Tumelo ea Noe e Ahlola Lefatše
NA U kile ua utloela ka Noe, monna ea tšabang Molimo ea ileng a haha areka bakeng sa ho pholosa bophelo nakong ea moroallo oa lefatše lohle? Ho sa tsotellehe hore na ke ea khale hakae, pale ena e tsejoa ke ba limilione. Leha ho le joalo, ba bangata ha ba hlokomele hore bophelo ba Noe bo na le seo bo se bolelang ho rōna kaofela kajeno.
Ke hobane’ng ha re lokela ho thahasella tlaleho ea lilemong tse likete tse fetileng? Na ho na le ho tšoana ho itseng pakeng tsa boemo ba Noe le ba rōna? Haeba ho le joalo, re ka rua molemo joang mohlaleng oa hae?
Lefatše la Mehleng ea Noe
Tatellano ea liketsahalo tsa Bibele ho ea ka nako ea tsona e bontša hore Noe o tsoetsoe ka 2970 B.C.E.—lilemo tse 126 ka mor’a lefu la Adama. Mehleng ea Noe, lefatše le ne le tletse pefo, ’me boholo ba litloholo tsa Adama bo ile ba khetha ho latela mohlala o tsoileng tseleng oa moholo-holo oa tsona. Ka lebaka leo, “Jehova a bona hore bobe ba motho bo bongata lefatšeng ’me tšekamelo eohle ea menahano ea pelo ea hae e mpe feela ka linako tsohle.”—Genese 6:5, 11, 12.
Borabele ba batho e ne e se lona feela lebaka le etsang hore Jehova a halefe. Tlaleho ea Genese ea hlalosa: “Bara ba Molimo oa ’nete ba qala ho hlokomela barali ba batho, hore ba batle; eaba ba inkela basali, e leng, bohle bao ba ba khethileng. . . . Banefilime ba ne ba le teng lefatšeng matsatsing ao, le ka mor’a moo, ha bara ba Molimo oa ’nete ba tsoela pele ho kopanela liphate le barali ba batho ’me ba ba tsoalla bara, e ne e le banna ba khale ba matla, ba tummeng.” (Genese 6:2-4) Ha ho bapisoa litemana tsena le mantsoe a tlalehiloeng ke moapostola Petrose ho bonahala hore “bara ba Molimo oa ’nete” e ne e le mangeloi a sa mameleng. Banefilime e ne e le moloko o tsoakaneng oa bana ba tsoetsoeng ke basali ba ileng ba kopanela liphate ka tsela eo e seng ea molao le mangeloi a bakoenehi a neng a ikapesitse ’mele ea batho.—1 Petrose 3:19, 20.
Lebitso “Banefilime” le bolelang “Balihi,” le hlalosa batho ba neng ba liha ba bang. E ne e le bo-’mampoli ba tšoarang ba bang ka thata, ’me sebe sa bo-ntat’a bona ba nang le litakatso tse feteletseng se tšoantšoa le boitšoaro bo litšila ba Sodoma le Gomora. (Juda 6, 7) Ba kopane hammoho, ba ile ba tlatsa lefatše ka bobe bo ke keng ba mamelloa.
“O ne a se na Molato Har’a Batho ba Mehleng ea Hae”
Bobe bo ne bo jele setsi hoo Molimo a neng a ikemiselitse ho timetsa moloko oa batho. Empa tlaleho e bululetsoeng e re: “Empa Noe a fumana kamohelo mahlong a Jehova. . . . Noe e ne e le motho ea lokileng. O ne a se na molato har’a batho ba mehleng ea hae. Noe o ne a tsamaea le Molimo oa ’nete.” (Genese 6:8, 9) Ho ne ho khoneha joang ho ‘tsamaea le Molimo’ lefatšeng le sa tšabeng Molimo le le tšoaneloang ke timetso feela?
Ha ho na pelaelo hore Noe o ne a ithutile ho hongata ho ntat’ae Lameke, monna oa tumelo ea phetseng nakong ea Adama. Ha a reha mora oa hae lebitso la Noe (leo ho nahanoang hore le bolela “Phomolo,” kapa “Matšeliso”), Lameke o ile a profeta a re: “Enoa o tla re tlisetsa matšeliso mosebetsing oa rōna le bohlokong ba matsoho a rōna bo bakoang ke lefatše leo Jehova a le rohakileng.” Boprofeta boo bo ile ba phethahala ha Molimo a tlosa thohako e neng e le holim’a lefatše.—Genese 5:29; 8:21.
