‘Le Tsoele Pele le Tsamaea Kopanong le Kreste’
“Ka hona, joalokaha le amohetse Kreste Jesu Morena, le tsoele pele le tsamaea kopanong le eena.”—BAKOLOSE 2:6.
1, 2. (a) Bibele e hlalosa bophelo ba Henoke ba ho sebeletsa Jehova ka botšepehi joang? (b) Jehova o re thusitse joang hore re tsamaee le eena, joalokaha Bakolose 2:6, 7 e bontša?
NA U se u kile ua shebella moshemane e monyenyane ha a tsamaea le ntate oa hae? Mothoana enoa o etsisa ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo ntate oa hae a e etsang, sefahleho sa hae se khanya thabo; ntate oa hae oa mo tataisa, sefahleho sa hae le eena se tletse lerato le kananelo. Ka ho nepahetseng, Jehova o sebelisa sona setšoantšo seo hantle bakeng sa ho hlalosa bophelo ba motho ea mo sebeletsang ka botšepehi. Ka mohlala, Lentsoe la Molimo le re monna ea tšepahalang Henoke o ne “a tsamaea le Molimo [oa ’nete].”—Genese 5:24; 6:9.
2 Feela joalokaha ntate ea nahanelang a ne a tla tataisa mora oa hae e monyenyane hore a tsamaee le eena, Jehova o re file thuso ea bohlokoa ka ho fetisisa e ka fumanehang. O ile a romela Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši lefatšeng. Mohatong o mong le o mong oo Jesu Kreste a ileng a o nka ha a phela mona lefatšeng, o ile a bontša hantle seo Ntate oa hae oa leholimo a leng sona. (Johanne 14:9, 10; Baheberu 1:3) Kahoo, re lokela ho tsamaea le Jesu e le hore re tsamaee le Molimo. Moapostola Pauluse o ile a ngola: “Ka hona, joalokaha le amohetse Kreste Jesu Morena, le tsoele pele le tsamaea kopanong le eena, le metse ka metso ’me le ntse le hahuoa ho eena ’me le ntse le tsitsisoa tumelong, feela joalokaha le ile la rutoa, le khaphatseha tumelo litebohong.”—Bakolose 2:6, 7.
3. Ho latela Bakolose 2:6, 7, ke hobane’ng ha re ka re ho tsamaea kopanong le Kreste ho ama ho hongata ho feta feela ho kolobetsoa?
3 Kaha liithuti tse lipelo li tšepahalang tsa Bibele li batla ho tsamaea kopanong le Kreste ’me li leka ka matla ho latela mehato ea hae e phethahetseng, lia kolobetsoa. (Luka 3:21; Baheberu 10:7-9) Ka 1997 feela, ba ka holimo ho 375 000 ba ile ba nka bohato bona ba bohlokoa lefatšeng ka bophara—karolelano ea batho ba ka holimo ho 1000 letsatsi le leng le le leng. Keketseho ena ea hlolla! Leha ho le joalo, mantsoe a Pauluse a tlalehiloeng ho Bakolose 2:6, 7 a bontša hore ho tsamaea kopanong le Kreste ho ama ho hongata ho feta feela ho kolobetsoa. Leetsi la Segerike le fetoletsoeng e le “le tsoele pele le tsamaea,” le hlalosa ketso e sa lokelang ho khaotsa, e tsoelang pele. Ho feta moo, Pauluse o eketsa ka hore ho tsamaea le Kreste ho akarelletsa lintho tse ’nè: ho mela ka metso ho Kreste, ho hahuoa ho eena, ho tsitsisoa tumelong le ho khaphatseha litebohong. A re hlahlobeng polelo ka ’ngoe ’me re bone hore na e re thusa joang hore re tsoele pele ho tsamaea kopanong le Kreste.
Na U ‘Metse ka Metso ho Kreste’?
