KHAOLO EA BORARO
‘Ntate oa Bohle ba Nang le Tumelo’
1, 2. Lefatše le ile la fetoha joang ho tloha mehleng ea Noe, hona Abrame o ile a ikutloa joang ka seo?
ABRAME o ile a sheba tempele e neng e le motseng oa habo oa Ure.a Ho ne ho e-na le lerata moo ’me mosi o ne o ntse o kunkela. Baprista ba molimo oa khoeli ba ne ba etsa mahlabelo hape. Ak’u nahane Abrame a tloha, a sisinya hlooho, a soentse sefahleho ke ho nyonya. Ha a khutlela hae a ntse a feta matšoele a batho literateng, e ka ’na eaba o ne a nahana ka borapeli ba litšoantšo bo neng bo tletse Ure. Lefatše le ne le silafetse hakaakang ka lebaka la borapeli boo bo bolileng, bo bileng teng ho tloha mehleng ea Noe!
2 Noe o ile a shoa lilemo tse peli feela pele Abrame a hlaha. Ha Noe le ba lelapa la hae ba tsoa ka arekeng ka mor’a Moroallo o moholo, mopatriareka eo o ile a etsetsa Jehova Molimo sehlabelo ’me Jehova o ile a etsa hore mookoli o hlahe. (Gen. 8:20; 9:12-14) Ka nako eo, bolumeli bo neng bo le teng feela lefatšeng e ne e le bo hloekileng. Empa joale ha moloko oa leshome ho tloha ho Noe o ntse o nama lefatšeng, borapeli bo hloekileng bo ne bo se bo fumaneha ka seoelo. Hohle batho ba ne ba rapela melimo ea bohetene. Esita le ntate oa Abrame, Tera o ne a rapela litšoantšo, mohlomong a bile a li etsa.—Josh. 24:2.
Ho tlile joang hore Abrame e be mohlala o ikhethang oa tumelo?
3. Abrame o ile a tsoela pele a bontša tšobotsi efe, hona re ka ithuta’ng ho seo?
3 Ka lebaka la hore o ile a tsoela pele a bontša tumelo ho Molimo, Abrame o ne a sa tšoane le batho bao a neng a phela le bona. Ha e le hantle, hamorao moapostola Pauluse o ile a bululeloa hore a mo bitse “ntat’a bohle ba nang le tumelo”! (Bala Baroma 4:11.) A re ke re boneng hore na ke eng e ileng ea thusa Abrame hore ebe monna oa tumelo. Le rōna re ka ithuta ho hongata mabapi le ho ba le tumelo.
Ho Sebeletsa Jehova ka Mor’a Moroallo
4, 5. E ka ’na eaba ke mang ea ileng a ruta Abrame ka Jehova, hona ke hobane’ng ha re ka fihlela qeto eo?
4 Ho tlile joang hore Abrame a ithute ka Jehova Molimo? Rea tseba hore Jehova o ne a e-na le bahlanka ba tšepahalang lefatšeng mehleng eo. Sema e ne e le e mong oa bona. Le hoja e ne e se eena oa pele ho bara ba bararo ba Noe, hangata ho buuoa ka eena pele. Mohlomong ke hobane Sema e ne e le monna ea nang le tumelo e khethehileng.b Nakoana ka mor’a Moroallo, Noe o ile a re Jehova ke “Molimo oa Sema.” (Gen. 9:26) Sema o ne a hlompha Jehova hammoho le borapeli bo hloekileng.
5 Na Abrame o ne a tseba Sema? Ho ka etsahala hore o ne a mo tseba. A k’u nahane Abrame ha e sa le moshanyana. E tlameha ebe o ne a thaba hakaakang ho tseba hore o na le moholo-holo ea bohlale ea seng a phetse lilemo tse fetang 400! Sema o ile a bona lefatše le khopo la pele ho Moroallo, Moroallo o moholo o ileng oa hloekisa lefatše, ho thehoa ha sechaba sa pele ha batho ba ntse ba ata lefatšeng le matsatsi a mabe ha Nimrode a ne a fetohela Molimo Toreng ea Babele. Sema ea tšepahalang ha aa ka a kenella bofetoheling boo, kahoo ha Jehova a ferekanya maleme a batho ba neng ba haha tora, Sema le ba lelapa la hae ba ile ba tsoela pele ba bua puo ea pele, e leng puo eo Noe a neng a e bua. Lelapa leo le ne le akaretsa Abrame. Ho totobetse hore Abrame o hōtse a hlompha Sema haholo. Ho feta moo, Sema o ne a ntse a phela lilemong tse telelele tseo Abrame a li phetseng. Kahoo e ka ’na eaba Abrame o ile a ithuta ka Jehova ho Sema.