Ho ba le batsoali ba tšabang Molimo ha ho fane ka tiiso ea hore bana e tla ba batho ba moea, hobane motho e mong le e mong o lokela ho haha kamano ea hae le Jehova. Noe o ile a ‘tsamaea le Molimo’ ka hore a phehelle tsela e amoheloang ke Molimo. Seo Noe a ileng a ithuta sona ka Molimo se ile sa mo susumelletsa hore a Mo sebeletse. Tumelo ea Noe ha ea ka ea thekesela ha a bolelloa hore Molimo o ikemiselitse ‘ho felisa nama eohle ka moroallo.’—Genese 6:13, 17.
A kholisehile hore koluoa ena eo ho seng mohla e kileng ea e-ba teng e tla etsahala, Noe o ile a mamela taelo ea Jehova e reng: “Iketsetse areka ka lehong la sefate se ntšang boroku. U tla etsa liphaposi ka arekeng, ’me u e koahele ka sekontiri ka hare le ka ntle.” (Genese 6:14) Ho latela litaelo tse tobileng tseo Molimo a neng a fane ka tsona bakeng sa areka ho ne ho se bonolo. Leha ho le joalo, “Noe o [ile a] etsa ho ea ka sohle seo Molimo a mo laetseng sona.” Ha e le hantle, o ile “a fela a etsa joalo.” (Genese 6:22) Noe o ile a etsa sena ka thuso ea mosali oa hae le bara ba bona Sema, Kama le Jafeta le basali ba bona. Jehova o ile a hlohonolofatsa tumelo e joalo. Ke mohlala o motle hakaakang ho malapa kajeno!
Ho haha areka ho ne ho tla akarelletsa eng? Jehova o ile a laela Noe hore a hahe lebokose le leholo la lehong le sa keneleng metsi, la mekato e meraro, le ka bang bolelele ba limithara tse 133, bophara ba limithara tse 22 le bophahamo ba limithara tse 13. (Genese 6:15, 16) Ka matla sekepe se joalo se ne se ka tšoana le likepe tsa kajeno tsa mefuta-futa tse laelang thepa.
E ne e le mosebetsi o moholo hakaakang! Mohlomong o ne o bolela ho rema lifate tse likete, ho li hulela setšeng sa kaho, le ho li etsa mapolanka kapa libalaka. O ne o bolela ho etsa sekafole, ho etsa lipekere kapa lithakhisa, ho fumana sekontiri bakeng sa ho bitiela hore metsi a se ke a kena ka hare, ho fumana linkho le lithulusi le lintho tse ling joalo-joalo. Mohlomong mosebetsi ona o ne o hloka hore ho buisanoe le barekisi le hore ho lefelloe thepa le litšebeletso. Ka ho totobetseng o ne o hloka ’metli oa mapolanka e le hore a ka kopanya mapolanka ka mokhoa o nepahetseng le ho haha mohaho o matla ka ho lekaneng. Ak’u nahane feela—mohlomong mosebetsi oa kaho o nkile lilemo tse 50 kapa tse 60!
Ho hlahlamang Noe o ne a lokela ho bokella lijo le furu tse lekaneng. (Genese 6:21) O ne a tla lokela ho bokella le ho kenya liphoofolo tse ngata haholo ka har’a areka. Noe o ile a etsa sohle seo Molimo a neng a mo laetse sona, ’me mosebetsi o ile oa qetoa. (Genese 6:22) Tlhohonolofatso ea Jehova e ile ea tiisa hore mosebetsi o qetoa ka katleho.
“’Moleli oa ho Loka”
Ntle le ho haha areka, Noe o ile a fana ka temoso a ba a sebeletsa Molimo ka botšepehi e le “’moleli oa ho loka.” Empa batho ‘ha baa ka ba elelloa ho fihlela moroallo o tla ’me o ba hohola bohle.’—2 Petrose 2:5; Matheu 24:38, 39.