4. Ho ‘mela ka metso ho Kreste’ ho bolela eng?
4 Pele, Pauluse o ngola hore re lokela ho ‘mela ka metso ho Kreste.’ (Bapisa le Matheu 13:20, 21.) Ke joang motho a ka sebeletsang hore a mele ka metso ho Kreste? Bonneteng, metso ea semela ha e bonahale, empa ke ea bohlokoa ho semela—ea se tsitsisa le ho se fepa. Ka ho tšoanang, mohlala oa Kreste le thuto ea hae li re ama ka tsela e sa bonahaleng qalong, li mela ka metso likelellong tsa rōna le pelong. Teng lia re fepa le ho re matlafatsa. Ha re li lumella hore li laole monahano oa rōna, liketso tsa rōna le liqeto tsa rōna, re susumelletseha hore re nehele bophelo ba rōna ho Jehova.—1 Petrose 2:21.
5. Re ka ‘hlaolela tabatabelo’ ea lijo tsa moea joang?
5 Jesu o ne a rata tsebo e tsoang ho Molimo. O bile a e tšoantša le lijo. (Matheu 4:4) Hase feela Thutong ea hae ea Thabeng a ileng a qotsa ka makhetlo a 21 libukeng tse fapaneng tse robeli tsa Mangolo a Seheberu. E le hore re latele mohlala oa hae, re lokela ho etsa joalokaha moapostola Petrose a eletsa—‘ho hlaolela taba-tabelo’ ea lijo tsa moea “joaloka masea a sa tsoa tsoaloa.” (1 Petrose 2:2) Ha lesea le sa tsoa tsoaloa le batla lijo, le hlakisa ka hohle hore le fela le li labalabela. Haeba hona joale ha re ikutloe ka tsela eo mabapi le lijo tsa moea, mantsoe a Petrose a re khothalletsa hore re “hlaolele” tabatabelo eo. Joang? Molao-motheo o fumanoang ho Pesaleme ea 34:8 o ka ’na oa thusa: “Latsoang, le bone hoba Jehova o molemo.” Haeba kamehla re ‘latsoa’ Lentsoe la Jehova, Bibele, mohlomong re bala karolo e itseng ea lona letsatsi le leng le le leng, re tla bona hore lea fepa moeeng ’me le molemo. Qetellong, ho le labalabela ha rōna ho tla eketseha.
6. Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore re nahanisise ka seo re se balang?
6 Leha ho le joalo, ke habohlokoa hore re thuise lijo hantle ka mor’a hore re li je. Kahoo, re lokela ho nahanisisa ka seo re se balang. (Pesaleme ea 77:11, 12) Ka mohlala, ha re bala buka ea Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela, khaolo e ’ngoe le e ’ngoe e ba le bohlokoa bo boholoanyane haeba re ema ’me re ipotsa: ‘Ke tšobotsi efe ea botho ba Kreste eo ke e fumanang tlalehong ee, ’me nka e etsisa joang bophelong ba ka?’ Ho nahanisisa ka tsela eo ho ka re nolofalletsa ho sebelisa seo re ithutang sona. Joale ha re tobane le ho etsa qeto, re ka ’na ra ipotsa hore na ebe Jesu eena a ka be a e entse joang. Haeba re etsa liqeto tsa rōna ka tsela e loketseng, re fana ka bopaki ba hore ka sebele re metse ka metso ho Kreste.
7. Pono ea rōna e lokela ho ba efe ka lijo tsa moea tse tiileng?
7 Pauluse o boetse o re phehella hore re je “lijo tse tiileng,” linnete tse tebileng tsa Lentsoe la Molimo. (Baheberu 5:14) Tabeng ena, ho bala Bibele eohle e ka ba pakane ea rōna ea pele. Joale ho na le lihlooho tse eketsehileng tse khethehileng tse ka ithutoang, tse kang sehlabelo sa thekollo sa Kreste, lilekane tse fapaneng tseo Jehova a ileng a li etsa le batho ba hae, kapa melaetsa e meng ea boprofeta e ka Bibeleng. Ho na le boitsebiso bo bongata bo ka re thusang ho ja le ho thuisa lijo tse joalo tse tiileng tsa moea. Pakane ea ho iphepa tsebo e joalo ke efe? Hase hore re tle re tsebe ho ithorisa, empa ke hore re hahe lerato la rōna ho Jehova le ho ba haufi le eena. (1 Bakorinthe 8:1; Jakobo 4:8) Haeba re iphepa tsebo ena ka cheseho, re itšebelisetsa eona le ho e sebelisetsa ho thusa ba bang, ka sebele re tla be re etsisa Kreste. Sena se tla re thusa hore re be ba metseng ka metso ho eena ka tsela e nepahetseng.
