Areka ea Noe le Tsela eo Likepe li Raloang ka Eona
KE ’NILE ka sebetsa ke le setsebi sa meralo ea likepe le moenjiniere oa likepe ka lilemo tse fetang tse 40. Mosebetsi oa ka o ’nile oa akarelletsa ho rala likepe tsa mefuta e sa tšoaneng, hammoho le ho etsa mechine le litšepe tse li tsamaisang. Ka 1963 ha ke ne ke sa ntse ke lula British Columbia, Canada, e mong oa Lipaki Tsa Jehova o ile a mpontša hore buka ea Bibele ea Genese e hlalosa areka ea Noe e le lebokose le leholo, kapa lekese. Ke ile ka thahasella tlhaloso ena ’me ka etsa qeto ea ho e hlahlobisisa.
Tlaleho ea Genese e bontša hore Molimo o ile a rera ho hloekisa bokhopo bo lefatšeng ka ho tlisa moroallo. O ile a bolella Noe hore a hahe areka e le hore a ipholose eena le lelapa la hae Moroallong ona o moholo, hammoho le liphoofolo tsa lefatše tse tla hlahisa tse ling. Molimo o ile a bolella Noe hore a etse hore bolelele ba areka e be litsoe tse makholo a mararo, bophara ba eona e be litsoe tse mashome a mahlano, ’me bophahamo ba eona e be litsoe tse mashome a mararo. (Genese 6:15) Ho latela likhakanyo tse tloaelehileng, areka e ne e ka ba bolelele ba limithara tse 134, bophara ba limithara tse 22 le bophahamo ba limithara tse 13.a Ka hona, e ne e ka ba boholo ba lik’hubiki-mithara tse 40 000, e leng ho neng ho etsa hore e qhele metsi a batlang a lekana le a neng a qheloa ke sekepe se seholo se mabothobotho sa Titanic.
Polane ea Areka
Areka e ne e hahiloe e e-na le mekato e meraro e neng e etsa hore e be matla haholoanyane ’me e ne e fana ka sebaka se boholo ba lisekoere-mithara tse 8 900. E ne e hahiloe ka lehong la sefate se ntšang boroku—ho bolelang hore e ne e sa kenele metsi—mohlomong sefate sa kiprese, ’me e ne e bitielitsoe ka sekontiri ka hare le ka ntle. (Genese 6:14-16) Ha rea bolelloa hore na Noe o ile a kopanya mapolanka ka eng. Empa le pele ho phetoa pale ea Moroallo, Bibele e bua ka litei tsa lisebelisoa tsa koporo le tsa tšepe. (Genese 4:22) Leha ho le joalo, le kajeno ho sa sebelisoa lipekere tsa lehong ho haha likepe tse ling tsa lehong.
Areka e ne e e-na le likamore, lemati ka lehlakoreng le tsoʹhar, e bophahamo ba setsoe, eo e ka ’nang eaba e ne e le marulelo a mofuta oa optaka, mohlomong tlaasana ho ’ona ho na le masoba hore ho kene moea le khanya. Leha ho le joalo, ha ho moo tlaleho ea Genese e buang ka mokokotlo kapa karolo e ka pele ea areka, kapa ka liseili kapa masokoana. Ha e le hantle, lentsoe la Seheberu le sebelisitsoeng bakeng sa “areka” le tšoana le le sebelisitsoeng bakeng sa ho hlalosa baskete e neng e bitietsoe ka boka bo botšo eo ’mè oa Moshe ha e ntse e le lesea a ileng a mo kenya ka ho eona hore a phaphamale metsing a Nōka ea Nile.—Exoda 2:3, 10.
Ho Khona ho Mamella Maqhubu le Moea
Bolelele ba areka bo ne bo mena bophara ba eona ka makhetlo a tšeletseng ’me bo mena bophahamo ba eona ka makhetlo a leshome. Likepe tse ngata tsa kajeno li raloa joalo, le hoja bolelele le bophara ba tsona bo sieana ho latela hore na se hloka matla a makae a ho se tsamaisa. Areka eona e ne e hloka ho phaphamala feela. Ebe e ile ea phaphamala hantle hakae?
Tsela eo likepe li hahuoang ka eona e etselitsoe hore li khone ho mamella maqhubu le moea. Sena le sona se amana le boholo ba sekepe. Bibele e re pula e ile ea tšoloha ka bongata ’me ea baka Moroallo, e boetse e re Molimo hamorao o ile a etsa hore ho foke moea. (Genese 7:11, 12, 17-20; 8:1) Mangolo ha a bolele hore na maqhubu le moea a ne a le matla hakae, empa ho ka etsahala hore a ne a le matla ’me a lula a feto-fetoha, feela joalokaha le kajeno ho sa etsahala. Ha moea o le matla ’me o phehella, maqhubu a phahama le ho feta ’me a arohana haholoanyane. Ho feta moo, ho sisinyeha leha e le hofe ho ne ho ka baka maqhubu a matla.
