Linako le Mehla li Matsohong a Jehova
“Hase ha lōna hore le fumane tsebo ea linako kapa mehla tseo Ntate a li behileng ka taolo ea hae.”—LIKETSO 1:7.
1. Jesu o ile a araba lipotso tsa baapostola ba hae tse amanang le nako joang?
KE NTHO efe e utloahalang haholo ho feta hore “batho ba feheloang, ba bobolang ka baka la manyala ’ohle a etsoang” Bokreste-’mōtoaneng le lefatšeng lohle ba ipotse hore na tsamaiso ee e khopo ea lintho e tla fela neng ’me e nkeloe sebaka ke lefatše le lecha le lokileng la Molimo? (Ezekiele 9:4; 2 Petrose 3:13) Baapostola ba Jesu ba ile ba mo botsa lipotso tse amanang le nako pejana feela ho lefu la hae le ka mor’a tsoho ea hae. (Matheu 24:3; Liketso 1:6) Leha ho le joalo, ha a arabela, Jesu ha aa ka a ba fa mokhoa oa ho bala matsatsi. Ketsahalong e ’ngoe o ile a ba fa pontšo e likarolo li ngata, ’me ho e ’ngoe a re ‘e ne e se ha bona hore ba fumane tsebo ea linako kapa mehla tseo Ntate a li behileng ka taolo ea hae.’—Liketso 1:7.
2. Ke hobane’ng ha ho ka boleloa hore hase kamehla Jesu a ’nileng a tseba kemiso ea nako ea Ntate oa hae bakeng sa liketsahalo tse neng li tla hlaha nakong ea bofelo?
2 Le hoja Jesu e le Mora ea tsoetsoeng a ’notši oa Jehova, eena ka boeena hase kamehla a ’nileng a tseba kemiso ea nako ea Ntate oa hae bakeng sa liketsahalo. Boprofeteng ba hae bo mabapi le matsatsi a ho qetela, ka boikokobetso Jesu o ile a lumela: “Malebana le letsatsi leo le hora eo ha ho ea tsebang, leha e le mangeloi a maholimo kapa Mora, haese Ntate feela.” (Matheu 24:36) Jesu o ne a ikemiselitse ho letela Ntate oa hae ka mamello hore a mo senolele nako e tobileng ea ho nka bohato ba ho timetsa tsamaiso ena e khopo ea lintho.a
3. Re ka ithuta eng likarabelong tsa Jesu lipotsong tse amanang le morero oa Molimo?
3 Ho ka utloisisoa lintho tse peli tseleng eo ka eona Jesu a ileng a araba lipotso tse amanang le hore na lintho tse phethahatsang morero oa Molimo li ne li tla etsahala neng. Taba ea pele ke hore Jehova o na le kemiso ea nako; ’me taba ea bobeli ke hore ke eena feela ea etsang qeto ka eona, ’me bahlanka ba hae ba ke ke ba lebella hore ba fuoe boitsebiso bo tobileng esale pele ka linako tsa hae le mehla.
Linako Tsa Jehova le Mehla
4. Moelelo oa mantsoe a Segerike a fetoletsoeng e le “linako” le “mehla” ho Liketso 1:7 ke ofe?
4 Ho boleloa’ng ka “linako” le “mehla”? Polelo ea Jesu e tlalehiloeng ho Liketso 1:7 e na le litšobotsi tse peli tsa nako. Lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le “linako” le bolela “nako ka kutloisiso ea bolelele ba nako,” nako e itseng (e telele kapa e khutšoanyane). “Mehla” ke phetolelo ea lentsoe le bolelang nako e tsitsitseng kapa e behiloeng, mehla e itseng, kapa nako e itseng, e tšoauoang ka litšobotsi tse itseng. Mabapi le mantsoe ana a pele a mabeli, W. E. Vine o re: “Ho Liketso 1:7, ‘Ntate o behile matleng a hae a ho laela’ ka bobeli linako (chronos), bolelele ba linako, le mehla (kairos), linako tsa bohlokoa tse khetholloang ka liketsahalo tse itseng.”
5. Jehova o ile a tsebisa Noe neng ka morero oa Hae oa ho timetsa lefatše le silafetseng, ’me ke thōmo efe e habeli eo Noe a ileng a e phetha?
