese 4:5, NW) Kaine o ne a lebile tlokotsing.
-