Na U ‘Hahuoa ho Kreste’?
8. Ho ‘hahuoa ho Kreste’ ho bolela eng?
8 Karolong e latelang ea ho tsamaea kopanong le Kreste, Pauluse o fetola ka potlako setšoantšo se hlakileng seo a se sebelisang, ho ea ho se seng—ho tloha ho sa semela ho ea ho sa mohaho. Ha re nahana ka mohaho o ntseng o hahuoa, ha re nahane ka moralo feela, empa re nahana hape ka mohaho o moholo oo re o bonang o phahama ntle ho tšitiso ea letho, tlas’a tšebetso e matla. Ka tsela e tšoanang, re lokela ho sebetsa ka matla hore re hahe litšobotsi le mekhoa e tšoanang le ea Kreste. Boiteko bo matla joalo boa hlokomeleha, feela joalokaha Pauluse a ile a ngolla Timothea: ‘Etsa hore tsoelo-pele ea hao e bonoe ke batho bohle.’ (1 Timothea 4:15; Matheu 5:16) Mesebetsi e meng ea Bokreste e re hahang ke efe?
9. (a) E le hore re etsise Kreste tšebeletsong ea rōna, tse ling tsa lipakane tse sebetsang tseo re ka ipehelang tsona ke life? (b) Re tseba joang hore Jehova o batla hore re thabele tšebeletso ea rōna?
9 Jesu o re abetse hore re bolele le ho ruta litaba tse molemo. (Matheu 24:14; 28:19, 20) O ile a beha mohlala o phethahetseng, a paka ka sebete le ka katleho. Ke ’nete hore ha ho mohla re tla etsa hantle joalokaha a ile a etsa. Leha ho le joalo, moapostola Petrose o re behetse pakane ena: “Halaletsang Kreste e le Morena ka lipelong tsa lōna, ka mehla le loketse ho etsa tšireletso ka pel’a e mong le e mong ea le batlang lebaka bakeng sa tšepo e ho lōna, empa le etsa joalo le ka maikutlo a bonolo le tlhompho e tebileng.” (1 Petrose 3:15) U se ke ua felloa ke tšepo haeba u ikutloa hore hase ‘ka mehla u loketseng ho etsa tšireletso.’ Ipehele lipakane tse utloahalang tse tla u thusa hore hanyane ka hanyane u qetelle o finyelletse boemo boo. Ho lokisetsa esale pele ho ka u nolofalletsa hore u feto-fetole nehelano ea hao kapa hore u kenyelletse lengolo le le leng kapa a mabeli. U ka ’na ua ipehela pakane ea ho tsamaisa lingoliloeng tse eketsehileng tsa Bibele, ho etsa maeto a ho boela a eketsehileng kapa ho qalisa thuto ea Bibele. Ha hoa lokela ho hatelloa haholo-holo taba ea bongata—joaloka bongata ba lihora, ba lingoliloeng tse tsamaisitsoeng, kapa ba lithuto—empa ho lokela hore ho hatelloe taba ea hore na ke tsa mofuta ofe. Ho ipehela lipakane tse utloahalang le ho leka ka matla ho li finyella ho ka re thusa hore re thabele ho inehela tšebeletsong. Ke sona seo Jehova a se batlang—hore re mo sebeletse “ka nyakallo.”—Pesaleme ea 100:2; bapisa le 2 Bakorinthe 9:7.
10. Mesebetsi e meng ea Bokreste eo re lokelang ho e etsa ke efe, ’me e re thusa joang?
10 Ho boetse ho na le mesebetsi e meng eo re e etsang ka phuthehong e re hahang ho Kreste. Oa bohlokoa ka ho fetisisa ke oa ho bontšana lerato, kaha ke lona letšoao le khethollang Bakreste ba ’nete. (Johanne 13:34, 35) Joalokaha ho tloaelehile, bongata ba rōna re ba haufi le batho ba re rutang nakong eo re sa ntseng re ithuta. Leha ho le joalo, na joale re ka latela keletso ea Pauluse ea ho ‘atoloha’ ka hore re tsebe ba bang ka phuthehong? (2 Bakorinthe 6:13) Baholo le bona ba hloka lerato le kananelo tsa rōna. Ka ho sebelisana le bona, ho batla le ho amohela keletso ea bona ea Mangolo, re tla bebofatsa mosebetsi oa bona o boima. (Baheberu 13:17) Ka nako e tšoanang, sena se tla tlatsetsa ho hahoeng ha rōna ho Kreste.