5 Pele ho Moroallo, Molimo o ile a beha tekanyetso ea nako ea lilemo tse 120 bakeng sa lefatše le silafetseng le neng le hlahisitsoe ke batho le mangeloi a marabele a nkileng ’mele ea batho. (Genese 6:1-3) Noe ea tšabang Molimo o ne a le lilemo li 480 ka nako eo. (Genese 7:6) O ne a se na bana ’me o ile a lula a se na bona ka lilemo tse ling tse 20. (Genese 5:32) Hamorao haholo, ha bara ba Noe ba se ba le baholo ’me ba nyetse, Molimo o ile a tsebisa Noe ka morero oa Hae oa ho tlosa bokhopo lefatšeng. (Genese 6:9-13, 18) Esita le nakong eo, le hoja Noe a ne a fuoe taelo e habeli ea ho haha areka le ho bolella batho ba mehleng ea hae, Jehova ha aa ka a mo senolela kemiso ea hae ea nako.—Genese 6:14; 2 Petrose 2:5.
6. (a) Noe o ile a bontša joang hore o tlohetse litaba tsa nako matsohong a Jehova? (b) Re ka latela mohlala oa Noe joang?
6 Ka lilemo tse mashome—mohlomong tse mashome a mahlano—‘Noe a etsa kahohle kamoo Molimo o mo laetseng kateng.’ Noe o ile a etsa joalo “ka tumelo,” a sa tsebe letsatsi le tobileng. (Genese 6:22; Baheberu 11:7) Jehova ha aa ka a mo tsebisa nako e tobileng ea liketsahalo ho fihlela ho setse beke e le ’ngoe pele Moroallo o qala. (Genese 7:1-5) Tšepo e feletseng le tumelo tseo Noe a neng a e-na le tsona ho Jehova li ile tsa mo nolofalletsa ho tlohela litaba tsa nako matsohong a Molimo. E tlameha ebe Noe o ile a leboha hakaakang ha a utloa tšireletso ea Jehova nakong ea Moroallo ’me hamorao a tsoa ka arekeng a hata lefatšeng le hloekileng! Re e-na le tšepo e tšoanang ea ho pholoha, na ha rea lokela ho sebelisa tumelo e joalo ho Molimo?
7, 8. (a) Lichaba le mebuso ea lefatše li bile teng joang? (b) Ke ka tsela efe ‘Jehova a laetseng linako tse behiloeng le meeli e behiloeng ea ho lula ha batho’?
7 Ka mor’a Moroallo, boholo ba litloholo tsa Noe bo ile ba tlohela borapeli ba ’nete ba Jehova. Ka sepheo sa hore li lule sebakeng se le seng, li ile tsa qala ho haha motse le tora ea borapeli ba bohata. Jehova o ile a etsa qeto ea hore ke nako ea hore a kenelle. O ile a ferekanya puo ea tsona ’me a li ‘qhalanyetsa lefatšeng lohle [ho tloha Babele].’ (Genese 11:4, 8, 9) Hamorao, lihlopha tsa lipuo li ile tsa hōla hore e be lichaba, tse ling tsa tsona tsa hapa lichaba tse ling ’me tsa fetoha mebuso ea libaka, esita le ho ba mebuso ea lefatše.—Genese 10:32.
8 Tumellanong le ho phethahatsoa ha morero oa hae, ka linako tse ling Molimo o ne a lekanyetsa meeli ea lichaba le hore na sechaba se itseng se ne se tla busa neng tikolohong e itseng kapa e le ’muso oa lefatše. (Genese 15:13, 14, 18-21; Exoda 23:31; Deuteronoma 2:17-22; Daniele 8:5-7, 20, 21) Moapostola Pauluse o ne a bua ka tšobotsi ena ea linako tsa Jehova le mehla ha a ne a bolella batho ba bohlale ba Bagerike Athene: “Molimo ea entseng lefatše le lintho tsohle tse ho lona . . . o entse ho tsoa mothong a le mong sechaba se seng le se seng sa batho, ho lula holim’a lefatše lohle, ’me o laetse linako tse behiloeng le meeli e behiloeng ea ho lula ha batho.”—Liketso 17:24, 26.
