Lipotso Tse Ling Tse Arabetsoeng
Karabelo ea hore na ke joang re bileng teng e fana ka likarabo lipotsong tse ling: hobane’ng re le teng? re ea hokae? na bophelo ba rōna bo na le morero?
THUTO ea ho iphetola hoa lintho e tsoela pele ntle ho khetho, ntle ho morero kapa lipheo. Haeba re bile teng ka ho iphetola hoa lintho, boteng ba rōna ha bo na morero, ha ho moo re eang, le maphelo a rōna ha a na morero.
Ka lehlohonolo ho rōna, thuto ea ho iphetola hoa lintho ha se ’nete. Ha ho mohla e kileng ea eba ’nete. Ha e e-s’o be teng, ’me ha e utloahale ho rōna. Bopaki ba thuto ea mahlale bo lumellana khopolong e le ’ngoe: Sele e phelang e nang le mesebetsi e likete e ke ke ea qaleha ka ho iphetola feela, le ka kotsi. Ha ho beoa mabaka a hanyetsang thuto ea ho iphetola hoa lintho, thuto ena e hlahela e sa utloahale. Joaloka ha Francis Crick a itse: “Motho ea tšepahalang, ea nang le tsebo eohle eo re seng re e fihletse hajoale, a ka bolela feela hore ka kelello e itseng, ho qaleha ha bophelo ho itlhahelang ka motsotso ke mohlolo.” ’Me joaloka Moprofesara H. S. Lipson Setho sa Mokhatlo oa Litsebi, a latotse a re: “Re lokela ho tsoela pele ho feta mona ’me re lumele hore tlhaloso e amohelehang feela ke pōpo.”
Leha ho le joalo, babuelli ba thuto ea ho iphetola hoa lintho ba tšoha ba buile ’nete e joalo. Ba atisa ho khomarela khopolo e se nang mabaka a lekaneng, joaloka: ‘Thuto ea ho iphetola ha lintho ke ’nete. Ha ho sa hlokahala hore e tiisoe ka mabaka. Ha ho ramahlale ea tšoanelehang ea e belaellang. Batho bohle ba rutehileng ba e lumela. Ke batho ba hlokang tsebo feela ba e hanang.’ Khasong ea thelevishene ea NOVA, Stephen Jay Gould o itse thuto ea mahlale “hangata e bontša leeme le leholo la ba etsang mosebetsi.” Metsotso e ’meli hamorao a bontša leeme ka hore Darwin o entse ho hongata ho feta motho leha e le ofe ho “thea ’nete thutong ea ho iphetola hoa lintho.”
Darwin o ne a lumela hore bophelo “qalehong bo bululetsoe ka libopeho tse ’maloa kapa se le seng ke ’Mōpi.” Tumelo ea hae thutong ea ho iphetola hoa lintho ho futsitsoeng le ho sa potlakang e’a shoa. Tlaleho ea mesaletsa ea lintho tsa khale eo a neng a e tšepile hore e tla tšehetsa sena empa ea mo hlōla. Gould o lahlile mehopolo ea Darwin hobane ha e’a theoa ’neteng. Ho boloka thuto ena, Gould o tsoile liphetohong tse nyenyane ho ea ho tse khōlō a tlolela ka potlako sebopehong se seng sa bophelo ho tsoa ho se seng. Ha ho motheo ho sena. Ke ketso ea bompoli ho lahla mesaletsa ea lintho tsa khale e hlokehang tlalehong ea mesaletsa ea lintho tsa khale. Thuto ea ho iphetola hoa lintho ha e tiisoe ke mabaka a thuto ea mahlale, e hanoa ke mahlale.
Kahoo ba sebelisa lingoliloeng tsa litšoso tsa mashano tse buellang ho iphetola hoa lintho e le sebetsa sa ho qetela. Ka mano a joalo babuelli ba thuto ea ho iphetola hoa iintho ba sokollela batho ba limillione tumelong ea bona e tsosolositsoeng. Ba hlōleha ho bea mabaka a ’nete, ba fetohela tsamaisong ea bompoli e sebelisitsoeng ke Bafarisi ba hlokang tšepo khahlanong le Jesu: “Mapolesa a Tempele a neng a rometsoe ho ea mo tšoara a khutlela ho baprista ba baholo le Bafarisi. ‘Hobane’ng le sa tla le eena?’ ba botsa. ‘O bua lintho tse tsotehang!’ ba arabela. ‘Ha re e-s’o utloe lintho tse joalo le ka mohla.’ ‘Joale le lona le se le khelositsoe?’ Bafarisi ba soma. ‘Na o teng har’a rōna babusi ba Bajode le Bafarisi ea lumelang hore ke Messia?’” Ha e mong oa bona a belaela, ba mo nyelisa: “Na le uena u Mogalelia ea eisehang?” (Johanne 7:45-52, The Living Bible) Le kajeno babuelli ba thuto ea ho iphetola hoa lintho ba nka boramahlale ba hanang thuto ea ho iphetola hoa lintho ba sa tšoaneleha ’me ba ba nyelisa ka lipolelo haeba ba tšehetsa pōpo ka tieo!
