Litšupiso Tsa Bukana ea Seboka sa Bophelo le Tšebeletso ea Rona
LA 3-LA 9 FEBRUARY
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | GENESE 12-14
“Selekane se U Amang”
(Genese 12:1, 2) Jehova a re ho Abrame: “Tloha naheng ea heno le ho beng ka uena le ntlong ea ntat’ao u ee naheng eo ke tla u bontša eona; 2 ke tla u etsa sechaba se seholo ’me ke tla u hlohonolofatsa ke holise lebitso la hao; u be tlhohonolofatso.
it-1-E 522 ¶4
Selekane
Selekane le Abrahama. Ho bonahala eka selekane sena se pakeng tsa Molimo le Abrahama se qalile ho sebetsa ha Abrame (Abrahama) a tšela noka ea Eufrate a le tseleng e eang Kanana. Selekane sa Molao se ile sa thehoa lilemo tse 430 hamorao. (Gal 3:17) Jehova o ile a bua le Abrahama a le Mesopotamia e Ure ea Bakalde, a mo bolella hore a ee naheng eo a neng a tla mo bontša eona. (Lik 7:2, 3; Gen 11:31; 12:1-3) Exoda 12:40, 41 (LXX) e re bolella hore qetellong ea lilemo tse 430 tseo Baiseraele ba li qetileng ba lula Egepeta le naheng ea Kanana, ba ile ba lokolloa bokhobeng Egepeta “ka lona letsatsi” leo. Ba ile ba lokolloa bokhobeng ba Egepeta ka la 14 Nisane 1513 pele ho mehla ea Jesu. (Ex 12:2, 6, 7) Taba ena e bontša hore ha Abrahama a le tseleng e eang Kanana, e ka ’na eaba o tšetse noka ea Eufrate ka la 14 Nisane 1943 pele ho mehla ea Jesu ’me kamoo ho bonahalang kateng, selekane sa Abrahama se ile sa qalella ho sebetsa. Molimo o ile a hlaha hape ho Abrahama ha a le Shikeme e Kanana ’me a mo tšepisa hape a re: “Ke tla fa peo ea hao naha ena.” Ka ho etsa joalo, a bontša hore na selekane sena se amana joang le tšepiso eo a e entseng Edene ’me a hlalosa hore “peo” e ne e tla ba motho. (Gen 12:4-7) Hamorao, Jehova o ile a hlalosa tšepiso ena ea hae haholoanyane ho Genese 13:14-17; 15:18; 17:2-8, 19; 22:15-18.
(Genese 12:3) Ke tla hlohonolofatsa ba u hlohonolofatsang, ’me ke tla rohaka ea u rohakang, ’me ka sebele malapa ’ohle a lefatše a tla itlhohonolofatsa ka uena.”
Lebaka Leo ka Lona u Lokelang ho Tseba ’Nete ka Abrahama
Eo ke tšepiso e hlollang, ’me Abrahama o ile a utloa ha e phetoa bonyane ka makhetlo a mang a mabeli. (Genese 18:18; 22:18) Hore e phethahatsoe, Molimo o tla tsosa bafung baemeli ba malapa ’ohle a kileng a phela. Bophelo ba batho ba joalo ba tsositsoeng e tla ba tlhohonolofatso ea sebele, kaha ba bangata ho bona ba tla khutlela boemong ba lefatše bo tšoanang le Paradeise eo motho a ileng a e lahla qalong. Ka mor’a moo, ba tla rutoa hore na ke joang ba ka fumanang tlhohonolofatso ea bophelo bo sa feleng.—Genese 2:8, 9, 15-17; 3:17-23.
(Genese 13:14-17) Eaba Jehova o re ho Abrame ka mor’a hore Lota a arohane le eena: “Ka kopo, phahamisa mahlo, ’me ho tloha sebakeng seo u leng ho sona, u talime nģ’a leboea le nģ’a boroa le nģ’a bochabela le nģ’a bophirimela, 15 hobane naha eohle eo u e talimileng, ke tla e fa uena le peo ea hao ho fihlela nakong e sa lekanyetsoang. 16 Ke tla etsa hore peo ea hao e be joaloka lerole la lefatše, hoo haeba motho a ka khona ho bala lerole la lefatše, le peo ea hao a ka khonang ho e bala. 17 Ema, pholletsa le naha ho ea ka bolelele ba eona le bophara ba eona, hobane ke tla u fa eona.”
it-2-E 213 ¶3
Molao
Ho latela bopaki ba histori, litsebi li lumela hore ha motho a ne a rekisetsoa setša, o ne a ema qhooeng e le hore a bone setša seo hantle le meeli ea sona. Haeba moreki a ne a re: “Kea bona,” o ne a bontša hore o amohela setša seo ka molao. Ha Jehova a ne a tšepisa Abrahama ho mo fa naha ea Kanana, Abrahama o ne a lokela hore a shebe likhutlo tse ’nè tsa eona pele. Jehova o ne a tšepisitse hore peo ea Abrahama ke eona e tla rua naha e tšepisitsoeng. Mohlomong ke lona lebaka leo Abrahama a sa kang a re: “Kea bona.” (Gen 13:14, 15) Haeba litaba tse buuoeng ka holimo li nepahetse, taba ea hore moemeli oa molao oa Iseraele e leng Moshe o ile a bolelloa hore a il’o “bona” naha, e ne e bontša hore ka molao naha eo e fuoe Baiseraele ’me e ne e tla ba ea bona tlas’a bolaoli ba Joshua. (De 3:27, 28; 34:4; Sheba hape ntho eo Satane a ileng a kopa hore Jesu a e etse ho Mat 4:8.) Ntho e ’ngoe eo molao o neng o e lumella hore e ka etsoa, ke hore ha motho a qeta ho reka setša, o ne a kena ho sona e le ho bontša hore joale e se e le sa hae. (Gen 13:17; 28:13) Litokomane tse ling tsa mehleng ea khale, li ne li bontša hore na lifate tse teng setšeng ka seng se neng se rekisoa li ne li le kae.—Bapisa le Gen 23:17, 18.
Batlisisa Matlotlo a Patiloeng
(Genese 13:8, 9) Kahoo Abrame a re ho Lota: “Ka kopo, ho se ke ha tsoela pele ho e-na le qabang leha e le efe pakeng tsa ka le uena le pakeng tsa balisa ba ka le balisa ba hao, etsoe re bara ba motho. 9 Na naha eohle ha ea u bulehela? Ke kopa hore re arohane. Haeba u e-ea ka ho le letšehali, ke tla ea ka ho le letona; empa haeba u e-ea ka ho le letona, joale ke tla ea ka ho le letšehali.”
