Bokamoso ba Bolumeli ha ho Talingoa Liketsahalo Tsa Bona Tse Fetileng
Karolo 2:2369-1943 B.C.E.—Setsomi, Tora, le Uena!
“Bolumeli bo bong feela, le hoja bo hlalosoa ka litsela tse lekholo.” George Bemard Shaw, mongoli oa lipale oa Ireland (1856-1950)
PŌPONG ea motho, le ka mor’a Moroallo oa mehleng ea Noe, ke ’nete hore ho ne ho e-na le bolumeli bo le bong feela. U ka ipotsa, ‘Joale ke hobane’ng ha ho ena le litsela tse lekholo—le ho feta—tseo bo hlalosoang ka tsona kajeno’?
Ho fumana karabo, re lebisa tlhokomelo ea rōna ho Nimrode, e mong oa litloholoana tsa Noe. Bibele e re ka eena: ‘Ke eena ea qalileng ho ba matla lefatšeng. Ke eena eo ebileng setsomi sa senatla pel’a Jehova. . . . Qalo ea ’muso oa hae ea eba Babele, le Ereke, le Akkade le Kalne, lefatšeng la Shineare. Ha a tsoa fatšeng leo a fetela Assyria ’me a qala ho haha Ninive, le motse oa Rehobothe, le Kala.’—Genese 10:8-11.
Kaha Nimrode a ne a “qalile ho ba matla lefatšeng,” hoa utloahala hore o ne a qalile ntho e ’ngoe e ncha. Empa ntho eo ke eng? Mantsoe “qalo ea ’muso oa hae” a re fa leseli la taba. Haeba Nimrode a ne a ena le ’muso, joale e tlameha e be e ne e le morena, ’musi. Ke kahoo tlhaloso ea Bibele ea Sejeremane ka Dr. August Knobel ka nepo e ’mitsang “’musi oa pele oa ka morao ho Moroallo,” ha e hlalosa hore ha ho e mong ea bileng teng pele ea neng a tšoana le eena. Ka ho utloahalang, The Bible in Living English e fetolela Genese 10:8 tjena: “Ke eena oa pele oa ho ba ’musi lefatšeng.”
Nimrode o ile a hanyetsa ’Mōpi, eo le ka mohla a neng a sa ka a rera hore batho ba ipuse. ’Me ha “a fetela Assyria,” Nimrode a qala ho atolosa ’muso oa hae oa lipolotiki, mohlomong ka ho loana. Ha ho le joalo, hona ho ile ha mo etsa “setsomi sa senatla” e seng sa liphoofolo feela empa le sa batho.
Na Ruri Nimrode o Bile Teng, le Tora?
“Liithuti li lekile, li sa atlehe,” ho bolela Collier’s Encyclopedia, “ho tšoantša Nimrode le marena a mangata a boholo-holo, bahale, kapa melimo, har’a eona le Merodake (Marduk), le molimo oa Assyria le Babylona; Gilgamesh, mohale oa Babylona ea hlalosoang e le setsomi; le Orion, setsomi sa paleng ea Boholo-holo.” Kahoo libuka tsa litlhophiso tsa Jeremane li lumela hore ka sebele “ha ho letho leo re le tsebang ka eena le fetang seo tlaleho ea Bibele e fanang ka sona.”
Leha ho le joalo, Nimrode o bile teng. Moetlo oa Searabia o bua ka eena. Lebitso la hae, e le Nimrud kapa Nimroud, lea hlahella mabitsong a libaka tsa Bochabela bo Haufi. Lithothokiso tsa taeo tsa Sumeria le Akkada li tlaleha ka liketso tsa hae tsa bohale. ’Me rahistori oa Mojode Josephus o ’mitsa ka lebitso.
Tsamaiso ea lipolotiki ea Nimrode, e ne e etselitsoe ho tlosa borena bo lokileng ba Molimo holim’a batho, hore e tle e nke boemo ba bolumeli. Batho ba qala ho haha ‘tora eo tlhōro ea eona e fihlang leholimong’ ho ‘iketsetsa lebitso,’ e seng Molimo.—Genese 11:4.
Leha baepolli ba mesaletsa ea lintho tsa khale ba hlolehile ho fumana masupi a khale a tšoanang hantle le Tora ea Babele ea Nimrode, ba fumane mehaho e fetang e 24 e batlang e tšoana le eona Mesopotamia. Bonneteng, mofuta ona oa tora o ne o khetholla bonono kahong ea tempele mehleng eo. Buka Paths of Faith e bolela hore litempele tsa Babylona “li ne li le ka har’a tora ea ziggurat, e neng e hahiloe joaloka pyramide ’me e ena le tempelana ka holimo.” Ea eketsa: “tora ea ziggurat, joaloka mehaho e meng ea bolumeli ho tloha ka lipyramide tsa Egepeta ho isa litoreng tse telele tsa India kapa tsa Buddha, . . . ho ka etsahala hore eona e bile teng pele ho kereke e nang le tora ka holimo.”