11. Ke pono efe ea sebele eo re lokelang ho ba le eona ka kolobetso?
11 Kolobetso ke ketsahalo e thabisang! Leha ho le joalo, ha rea lokela ho lebella hore ka mor’a moo, nako e ’ngoe le e ’ngoe bophelong e tla ba e thabisang joalo. Karolo e khōlō ea ho hahuoa ha rōna ho Kreste e ama ho “tsamaea ka ho laolehileng ka mokhoa ona o tšoanang.” (Bafilippi 3:16) Seo ha se bolele bophelo bo jesang bolutu, bo tepeletsang. Ho mpa ho bolela ho tsamaea u lebile pele tseleng e otlolohileng—ka mantsoe a mang, ho haha mekhoa e metle ea moea le ho e boloka letsatsi le letsatsi, selemo le selemo. Hopola, “ea mameletseng ho isa bofelong ke eena ea tla pholoha.”—Matheu 24:13.
Na U ‘Tsitsisitsoe Tumelong’?
12. Ho “tsitsisoa tumelong” ho bolela eng?
12 Polelong ea hae ea boraro e hlalosang ho tsamaea ha rōna kopanong le Kreste, Pauluse o re khothalletsa ho “tsitsisoa tumelong.” Phetolelo e ’ngoe e baleha tjena, “ho tiisoa mabapi le tumelo,” hobane lentsoe la Segerike leo Pauluse a le sebelisitseng le ka bolela “ho tiisa, ho tiisetsoa, le ho etsa ntho hore e be e sa fetoheng molaong.” Ha re hōla tsebong, re fuoa mabaka a eketsehileng a ho bona hore tumelo ea rōna ho Jehova Molimo e itšetlehile moralong o nepahetseng, ha e le hantle, e thehiloe molaong. Phello e ba hore re ba ba tsitsitseng haholoanyane. Ho ba thata haholoanyane hore lefatše la Satane le re laole. Sena se re hopotsa keletso ea Pauluse ea hore re ‘hatele pele ka matla khōlong e feletseng.’ (Baheberu 6:1) Khōlo e feletseng e tsamaisana le botsitso.
13, 14. (a) Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba Kolose ba ne ba talimane le lintho life tse sokelang botsitso ba bona? (b) E ka ’na eaba moapostola Pauluse o ne a amehile ka eng?
13 Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba Kolose ba ne ba talimane le lintho tse sokelang botsitso ba bona. Pauluse o ile a lemosa: “Hlokomelang: mohlomong ho ka ba le e mong ea tla le nka joaloka phofu ea hae ka filosofi le thetso ea lefeela ho ea ka neano ea batho, ho ea ka lintho tsa motheo tsa lefatše eseng ho ea ka Kreste.” (Bakolose 2:8) Pauluse o ne a sa batle hore Bakolose bao e neng e le bafo “’musong oa Mora oa lerato la [Molimo]” ba nkoe, ba tlosoe boemong ba bona bo hlohonolofalitsoeng ba moea. (Bakolose 1:13) Ba khelosoa ka tsela efe? Pauluse o ile a bua ka “filosofi,” lentsoe le hlahang mona feela ka Bibeleng. Na o ne a bua ka bo-rafilosofi ba Bagerike ba kang Plato le Socrates? Le hoja bana ba ne ba bakela Bakreste ba ’nete tšokelo, lentsoe “filosofi” le ne le e-na le tlhaloso e pharaletseng mehleng eo. Ka tloaelo, le ne le bolela lihlopha tse ngata le batho ba khopolo e le ’ngoe—esita le ba bolumeli. Ka mohlala, Bajuda ba lekholong la pele la lilemo ba kang Josephus le Philo ba ile ba bitsa bolumeli ba bona filosofi—mohlomong e le ho etsa hore bo ipiletse haholoanyane.