Ho Rarolla Liqabang ka Khotso
12 Bibele e bontša hore na bahlanka ba Molimo ba ka rarolla liqabang joang. Mohlala, Abrahama le Lota ba ne ba e-na le liphoofolo tse ngata, ’me balisa ba bona ba ngangisana, ba tseka makhulo. Kaha Abrahama o ne a batla ho bopa khotso, o ile a lumella Lota hore a khethe sebaka pele. (Gen 13:1, 2, 5-9) O re behetse mohlala o motle hakaakang! Na Abrahama o ile a lahleheloa ka lebaka la ho ba seatla se bulehileng? Che. Nakoana ka mor’a moo, Jehova o ile a tšepisa Abrahama hore o tla mo hlohonolofatsa ka lintho tse ngata ho feta tseo a lahlehetsoeng ke tsona. (Gen 13:14-17) Re ithuta’ng ho see? Esita le ha re ka lahleheloa ke lintho tse itseng, Jehova o tla re hlohonolofatsa ha re rarolla liqabang ka khotso.
(Genese 14:18-20) Melkizedeke morena oa Saleme a tlisa bohobe le veine, ’me e ne e le moprista oa Molimo ea Phahameng ka ho Fetisisa. 19 Joale a mo hlohonolofatsa eaba o re: “Abrame a hlohonolofatsoe ke Molimo ea Phahameng ka ho Fetisisa, Moetsi oa leholimo le lefatše; 20 ’Me ho bokoe Molimo ea Phahameng ka ho Fetisisa, Ea nehelaneng ka bahatelli ba hao matsohong a hao!” Eaba Abrame o mo fa karolo ea leshome ea ntho e ’ngoe le e ’ngoe.
(Baheberu 7:4-10) Joale, bonang hore na monna enoa o ne a le moholo hakaakang eo Abrahama, hlooho ea lelapa, a ileng a mo fa karolo ea leshome linthong tsa bohlokoa tse hapuoeng. 5 Ke ’nete, banna ba tsoang ho bara ba Levi ba amohelang boemo ba bona ba boprista ba na le taelo ea ho bokella likarolo tsa leshome ho batho ho ea ka Molao, ke hore, ho barab’abo bona, esita le haeba ba tsoile lethekeng la Abrahama; 6 empa monna ea sa kang a lokolisa leloko la hae ho tloha ho bona o ile a nka likarolo tsa leshome ho Abrahama ’me a hlohonolofatsa ea neng a e-na le litšepiso. 7 Joale kantle ho phehisano leha e le efe, ea tlaase o hlohonolofatsoa ke e moholo. 8 Tabeng e ’ngoe ke batho ba shoang ba amohelang likarolo tsa leshome, empa tabeng e ’ngoe ke e mong eo ho pakoang ka eena hore oa phela. 9 Haeba nka sebelisa polelo ena, ka Abrahama esita le Levi ea amohelang likarolo tsa leshome o lefile likarolo tsa leshome, 10 kaha o ne a sa ntse a le lethekeng la moholo-holo oa hae ha Melkizedeke a mo khahlanyetsa.
it-2-E 683 ¶1
Moprista
Melkizedeke morena oa Saleme e ne e le moprista (ko·henʹ) ea sa tšoaneng le ba bang. Bibele ha e bue ka baholo-holo ba hae, tsoalo ea hae kapa lefu la hae. Melkizedeke o ne a sena baprista ba mo hlahlamang kapa bao a ba hlahlamang. Melkizedeke e ne e le morena ebile e le moprista. Boprista ba hae bo ne bo phahametse hole ba leloko la Levi, ebile ha e le hantle, Levi o ile a fa Melkizedeke karolo ea leshome kaha o ne a ntse a le lethekeng la Abrahama ha Abrahama a hlohonolofatsa Melkizedeke a bile a mo fa karolo ea leshome. (Gen 14:18-20; Heb 7:4-10) Ke ka hona re ka reng Melkizedeke o ne a tšoantšetsa Jesu Kreste e leng “moprista ka ho sa feleng ho ea ka mokhoa oa Melkizedeke.”—Heb 7:17.
’Malo oa Bibele
(Genese 12:1-20) Jehova a re ho Abrame: “Tloha naheng ea heno le ho beng ka uena le ntlong ea ntat’ao u ee naheng eo ke tla u bontša eona; 2 ke tla u etsa sechaba se seholo ’me ke tla u hlohonolofatsa ke holise lebitso la hao; u be tlhohonolofatso. 3 Ke tla hlohonolofatsa ba u hlohonolofatsang, ’me ke tla rohaka ea u rohakang, ’me ka sebele malapa ’ohle a lefatše a tla itlhohonolofatsa ka uena.” 4 Abrame a tsamaea feela joalokaha Jehova a buile le eena, ’me Lota a tsamaea le eena. Abrame o ne a le lilemo li mashome a supileng a metso e mehlano ha a tloha Harane. 5 Kahoo Abrame a nka mosali oa hae Sarai le Lota mora oa mor’abo le thepa eohle eo ba e bokeletseng le meea eo ba e fumaneng Harane, eaba baa tsamaea ba ea naheng ea Kanana. Qetellong ba fihla naheng ea Kanana. 6 Eaba Abrame o haola naha eo ho ea fihla sebakeng sa Shikeme, haufi le lifate tse kholo tsa More; ’me ka nako eo Bakanana ba ne ba le naheng eo. 7 Joale Jehova a hlaha ho Abrame a re: “Ke tla fa peo ea hao naha ena.” Ka mor’a moo a haha aletare moo bakeng sa Jehova, ea ileng a hlaha ho eena. 8 Hamorao a tloha moo a ea sebakeng se lithaba ka nģ’a bochabela ho Bethele eaba o hloma tente ea hae Bethele e le bophirimela ’me Ai e le bochabela. Joale a hahela Jehova aletare moo eaba o qala ho ipiletsa lebitsong la Jehova. 9 Ka mor’a moo Abrame a hlomolla liahelo, a tloha liahelong tse ling ho ea ho tse ling nģ’a Negebe. 10 Joale tlala ea e-ba teng naheng eo ’me Abrame a theohela nģ’a Egepeta ho ea lula teng e le mojaki, hobane tlala e ne e le kholo naheng eo. 11 Eitse hang ha a le haufi le ho kena Egepeta, a re ho mosali oa hae Sarai: “Bona hle! ke tseba hantle hore u mosali ea nang le ponahalo e ntle. 12 Etlare ha Baegepeta ba u bona ba tla re, ‘Enoa ke mosali oa hae.’ ’Me ka sebele ba tla mpolaea, empa uena ba tla u boloka u phela. 13 Ka kopo e-re u khaitseli ea ka, e le hore lintho li ntsamaele hantle ka lebaka la hao, ’me ka sebele moea oa ka o tla phela ka lebaka la hao.” 14 Eitse hang ha Abrame a kena Egepeta, Baegepeta ba bona mosali eo, hore o motle haholo. 15 Le likhosana tsa Faro tsa mo bona eaba li qala ho mo rorisa ho Faro, hoo mosali enoa a ileng a isoa ka tlung ea Faro. 16 Eaba o tšoara Abrame hantle ka lebaka la hae, ’me a ba le linku le likhomo le liesele le bahlanka le makhabunyane le liesele tse tšehali le likamele. 17 Joale Jehova a tlisetsa Faro le ba ntlo ea hae likotlo tse kholo ka lebaka la Sarai, mosali oa Abrame. 18 Eaba Faro o bitsa Abrame o re: “Ke eng sena seo u nkentseng sona? Ke hobane’ng ha u sa ka ua mpolella hore ke mosali oa hao? 19 Ke hobane’ng ha u itse, ‘Ke khaitseli ea ka,’ hoo ke neng ke le makhatheng a ho mo nka hore e be mosali oa ka? Joale mosali oa hao ke enoa. Mo nke ’me u tsamaee!” 20 Eaba Faro o laela banna malebana le eena, ’me ba mo felehetsa le mosali oa hae le tsohle tseo a nang le tsona.