Ha ho nahanoa ka boemo bo fokolang haholo ba moea le ba boitšoaro ba mehleng eo, ho bonolo ho bona kamoo lelapa la Noe le ileng la etsoa litšeho kateng ke baahelani ba sa lumeleng le kamoo le ileng la hlekefetsoa le ho songoa kateng. Mohlomong batho ba ne ba ba nka ba hlanya. Leha ho le joalo, Noe o ile a atleha ho khothatsa lelapa la hae ka tsela ea moea le ho le tšehetsa, hobane ha lea ka la amohela litsela tse mabifi, tsa boitšoaro bo litšila le tse nyelisang tsa batho ba mehleng eo ba neng ba sa tšabe Molimo. Ka lipuo le liketso tsa hae tse neng li bonahatsa tumelo ea hae, Noe o ile a ahlola lefatše la mehleng eo.—Baheberu 11:7.
Ho Bolokoa Nakong ea Moroallo
Nakoana pele moroallo o qala, Molimo o ile a bolella Noe hore a kene ka arekeng e feletseng. Ha lelapa la Noe le liphoofolo li kene ka hare, “Jehova a koala monyako,” a koalla ba somang le ba phoqang ka ntle. Ha Moroallo o fihla, ho bonahala eka mangeloi a sa mameleng a ile a lahla ’mele ea nama ’me a baleha timetso. Empa ho thoe’ng ka ba bang? Sebōpuoa se seng le se seng se phelang lefatšeng se ka ntle ho areka, ho kopanyelletsa le Banefilime, se ile sa shoa! Ke Noe le lelapa la hae feela ba ileng ba pholoha.—Genese 7:1-23.
Noe le lelapa la hae ba ile ba qeta selemo se baloang ho latela khoeli e holimo le matsatsi a leshome ba ntse ba le ka har’a areka. Ba ne ba phathahane ka ho fepa liphoofolo le ho li khella metsi, ho hloekisa le ho bala nako. Genese e bolela nako ea liketsahalo tsohle tsa Moroallo ka ho nepahetseng, joalokaha ho bolokoa tlaleho ea lebelo la sekepe le sebaka seo se se tsamaileng letsatsi le leng le le leng, e leng ho bontšang bonnete ba tlaleho ena.—Genese 7:11, 17, 24; 8:3-14.
Nakong ea ha ba le ka har’a areka, ha ho pelaelo hore Noe o ne a etella lelapa la hae pele ha ba buisana ka litaba tsa moea le ha ba isa liteboho ho Molimo. Ho bonahala eka histori ea pele ho Moroallo e ile ea bolokoa ka Noe le lelapa la hae. Lineano tse tšepahalang tsa molomo kapa litlaleho tse ngotsoeng tsa histori tseo ba neng ba e-na le tsona e ne e tla ba boitsebiso ba bohlokoa haholo boo ba ka bo hlahlobang nakong ea Moroallo.
E tlameha ebe Noe le lelapa la hae ba ne ba thabile hakaakang ha ba boela ba hata naheng e omileng! Ntho ea pele eo a ileng a e etsa e ile ea e-ba ho hloma aletare le ho ba moprista bakeng sa lelapa la hae, a nyehela mahlabelo ho Ea ba pholositseng.—Genese 8:18-20.
“Feela Kamoo Matsatsi a Noe a Neng a le Kateng”
Jesu Kreste o ile a re: “Feela kamoo matsatsi a Noe a neng a le kateng, ho ba teng ha Mor’a motho ho tla ba joalo.” (Matheu 24:37) Ka ho tšoanang, kajeno Bakreste ke baboleli ba ho loka, ba khothalletsa batho ho baka. (2 Petrose 3:5-9) Ka lebaka la ho tšoana hoo, re ka ipotsa hore na ebe Noe o ne a nahana eng pele ho Moroallo. Na ebe o kile a nahana hore ho bolela ha hae ho ne ho se na thuso? Na o ne a khathala ka linako tse ling? Bibele ha e bolele. Seo re se bolelloang feela ke hore Noe o ile a mamela Molimo.
