Karolo ea Basali e Nang le Seriti Har’a Bahlanka ba Pele ba Molimo
“Eaba Jehova Molimo o re: ‘Ha ho molemo hore motho a lule a ’notši. Ke tla mo etsetsa mothusi, e le molekane oa hae.’”—GENESE 2:18, NW.
1. Dikshinari ea Bibele e hlalosa karolo ea basali joang mehleng ea boholo-holo?
“HA HO kae kapa kae Mediterranean ea boholo-holo kapa Bochabela bo Haufi moo basali ba neng ba fuoa bolokolohi boo ba nang le bona lichabeng tsa kajeno tsa Bophirimela. Mokhoa o tloaelehileng e ne e le hore basali e be ba ka tlaasana ho banna, joalokaha makhoba a ne a le ka tlaasana ho bao eseng makhoba, le ba banyenyane e le ba tlaasana ho ba baholo. . . . Bana ba batona ba ne ba nkoa e le ba bohlokoa ho feta ba batšehali, ’me ka linako tse ling bana ba banana ba ne ba bolaoa ka ho lahloa kherehloa.” Ke kamoo dikshinari e ’ngoe ea Bibele e hlalosang boemo ba basali mehleng ea boholo-holo.
2, 3. (a) Ho latela tlaleho e ’ngoe, boemo ba basali ba bangata ke bofe kajeno? (b) Ho phahama lipotso life?
2 Boemo ha bo molemo hakaalo likarolong tse ngata tsa lefatše kajeno. Ka 1994, ka lekhetho la pele, tlaleho ea selemo le selemo ea litokelo tsa botho ea U.S. State Department e ile ea lebisa tlhokomelo tseleng eo basali ba tšoaroang ka eona. Sehlooho sa New York Times mabapi le tlaleho ena se ne se re: “Lipalo Tse Mabapi le Linaha Tse 193 li Bontša Hore Khethollo ea Letsatsi le Letsatsi ke Ntho ea Sebele.”
3 Kaha basali ba bangata ba nang le limelo tse fapaneng tsa mokhoa oa bophelo ba kopanela le liphutheho tsa batho ba Jehova lefatšeng ka bophara, ho phahama lipotso tse itseng: Na tšoaro e sa tsoa hlalosoa ke eo qalong Molimo a neng a e reretse basali? Basali ba ne ba tšoaroa joang har’a barapeli ba Jehova linakong tsa Bibele? Hona basali ba lokela ho tšoaroa joang kajeno?
“Mothusi” le “Molekane”
4. Jehova o ile a hlokomela eng ka mor’a hore monna oa pele a be tšimong ea Edene a le mong ka nakoana, hona Molimo o ile a etsa’ng ka mor’a moo?
4 Ka mor’a hore Adama a be tšimong ea Edene a le mong ka nako e itseng, Jehova o ile a re: “Ha ho molemo hore motho a lule a ’notši. Ke tla mo etsetsa mothusi, e le molekane oa hae.” (Genese 2:18, NW) Le hoja Adama e ne e le monna ea phethahetseng, ho ne ho hlokahala ho hong hape hore morero oa ’Mōpi o phethahale. Bakeng sa ho finyella tlhokahalo eo, Jehova o ile a bōpa mosali ’me a rala lenyalo la pele.—Genese 2:21-24.
5. (a) Lereho la Seheberu le fetoletsoeng e le “mothusi” hangata le sebelisoa joang ke bangoli ba Bibele? (b) Ke eng e bontšoang ke ’nete ea hore Jehova o ile a bitsa mosali oa pele “molekane”?
5 Na mantsoe “mothusi” le “molekane” a bontša hore karolo eo mosali a e abetsoeng ke Molimo e ne e nyenyefatsa? Ho hang ha ho joalo. Hangata bangoli ba Bibele ba sebelisa lereho la Seheberu (ʽeʹzer) le fetoletsoeng e le “mothusi” ha ba bua ka Molimo. Ka mohlala, Jehova o ipaka hore ke “thuso ea rōna le thebe ea rōna.” (Pesaleme ea 33:20; Exoda 18:4; Deuteronoma 33:7) Ho Hosea 13:9, Jehova o bile o ipitsa ‘ea thusang’ Iseraele. Ha e le lentsoe la Seheberu (neʹghedh) le fetoletsoeng e le “molekane,” setsebi se seng sa Bibele sea hlalosa: “Thuso e neng e lebelletsoe hase feela ho thusa mosebetsing oa letsatsi le letsatsi kapa ho ba le bana . . . empa ke ho tšehetsana ho tlisoang ke botsoalle.”