LA 10-LA 16 FEBRUARY
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | GENESE 15-17
“Ke Hobane’ng ha Jehova a Ile a Reha Abrame le Sarai Mabitso a Macha?”
(Genese 17:1) Ha Abrame a e-ba lilemo li mashome a robong a metso e robong, Jehova a hlaha ho Abrame ’me a re ho eena: “Ke ’na Molimo ea Matla ’Ohle. Tsamaea ka pel’a ka ’me u be ea se nang molato.
it-1-E 817
Molato, Ho Tšoaea Liphoso
Ka lehlakoreng le leng, batho ba lula ba etsa liphoso. Ho etsa liphoso le sebe, ke lintho tseo batho ba li futsitseng ho Adama. (Bar 5:12; Pes 51:5) Empa Jehova ea sa etseng liphoso ea bileng a leng mohau, “o tseba sebopeho sa rona hantle, oa hopola hore re lerole.” (Pes 103:13, 14) O ile a re Noe ea tšepahalang le ea mamelang “o ne a se na molato har’a batho ba mehleng ea hae.” (Gen 6:9) O ile a laela Abrahama hore a ‘tsamaee ka pela hae ’me e be ea senang molato.’ (Gen 17:1) Le hoja banna bana ba babeli ba ne ba sa phethahala ebile ba ile ba shoa, Jehova ‘ea bonang seo pelo e leng sona’ o ile a ba nka e le banna ba senang molato. (1Sa 16:7; bapisa le 2Ma 20:3; 2Likr 16:9.) O ile a laela Baiseraele a re: “Le lokela ho hloka molato ho Jehova Molimo oa lona.” (De 18:13; 2Sa 22:24) O ile a fana ka mora oa hae ea se nang molato (Heb 7:26) e le sehlabelo sa thekollo, ’me ka lebaka leo, bohle ba bontšang tumelo ho eena le ba mo mamelang, Molimo o ba nka e le ‘ba lokileng’ kapa ba senang molato empa ka nako e tšoanang, e le Molimo ea lokileng le moahloli ea se nang molato.—Bar 3:25, 26; Sheba BOTŠEPEHI le HO PHETHAHALA.
(Genese 17:3-5) Eaba Abrame o itihela fatše ka sefahleho, ’me Molimo a tsoela pele ho bua le eena, a re: 4 “Ha e le ’na, bona! ke entse selekane le uena, ’me ka sebele u tla ba ntat’a lichaba tse ngata. 5 Ha u sa tla hlola u bitsoa Abrame, lebitso la hao e tla ba Abrahama, hobane ke tla u etsa ntat’a lichaba tse ngata.
it-1-E 31 ¶1
Abrahama
Nako ea feta. E ne e se e le lilemo tse ka bang leshome ba lula Kanana empa Sara e ntse e le nyopa. Kahoo Sara o ile a etsa tlhahiso ea hore Hagare, lekhabunyane la hae la Moegepeta le etse ngoana bakeng sa hae. Abrahama o ile a lumela. Ha Abrahama a le lilemo li 86 ka selemo sa 1932 pele ho mehla ea Jesu, Ishmaele o ile a hlaha. (Gen 16:3, 15, 16) Nako e ’ngoe e ngata ea feta. Ka selemo sa 1919 pele ho mehla ea Jesu ha Abrahama a le lilemo li 99, Jehova o ile a laela batho bohle ba batona ba ntlo ea Abrahama hore ba bolle e le tiiso ea selekane sa hae le Abrahama. Ka eona nako eo, Jehova o ile a fetola lebitso la Abrame hore e be Abrahama ‘hobane o ne a tla mo etsa ntat’a lichaba tse ngata.’ (Gen 17:5, 9-27; Bar 4:11) Nakoana kamor’a moo, mangeloi a mararo a ile a etela Abrahama a ronngoe ke Jehova ’me a a amohela ka mosa. A ile a mo tšepisa hore Sara o tla ima ’me a mo tsoalle mora selemong se latelang.—Gen 18:1-15.
(Genese 17:15, 16) Molimo a tsoela pele ho re ho Abrahama: “Ha e le mosali oa hao Sarai, u se ke ua mo bitsa Sarai, hobane lebitso la hae ke Sara. 16 Ke tla mo hlohonolofatsa ’me ke u fe mora ka eena; ke tla mo hlohonolofatsa ’me o tla fetoha lichaba; marena a lichaba a tla tsoa ho eena.”