14 Tse ling tsa lifilosofi tseo e ka ’nang eaba Pauluse o ne a amehile ka tsona e ne e le tsa bolumeli. Hamorao khaolong eona eo ea lengolo la hae le eang ho Bakolose, o ile a lebisa tlhokomelo ho ba rutang, “U se ke ua tšoara, leha e le ho latsoa, leha e le ho ama,” ka ho etsa joalo a bua ka mokhoa o sa tobang ka litšobotsi tsa Molao oa Moshe tse neng li felisitsoe ke lefu la Kreste. (Baroma 10:4) Ho phaella ho lifilosofi tsa bohetene, ho ne ho e-na le litšusumetso tse sokelang bomoea ba phutheho. (Bakolose 2:20-22) Pauluse o ile a lemosa ka filosofi eo e neng e le karolo ea “lintho tsa motheo tsa lefatše.” Thuto eo ea bohata e ne e qapiloe ke batho.
15. Re ka qoba joang ho laoloa ke monahano oo e seng oa Mangolo oo re bang le oona hangata?
15 Ho fetisa likhopolo le menahano ea batho e sa thehoang ka tieo Lentsoeng la Molimo ho ka sokela botsitso ba Mokreste. Re lokela ho ba seli kajeno ka litšokelo tse joalo. Moapostola Johanne o ile a phehella: “Baratuoa, le se ke la lumela polelo e ’ngoe le e ’ngoe e bululetsoeng, empa lekang lipolelo tse bululetsoeng ho bona hore na li simoloha ho Molimo.” (1 Johanne 4:1) Ka hona, haeba motho eo u kenang sekolo le eena a leka ho u kholisa hore ho phela ka litekanyetso tsa Bibele ho siiloe ke nako, kapa moahisani a leka ho u susumelletsa hore u be le moea oa ho rata lintho tse bonahalang, kapa haeba mosebetsi-’moho le uena a u hatella ka tsela e poteletseng hore u hatakele letsoalo la hao le koetlisitsoeng ka Bibele, esita le haeba molumeli-’moho le uena a bua ka ho nyatsa le ka mokhoa o mobe ka ba bang ka phuthehong ho ea ka maikutlo a hae, u se ke ua be u se u amohela seo ba se bolelang. Hlokomoloha lintho tse sa lumellaneng le Lentsoe la Molimo. Ha re etsa joalo, re tla boloka botsitso ba rōna ha re ntse re tsamaea kopanong le Kreste.
Ho “Khaphatseha Tumelo Litebohong”
16. Ntlha ea bone ea ho tsamaea kopanong le Kreste ke efe, ’me re ka ipotsa potso efe?
16 Ntlha ea bone eo Pauluse a e bolelang ea ho tsamaea kopanong le Kreste ke ea hore re be ba ‘khaphatsehang tumelo litebohong.’ (Bakolose 2:7) Lentsoe ho “khaphatseha” le re hopotsa nōka e jang litlhokoa. Bakeng sa rōna re le Bakreste, sena se bolela hore liteboho tsa rōna e lokela ho ba tse sa khaotseng kapa e be ntho eo re tloaetseng ho e etsa. E mong le e mong oa rōna a ka etsa hantle ho ipotsa, ‘Na ke motho ea lebohang?’
17. (a) Ke hobane’ng ha ho ka boleloa hore kaofela re na le mabaka a mangata a ho leboha, esita le linakong tse bohloko? (b) Ke limpho life tse tsoang ho Jehova tseo ka ho khetheha u ikutloang hore ua mo leboha ka tsona?
17 Ka sebele, kaofela re na le mabaka a mangata a ho khaphatseha liteboho tse lebang ho Jehova letsatsi le leng le le leng. Esita le linakong tse bohloko, ho ka ’na ha e-ba le lintho tse fokolang tse ka fanang ka metsotso ea khatholoho. Motsoalle o bontša kutloelo-bohloko. Moratuoa o u ama ka tsela e u kholisang hore o utloisisa boemo. Ho robala hantle hoa hlasimolla. Lijo tse monate li khutsisa lephako. ’Mino oa linonyana, ho keketeha ha ngoana, ho phatsima ha leholimo le leputsoa, moea o pholileng o khathollang—lintho tsena kaofela le tse ling li ka re hlahela ka letsatsi le le leng. Ho bonolo haholo hore re nke limpho tsena hasesaane. Na kaofela ha li re u re, kea leboha? Li tsoa ho Jehova kaofela, Mohloli oa “mpho e ’ngoe le e ’ngoe e molemo le neo e ’ngoe le e ’ngoe e phethahetseng.” (Jakobo 1:17) ’Me o re file limpho tse fetang tsena—mohlala ke bophelo ka bobona. (Pesaleme ea 36:9) Ho feta moo, o re file monyetla oa ho phela ka ho sa feleng. Hore a fane ka mpho ena, Jehova o ile a etsa sehlabelo se phahameng ka ho fetisisa ka ho romela Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši, “eena eo a neng a mo rata haholo-holo.”—Liproverbia 8:30 NW; Johanne 3:16.