9. Jehova o ‘fetotse linako le mehla’ joang mabapi le marena?
9 Sena ha se bolele hore Jehova oa ikarabella ka tlhōlo eohle ea lintoa tsa bopolotiki le liphetoho har’a lichaba. Empa leha ho le joalo, a ka kenella ha a khetha ho etsa joalo e le hore a phethahatse morero oa hae. Ka hona, moprofeta Daniele, ea neng a tla bona ho oa ha ’Muso oa Lefatše oa Babylona le ho nkeloa ha oona sebaka ke Medo-Persia, o ile a re ka Jehova: ‘Ke eena ea hlahisang phetoho ea mehla le linako, ea tlosang marena, ea phahamisang marena, ea neang ba bohlale bohlale, ea neang kelello ho batho ba ratang ho utloisisa.’—Daniele 2:21; Esaia 44:24–45:7.
“Nako e ne e Atamela”
10, 11. (a) Jehova o ile a beha nako eo ka eona a neng a tla lopolla litloholo tsa Abrahama botlamuoeng esale pele halelele hakae? (b) Ke eng e fanang ka maikutlo a hore Baiseraele ba ne ba sa tsebe ka ho toba hore na ba ne ba tla lopolloa neng?
10 Lilemo tse fetang makholo a mane esale pele, Jehova o ile a beha selemo se tobileng seo ka sona a neng a tla kokobetsa morena oa ’Muso oa Lefatše oa Egepeta le ho lokolla litloholo tsa Abrahama bokhobeng. Ha a senolela Abrahama morero oa hae, Molimo o ile a tšepisa: “Tseba hoba litloholo tsa hao e tla ba bajaki naheng ee e seng ea bona, ’me e tla ba bahlanka, ’me ba tla tujoa ka lilemo tse makholo a mane. Empa sechaba seo ba tla beng ba se sebelelitse, ke tla se ahlola, ’me kamorao ba tla tsoa teng ba na le maruo a maholo.” (Genese 15:13, 14) Ha a akaretsa histori ea Iseraele, e ileng ea fanoa ka pel’a Sanhedrine, Setefane o ile a bua ka nako ena ea lilemo tse 400 ’me a re: “Hantle feela ha nako e ne e atamela ea ho phethahala ha tšepiso eo Molimo a neng a e boleletse Abrahama pepenene, batho ba eketseha ’me ba ata Egepeta, ho fihlela ho hlaha morena osele holim’a Egepeta, ea neng a sa tsebe Josefa.”—Liketso 7:6, 17, 18.
11 Faro enoa e mocha o ile a etsa Baiseraele makhoba. Moshe o ne a e-s’o ngole buka ea Genese, le hoja ho ka etsahala hore ebe litšepiso tsa Jehova ho Abrahama li ne li fetisitsoe ka molomo kapa ka se ngotsoeng. Leha ho le joalo, ho bonahala eka boitsebiso boo Baiseraele ba neng ba e-na le bona bo ne bo sa ba lumelle ho lekanyetsa letsatsi le tobileng la ho lokolloa ha bona khatellong. Molimo o ne a tseba hore na o tla ba lopolla neng, empa kamoo ho bonahalang kateng Baiseraele ba mahlomoleng ba ne ba sa tsebisoa. Rea bala: “Litšiu tse ngata ha li fetile, morena oa ba-Egepeta a shoa. Ha e le bana ba Iseraele, ba ne ba ntse ba lumaela ka baka la ho tubeha ha bona, ba meketsa, ’me ho meketsa ha bona ha fihla ho Molimo, kamoo ba tubehang kateng. Molimo oa utloa ho lumaela ha bona, ’me Molimo oa hopola selekane sa oona le bo-Abrahama le Isaaka le Jakobo. Molimo oa talima bana ba Iseraele, ’me oa ba hlokomela.”—Exoda 2:23-25.
12. Setefane o bontšitse joang hore Moshe o ile a nka bohato pele ho nako ea Jehova?
12 Ho hloka tsebo hona ka nako e tobileng ea ho lopolloa ha Iseraele ho ka boela ha utloisisoa kakaretsong ea Setefane. Ha a bua ka Moshe, o ile a re: “Ha nako ea selemo sa hae sa mashome a mane e ntse e phethahala, ha fihla pelong ea hae hore a hlahlobe barab’abo, bara ba Iseraele. ’Me ha a re heli! ’me a bona e mong ea itseng a tšoaroa ka mokhoa o hlokang toka, a mo sireletsa ’me a phethisa phetetso bakeng sa ea etsoang hampe ka ho bolaea Moegepeta. O ne a nahana hore barab’abo ba ne ba tla utloisisa hore Molimo o ne a ba fa poloko ka letsoho la hae, empa ha baa ka ba ho utloisisa.” (Liketso 7:23-25) Mona Moshe o ile a nka bohato lilemo tse 40 pele ho nako ea Molimo. Setefane o bontšitse hore Moshe o ile a lokela ho leta lilemo tse ling tse 40 pele Molimo ‘a fa Baiseraele poloko ka letsoho la hae.’—Liketso 7:30-36.