Mabitso a Mang a na le Seo a se Bolelang
Molimo ka boeena o ile a fetola mabitso a batho ba bang ba baholo ka morero oa ho profeta taba e itseng. Ka mohlala, o ile a fetola lebitso la Abrame, e bolelang “Ntate o Phahamisitsoe,” hore e be Abrahama, e bolelang “Ntate oa Matšoele.” Tumellanong le lebitso leo, Abrahama e ile ea e-ba ntate oa lichaba tse ngata. (Genese 17:5, 6) Hape, nahana ka lebitso la mosali oa Abrahama, e leng Sarai, leo mohlomong le neng le bolela “Ea Likhathatso.” E tlameha ebe o ile a thaba hakaakang ha Molimo a ne a mo reha Sara, e bolelang “Khosatsana,” e neng e amana le hore e tla ba moholo-holo oa marena!—Genese 17:15, 16.
Batlisisa Matlotlo a Patiloeng
(Genese 15:13, 14) Eaba o qala ho re ho Abrame: “Tseba hore ruri peo ea hao e tla ba bajaki naheng eo e seng ea eona, e tla lokela ho ba sebeletsa, ’me ka sebele ba tla e hlorisa ka lilemo tse makholo a mane. 14 Empa ke tla ahlola sechaba seo e tla se sebeletsa, ’me ka mor’a moo e tla tloha ka thepa e ngata.
it-1-E 460-461
Tatellano ea Liketsahalo
Jehova o ile a bolella (Abrame) Abrahama mantsoe ana: “Tseba hore ruri peo ea hao e tla ba bajaki naheng eo e seng ea eona, e tla lokela ho ba sebeletsa, ’me ka sebele ba tla e hlorisa ka lilemo tse makholo a mane.” (Gen 15:13; bona le Lik 7:6, 7.) Taba ena e ile ea boleloa pele Isaka e leng “peo” e tšepisitsoeng a hlaha. Ka selemo sa 1932 pele ho mehla ea Jesu, Hagare o ile a tsoalla Abrahama ngoana e leng Ishmaele eaba ka 1918 Isaka oa hlaha. (Gen 16:16; 21:5) Ha re bala lilemo tse 400 ho tloha ha Baiseraele ba lokolloa Egepeta e leng nako e tšoaeang bofelo ba ‘mahloriso’ a bona (Gen 15:14), e re fihlisa selemong sa 1913 pele ho mehla ea Jesu. Ka nako eo, Isaka o ne a le lilemo li ka bang hlano. Ho banahala eka ka nako eo, Isaka o ne a se a khoesitsoe ’me e le ‘mojaki’ naheng eo e seng ea hae. O ne a se a qaleletse ho hlorisoa ka hore Ishmaele ea neng a ka ba lilemo li 19 a mo some. (Gen 21:8, 9) Le hoja mehleng ena re ka ’na ra utloa e se taba e kaalo-kaalo hore ebe Ishmaele o ile a soma mojalefa oa Abrahama eleng Isaka, mehleng ea Bapatriareka e ne e le tabahali. Bopaki ba sena re bo bona ha Jehova a lumela ha Sara a re Hagare le mora oa hae Ishmaele ba lelekoe. (Gen 21:10-13) Taba ea hore ketsahalo ena e ile ea tlalehoa ka ho hlaka mangolong a halalelang e bontša hore boprofeta boo ho builoeng ka bona ba lilemo tse 400 tsa mahloriso bo ne bo se bo qalile ’me bo ne bo tla fela ha Baiseraele ba lokolloa Egepeta.—Gal 4:29.
(Genese 15:16) Empa e tla khutlela mona molokong oa bone, hobane phoso ea Baamore ha e e-s’o phethehe.”
it-1-E 778 ¶4
Ho Lokolloa ha Baiseraele Egepeta
“Molokong oa bone.” Re lokela ho hopola hore Jehova o ile a joetsa Abrahama hore molokong oa bone, litloholo tsa hae li tla khutlela Kanana. (Gen 15:16) Lilemong tse 430 kaofela tsa ho tloha ha selekane sa Abrahama se qalella ho sebetsa ho fihlela ha sechaba sa Iseraele se lokolloa Egepeta, ho ne ho e-na le meloko e fetang bone. Rea hopola hore ho latela tlaleho, batho ba mehleng eo ba ne ba phela lilemo tse telele. Empa ha e le hantle, Baiseraele ba ile ba lula Egepeta lilemo tse ka bang 215. Re ka bala ‘meleko e mene’ e ileng ea kena Egepeta ka hore re shebe mohlala o le mong feela oa Iseraele e leng oa leloko la Levi. Lelokong leo, ho ne ho e-na le Levi, Kohathe, Amrame le Moshe.—Ex 6:16, 18, 20.
’Malo oa Bibele
(Genese 15:1-21) Ka mor’a lintho tsena lentsoe la Jehova la tlela Abrame ponong, la re: “Abrame, u se ke ua tšaba. Ke ’na thebe ea hao. Moputso oa hao o tla ba moholo haholo.” 2 Eaba Abrame o re: “ ’Musi Morena Jehova, u tla mpha eng, ha e le moo ke se na ngoana ’me ea tla rua ntlo ea ka e le monna oa Damaseka, Eliezere?” 3 Abrame a eketsa: “Bona! Ha ua mpha peo, ’me, bona! mora oa ba ntlo ea ka o tla ntlhahlama e le mojalefa.” 4 Empa, bonang! lentsoe la Jehova la re ho eena: “Monna enoa a ke ke a u hlahlama e le mojalefa, empa ea tlang ho tsoa lithong tsa hao tse ka hare o tla u hlahlama e le mojalefa.” 5 Joale a mo ntšetsa ka ntle ’me a re: “Ka kopo, talima maholimong ’me u bale linaleli, haeba u ka khona ho li bala.” Eaba o tsoela pele ho re ho eena: “Peo ea hao e tla ba joalo.” 6 ’Me a beha tumelo ho Jehova; eaba o mo balla hoo e le ho loka. 7 Joale a eketsa a re ho eena: “Ke ’na Jehova, ea u ntšitseng Ure ea Bakalde ho u fa naha ena hore u e rue.” 8 Eaba o re: “ ’Musi Morena Jehova, ke tla tseba ka’ng hore ke tla e rua?” 9 Eaba o re ho eena: “Nkukele khomo ea sethole e lilemo li tharo le poli e tšehali e lilemo li tharo le pheleu e lilemo li tharo le leebana-khoroana le leebana.” 10 Kahoo a nka lintho tsena tsohle eaba oa li khekhetha ’me o matahanya mokhekhetho ka mong hore o matahane le o mong, empa ha aa ka a arola linonyana likoto. 11 Eaba linonyana tse jang nama li qala ho theohela litopong tseo, empa Abrame a ’na a li leleka. 12 Ka mor’a nako letsatsi le ne le le haufi le ho likela, eaba Abrame o tšoaroa ke boroko bo tebileng, ’me, bonang! a oeloa ke lefifi le leholo ka mokhoa o tšosang. 13 Eaba o qala ho re ho Abrame: “Tseba hore ruri peo ea hao e tla ba bajaki naheng eo e seng ea eona, e tla lokela ho ba sebeletsa, ’me ka sebele ba tla e hlorisa ka lilemo tse makholo a mane. 14 Empa ke tla ahlola sechaba seo e tla se sebeletsa, ’me ka mor’a moo e tla tloha ka thepa e ngata. 15 Ha e le uena, u tla ea ho baholo-holo ba hao ka khotso; u tla patoa u tsofetse haholo. 16 Empa e tla khutlela mona molokong oa bone, hobane phoso ea Baamore ha e e-s’o phethehe.” 17 Joale letsatsi la likela ’me ha tla lefifi le letšo-letšo ’me bonang! pakeng tsa mekhekhetho ena ha feta sebopi se kubellang mosi le serumula sa mollo. 18 Letsatsing leo Jehova a hlaba selekane le Abrame, a re: “Ke tla fa peo ea hao naha ena, ho tloha nokeng ea Egepeta ho ea nokeng e kholo, noka ea Eufrate: 19 Bakene le Bakenize le Bakadmone 20 le Bahethe le Bapereze le Barefaime 21 le Baamore le Bakanana le Bagirgashe le Bajebuse.”