6. (a) Abrame o bontšitse joang hore o ile a nka ka ho teba seo a ileng a ithuta sona ka Moroallo? (b) Abrame le Sarai ba ne ba phela bophelo bo joang?
6 Ka sebele, Abrame o ile a nka ka ho teba seo a ileng a ithuta sona ka Moroallo. O ile a tsamaea le Molimo joalokaha Noe a ile a tsamaea le Eena. Ke kahoo Abrame a ileng a hana borapeli ba litšoantšo, a fapana le batho ba Ure, mohlomong esita le beng ka eena. Leha ho le joalo, o ile a fumana mosali ea babatsehang. O ile a nyala Sarai, mosali ea ikhethang, e seng feela hobane a ne a le motle empa hobane a ne a boetse a e-na le tumelo e matla ho Jehova.c Le hoja ba ne ba se na bana, ha ho pelaelo hore banyalani bao ba ile ba thaba haholo ha ba sebeletsa Jehova hammoho. Ba ile ba hōlisa Lota, e leng mochana oa Abrame eo e neng e le khutsana.
7. Balateli ba Jesu ba ka etsisa Abrame joang?
7 Ha ho mohla Abrame a ileng a tlohela Jehova e le hore a rapele litšoantšo tsa Ure. Eena le Sarai ba ne ba ikemiselitse ho fapana le batho ba moo, ba neng ba rapela litšoantšo. E le hore re be le tumelo ea sebele, re lokela ho etsa se tšoanang. Le rōna re lokela ho ikemisetsa ho ba ba fapaneng. Jesu o ile a re balateli ba hae e ne e ke ke ea e-ba “karolo ea lefatše” ’me ka lebaka leo, lefatše le ne le tla ba hloea. (Bala Johanne 15:19.) Haeba u ee u utloisoe bohloko ke ho hlouoa ke beng ka uena kapa ke baahelani ba hao ka lebaka la qeto eo u e entseng ea ho sebeletsa Jehova, u hopole hore ha u mong. U tsamaea le Molimo ’me ka ho etsa joalo u etsisa mohlala o motle oa Abrame le Sarai.
“Tloha Naheng ea Heno”
8, 9. (a) Abrame o ile a etsahalloa ke ntho efe eo a neng a ke ke a e lebala? (b) Jehova o ile a re’ng ho Abrame?
8 Ka letsatsi le leng, Abrame o ile a etsahalloa ke ntho eo a neng a ke ke a e lebala. Jehova Molimo o ile a bua le eena! Bibele ha e fane ka lintlha tse ngata mabapi le hore na Abrame o fumane molaetsa joang, empa e re “Molimo oa khanya” o ile a bonahala ho monna eo ea tšepahalang. (Bala Liketso 7:2, 3.) Mohlomong Molimo o ile a sebelisa lengeloi ho bontša Abrame tlhase ea khanya ea hae joaloka ’Musi oa bokahohleng. Re ka inahanela feela hore na Abrame o ile a hlolloa hakaakang ha a bona phapang e teng pakeng tsa Molimo ea phelang le melimo ea litšoantšo e sa pheleng e neng e rapeloa ke batho ba mehleng ea hae.
9 Jehova o ile a re’ng ho Abrame? “Tloha naheng ea heno le ho beng ka uena ’me u tl’o kena naheng eo ke tla u bontša eona.” Jehova ha aa ka a bolela hore na ba ee naheng efe—o ile a re feela o tla e bontša Abrame. Leha ho le joalo, ntho ea pele ke hore Abrame o ne a lokela ho siea naha ea habo le beng ka eena. Ho ea ka setso sa boholo-holo sa Bochabela bo Hare lelapa e ne e le ntho ea bohlokoa haholo. Ha motho a siea beng ka eena ’me a ea hōle, seo se ne se nkoa e le bomalimabe bo boholo, bo fetang le lefu ka bolona!