Boholo ba areka bo ile ba e etsa hore e tsitse, e se ke ea phethoha. Hape areka e ne e entsoe ka tsela eo e neng e tla khona ho mamella ho akhotsoa ke boemo bo bobe ba leholimo leoatleng le befileng. Haeba e ne e akhotseha haholo—ha leqhubu ka leng le kunyula karolo e ’ngoe ea areka eba ka mor’a moo e ratlana fatše metsing—ho ka be ho ile ha hlokisa batho le liphoofolo botsitso. Hape ho akhotseha ho etsa hore sekepe se hule ka thata. Se lokela ho ba thata ka ho lekaneng hore se se ke sa bohlela hare ha maqhubu a maholo a se kunyula mahlakoreng ka bobeli ka nako e le ’ngoe. Le teng ha leqhubu le leholo le kunyula sekepe hare, ho se letho le se tšehetsang ka pele le ka morao, karolo e ka pele le e ka morao e ka ’na ea kobehela tlaase. Molimo o ile a bolella Noe hore a etse hore ka karo-karolelano bolelele le bophahamo e be 10:1. Hamorao baahi ba likepe ba ile ba ithuta habohloko hore karo-karolelano e joalo e ka thusa sekepe ho mamella maemo ana a thata.
E ne e Sireletsehile ’me e Lulisa Hamonate
Kaha areka e ne e bōpehile joaloka lekese, e ne e phaphamala ka ho lekana ka hohle. E tlameha ebe le boima ba eona bo ne bo lekana ka hohle. Mohlomong Noe o ile a etsa bonnete ba hore thepa e ka arekeng—ho akarelletsa liphoofolo hammoho le lijo bakeng sa nako e fetang selemo—e aroloa hantle ka ho leka-lekana. Ho arola boima ka ho leka-lekana ho fokotsa khatello eo thepa e fanang ka eona sekepeng. Ka hona, ke lintho tse peli tse ka sehloohong tse ileng tsa etsa hore areka le bapalami ba eona ba khone ho pholoha ba sireletsehile Moroallong oa lefatše—e leng moralo oa areka o neng o raliloe ke Molimo hammoho le ho sireletsoa ha eona ke Jehova. Ha ho pelaelo hore Molimo o ile a etsa bonnete ba hore areka e lula sebakeng se sireletsehileng le se loketseng.
Ho hlahlobisisa ha ka ka hloko taba ena ho entse hore ke fihlele qeto ea hore seo Bibele e se buang ka areka ea Noe ke ’nete ’me se lumellana le tsela eo likepe li hahoang ka eona kajeno. Ke ’nete hore ho na le boitsebiso bo bongata ka areka le ka Moroallo bo sa boleloang tlalehong ea Genese. Ke lakatsa hore ka le leng, ka mor’a tsoho ea bafu, ke kopane le Noe lefatšeng mona, ka har’a moloko oa batho le liphoofolo tse bileng teng ka lebaka la areka eo a ileng a sebetsa ka thata nako e telele hore a e hahe. (Liketso 24:15; Baheberu 11:7) Ke tla qala ka ho mo leboha eena le lelapa la hae. Joale ka mor’a moo, ke tla mo botsa lipotso tse ngata bo thibang letsatsi.—E nehetsoe.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Setsoe ke tekanyo ea boholo-holo ea ho bala e lekanang le sebaka se batlang se lekana le ho tloha setsoeng ho ea ntlheng ea monoana. Nakong ea Baiseraele, ho bonahala eka batho ka kakaretso ba ne ba nka setsoe e le lisenthimithara tse 44,5.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 22]
PATERONE EA AREKA
U ka iketsetsa areka ka paterone e fanoeng mona ua ba ua leka ho e sesisa metsing. (U ka iketsetsa e khōloanyane ka ho hōlisa paterone e bontšitsoeng ka tlaase.) Pampiri e tloaelehileng e ka tlotsoa ka boka kapa ka crayon ho etsa hore e se ke ea kenela metsi. Joale pampiri e ka kojoa le ho kopanngoa ka theipi kapa sekhomaretsi. Fatše arekeng ea hao kenya lintho tse nang le boima bo itseng—tse kang lichelete tsa tšepe tse aliloeng ka ho lekana li tšoeroe ka theipi kapa ka sekhomaretsi—ho fihlela karolo ea ’ngoe borarong ho isa halofong ea bophahamo ba eona e kene ka metsing.
E le ho bontša bokhoni ba areka leoatleng, kenya areka ea hao ka bateng e tšetseng metsi ’me u e behe bohareng, e shebe ka boleleleng ba bate. Leka ho etsa maqhubu a manyenyane ka ho beha lebokose la lebese kapa ntho e tšoanang le lona ho elella ntlheng ea bate ebe u ntse u le hatella hanyenyane butle-butle.
[Setšoantšo]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
KOBA KOBA
KOBA KOBA
[Setšoantšo]
Bolelele, bophara le bophahamo ba areka bo ne bo tšoana le ba likepe tse tsamaeang maoatleng
[Setšoantšo se Qanollang/Litšoantšo tse leqepheng la 20, 21]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
Ka pele
Lehlakore
Bokaholimo
Ka pele
Lehlakore
Bokaholimo
[Litšoantšo]
Areka e ne e ka qhela metsi a batlang a lekana le a neng a qheloa ke sekepe sa “Titanic”
[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng]
Titanic plan: Courtesy Dr. Robert Hahn/www.titanic-plan.com; photo: Courtesy of The Mariners’ Museum, Newport News, VA