LA 17-LA 23 FEBRUARY
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | GENESE 18-19
“ ‘Moahloli oa Lefatše Lohle’ o Felisa Sodoma le Gomora”
(Genese 18:23-25) Joale Abrahama a atamela ’me a qala ho re: “Na ka sebele u tla felisa ea lokileng le ea khopo? 24 A re re ho na le batho ba lokileng ba mashome a mahlano ka har’a motse. Joale, na u tla ba felisa ’me u se ke ua tšoarela sebaka seo ka lebaka la ba lokileng ba mashome a mahlano ba ka har’a sona? 25 Ha ho utloahale hore u etse ka mokhoa ona, u bolaee motho ea lokileng le ea khopo hoo ho tlang ho etsahala ho motho ea lokileng joalokaha ho etsahala ho ea khopo! Ha ho utloahale bakeng sa hao. Na Moahloli oa lefatše lohle a ke ke a etsa se nepahetseng?”
Kamehla “Moahloli oa Lefatše Lohle” o Etsa se Nepahetseng
“NA MOAHLOLI oa lefatše lohle a ke ke a etsa se nepahetseng?” (Gen. 18:25) Ha Abrahama a botsa potso eo, o ne a bontša hore o kholisehile hore Jehova o tla ahlola Sodoma le Gomora ka toka. O ne a kholisehile hore Jehova a ke ke a sebetsa ka ho hloka toka ka hore a “bolaee motho ea lokileng le ea khopo.” O ne a sa amahanye Jehova le ho hloka toka. Lilemo tse 400 hamorao, Jehova o ile a re ha a itlhalosa: “Ke Lefika, mosebetsi oa hae o phethahetse, etsoe litsela tsohle tsa hae ke toka. Molimo oa botšepehi, eo ho eena ho se nang ho hloka toka; o lokile ’me o khabane.”—Deut. 31:19; 32:4.
(Genese 18:32) Qetellong a re: “Ka kopo, e se eka Jehova a ke ke a tuka ke bohale, empa e-re ke bue hanngoe lekhetlong lena feela: A re re ho fumanoa ba leshome teng.” Eaba o re: “Nke ke ka o felisa ka lebaka la ba leshome.”
Tiisetso ke ho Mamella ka Lebaka
Jehova ke eena ea khonang ho mamella ka tsela e phethahetseng ’me re lokela ho mo etsisa. (2 Pet. 3:15) Ho na le litemana tse ngata tse re rutang kamoo Jehova a ileng a bontša kateng hore o na le mamello. (Neh. 9:30; Esa. 30:18) Mohlala, Jehova o ile a etsa’ng ha Abrahama a mo kopa hore a se ke a felisa baahi bohle ba Sodoma? Bibele e re Jehova o ile a lumella Abrahama hore a itlhalose. O ile a mamela ka hloko ha Abrahama a ntse a mo botsa lipotso a bile a fana ka mabaka. Ka mor’a moo, Jehova o ile a bontša hore o mametse ka hore a phete lintho tseo Abrahama a neng a li bua a ba a mo tiisetsa hore a ke ke a ba timetsa haeba motseng oo ho e-na le batho ba leshome ba lokileng. (Gen. 18:22-33) Ke mohlala o motle oa ho mamela ka hloko le ho se fele pelo.
(Genese 19:24, 25) Joale Jehova a nesa sebabole le mollo o tsoang ho Jehova, maholimong, holim’a Sodoma le holim’a Gomora. 25 Kahoo a heletsa metse ena, esita le Setereke sohle le baahi bohle ba metse ena le limela tsa naha.
Jehova ke ’Musi le Morena oa Rona!
12 Re ka kholiseha hore haufinyane Jehova o tla tiisa bobusi ba hae. A ke ke a mamella bokhopo ka ho sa feleng, ’me rea tseba hore re phela matsatsing a ho qetela. Jehova o ile a nkela batho ba khopo khato nakong ea Moroallo. O ile a timetsa Sodoma le Gomora hammoho le Faro le mabotho a hae. Sisera le lebotho la hae hammoho le Sankeribe le mabotho a hae a Assyria, ba ne ba ke ke ba o besa oa tuka khahlanong le Ea Phahameng ka ho Fetisisa. (Gen. 7:1, 23; 19:24, 25; Ex. 14:30, 31; Baahl. 4:15, 16; 2 Mar. 19:35, 36) Kahoo, re ka kholiseha hore Jehova Molimo a ke ke a mamella ka ho sa feleng ha lebitso la hae le ntse le hlompholloa ’me Lipaki tsa hae li tšoaroa hampe. Ho feta moo, hona joale re bona bopaki ba pontšo ea ho ba teng ha Jesu le ea qetello ea tsamaiso ena e khopo ea lintho.—Mat. 24:3.
Batlisisa Matlotlo a Patiloeng
(Genese 18:1) Ka mor’a moo Jehova a hlaha ho eena har’a lifate tse kholo tsa Mamre, ha a ntse a lutse monyako oa tente hoo e ka bang nakong ea ha ho chesa motšehare.
(Genese 18:22) Ntlheng ena banna bao ba reteleha ’me ba ea Sodoma; empa ha e le Jehova, o ne a ntse a eme ka pel’a Abrahama.