10. Ke hobane’ng ha e ka ’na eaba Abrame le Sarai ba ile ba bontša boitelo ka ho tloha Ure?
10 E tlameha ebe ho ne ho le thata hore Abrame a siee naha ea habo. Bopaki bo bontša hore Ure e ne e le motse o ruileng le o phetheselang. (Sheba lebokose le reng “Motse oo Abrame le Sarai ba Ileng ba o Siea.”) Lintho tse epollotsoeng li bontša hore Ure e ne e e-na le matlo a matle haholo; a mang a ne a e-na le likamore tse 12 kapa ho feta, bakeng sa ba lelapa le bahlanka ’me mabala a ne a katiloe ka majoe. Ho ne ho e-na le liliba tsa metsi, matloana le tsamaiso ea likhoerekhoere. Hape, u hopole hore Abrame le Sarai ba ne ba se ba hōlile; mohlomong Abrame a se a fetile lilemo tse 70, ha Sarai eena a fetile tse 60. Joaloka monna ofe kapa ofe ea molemo, ho totobetse hore o ne a ka rata hore Sarai a phele hamonate ’me a hlokomelehe. U ka inahanela ha ba bua ka kabelo ea bona, mohlomong ba ipotsa lipotso ebile ho e-na le lintho tseo ba tšoenyehileng ka tsona. E tlameha ebe Abrame o ile a thaba ha Sarai a amohela kabelo ena! Joaloka eena, Sarai o ne a ikemiselitse ho siea mabothobotho ao ’ohle.
11, 12. (a) Ke litokisetso le liqeto life tseo Abrame le Sarai ba ileng ba lokela ho li etsa pele ba tloha Ure? (b) U nahana hore ho ne ho le joang letsatsing leo ba neng ba tloha ka lona?
11 Kaha ba ne ba se ba entse qeto, Abrame le Sarai ba ne ba e-na le lintho tse ngata tseo ba lokelang ho li etsa. Ba ne ba letetsoe ke mosebetsi o mongata oa ho hlophisa le ho paka lintho tsa bona. Kaha ba ne ba e-ea moo ba neng ba sa tsebe, ba ne ba tla nka’ng, ba siee’ng? Ba ne ba boetse ba lokela ho etsa qeto ea hore na ba tla etsa joang ka ba lelapa, haholo-holo ntate oa bona ea neng a se a hōlile, Tera, hammoho le bahlanka ba bona. Ba ile ba etsa qeto ea ho tsamaea le Tera le ho mo hlokomela bophelo bohle ba hae. E tlameha ebe Tera o ile a lumellana le bona ka hohle-hohle, kaha tlaleho e bua ka eena e le mopatriareka, ea ntšitseng lelapa la hae Ure. Ha ho pelaelo hore o ne a se a lahlile borapeli ba litšoantšo. Mochana oa Abrame e leng Lota, le eena o ne a tla tsamaea le bona.—Gen. 11:31.
12 Qetellong, letsatsi leo ba neng ba lokela ho tsamaea ka lona le ile la chaba. Ak’u nahane sehlopha sena sa batho se se se eme ka ntle ho motse oa Ure. Likamele le litonki li se li jere meroalo, mehlape e se e bokeletsoe, lelapa le bahlanka ba se ba le malala-a-laotsoe ’me bohle ba thabile.d Mohlomong bohle ba ne ba shebile Abrame, ba emetse hore a re ho tsamauoe. Qetellong, motsotso oo o ile oa fihla, ba tsamaea, ba siea Ure ka ho sa feleng.
13. Kajeno, bahlanka ba Jehova ba bontša moea o tšoanang le oa Abrame le Sarai joang?
13 Kajeno, bahlanka ba bangata ba Jehova ba fallela moo ho nang le tlhokahalo ea baboleli ba ’Muso. Ba bang ba ithuta puo e ncha e le hore ba eketse tšebeletso ea bona. Kapa ba leka mekhoa e meng ea ho paka eo ba sa e tloaelang. Hangata liqeto tse joalo li hloka boitelo—e leng ho ikemisetsa ho tlohela bophelo bo mabothobotho. Batho ba joalo ba lokela ho babatsoa hakaakang, kaha ba bontša moea o tšoanang le oa Abrame le Sarai! Haeba re bontša tumelo e joalo, re ka kholiseha hore kamehla Jehova o tla re fa se fetang seo re mo fang sona. Ha ho mohla a hlōlehang ho putsa batho ba bontšang tumelo. (Baheb. 6:10; 11:6) Na o ile a etsetsa Abrame se tšoanang?