13. Boemo ba rōna bo tšoana le ba Baiseraele pele ba lopolloa Egepeta joang?
13 Le hoja “nako e ne e atamela ea ho phethahala ha tšepiso” ’me Molimo a ne a behile selemo seo ka ho tobileng, Moshe le Iseraele eohle ba ne ba lokela ho sebelisa tumelo. Ba ne ba lokela ho letela nako ea Jehova e behiloeng, ka ho hlakileng ba ne ba sa khone ho e lekanyetsa esale pele. Le rōna re kholisehile hore ho lopolloa ha rōna tsamaisong ea joale e khopo ea lintho ho ntse ho atamela. Rea tseba hore re phela “matsatsing a ho qetela.” (2 Timothea 3:1-5) Kahoo, na ha rea lokela ho ikemisetsa ho bontša tumelo ea rōna le ho letela nako e loketseng ea Jehova bakeng sa letsatsi la hae le leholo? (2 Petrose 3:11-13) Joale, joaloka Moshe le Baiseraele, ka ho loketseng re ka bina pina e khanyang ea topollo, thorisong ea Jehova.—Exoda 15:1-19.
‘Ha Nako e Fihla’
14, 15. Re tseba joang hore Molimo o ne a behile nako ea hore Mora oa hae a tle lefatšeng, ’me baprofeta esita le mangeloi ba ile ba lula ba lebeletse eng?
14 Jehova o ne a behile nako e tobileng bakeng sa hore Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši a tle lefatšeng e le Mesia. Pauluse o ngotse: “Ha tekanyo e feletseng ea nako e fihla, Molimo o ile a romela Mora oa hae, ea ileng a tsoa ho mosali le ea ileng a ba tlas’a molao.” (Bagalata 4:4) Sena se ne se phethahatsa tšepiso ea Molimo ea ho romela Peō—‘Shilo, eo lichaba li neng li tla mo utloa.’—Genese 3:15; 49:10.
15 Baprofeta ba Molimo—esita le mangeloi—ba ile ba lula ba lebeletse “mehla” eo Mesia a neng a tla hlaha ka eona lefatšeng ’me poloko e be teng bakeng sa moloko oa batho ba baetsalibe. Petrose o itse: “Malebana le poloko eona ena ho botsisisa ka ho khothala le ho batlisisa ka hloko ho ile ha etsoa ke baprofeta ba ileng ba profeta ka mosa o sa tšoanelang o neng o reretsoe lōna. Ba ’na ba tsoela pele ho batlisisa hore na ke nako efe ka ho khetheha kapa ke nako ea mofuta ofe eo moea o ho bona o neng o e supa malebana le Kreste ha o ne o paka esale pele ka litlhokofatso tsa Kreste le ka likhanya tse tlang ho latela tsena. . . . Mangeloi a lakatsa ho nyarela ka hare ho lintho tsona tsena.”—1 Petrose 1:1-5, 10-12.
16, 17. (a) Ke boprofeta bofe boo ka bona Jehova a ileng a thusa Bajuda ba lekholong la pele la lilemo hore ba lebelle Mesia? (b) Boprofeta ba Daniele bo ile ba ama ho lebella ha Bajuda Mesia joang?
16 Ka moprofeta oa hae Daniele—monna oa tumelo e sa thekeseleng—Jehova o ne a fane ka boprofeta bo amanang le ‘libeke tse mashome a supileng.’ Boprofeta boo bo ne bo tla nolofalletsa Bajuda ba lekholong la pele la lilemo ho tseba hore ho hlaha ha Mesia ea tšepisitsoeng ho ne ho atametse. Ka karolo boprofeta boo bo ile ba re: “Ho tloha taelong e bolelang hore Jerusalema o tla tsosoa, o hahuoe, ha e tsoile, ho fihlisa ho motlotsuoa Morena, ho tla feta veke tse supileng; [hape le, NW] veke tse mashome a tšeletseng a metso e ’meli.” (Daniele 9:24, 25) Ka kakaretso litsebi tsa Bajuda, tsa Mak’hatholike le tsa Maprostanta lia lumela hore ‘libeke’ tseo ho buuoang ka tsona mona li bolela libeke tsa lilemo. ‘Libeke’ tse 69 (lilemo tse 483) tsa Daniele 9:25 li ile tsa qala ka 455 B.C.E., ha Morena Artaxerxese oa Persia a ne a laela Nehemia hore ‘a tsose le ho haha Jerusalema hape.’ (Nehemia 2:1-8) Li ile tsa fela lilemo tse 483 hamorao—ka 29 C.E., ha Jesu a ne a kolobetsoa ’me a tlotsoa ka moea o halalelang, kahoo a fetoha Mesia, kapa Kreste.—Matheu 3:13-17.