Na ho na le ea Kileng a Bona Molimo?
Joale re khona ho utloisisa hore na ke hobane’ng ha Abrahama a ile a bitsa lengeloi la Molimo la lengosa le neng le nkile sebopeho se bonahalang joalokaha e ka o ne a bua le Jehova Molimo ka boeena. Kaha lengeloi lena le ile la bua ka bokhutšoanyane seo Molimo a neng a batla hore Abrahama a se bolelloe le hore le ne le tlile e le moemeli oa Hae, tlaleho ea Bibele e ne e ka re “Jehova a iponahatsa ho Abrahama.”—Genese 18:1.
Hopola hore lengeloi la Molimo la lengosa le ne le ka fetisa melaetsa ea Hae ka bokhutšoanyane feela joalokaha fono kapa seea-le-moea li ka fetisetsa mantsoe a rona ho motho e mong. Kahoo, ho ka utloisisoa kamoo Abrahama, Moshe, Manooa, le ba bang ba neng ba ka bua le lengeloi le nkileng sebopeho se bonahalang joalokaha e ka ba ne ba bua le Molimo. Le hoja batho ba joalo ba ile ba khona ho bona mangeloi ana le khanya ea Jehova e neng e bonahatsoa ke ’ona, ha baa ka ba khona ho bona Molimo. Ka hona, taba ena ha e hanyetse polelo ea moapostola Johanne: “Ha ho motho ea boneng Molimo ka nako leha e le efe.” (Johanne 1:18) Seo batho bana ba se boneng e ne e le mangeloi a baemeli eseng Molimo.
(Genese 19:26) Mosali oa hae a qala ho qamaka a le ka mor’a hae, ’me a fetoha sefika sa letsoai.
Thusa Batho ba Tšoenyehileng Hore ba Mamelle
3 Lota o ile a etsa qeto e fosahetseng ha a ne a il’o lula motseng oa Sodoma o neng o tletse ka batho ba ratang boitšoaro bo bobe. (Bala 2 Petrose 2:7, 8.) Le hoja motse oo o ne o ruile, Lota o ile a ba le mathata a mangata ka lebaka la ho lula sebakeng seo. (Gen. 13:8-13; 14:12) Mohlomong mosali oa hae o ne a rata motse oo kapa batho ba teng haholo hoo a ileng a sitoa ho mamela Jehova. O ile a lahleheloa ke bophelo ba hae nakong eo Molimo a neng a timetsa Sodoma ka mollo le sebabole. Nahana hape ka barali ba babeli ba Lota. Ba ne ba lebelelitsoe ke bahlankana ba bona ba ileng ba shoa nakong eo motse oo o neng o felisoa. Lota o ile a lahleheloa ke lehae la hae, matlotlo a hae ’me ho hobe le ho feta o ile a lahleheloa ke mosali oa hae. (Gen. 19:12-14, 17, 26) Na linakong tsee tse bohloko, Jehova o ile a fella Lota pelo? Che.
’Malo oa Bibele
(Genese 18:1-19) Ka mor’a moo Jehova a hlaha ho eena har’a lifate tse kholo tsa Mamre, ha a ntse a lutse monyako oa tente hoo e ka bang nakong ea ha ho chesa motšehare. 2 Ha a phahamisa mahlo, a talima ’me banna ba bararo ba ne ba eme hojana le eena. Ha a re heli! ’me a ba bona a qala ho matha ho ba khahlanyetsa monyako oa tente ’me a inamela fatše. 3 Joale a re: “Joale, Jehova, haeba ke fumane kamohelo mahlong a hao, ka kopo u se ke ua feta mohlanka oa hao. 4 Ka kopo, ho ke ho nkoe metsinyana, ’me maoto a lona a hlatsuoe. Joale le otle ka lehlakore tlas’a sefate. 5 E-re ke nke sengoathoana sa bohobe, ke khatholle lipelo tsa lona. Ka mor’a moo, le ka fetela pele, ke ka lebaka leo le fetileng ka tsela ena la tla ho mohlanka oa lona.” Eaba ba re: “Ke hantle. U ka etsa feela joalokaha u boletse.” 6 Kahoo Abrahama a potlakela tenteng ho Sara eaba o re: “Potlaka! Nka litekanyo tse tharo tsa seah tsa phofo e thumisehileng, u lube hlama ’me u etse lipolokoe.” 7 Ka mor’a moo Abrahama a mathela mohlapeng a nka pohoana e ntle e nyenyane a e fa mohlanka, ’me a potlakela ho e lokisa. 8 Joale a nka sereleli le lebese le pohoana tseo a li lokisitseng ’me a li beha ka pel’a bona. Kahoo a ’na a ema pel’a bona tlas’a sefate ha ba ntse ba ja. 9 Joale ba re ho eena: “Mosali oa hao Sara o hokae?” Eaba o re: “O ka mona ka tenteng!” 10 Kahoo a tsoela pele: “Ruri ke tla khutlela ho uena selemong se tlang ka nako ena, ’me, bona! mosali oa hao Sara o tla ba le mora.” Joale Sara o ne a mametse a le monyako oa tente, ’me o ne o le ka mor’a monna eo. 11 Abrahama le Sara ba ne ba tsofetse, ba se ba ile lilemong. Sara o ne a khaolitse ho ilela khoeli. 12 Kahoo Sara a qala ho tšehela ka pelong, a re: “Ha ke se ke tsofetse tjee, na ka sebele nka nyakalla, ebile morena oa ka a tsofetse?” 13 Joale Jehova a re ho Abrahama: “Sara o ne a tšeha’ng, ha a re, ‘Na ka kannete-nete ke tla beleha le hoja ke tsofetse?’ 14 Na ho na le ntho e sa tloaelehang bakeng sa Jehova? Ke tla khutlela ho uena ka nako e behiloeng, selemong se tlang ka nako ena, ’me Sara o tla ba le mora.” 15 Empa Sara a qala ho latola, a re: “Ha kea tšeha!” Etsoe o ne a tšohile. Eaba o re: “Che! empa u tšehile.” 16 Hamorao banna bao ba ema eaba ba talima tlaase nģ’a Sodoma, ’me Abrahama a tsamaea le bona a ba felehetsa. 17 Eaba Jehova o re: “Na ke patela Abrahama seo ke se etsang? 18 Ruri Abrahama e tla ba sechaba se seholo le se matla, ’me lichaba tsohle tsa lefatše li tla itlhohonolofatsa ka eena. 19 Etsoe ke mo tsebile e le hore a ka laela bara ba hae le ba ntlo ea hae ba tlang ka mor’a hae hore ba boloke tsela ea Jehova ba etse ho loka le kahlolo; e le hore ka sebele Jehova a ka tlisetsa Abrahama seo a se buileng ka eena.”