Moepolli oa mesaletsa ea lintho tsa khale oa Jeremane Walter Andrae o ile a cheka haholo sebakeng sena mathoasong a lekholo la bo20 la lilemo. O ngotse hore ho ne ho lumeloa hore tempelana e neng e le ka holimo ho tora ea ziggurat, ke “khoro ... eo ka eona Molimo oa leholimo o neng o theosa le methati ea tora ea ziggurat hore o fihle sebakeng seo o lulang ho sona lefatšeng.” Ha ho pelaelo ha baahi ba Babele ba ne ba bolela hore lebitso la motse oa bona le ne le bolela “Khoro ea Molimo,” le nkiloeng ho Bab (khoro) le ilu (Molimo).
Empa ho na le mabaka a eketsehileng a ho se belaelle tlaleho ea Bibele ka Nimrode le tora ea hae, joalokaha re tla bona.
Liphello II Atoloha ho Tla Fihlela ho Uena
Nimrode, motho oa pele oa ho kopanya bolumeli le lipolotiki, o ile a bea mohlala bakeng sa ho kopana ho joalo ho neng ho tla latela. Na ho ne ho tla amoheloa ke Molimo? Molao-motheo oo ha morao o ileng oa ngoloa ka hare ho Bibele oa hore “sefate se monate se ka sitoa ho beha litholoana tse mpe, ’me sefate se sebe se ka sitoa ho bea litholoana tse monate” o ne o le haufi le ho sebetsa.—Mattheu 7:18.
Tšimolohong, baahi bohle ba lefatše ba ne ba bua puo e le ’ngoe.a Empa ha Nimrode le batšehetsi ba hae ba qala ho haha tora ena ea Babele, Molimo o ile oa bontša ho se thabe ha Oona. Rea bala: “Eaba Jehova o ba qhalanya teng joalo, ba ea le lefatše lohle, ba lesa ho haha motse. Ka baka leo, motse oo oa reoa Babele [ho tsoa ho balal’, e bolelang “ho ferekanya”], hobane ke moo Jehova a ferekantseng teng puo ea lefatše lohle.” (Genese 11:1, 5, 7-9) Baahi ba tlameha ebe ba ne ba soabile hakaakang ha ka tšohanyetsa ba ile ba sitoa ho buisana ka se etsahetseng, ho se ho sa buuoe ka ho finyella qeto ea lebaka la ho etsahala ha sona! Ha ho pelaelo hore likhopolo tse ngata li ile tsa ntšetsoa pele, ’me ho fapana ha tsona ho ile ha eketsoa ke ho se tsebe ho buisana ha lihlopha tsa lipuo tse fapaneng.
Ha lihlopha tsena li qhalanela likarolong tse fapaneng tsa lefatše, ka tlhaho li ile tsa tsamaea le likhopolo tsa tsona tsa bolumeli. Ha nako e ntse e tsamaea, likhopolo tsena, leha li ne li ena le motheo o tšoanang, li ile tsa susumetsoa ke moetlo le liketsahalo. Ho tsoa “bolumeling bo le bong feela” ka potlako ho ile ha hlaha ho bona “litlhaloso tse lekholo.” Ka ho hlakileng, teko ena ea pele ea bolumeli bo kopaneng le lipolotiki e ile ea ipaka e le mpe.
Liphello tsa eona li ile tsa feta le makholo a lilemo ho tla fihlela li fihla ho uena, e leng ’nete eo u ka e ananelang haeba u kile ua leka ho buisana le motho oa tumelo e ’ngoe ka bolumeli. Esita le mantsoe a tloaelehileng a bolumeli joaloka “Molimo,” “sebe,” “moea,” le “lefu” a bolela lintho tse fapaneng ho batho ba fapaneng. Mantsoe a seithuti sa Senyesemane John Selden a nepahetse hakaakang, seo lilemo tse 300 tse fetileng se itseng: “Haeba taba ena e ne e ka hlahlobjoa hantle, e ne e ka ba ka tšohanyetso hore u fumane [batho] ba bararo ba bolumeli bo le bong ba lumellana.” Lena ke lefutso la batho, ka lebaka la setsomi sa senatla sa khale seo, ka ho se be le tlhohonolofatso ea ’Mōpi, se ileng sa hloleha ho qeta tora ea sona.