Ba Tšela Eufrate
14, 15. Leeto la ho tloha Ure ho ea Harane le ne le le joang, hona ke hobane’ng ha Abrame a ile a etsa qeto ea ho lula Harane ka nakoana?
14 Butle-butle sehlopha sena se ile sa tloaela tsela. Ak’u nahane ha Abrame le Sarai ba ntse ba fapanyetsana ka kamele—ha e mong a palame e mong a tsamaea ka maoto—’me ba ntse ba qoqa, ha ka lehlakoreng le leng ho lla litloloko tse leketlileng melaleng ea liphoofolo. Butle-butle, esita le batsamai bana ba se nang phihlelo ba ile ba tloaela ho hloma le ho hlomolla litente le ho thusa Tera ea seng a hōlile hore a palame kamele kapa esele le hore a lule hantle. Ba ile ba leba leboea-bophirima, ba iphaphathile le Nōka ea Eufrate. Matsatsi a ile a tsoala libeke, ha ba ntse ba tsoela pele ka leeto la bona.
15 Qetellong, ka mor’a ho tsamaea lik’hilomithara tse 960, ba ile ba fihla motseng oa Harane, o nang le mekhoro e kang matlo a linotši, e leng motse o ruileng o mateanong a litsela moo linaha tse ka Bochabela le tse ka Bophirimela li neng li hoebisana teng. Ke moo lelapa le ileng la khefutsa teng ’me la lula moo ka nakoana. Mohlomong Tera o ne a se a fokola hoo a neng a sa khone ho tsoela pele ka leeto.
16, 17. (a) Abrame o ile a thabisoa ke selekane sefe? (b) Jehova o ile a hlohonolofatsa Abrame joang ha a ntse a lula Harane?
16 Qetellong, Tera o ile a shoa a le lilemo li 205. (Gen. 11:32) Abrame o ile a fumana matšeliso a maholo nakong eo ea tahlehelo, kaha Jehova o ile a boela a buisana le eena. O ile a pheta litaelo tseo a ileng a li fa Abrame ha a ne a le Ure ’me o ile a eketsa litšepiso tsa hae. Abrame o ne a tla fetoha “sechaba se seholo” ’me malapa ’ohle a lefatšeng a ne a tla hlohonolofatsoa ka lebaka la hae. (Bala Genese 12:2, 3.) Selekane sena se neng se le pakeng tsa Abrame le Molimo se ile sa mo khothatsa hoo a ileng a bona hore ke nako ea hore a tsoele pele ka leeto.
17 Leha ho le joalo, lekhetlong lena ba ne ba se ba e-na le thoto e ngata hobane Jehova o ne a hlohonolofalitse Abrame ha a ntse a lula Harane. Tlaleho e bua ka “thepa eohle eo ba e bokeletseng le meea eo ba e fumaneng Harane.” (Gen. 12:5) E le hore a fetohe sechaba se seholo, Abrame o ne a tla hloka matlotlo a mangata le bahlanka. Hase kamehla Jehova a fang bahlanka ba hae maruo, empa o ba fa eng kapa eng eo ba e hlokang e le hore ba phethahatse thato ea hae. Kaha o ne a se a le matla, Abrame o ile a etella sehlopha sena pele ho ea naheng eo ba sa e tsebeng.
18. (a) Ke neng moo ho ileng ha qaleha nako ea bohlokoa litšebelisanong tsa Molimo le batho ba Hae? (b) Ke liketsahalo life tse ling tsa bohlokoa tse etsahetseng ka la 14 Nisane lilemong tse ileng tsa latela? (Sheba lebokose le reng “Letsatsi la Bohlokoa Historing ea Bibele.”)
18 Ho tloha Harane ho ea Karkemishe e ka ba leeto la matsatsi a ’maloa ’me ke moo u tla bona lihlopha tse khōlō tsa batsamai li tšela Eufrate. Mohlomong ke hona mona moo ho ileng ha qaleha nako ea bohlokoa historing ea litšebelisano tsa Molimo le batho ba Hae. Ho bonahala eka e ne e le ka la 14 khoeling eo hamorao e ileng ea bitsoa Nisane, ka 1943 B.C.E., ha Abrame a etella pele sehlopha sa hae ho tšela nōka. (Ex. 12:40-43) Ka boroa e ne e le naha e sabaletseng eo Jehova a ileng a tšepisa hore o tla e bontša Abrame. Ka letsatsi leo, selekane seo Molimo a se entseng le Abrame se ile sa kena tšebetsong.