LA 24 FEBRUARY–LA 1 MARCH
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | GENESE 20-21
“Kamehla Jehova o Phethahatsa Litšepiso Tsa Hae”
(Genese 21:1-3) Eaba Jehova o lebisa tlhokomelo ea hae ho Sara feela joalokaha a boletse, ’me joale Jehova a etsa Sara feela joalokaha a boletse. 2 Sara a ima a ntan’o tsoalla Abrahama mora botsofaling ba hae ka nako e behiloeng eo Molimo a mo boleletseng eona. 3 Tumellanong le hoo Abrahama a reha mora oa hae eo a mo tsoaletsoeng, eo Sara a mo tsoaletseng eena, lebitso la Isaka.
Molimo o Ile a mo Reha “Khosatsana”
Ha se hore Sara o tšehile hobane a se na tumelo, kaha Bibele e re: “Ka tumelo le eena Sara o ile a amohela matla a ho emola peo, esita leha a ne a fetile tekanyo ea lilemo, kaha o ile a nka hore ea neng a tšepisitse oa tšepahala.” (Baheberu 11:11) O ne a tseba hantle hore Jehova o na le matla a ho phetha sohle seo a se tšepisang. Motho e mong le e mong o hloka ho ba le tumelo e kang ena. Re lokela ho ithuta ka Jehova hantle e le hore re be le tumelo joaloka Sara. Ha ho mohla Jehova a tšepisang ebe ha a phethahatse, ho fapana le hoo, o re fa ho hongata ho feta kamoo re lebeletseng.
“MAMELA LENTSOE LA HAE”
Ha Sara a le lilemo li 90 o ile a fumana ntho eo e leng khale a e batla. Ba ile ba ba le mora, ka nako eo Abrahama o ne a le lilemo li 100. Jehova o ne a itse ba mo rehe Isaka, e bolelang “Litšeho” ’me ba fela ba etsa joalo. Sara o ne a khathetse empa a thabile ha a re: “Molimo o ntokiselitse litšeho: e mong le e mong ea utloang ka hona o tla ntšeha.” (Genese 21:6) Mpho ena e tsoang ho Jehova e ile ea mo fa boikarabello bo bongata empa o tlameha a ile a e thabela bophelo bohle ba hae.
Isaka o ile a etsetsoa mokete ha a khoesoa a le lilemo li hlano. Bibele e re bolella hore Sara o ile a hlokomela hore Ishmaele o ne a lula a soma Isaka. Ka nako ena Ishmaele o ne a se a le lilemo li 19. Moapostola Pauluse o ile a re Ishmaele o ne a hlorisa Isaka, kahoo, ho mo soma hona e ne e se feela ho mo bapalisa. Sara o ile a hlokomela hore sena se utloisa Isaka bohloko, o ne a tseba hore Jehova o rerile ho phetha tšepiso ea hae ho Abrahama ka Isaka. O ile a iteta sebete eaba o kopa hore Abrahama a tebele Hagare le Ishmaele.—Genese 21:8-10; Bagalata 4:22, 23, 29.
Ebe Abrahama o ne a ikutloa joang ka taba ee? Bibele e re: “Ntho ena ha ea ka ea khahlisa Abrahama mabapi le mora oa hae.” O ne a rata Ishmaele haholo, o ne a bile a sitoa ho bona hore na taba ena e kenella joang morerong oa Jehova. Bibele e re tiisetsa hore Jehova o ne a bona hantle se etsahalang, e re: “U se ke ua lumella hore ntho leha e le efe eo Sara a ntseng a u bolella eona e be e sa khahliseng ho uena ka moshanyana le ka lekhabunyane la hao. Mamela lentsoe la hae, hobane se tla bitsoa peo ea hao se tla ba teng ka Isaka.” Abrahama o ile a mamela keletso ena ea Sara ka mor’a hore Jehova a mo kholise hore o tla hlokomela Hagare le Ishmaele.—Genese 21:11-14.
(Genese 21:5-7) Abrahama o ne a le lilemo li lekholo ha a tsoalloa mora oa hae Isaka. 6 Joale Sara a re: “Molimo o ntokiselitse litšeho: e mong le e mong ea utloang ka hona o tla ntšeha.” 7 Eaba oa eketsa: “Ke mang ea neng a ka bolella Abrahama a re, ‘Ka sebele Sara o tla anyesa bana,’ athe ke tsoetse mora botsofaling ba hae?”
(Genese 21:10-12) Kahoo a qala ho re ho Abrahama: “Leleka lekhabunyane lena le mora oa lona, etsoe mora oa lekhabunyane lena e ke ke ea e-ba mojalefa le mora oa ka, le Isaka!” 11 Empa ntho ena ha ea ka ea khahlisa Abrahama mabapi le mora oa hae. 12 Joale Molimo a re ho Abrahama: “U se ke ua lumella hore ntho leha e le efe eo Sara a ntseng a u bolella eona e be e sa khahliseng ho uena ka moshanyana le ka lekhabunyane la hao. Mamela lentsoe la hae, hobane se tla bitsoa peo ea hao se tla ba teng ka Isaka.
(Genese 21:14) Kahoo Abrahama a tsoha hoseng haholo ’me a nka bohobe le lekuka la metsi a li fa Hagare, a li beha lehetleng la hae, le ngoana, a ntan’o re a tsamaee. Eaba oa tsamaea ’me o lelera lefeelleng la Beerseba.
Batlisisa Matlotlo a Patiloeng
(Genese 20:12) Ntle ho moo, kannete ke khaitseli ea ka, morali oa Ntate, feela eseng morali oa ’Mè; ’me ke mosali oa ka.
wp17.3 12, naletsana.
“U Mosali ea Nang le Ponahalo e Ntle”
Sara e ne ele khaitseli ea Abrahama. Tera e ne e le ntate oa bona ka bobeli empa bo-’mè ba bona ba fapane. (Genese 20:12) Le hoja lenyalo la mofuta oo le fosahetse, re lokela ho hopola hore mehleng eo lintho li ne li fapane haholo le mehleng ena. Ka nako eo batho ba ne ba se hole haholo le phetheho eo Adama le Eva ba ileng ba e lahla. Ka lebaka leo batho ba ne ba ntse ba phetse hantle ba bile ba le matla. Kahoo ho nyalana ha batho ba amanang ho ne ho sa bake mathata a liphatsa tsa lefutso ho bana ba neng ba ka hlaha lenyalong le joalo. Leha ho le joalo lilemo tse 400 hamorao, batho ba ne ba se ba phela lilemo tse lekanang le tseo batho ba li phelang mehleng ena. Molao oo Molimo a ileng ao fetisetsa ho Baiseraele ka Moshe o ile oa hanela hore motho a ka nyalana le mong ka eena.—Levitike 18:6.