17 Hore na Bajuda ba lekholong la pele la lilemo ba ne ba tseba hantle hore na lilemo tse 483 li qalile neng, ha ho tsejoe. Empa ha Johanne Mokolobetsi a qala tšebeletso ea hae, ‘batho ba ne ba lebeletse ’me kaofela ba nahana ka lipelong tsa bona mabapi le Johanne: “Na ekaba mohlomong ke eena Kreste?”’ (Luka 3:15) Litsebi tse ling tsa Bibele li amahanya tebello ena le boprofeta ba Daniele. Ha a hlalosa temana ena, Matthew Henry o ile a ngola: “Mona re bolelloa . . . kamoo batho ba ileng ba etsa qeto kateng, ka tšebeletso le kolobetso ea Johanne, ea ho nahana ka Mesia, le ho nahana ka eena e le ea seng a le haufi haholo. . . . Joale libeke tse mashome a supileng tsa Daniele li ne li fela.” Manuel Biblique ea Sefora, ea Vigouroux, Bacuez le Brassac e re: “Batho ba ne ba tseba hore libeke tse mashome a supileng tsa lilemo tse tiisitsoeng ke Daniele li ne li atamela bofelong; ho ne ho se ea makaletseng ho utloa Johanne Mokolobetsi a phatlalatsa hore ’muso oa Molimo o ne o atametse.” Setsebi sa Mojuda Abba Hillel Silver o ile a ngola hore ho ea ka “mokhoa o tloaelehileng oa ho bala nako ea liketsahalo” oa mehleng eo, “Mesia o ne a lebeletsoe hoo e ka bang kotareng ea bobeli ea lekholo la pele la lilemo C.E.”
Liketsahalo—Eseng ho Lekanyetsoa ha Nako
18. Le hoja boprofeta ba Daniele bo ile ba thusa Bajuda hore ba khetholle nako eo ka eona ho neng ho ka lebelloa hore Mesia a hlahe, bopaki bo kholisang ka ho fetisisa ba hore Jesu ke Mesia e ne e le bofe?
18 Le hoja kamoo ho bonahalang kateng mokhoa oa ho bala nako ea liketsahalo o ile oa thusa sechaba sa Bajuda ho ba le khopolo e akaretsang ea hore na Mesia o ne a lokela ho hlaha neng, liketsahalo tse ileng tsa latela li bontša hore ha oa ka oa thusa ho kholisa ba bangata ba bona hore Jesu ke Mesia. Nako e ka tlaase ho selemo pele ho lefu la hae, Jesu o ile a botsa barutuoa ba hae: “Bongata bo re ke mang?” Ba araba: “Johanne Mokolobetsi; empa ba bang, Elija, ’me ho ntse ho le joalo ba bang, ba re e mong oa baprofeta ba boholo-holo o tsohile.” (Luka 9:18, 19) Ha re na tlaleho ea hore Jesu o kile a qotsa boprofeta ba libeke tsa tšoantšetso ho paka hore ke eena Mesia. Empa ketsahalong e ’ngoe, o ile a re: “Ke na le bopaki bo boholo ho feta ba Johanne, etsoe eona mesebetsi eo Ntate a nkabetseng eona hore ke e phethe, eona mesebetsi eo ke e etsang, ea mpaka hore Ntate o nthomile.” (Johanne 5:36) Ho fapana le mokhoa leha e le ofe o senotsoeng oa ho bala nako ea liketsahalo, boboleli ba Jesu, mehlolo ea hae le liketsahalo tse potolohileng lefu la hae (lefifi la mohlolo, ho hahoha ha lesira la tempele le tšisinyeho ea lefatše) li ile tsa paka hore ke Mesia ea rometsoeng ke Molimo.—Matheu 27:45, 51, 54; Johanne 7:31; Liketso 2:22.