Pōpo e tletse bohlale ho feta thuto ea ho iphetola hoa lintho. E akareletsa boqapi bo nang le morero boo re bo bonang leholimong le lefatšeng, lijalong le liphoofolong, ’meleng ea rōna le bokong ba rōna bo makatsang. Boitsebiso boo re bo fumanang ho DNA bo fana ka bopaki ba bohlale bo hlollang mosebetsing. Einstein ha a eso ho ka a rata Molimo oa bolumeli ba Bokreste-’mōtoana, empa o ile a khahloa haholo ke “ho lumellana ha molao oa tlhaho, ho senolang bohlale bo phahameng boo, ha ho bapisoa le bona, tsamaiso ea ho nahana le liketso tsa batho e seng letho ho hang.”
Pōpo e boetse e bula tsela ea ho arabela lipotso tsena tsa motheo.
Hobane’ng re le Teng?
Jehova o fane ka lebaka ha a ne a bōpa batho ba babeli ba pele. “A re etseng motho ka setšoantšo sa rōna,” ho rialo Jehova ho Logos (eo hamorao a tlileng lefatšeng e le Jesu), “le ka ho tšoana ha rōna, ’me a buse lihlapi tsa leoatle, le tse rurang tsa maholimo, le makhomo, le lefatše lohle, le lihahabi tsohle tse hahabang lefatšeng.” Hape Molimo oa etsa tšimo Edene ’me oa “nka motho, a ’mea tšimong ea Edene, ho e lema le ho e lebela.” Ho feta moo, oa nea batho ba babeli ba pele taelo ea ‘ho ngatafala, le ho tlala lefatšeng.’—Genese 1:26, 28; 2:8, 15.
Joaloka bana ba Adama le Eva, re mona ho tlatsa lefatše, ho le lebela le ho le lema, le ho sebelisa bolaoli bo lerato holim’a limela le liphoofolo. Molimo o re hlomelletse sena ka ho re etsa ka setšoantšo sa oona—e seng ka chebahalo ea ’mele empa ka ho re fa litšoaneleho tse ling tsa oona, joaloka lerato, bohlale, matla, toka, le takatso ea ho sebeletsa morero le ho fumana katleho. Ke ka ho tšoana ka tsela ena le Molimo re fapanang le phoofolo tsohle ’me re nahanang ka ho teba lipotso tsa motheo tseo ho seng libopuoa leha e le life tse lefatšeng tse kileng tsa li nahana.
Leha ho le joalo, batho ba sa lumeleng boteng ba Molimo, ba tseka hore ha rea etsoa ka setšoantšo sa Molimo empa re entse Molimo ka setšoantšo sa rōna. Ha ho joalo. Melimo e entsoeng ke batho e tšoana le letsatsi, khoeli, linaleli, lifate, lifefo, mahalima, lithaba, liphoofolo, babusi, chelete, botona le botšehali, mpa, le ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo motho a thabelang ho e rapela. (Ba-Roma 1:25; Ba-Filippi 3:19) Setšoantšo sa motho hase bontše litšoaneleho tsa Molimo ka ho lekalekana. Leha ho le joalo, boemong ba rōna ba boetsalibe re phehelloa ho khutlela setšoantšong sa oona. (Ba-Kolosse 3:9, 10) Thuto ea ho iphetola hoa lintho ha e hlalose lekhalo le leholo le teng pakeng tsa motho le phoofolo, leha e le hore e tla e hlahisa kapa ho boloka tšusumetso e ka hare ho rōna ea ho phahamisa lipotso tsa motheo e le bohlokoa. Ho etsoa ka setšoantšo sa Molimo le ho tšoana le oona ho hlalosa sena.
Re ea Hokae?
Ha ho phoofolo e phahamisang potso ena. Liphoofolo ha li tsebe ho hlokomela nako, e fetileng kapa e tlang. Empa motho o’a tseba. Molimo o entse lekhalo lena pakeng tsa motho le phoofolo, joaloka ha ho boletsoe ho Moeklesia 3:11: “O beile nako e sa feleng lipelong tsa batho.” (New International Version) Kahoo, motho o hlokomela lilemo tse likete tse fetileng, ’me oa tseba hore nako e tlang e tla ’ne e tsoele pele. Ea mo ama. Ho tla etsahala eng ka eena ha a eshoa? Na o na le moea o sa shoeng o tla ’ne o phele? Na o tla ea paradeiseng ea leholimo kapa tlhokofatsong ea lihele kapa lebitleng le lebalehang? Kapa na mohlomong o tla fetela bophelong bo bong?