(Genese 21:33) Ka mor’a moo a lema sefate sa tamariske Beerseba ’me moo a ipiletsa lebitsong la Jehova Molimo ea hlolang ka nako e sa lekanyetsoang.
Abrahama—Mohlala oa Bohle ba Batlang Botsoalle ba Molimo
9 Abrame o ile a arabela ka ketso e ’ngoe ea tumelo. Joalokaha tlaleho e bolela: “A hahela Jehova . . . aletare.” (Genese 12:7) Mohlomong, sena se ne se akarelletsa ho nyehela sehlabelo sa phoofolo, hobane lentsoe la Seheberu bakeng sa “aletare” le bolela “sebaka sa sehlabelo.” Hamorao, Abrame o ile a pheta liketso tsena tsa tumelo likarolong tse ling tsa lefatše. Ho phaella moo, o ile “a bitsa lebitso la Jehova.” (Genese 12:8; 13:18; 21:33) Poleloana ea Seheberu “ho bitsa lebitso” hape e bolela “ho phatlalatsa (ho bolela) lebitso.” Ba ntlo ea Abrame haesita le Bakanana ba tlameha ba ’nile ba mo utloa ha a phatlalatsa ka sebete lebitso la Molimo oa hae, Jehova. (Genese 14:22-24) Ka ho tšoanang, bohle ba batlang botsoalle ba Molimo kajeno ba tlameha ho bitsa lebitso la hae ka tumelo. Hona ho tla akarelletsa ho kopanela boboleling ba phatlalatsa, ho hlahisa “kamehla ho Molimo sehlabelo sa thoriso, ke hore, litholoana tsa melomo e bolelang lebitso la hae phatlalatsa.”—Baheberu 13:15; Baroma 10:10.
’Malo oa Bibele
(Genese 20:1-18) Joale Abrahama a tlosa liahelo moo a li isa naheng ea Negebe eaba o lula pakeng tsa Kadeshe le Shure ’me a lula e le mojaki Gerare. 2 Abrahama a boela a re malebana le mosali oa hae Sara: “Ke khaitseli ea ka.” Eaba Abimeleke morena oa Gerare oa romeletsa ’me o nka Sara. 3 Ka mor’a moo Molimo a tla ho Abimeleke torong bosiu eaba o re ho eena: “Bona! ho tšoana leha u shoele ka lebaka la mosali eo u mo nkileng, kaha o ruiloe ke monghali e mong joaloka mosali oa hae.” 4 Leha ho le joalo, Abimeleke o ne a e-s’o mo atamele. Kahoo a re: “Jehova, na u tla bolaea sechaba seo ka sebele e leng se lokileng? 5 Na Abrahama ha aa ka a re ho ’na, ‘Ke khaitseli ea ka’? ’me Sara—na le eena ha aa ka a re, ‘Ke khaitseli ea ka’? Ke entse sena ka pelo e tšepahalang le ka matsoho a hlokang molato.” 6 Eaba Molimo oa ’nete o re ho eena torong: “Le ’na ke tsebile hore u entse sena ka pelo e tšepahalang, ’me ke ne ke u thibela hore u se ke ua ntšiteloa. Ke ka lebaka leo ke sa kang ka u lumella hore u mo ame. 7 Empa joale khutlisa mosali oa monna eo, etsoe ke moprofeta, ’me o tla u etsetsa thapeli. Kahoo u ’ne u phele. Empa haeba u sa mo khutlise, tseba hore ka sebele u tla shoa, uena le bohle bao e leng ba hao.” 8 Kahoo Abimeleke a tsoha hoseng haholo eaba o bitsa bahlanka bohle ba hae ’me o bua ka lintho tsena tsohle moo ba ntseng ba utloa. Banna bao ba tšoha haholo. 9 Joale Abimeleke a bitsa Abrahama eaba o re ho eena: “U re entse’ng, ’me ke u sitetsoe ka eng hore ebe u tliselitse ’na le ’muso oa ka sebe se seholo hakaale? U nkentse liketso tse sa lokelang ho etsoa.” 10 Eaba Abimeleke o tsoela pele ho re ho Abrahama: “Sepheo sa hao e ne e le sefe ka hore ebe u entse ntho ee?” 11 Eaba Abrahama o re: “Ke kahobane ke ipoleletse ho re, ‘Ntle ho pelaelo ha ho tšajoe Molimo sebakeng sena, ’me ka sebele ba tla mpolaea ka lebaka la mosali oa ka.’ 12 Ntle ho moo, kannete ke khaitseli ea ka, morali oa Ntate, feela eseng morali oa ’Mè; ’me ke mosali oa ka. 13 Eitse ha Molimo a etsa hore ke hlahlathele ke tlohe ntlong ea Ntate, joale ka re ho eena, ‘Ona ke mosa o lerato oo u tla mpontša oona: Sebakeng se seng le se seng seo re fihlang ho sona u re ka ’na: “Ke khaitseli ea ka.” ’ ” 14 Ka mor’a moo Abimeleke a nka linku le likhomo le bahlanka le makhabunyane eaba o a fa Abrahama ’me o mo khutlisetsa mosali oa hae Sara. 15 Ho ekelletsa moo Abimeleke a re: “Bona! ke tla u fa naha ea ka. Lula moo ho leng hotle mahlong a hao.” 16 Ho Sara a re: “Bona! ke fa khaitseli ea hao chelete ea likotoana tse sekete tsa silevera. Bona! ke lesira la mahlo bakeng sa bohle ba nang le uena, le ka pel’a e mong le e mong, ’me u hlakotsoe nyeliso.” 17 Abrahama a qala ho etsa thapeli ho Molimo oa ’nete; ’me Molimo a folisa Abimeleke le mosali oa hae le makhabunyane a hae, eaba ba qala ho tsoala bana. 18 Etsoe Jehova o ne a thibile ka thata popelo e ’ngoe le e ’ngoe ea ntlo ea Abimeleke ka lebaka la Sara, mosali oa Abrahama.