-
Re Tla Tsamaea ka Lebitso la Jehova Molimo oa RōnaMolula-Qhooa—2005 | September 1
-
-
Re Tla Tsamaea ka Lebitso la Jehova Molimo oa Rōna
“Re tla tsamaea ka lebitso la Jehova Molimo oa rōna ho isa nakong e sa lekanyetsoang, esita le ka ho sa feleng.”—MIKEA 4:5.
1. Boitšoaro bo ne bo le joang mehleng ea Noe, ’me Noe o ne a fapane joang le batho ba bang?
ENOKE ke eena motho oa pele eo Bibele e bolelang hore o ile a tsamaea le Molimo. Oa bobeli ke Noe. Bibele e re bolella se latelang: “Noe e ne e le motho ea lokileng. O ne a se na molato har’a batho ba mehleng ea hae. Noe o ne a tsamaea le Molimo oa ’nete.” (Genese 6:9) Matsatsing a Noe, batho ka kakaretso ba ne ba furaletse borapeli bo hloekileng. Maemo a ile a mpefatsoa ke mangeloi a sa tšepahaleng a ileng a tlōla molao ka ho nyala basali le ka ho tsoala bana ba bitsoang Banefilime, e leng “ba matla,” kapa ‘banna ba tummeng,’ ba mehleng eo. Hase feela lefatše le ileng la tlala pefo! (Genese 6:2, 4, 11) Ho sa tsotellehe seo, Noe o ne a se na molato ’me e ne e le “’moleli oa ho loka.” (2 Petrose 2:5) Ha Molimo a laela Noe hore a hahe areka bakeng sa ho pholosa bophelo, ka boikokobetso o ile a “etsa ho ea ka sohle seo Molimo a mo laetseng sona. A fela a etsa joalo.” (Genese 6:22) Ke ’nete hore Noe o ile a tsamaea le Molimo.
2, 3. Noe o re behetse mohlala ofe o motle?
2 Pauluse o ile a kenyelletsa Noe lethathamong la hae la lipaki tse tšepahalang ha a ne a ngola a re: “Ka tumelo Noe, ka mor’a ho fuoa temoso ea bomolimo ea lintho tse e-s’o bonoe, o ile a bontša tšabo ea bomolimo eaba o haha areka bakeng sa ho pholosa ba ntlo ea hae; ka tumelo ena o ile a ahlola lefatše, ’me a fetoha mojalefa oa ho loka ho eang ka tumelo.” (Baheberu 11:7) Ka sebele mohlala oa hae oa babatseha! Kaha Noe o ne a kholisehile hore mantsoe a Jehova a tla phethahala, o ile a sebelisa nako ea hae, matla a hae le matlotlo a hae hore a phethe litaelo tsa Molimo. Ka tsela e tšoanang, kajeno batho ba bangata ba hana menyetla ea lefatše lena ’me ba sebelisa nako ea bona, matla a bona le matlotlo a bona hore ba phethe litaelo tsa Jehova. Tumelo ea bona ea babatseha ’me e tla ba pholosa e be e pholose le ba bang.—Luka 16:9; 1 Timothea 4:16.
3 E tlameha ebe ho ne ho se bonolo hore Noe le lelapa la hae ba bontše tumelo feela joalokaha ho sa ka ha e-ba bonolo ho Enoke, eo e neng e le ntate-moholo oa Noe eo re buileng ka eena sehloohong se fetileng. Matsatsing a Noe joaloka matsatsing a Enoke, barapeli ba ’nete ba ne ba fokola haholo ka palo—ke batho ba robeli feela ba neng ba tšepahala le ba ileng ba pholoha Moroallo. Noe e ne e le ’moleli oa ho loka lefatšeng le mabifi le le se nang boitšoaro. Ntle ho moo, eena le lelapa la hae ba ile ba haha areka e khōlō ea lehong e le hore ba lokisetse moroallo oa lefatše lohle, le hoja ho ne ho se motho ea kileng a bona moroallo. E tlameha ebe batho ba neng ba ba bona ba ne ba makala haholo.