Balateli ba Kajeno ba Babele
“Ha ho le bo bong ba malumeli ao re a tsebang bo nang le melimo e mengata joaloka Sumeria, Assyria, le Babylona,” ho bolela mongoli oa mosali Petra Eisele. O bua ka melimo e 500 ’me o bolela hore mathathamo a mang a mangata a na le mabitso a 2 500. Qetellong, ha nako e ntse e tsamaea, “baruti ba molao ba Babylona ba ile ba thea ho kang ’muso oa melimo, ’me ba e arola e le e meraro sehlopheng ka seng,” ho bolela New Larousse Encyclopedia of Mythology. Sehlopha se seng se tsebahalang haholo sa melimo e meraro se ne se ena le Anu, Enlil, le Ea. Se seng se ne se e-na le melimo ea linaleli Sin, Shamash, le Ishtar, eo hape a neng a tsejoa ka Astarte, molingoana oa mosali, molekane oa Tammuse.
Marduk, molimo o tsebahalang haholo Babylona, oo hamorao o ileng oa bitsoa Enlil kapa Bel, e ne e le molimo oa ntoa. Paths of Faith e bolela hore “sena se ile sa etsa hore bolumeli bo hlokomele ’nete ea histori ea hore ntoa e ne e fetoha monahano o eketsehang oa basebeletsi ba melimo ea Babylona.” Setsomi sa senatla joaloka Nimrode, se neng se tsoma batho le libatana, hoa utloahala hore se ne se tla rapela molimo oa ntoa, e seng “Molimo oa lerato le oa khotso,” oo Bibele e buang ka oona.—2 Ba-Korinthe 13:11.
Melimo ea Babylona le ea Assyria e ne e ena le “botho” ka tsela e makatsang, e e-na le litlhoko le maikutlo tse tšoanang le tsa libōpuoa tse phelang. Sena se ile sa lebisa qalong ea litšebeletso tsa bolumeli joaloka bofebe ba tempeleng, boo ho hang ho neng ho ke ke ha boleloa hore bo tsoa ho Molimo.
Boloi, ho leleka meea e mebe, le bolepi ba linaleli le tsona e ne e le likarolo tsa bolumeli ba Babylona. Petra Eisele o bolela hore “ho ka etsahala hore boikutlo ba lefeela ba Bophirimela ka boloi . . . bo tsoa Kalde.” ’Me Bababylona ba ile ba etsa tsoelo pele e makatsang thutong ea linaleli ha ba leka ho profeta bokamoso ka tsona.
Baahi ba Mesopotamia le bona ba ne ba lumela ho se shoeng ha moea oa motho. Hona ba ile ba ho bontša ka ho pata bafu le lintho tseo ba neng ba tla li sebelisa bophelong ba ka mor’a lefu.
Ha joale, nahana hanyenyane ka a mang a malumeli a maholo a kajeno. Na u tseba bo bong bo rutang hore moea oa motho ha o shoe, bo rutang hore Molimo ke boraro-bo-bong ba melimo e meraro ho o le mong, bo lumellang hore boitšoaro bo bobe bo tsoele pele har’a litho tsa bona bo sa emisoe, bo itšunyang lipolotiking, kapa bo nang le litho tse ikemiselitseng ho nehelana ka bophelo ba tsona ho Molimo oa ntoa e seng oa khotso? Ha ho le joalo, joale u fumane mekhatlo ea kajeno e tšoanang le morali oa Babele, e ntseng e buella boemo bo sa fetoheng ba bolumeli ho tloha mehleng ea tora ea Nimrode. Ka ho loketseng, lebitso “Babylona” le sebelisoa ka Bibeleng ho hlalosoa ’muso oa lefatše lohle oa bolumeli ba bohata.—Bona Tšenolo, likhaolo 17 le 18.
Leha ho le joalo, hase batho bohle ba ka morao ho Moroallo ba ileng ba oela pherekanong ea bolumeli ba Babylona. Ka mohlala, Abrahama, ea tsoetsoeng melokong e leshome pele ho Noe, o ile a boloka borapeli ba ’nete. Molimo o ile oa etsa selekane le bana ba Sema, ’me ho Genese 22:15-18 oa mo tšepisa hore ka ho kopanela bolumeling bo le bong ba ’nete, malapa ’ohle a lefatše a tla hlohonolofatsoa. Ho hlakile hore selekane sena se ile sa sebetsa ka 1943 B.C.E., ho neng ho bolela hore mela ea ntoa pakeng tsa “bolumeli bo le bong feela [ba ’nete]” le “litlhaloso tse lekholo” tsa bolumeli ba bohata joale e ne e tla hlaka. Haufinyane ho ne ho tla ba le ntoa ea bohlokoa mahareng a malumeli ana a mabeli. Bala ka eona karolong ea boraro sehlohong se latelang hona tokollong ena ea Tsoha!: “Egepeta—Lebala la Ntoa la Melimo.”