18. Re ka iponahatsa re le ba bontšang teboho ho Jehova joang?
18 Kahoo, mantsoe ana a mopesaleme ke ’nete hakaakang: “Ho leboha Jehova ho molemo.” (Pesaleme ea 92:1, NW) Ka tsela e tšoanang, Pauluse o ile a hopotsa Bakreste ba Thesalonika: “Mabapi le ntho e ’ngoe le e ’ngoe le lebohe.” (1 Bathesalonika 5:18; Baefese 5:20; Bakolose 3:15) E mong le e mong oa rōna a ka ’na a ikemisetsa ho ba ea lebohang haholoanyane. Lithapelo tsa rōna ho Molimo ha ea lokela ho ba feela tsa likōpo tsa lintho tseo re li hlokang. Ho nepahetse ho kenyelletsa likōpo lithapelong tsa rōna. Empa nahana haeba u e-na le motsoalle ea u buisang feela haeba a batla ntho e itseng ho uena! Kahoo, ke hobane’ng ha u sa rapele Jehova bakeng sa hore feela u mo lebohe le ho mo rorisa? E tlameha ebe lithapelo tse joalo li mo thabisa hakaakang ha a sheba lefatše lee le se nang teboho! Molemo o mong oa bohlokoa ke oa hore lithapelo tse joalo li ka ’na tsa re thusa ho lebisa tlhokomelo litšobotsing tse nepahetseng tsa bophelo, tsa re hopotsa kamoo ka sebele re hlohonolofetseng kateng.
19. Mantsoe a Pauluse a ho Bakolose 2:6, 7 a bontša joang hore kaofela re ka tsoela pele ho ntlafatsa ho tsamaea le Kreste?
19 Na ha ho hlolle hore ebe ho ka fumanoa tataiso e bohlale tjee temaneng e le ’ngoe ea Lentsoe la Molimo? Keletso ea Pauluse ea ho tsoela pele re tsamaea le Kreste ke eo e mong le e mong oa rōna a lokelang ho e ela hloko. Kahoo, a re ikemisetseng ho ‘mela ka metso ho Kreste,’ ‘ho hahuoa ho eena’ ‘ho tsitsisoa tumelong’ le ho ‘khaphatseha litebohong.’ Keletso e joalo ke ea bohlokoa haholo-holo ho ba sa tsoa kolobetsoa. Leha ho le joalo, e sebetsa ho rōna kaofela. Nahana hore na motso o mela o ea tlaase-tlaase hakaakang le hore na mohaho o hahuoang o phahamela holimo hakaakang. Kahoo, ha ho mohla ho tsamaea ha rōna le Kreste ho emisang. Ho na le sebaka se lekaneng sa ho hōla. Jehova o tla re thusa le ho re hlohonolofatsa hobane o batla hore re tsamaee le eena le Mora oa hae ea ratoang re sa khaotse.
U ne U Tla Araba Joang?
◻ Ho tsamaea kopanong le Kreste ho akarelletsa eng?
◻ Ho ‘mela ka metso ho Kreste’ ho bolela eng?
◻ Re ka ‘hahuoa ho Kreste’ joang?
◻ Ke hobane’ng ha e hlile e le habohlokoa ho “tsitsisoa tumelong”?
◻ Re na le mabaka afe a ho ‘khaphatseha litebohong’?
[Setšoantšo se leqepheng la 10]
Metso ea sefate e ka ’na ea se bonahale, empa e fepa sefate le ho se tšehetsa ka matla