19. Jehova o ile a tšepisa Abrame eng, hona ke eng eo e ka ’nang eaba Abrame o ile a e hopola?
19 Abrame o ile a ea karolong e ka boroa ea naha ’me sehlopha se ile sa ema pel’a lifate tse khōlō tsa More, haufi le Shikeme. Ke moo Jehova a ileng a boela a bua le Abrame. Lekhetlong lena, Molimo o ile a tšepisa Abrame hore peō ea hae, kapa litloholo, li ne li tla rua naha. Na ebe Abrame o ile a nahana ka seo Jehova a ileng a se profeta tšimong ea Edene, ha a ne a bua ka “peō,” e neng e tla pholosa batho? (Gen. 3:15; 12:7) Mohlomong. Leha ho le joalo, e ka ’na eaba o ne a se a bonela leroothong hore e ne e le karolo ea morero o moholo oa Jehova.
20. Abrame o ile a bontša kananelo joang ka tlotla eo Jehova a ileng a mo fa eona?
20 Abrame o ile a ananela tlotla ena eo Jehova a ileng a mo fa eona. Ha a ntse a haola le naha—ha ho pelaelo hore o ne a le seli kaha Bakanana ba ne ba ntse ba lula naheng—Abrame o ile a ema ’me a hahela Jehova lialetare, ea pele o ile a e haha haufi le lifate tse khōlō tsa More, e latelang a e haha haufi le Bethele. O ile a ipiletsa lebitsong la Jehova, mohlomong a leboha Molimo oa hae, ha a ntse a nahana ka bokamoso ba litloholo tsa hae. E ka ’na eaba o ile a bolella Bakanana ka Jehova. (Bala Genese 12:7, 8.) Ke ’nete hore tumelo ea Abrame e ne e tla lekoa leetong le larileng ka pele bophelong ba hae. Kaha o ne a le bohlale, Abrame o ne a sa hetle morao, a sa nahane ka ntlo ea hae e Ure le mabothobotho ao a a siileng morao. O ne a shebile pele. Ha e bua ka Abrame, Baheberu 11:10, e re: “O ne a letetse motse o nang le metheo ea sebele, motse oo sehahi le moetsi oa oona e leng Molimo.”
21. Re ka bapisa tsebo ea rōna ka ’Muso oa Molimo le eo Abrame a neng a e-na le eona joang, hona u susumetseha ho etsa’ng?
21 Rōna ba sebeletsang Jehova kajeno, re tseba ho hongata ka motse oo oa tšoantšetso—e leng ’Muso oa Molimo—ho feta Abrame. Rea tseba hore ’Muso oo oa busa leholimong ’me haufinyane o tla felisa tsamaiso ena ea lintho, hape rea tseba hore Peō eo Abrame a ileng a e tšepisoa, e leng Jesu Kreste, ke morena oa ’Muso oo. E tla ba tokelo e kaakang ho bona Abrame a se a phela hape ’me a se a utloisisa morero oa Molimo oo a neng a o bonela leroothong! Na u ka rata ho bona ha Jehova a phethahatsa litšepiso tsohle tsa hae? Joale, tsoela pele u etsa seo Abrame a ileng a se etsa. Bontša moea oa boitelo, mamela ’me u lebohe Jehova ka kabelo efe kapa efe eo a u fang eona. Ha u bontša tumelo joaloka Abrame, “ntat’a bohle ba nang le tumelo,” le uena e tla ba ntate oa hao!
a Lilemo hamorao, Molimo o ile a fetola lebitso la Abrame hore ebe Abrahama e bolelang “Ntate oa Matšoele.”—Gen. 17:5.
b Ka ho tšoanang, hangata ho buuoa ka Abrame pele har’a bara ba Tera, le hoja e ne e se letsibolo.
c Hamorao Molimo o ile a fetola lebitso la Sarai hore e be Sara, e bolelang “Khosatsana.”—Gen. 17:15.
d Litsebi tse ling li belaella taba ea hore likamele e ne e le liphoofolo tse ruuoang mehleng ea Abrame. Empa ha li khone ho paka seo. Ka makhetlo a ’maloa, Bibele e bolela hore Abrame o ne a e-na le likamele.—Gen. 12:16; 24:35.