-
Ho Nyehela Mahlabelo a Amohelehang ho JehovaMolula-Qhooa—1999 | February 1
-
-
Jehova o ile a buisana le Kaine. O ile a botsa: “Ke hobane’ng ha u tuka ke bohale ’me ke hobane’ng ha sefahleho sa hao se sosobane?” Sena se ile sa fa Kaine monyetla o moholo oa ho hlahlobisisa maikutlo a hae le se mo susumetsang. Jehova o ile a tsoela pele: “Haeba u fetoha hore u etse se molemo, na ho phahamisoa ho ke ke ha e-ba teng? Empa haeba u sa fetohe hore u etse se molemo, ho na le sebe se laletseng monyako, ebile se na le takatso bakeng sa hao; ’me na, u tla se laola?”—Genese 4:6, 7, NW. (Bona lebokose le leqepheng la 23.)
-
-
Ho Nyehela Mahlabelo a Amohelehang ho JehovaMolula-Qhooa—1999 | February 1
-
-
Pele ho polao ea Abele le ka mor’a eona, Kaine o ile a hana ho ‘fetoha hore a etse se molemo.’ O ile a ikhethela ho tlohela sebe hore se mo laole, ’me ka lebaka lena, Kaine o ile a lelekoa sebakeng seo lelapa la motho le neng le lula ho sona. Ho ile ha etsoa “pontšo,” mohlomong e le feela molao-taelo o tiileng, e le hore ho se be le ea neng a ka phetetsa lefu la Abele ka ho bolaea Kaine.—Genese 4:15.
-
-
Ho Nyehela Mahlabelo a Amohelehang ho JehovaMolula-Qhooa—1999 | February 1
-
-
“KE HOBANE’NG ha u tuka ke bohale ’me ke hobane’ng ha sefahleho sa hao se sosobane?” Ka ho mo botsa potso ena, Jehova o ile a buisana le Kaine ka mosa. Ha aa ka a qobella Kaine ho fetoha, hobane Kaine o ne a e-na le boikhethelo. (Bapisa le Deuteronoma 30:19.) Leha ho le joalo, Jehova ha aa ka a qeaqea ho bontša liphello tsa ho tsoa tseleng ha Kaine. O ile a lemosa Kaine: “Haeba u sa fetohe hore u etse se molemo, ho na le sebe se laletseng monyako, ebile se na le takatso bakeng sa hao.”—Genese 4:6, 7, NW.
Hoa hlokomeleha hore esita le ka khalemelo ena e matla, Jehova ha aa ka a tšoara Kaine joaloka ‘ea ke keng a ntlafatsa.’ Ho e-na le hoo, o ile a bolella Kaine ka litlhohonolofatso tse neng li mo letetse haeba a ne a ka fetola mekhoa ea hae, ’me o ile a bontša hore o na le tšepo ea hore Kaine o ne a ka hlōla bothata bona haeba a ne a ikhethela ho etsa joalo. Jehova o ile a re, “Haeba u fetoha hore u etse se molemo, na ho phahamisoa ho ke ke ha e-ba teng?” O ile a boela a botsa Kaine mabapi le khalefo ea hae e bontšang hore o na le morero oa ho bolaea: “Na, u tla [e] laola?”
-