Ka sebele ha a rate ho tobana le monahano oa ho ba fela ka ho sa feleng. Ho eena ho bohloko ho nahana hore nako e tla tsoela pele a le sieo, lefatše le batho li tsoele pele a le sieo, ha a ahloletsoe ho lebaloa ka ho sa feleng. Ho qoba monahano ’ona o sa amoheleheng, o khomarela khopolong ea moea o sa shoeng—thuto eo ho seng moo e rutoang teng ka Bibeleng.—Ezekiele 18:4.
Bibele e bolela hore ha motho a e-shoa o khutlela leroleng. ‘Ka tsatsi lona leo, merero ea hae e felile.’ Ha a “tsebe letho leha le le leng.” (Pesaleme ea 146:4; Moeklesia 9:5) Empa ho tla ba le tsoho ea ba libillione: “Nako ea tla, eo bohle ba mabitleng ba tla utloa lentsoe la hae, ’me ba tla tsoa ho ’ona.” Joale ba ratang Molimo le moahisane ba tla utloa mantsoe a Morena Jesu Kreste: ‘Amohelang ’muso oo le o lokiselitsoeng ha e sa le lefatše le theoa.’—Johanne 5:28, 29; Mattheu 25:34.
Ebile morero oa Jehova ho tloha qalehong hore lelapa la motho le lule lefatšeng la paradeise ka ho sa feleng. Joale nako ea atamela hore batho ba mamelang ba rue ’Muso oo. Ho hlalositsoe ho Tšenolo 21:3, 4: “Bonang tabernakale ea Molimo e har’a batho; o tla aha le bona; e tla ba lichaba tsa oona, ’me Molimo o tla ba le bona ka sebele sa oona, e be Molimo oa bona. Molimo o tla hlakola meokho eohle mahlong a bona; lefu ha le sa tla hlola le eba teng; ’me ha ho sa tla ba masoabi, leha e le ho bokolla, kapa bohloko.”
Ke moo batho ba mamelang ba eang teng. Empa batho ba khopo ba sa mameleng ba tla robala ka ho sa feleng. “Ho se ho se hokae, ’me molotsana o tla ba sieo; u tla qamaka tulo tsa hae, empa o tla be a setse a le sieo; empa ba bonolo ba tla rua lefatše, ba iketle khotsong e kholo,” ho ngola mopesaleme.—Pesaleme ea 37:10, 11; Ba-Roma 6:23.
Na Bophelo ba Rōna bo na le Morero?
Ho na le lihlopha tse limillione tse likete tsa linaleli bokahohleng le linaleli tse limillione tse likete sehlopheng ka seng. Bokahohleng bona bo boholo, letsatsi la rōna le linaleli tsa lona li fetoha letheba le lenyenyane ’me lefatše le ba lenyenyane haholo. Limillione tse likete tse hlano tsa batho lefatšeng ha li bonahale ho hang. Empa hase ho se bonahale ha rōna sebakeng ho re etsang hore re re ikutloe re se bohlokoa. Ho fela ha rōna kapele ho etsa hore re bone bophelo ba rōna bo se na morero. Leha ho le joalo, likelello tsa rōna li batla morero. Re bopiloe hore re ikutloe joalo.
Re ka ’na ra se bonahale ho hang bokahohleng bo boholo, ’me ra ba joalo ka motsotso o fetang nakong e telele e sa feleng, empa boemo ba rōna lefatšeng bo ikhethile, ’me bophelo ba rōna bo ameha tsekong ea bohlokoa haholo bokahohleng bohle. Ha rea beoa feela lefatšeng ke Jehova ’Mōpi oa bokahohleng empa re fuoe mosebetsi: Ho tlatsa lefatše, ho le lebela, ho sebelisa bolaoli bo lerato holim’a limela le liphoofolo. ’Me se bohlokoa ho feta sena—re ka kopanela tokelong ea ho bolela ’Muso oa Molimo ka tlas’a Kreste o tla tlosa bokhopo holim’a lefatše, o tlose qoso lebitsong le Lentsoeng la Molimo, ’me o tlose puso ea bodemona lefatšeng.
Batho ba phelang joalo ba na le morero. Ba tla ba teng ka ho sa feleng. Batho ba Molimo ba joaloka thaka ea leihlo la hae. (Deuteronoma 32:10) Ba phomotse, hobane lipotso tsa motheo li arabetsoe.