Na u bona ho tšoana ho teng pakeng tsa boemo ba Noe le ba rōna? O ile a mamela Jehova ho sa tsotellehe khanyetso le mathata. Ke kahoo Jehova a ileng a mo nka e le ea lokileng. Lelapa la Noe le ne le sa tsebe hantle hore na Molimo o tla tlisa Moroallo neng, empa le ne le tseba hore o tla tla. Tumelo lentsoeng la Molimo e ile ea boloka Noe ho pholletsa le lilemo tsa mosebetsi o boima le se neng se ka ’na sa bonahala e le boboleli bo sa beheng litholoana. Ka sebele, re bolelloa hore: “Ka tumelo Noe, ka mor’a ho fuoa temoso ea bomolimo ea lintho tse e-s’o bonoe, o ile a bontša tšabo ea bomolimo eaba o haha areka bakeng sa ho pholosa ba ntlo ea hae; ka tumelo ena o ile a ahlola lefatše, ’me a fetoha mojalefa oa ho loka ho eang ka tumelo.”—Baheberu 11:7.
Ho tlile joang hore Noe a be le tumelo e joalo? Ho bonahala eka o ne a ipha nako ea ho nahanisisa ka ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a e tsebang ka Jehova ’me a lumella tsebo eo hore e mo tataise. Ntle ho pelaelo Noe o ne a buisana le Molimo ka thapelo. Ha e le hantle, o ile a tloaelana le Jehova haholo hoo a neng a ‘tsamaea le Molimo.’ E le hlooho ea lelapa, ka thabo Noe o ile a fa lelapa la hae nako le tlhokomelo e lerato. Sena se ne se akarelletsa ho hlokomela litlhoko tsa moea tsa mosali oa hae, bara ba hae ba bararo le lingoetsi tsa hae.
Joaloka Noe, Bakreste ba ’nete kajeno baa tseba hore haufinyane Jehova o tla felisa tsamaiso ena ea lintho e sa tšabeng Molimo. Ha re tsebe letsatsi leo kapa hora eo, empa rea tseba hore ho ba le tumelo le ho mamela joaloka “’moleli [enoa] oa ho loka” ho tla fella ka “hore moea o bolokoe o phela.”—Baheberu 10:36-39.
[Lebokose le leqepheng la 29]
Na ka Sebele ho Etsahetse?
Litsebi tsa thuto e mabapi le batho li bokeletse litšōmo tse ka bang 270 tse tsoang hoo e ka bang merabeng le lichabeng tsohle. Setsebi Claus Westermann o re: “Pale ea moroallo e fumanoa lefatšeng ho pota. Joaloka tlaleho ea pōpo, ke karolo ea motheo ea lefa la rōna la sechaba. Ho makatsa e le kannete: hohle lefatšeng re fumana lipale tse buang ka moroallo o moholo oa boholo-holo.” Lebaka ke lefe? Mohlalosi e mong ea bitsoang Enrico Galbiati o re: “Ho phehella ho ba teng ha neano e buang ka moroallo har’a batho ba fapaneng le ba arohaneng ke pontšo ea ’nete ea histori e teng lineanong tse joalo.” Leha ho le joalo, ntho eo e leng ea bohlokoa haholo ho Bakreste ho feta se boleloang ke litsebi ke hore Jesu ka boeena o ile a bua ka Moroallo e le ketsahalo ea sebele e bileng teng historing ea moloko oa batho.—Luka 17:26, 27.
[Lebokose le leqepheng la 30]
Na Banefilime ke Bona Bao ho Buuoang ka Bona Litšōmong?
Litšōmo tse mabapi le tšebelisano-’moho pakeng tsa melimo le batho—“bahale” kapa “batho ba batlang ba tšoana le melimo” ba tsoetsoeng ka lebaka la likamano tsena—li ne li tloaelehile thutong ea bolumeli ea Bagerike, Baegepeta, Baugariti, Bahurri le batho ba Mesopotamia. Melimo ea litšōmong tsa Bagerike e ne e bōpehile joaloka batho ’me e le metle haholo. E ne e ja, e noa, e robala, e kopanela liphate, e ngangisana, e loana, e khelosa le ho beta. Le hoja ho ne ho boleloa hore ea halalela, e ne e khona ho thetsa le ho tlōla molao. Ho ne ho boleloa hore bahale ba kang Achilles baa halalela ebile ke bana ba batho le hore ba ne ba fuoe matla a phahametseng a motho empa ba sa fuoa ho se shoe. Kahoo, se boleloang ke Genese ka Banefilime se bontša ka ho hlaka hore na mohlomong litšōmo tse joalo li hlaha hokae esita le haeba hoo ho ke ke ha tiisoa.