19. (a) Bakreste ba ne ba tla tseba joang hore timetso ea Jerusalema e atametse? (b) Ke hobane’ng ha Bakreste ba pele ba ileng ba baleha Jerusalema ba ne ba ntse ba hloka tumelo e khōlō?
19 Ka ho tšoanang, ka mor’a lefu la Jesu, Bakreste ba pele ha baa ka ba fuoa mokhoa oa ho lekanyetsa nako e tlang ea bofelo ba tsamaiso ea lintho ea Sejuda. Ke ’nete hore boprofeta ba Daniele ba libeke tsa tšoantšetso bo ne bo buile ka timetso ea tsamaiso eo. (Daniele 9:26b, 27b) Empa sena se ne se tla etsahala ka mor’a bofelo ba ‘libeke tse mashome a supileng’ (455 B.C.E.–36 C.E.). Ka mantsoe a mang, ka mor’a hore Balichaba ba pele ba fetohe balateli ba Jesu ka 36 C.E., Bakreste ba ne ba se ba fetetse ka nģ’ane ho likarolo tsa bohlokoa ho baloeng ha nako ea liketsahalo ho boletsoeng ho Daniele khaolo ea 9. Ho bona, ke liketsahalo, eseng mokhoa oa ho bala nako ea liketsahalo, tse neng li tla bontša hore tsamaiso ea Sejuda e lokela ho fela kapele. Liketsahalo tseo, tse neng li boletsoe esale pele ke Jesu, li ile tsa qala ho fihla tlhōrōng ho tloha ka 66 C.E., ha mabotho a Roma a ne a hlasela Jerusalema ’me joale a khutlela morao. Sena se ile sa fa Bakreste ba tšepahalang, ba hlokolosi ba neng ba le Jerusalema le Judea monyetla oa ho ‘balehela lithabeng.’ (Luka 21:20-22) Kaha ba ne ba se na lipontšo tsa ho bala nako ea liketsahalo, Bakreste bao ba pele ba ne ba sa tsebe hore na timetso ea Jerusalema e ne e tla tla neng. Ho ne ho hlokahala tumelo e kaakang ho bona hore ba tlohele malapa a bona, masimo le litsi tsa mesebetsi le hore ba lule ka ntle ho Jerusalema ka lilemo tse ka bang ’nè ho fihlela ha lebotho la Roma le khutla ka 70 C.E., ’me le felisa tsamaiso ea Sejuda!—Luka 19:41-44.
20. (a) Re ka rua molemo joang mehlaleng ea Noe, Moshe le Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba Judea? (b) Re tla buisana ka eng sehloohong se latelang?
20 Joaloka Noe, Moshe le Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba Judea, kajeno le rōna ka kholiseho re ka tlohela linako le mehla matsohong a Jehova. Kholiseho ea rōna ea hore re phela nakong ea bofelo le hore poloko ea rōna e atametse ha ea itšetleha ka mokhoa oa ho bala nako ea liketsahalo feela tjee, empa e itšetlehile ka liketsahalo tsa sebele tse phethahatsang boprofeta ba Bibele. Ho feta moo, le hoja re phela nakong ea ho ba teng ha Kreste, ha rea lokoloha tlhokahalong ea ho sebelisa tumelo le ho lula re lebetse. Re tlameha ho tsoela pele ho phela ka tebello e matla ea liketsahalo tse susumetsang tse boletsoeng esale pele ka Mangolong. Ena ke taba eo ho tla buisanoa ka eona sehloohong se latelang.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
Bakeng sa Tlhahlobo
◻ Ke eng seo Jesu a ileng a se bolella baapostola ba hae mabapi le linako tsa Jehova le mehla?
◻ Noe o ile a tseba nako e telele hakae esale pele hore na Moroallo o tla qala neng?
◻ Ke eng se bontšang hore Moshe le Baiseraele ba ne ba sa tsebe hantle hore na ba tla lopolloa neng Egepeta?
◻ Re ka rua molemo joang mehlaleng ea Bibele e amang linako tsa Jehova le mehla?
[Setšoantšo se leqepheng la 11]
Tumelo ea Noe e ile ea mo nolofalletsa ho tlohella litaba tsa nako matsohong a Jehova