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a The New Encyclopcedia Britannica e re: “Litlaleho tsa khale tsa puo e ngotsoeng, e leng mesaletsa feela ea lintho tsa khale e ngotsoeng eo motho a ka e fumanang, ke ea lilemo tse ka bang 4 000 kapa tse 5 000 tse fetileng.” Nako ena e lumellana hantle le nako ea pale ea Bibele.
[Lebokose le leqepheng la 24]
Lipale Tse Bontšang Tlaleho ea Bibele
Batho ba Burma e ka leboea ba lumela hore qalehong batho bohle “ba ne ba lula motseng o le mong o moholo ’me ba bua puo e le ’ngoe.” Joale ba rera ho haha tora e eang khoeling, e neng e hloka hore ba sebetse libakeng tse fapaneng tsa tora, kahoo ba sitoa ho kopana. “Butle-butle ba hōlisa mekhoa e sa tšoaneng, litloaelo, le litsela tsa ho bua.” Yenisei-Ostyaks oa Siberia leboea o bolela hore nakong ea moroallo batho ba ile ba pholosa bophelo ba bona ka ho sesa ka liketsoana tse entsoeng ka patsi. Empa moea o matla oa leboea oa ba qhalanya hoo “ka mor’a moroallo, ba ileng ba qala ho bua ka lipuo tse fapaneng le ho thea lichaba tse fapaneng.”—“The Mythology ofAll Races.”
Aztecs ea boholo-holo e rutile hore “ka mor’a Moroallo lelimo le ile la haha leralla le neng lefihla marung, ka ho etsa joalo la halefisa melimo, e ileng ea liha mollo kapa lejoe ho tsoa leholimong.” Ho ea ka Maya, Votan, batho ba pele, ba ile ba thusa ho haha ntlo e khōlō e neng efihla maholimong, e ileng ea fetoha “sebaka seo ho sona Molimo o ileng oa fa morabe ka mong puo ea ’ona.” ’Me Maindia a Maidu a California a bolela hore “nakong ea tšebeletso ea lepato, ka tšohanyetso [batho bohle] ba ile ba qala ho bua ka lipuo tse fapaneng.”—“Der Turmbau von Babel” (Ho Hahoa ha Tora ea Babele).
Lipale tse kang tsena li tšehetsa ntlha ea mongoli Dr. Ernst Boklen haa bolela hore “ho teng monyetla o moholo oa hore Genese 11 le lipale tse phetoang ke batho ba bang li theiloe lipokellong tsa sebele tsa histori.”
[Lebokose le leqepheng la 25]
Na Sefapano se Tsoa Babylona?
“Babylona,” “Kalde,” le “Mesopotamia” kaofela li supa sebakeng se le seng seo kajeno e leng Iraq. Julien Ries oa Université Catholique de LouvainlaNeuve ea Belgium oa ngola: ‘Sefapano se teng meetlong ea boholo-holo ea Asia, Europa, Afrika Leboea, le Amerika [ho kopanyelletsa le] Mesopotamia [moo] sefapano se nang le matsoho a mane a lekanang ka mahlakoreng ’ohle e leng letšoao la leholimo le molimo Anu.’ “Expository Dictionary of New Testament Words” e tobile haholoanyane, ha e bolela hore sefapano “se hlahile Kalde ea boholo-holo, ’me se ne se sebelisoa joaloka letšoao la molimo Tammuse (o neng o e-na le sebopeho se tšosang sa Tau, tlhaku e qalang ea lebitso la ’ona).” Kahoo ho hlakile hore sefapano se bile teng pele ho Bokreste. Ba bang ba ile ba bolela hore Tammuse, eo hape a bitsoang Dumuzi, pele e ne e le morena ’me o ile a etsoa molimo ka mor’a lefu la hae. Ka mohlala, O. R. Gurney o ngola tjena ho “Journal of Semitic Studies”: “Pele Dumuzi e ne e le motho, morena oa Ereke.” Na ho ka etsahala hore e ne e le Nimrode, eo ka eena Bibele e reng, “Qalo ea ’muso oa hae ea e-ba Babele, le Ereke?” (Genese 10:10) Ha joale, ha ho tsela ea ho kholiseha ka sena.
[Setšoantšo se leqepheng la 26]
Masupi a litora tsa ziggurat tsa Mesopotamia a tšehetsa tlaleho ea Bibele ka Tora ea Babele