4. Jesu o ile a totobatsa phoso efe ea batho ba mehleng ea Noe?
4 Ntho e makatsang ke hore ha Jesu a ne a bua ka matsatsi a Noe, ha aa ka a bua ka pefo, bolumeli ba bohata kapa boitšoaro bo bobe—le hoja lintho tsena li ne li le mpe ka ho fetisisa. Jesu o ile a totobatsa hore phoso ea batho ba mehleng eo e bile ho hlokomoloha temoso. O itse “ba ne ba ja ’me ba noa, banna ba nyala ’me basali ba nyalisoa, ho fihlela letsatsing leo Noe a ileng a kena ka arekeng ka lona.” Na ho ja, ho noa, ho nyala le ho nyaloa ho ne ho le phoso? Ba ne ba nahana hore ba phela bophelo bo tloaelehileng. Empa moroallo o ne o le tseleng, ’me Noe eena e ne e le ’moleli oa ho loka. Mantsoe a hae le boitšoaro ba hae e ne e lokela ho ba temoso ho bona. Empa ha baa ka “ba elelloa ho fihlela moroallo o tla ’me o ba hohola bohle.”—Matheu 24:38, 39.
5. Noe le lelapa la hae e ne e lokela ho ba batho ba mofuta ofe?
5 Ha re nahana ka mehla eo, rea bona hore Noe o ile a nka bohato bo bohlale. Leha ho le joalo, matsatsing a pele ho Moroallo, ho ne ho hlokahala sebete hore motho a se ke a ea le bongata. Noe le lelapa la hae ba ne ba lokela ho ba le tumelo e feletseng ea hore Moroallo oa tla e le hore ba hahe areka eo e khōlō ba be ba kenye liphoofolo tse neng li tla hlahisa mefuta ea habo tsona. Na ebe ka linako tse ling ba bang lelapeng la Noe ba ne ba lakatsa eka batho ba ka be ba sa ba bone, ba bile ba lakatsa eka ba ka be ba phela joaloka batho ba bang? Le haeba ka linako tse ling ba ne ba ee ba nahane joalo, ba ile ba ’na ba tšepahala. Ka mor’a lilemo tse ngata—tse ngata ho feta tseo leha e le mang oa rōna a ka li phelang tsamaisong ena ea lintho—tumelo ea Noe e ile ea mo pholosa Moroallong. Leha ho le joalo, Jehova o ile a ahlola bohle ba neng ba nahana hore ba phela bophelo bo tloaelehileng ’me ba sa natse lintho tse neng li etsahala mehleng ea bona.
-
-
Re Tla Tsamaea ka Lebitso la Jehova Molimo oa RōnaMolula-Qhooa—2005 | September 1
-
-
Re Ela Hloko Litemoso Tsa Jehova
9. Lefatše la kajeno le tšoana joang le la pele ho Moroallo?
9 Mehleng ea Noe, Jehova o ile a timetsa batho ka lebaka la pefo e feteletseng ea batho ba khopo e neng e hlohleletsoa ke Banefilime. Kajeno teng ho joang? Na lefatše ha le mabifi joaloka nakong eo? Ka sebele le mabifi! Ho feta moo, joaloka matsatsing a Noe, kajeno batho ba iketsetsa mesebetsi ea bona, ba leka ho phela ka tsela eo ba nahanang hore e tloaelehile, ba hlokomoloha litemoso. (Luka 17:26, 27) Kahoo, na ho na le lebaka la ho belaela hore Jehova o tla timetsa batho hape? Che, ha le eo!
10. (a) Boprofeta ba Bibele bo pheta-pheta temoso efe? (b) Ke tsela efe feela e bohlale e ka nkoang kajeno?
10 Makholo a lilemo pele ho Moroallo, Enoke o ile a profeta ka timetso e neng e lokela ho tla mehleng ea rōna. (Juda 14, 15) Jesu le eena o ile a bua ka “matšoenyeho a maholo” a tlang. (Matheu 24:21) Baprofeta ba bang ba ile ba lemosa ka nako ena. (Ezekiele 38:18-23; Daniele 12:1; Joele 2:31, 32) Bukeng ea Tšenolo, re bala ka tlhaloso e hlakileng ea timetso ena ea ho qetela. (Tšenolo 19:11-21) Re le batho ka bomong, re etsisa Noe ebile re baboleli ba mafolofolo ba ho loka. Re ela hloko litemoso tsa Jehova ’me ka lerato re thusa baahelani ba rōna hore ba re etsise. Kahoo, joaloka Noe, re tsamaea le Molimo. Ka sebele, ke habohlokoa hore bohle ba ratang bophelo ba ’ne ba tsamaee le Molimo. Re ka etsa see joang ho sa tsotellehe mathata ao re tobanang le ’ona letsatsi le letsatsi? Re lokela ho ba le tumelo e matla ea hore morero oa Molimo o tla phethahala.—Baheberu 11:6.
-