6. Ho ile ha thoe’ng ka mor’a pōpo ea mosali, hona hobane’ng?
6 Ka hona ha ho letho le nyenyefatsang ha Jehova a bolela hore mosali ke “mothusi” le “molekane.” Mosali o ne a e-na le sebōpeho sa hae se ikhethang sa kelello, maikutlo le ’mele. E ne e le motlatsi ea loketseng, molekane ea khotsofatsang oa monna. E mong le e mong o ne a fapane, empa e mong le e mong o ne a hlokahala bakeng sa ho ‘tlatsa lefatše’ tumellanong le morero oa ’Mōpi. Ho totobetse hore e bile ka mor’a ho bōptjoa ha monna le mosali ka bobeli ha ‘Molimo a bona tsohle tseo a li entseng hoba li molemo haholo.’—Genese 1:28, 31.
7, 8. (a) Ha sebe se kena Edene, karolo ea mosali e ne e tla ameha joang? (b) Ho phahama lipotso life mabapi le ho phethahala ha Genese 3:16 har’a barapeli ba Jehova?
7 Ha sebe se kenella, lintho li ile tsa fetoha bakeng sa monna le mosali. Jehova o ile a ba ahlola ka bobeli hore ke baetsalibe. Jehova o ile a bolella Eva phello eo a e lumellang joalokaha eka e ne e tlisoa ke eena, a re: “Ke tla u atisetsa bohloko ba hao haholo-holo kemarong ea hao.” O ile a phaella: “U tla beleha bana ka bohloko; litakatso tsa hao li tla ba ho monna oa hao, ’me u tla busoa ke eena.” (Genese 3:16) Ho tloha ka nako eo, basali ba bangata ba ’nile ba hatelloa, hangata e le ka ho hloka kutloelo-bohloko, ke banna ba bona. Ho e-na le hore ba nkoe e le bathusi le balekane ba bohlokoa, hangata ba ’nile ba tšoaroa joaloka bahlanka kapa makhoba.
8 Leha ho le joalo, phethahatso ea Genese 3:16 e ne e bolela eng ho barapeli ba Jehova ba batšehali? Na ba behiloe sebakeng se tlaasana le sa ho ba le sekhobo? Ho hang ha ho joalo! Empa ho thoe’ng ka litlaleho tsa Bibele tse buang ka litloaelo le mekhoa e amang basali e ka ’nang ea bonahala e sa amohelehe lichabeng tse ling kajeno?
Ho Utloisisa Litloaelo Tsa Bibeleng
9. Ha re nahana ka litloaelo tse amang basali mehleng ea Bibele, re lokela ho hopola lintho life tse tharo?
9 Basali ba ne ba tšoeroe hantle har’a bahlanka ba Molimo mehleng ea Bibele. Ho hlakile hore ha re hlahloba litloaelo tse amang basali mehleng eo, ho molemo ho hopola lintlha tse ’maloa. Ea pele, ha Bibele e bua ka maemo a sa thabiseng a bileng teng ka lebaka la ho hatelloa ka boithati ke banna ba khopo, sena ha se bolele hore Molimo o ne a amohela hore basali ba tšoaroe joalo. Ntlha ea bobeli, le hoja Jehova a ile a mamella litloaelo tse itseng har’a bahlanka ba hae ka nako e itseng, o ile a li laola e le hore a ka sireletsa basali. Ntlha ea boraro, re tlameha ho ba seli ho se nyatse litloaelo tsa boholo-holo motheong oa litekanyetso tsa kajeno. Litloaelo tse ling tseo ho ka ’nang ha bonahala li sa thabise batho ba phelang kajeno, basali morao koo ba ne ba sa li nke li nyenyefatsa. A re hlahlobeng mehlala e meng.
10. Jehova o ne a talima sethepu (ka Senyesemane, polygamy) joang, ’me ke eng se bontšang hore ha ho mohla a kileng a lahla tekanyetso ea hae ea hore motho a be le molekane a le mong feela oa lenyalo?
10 Sethepu (ka Senyesemane, polygamy):a Ho latela morero oa Jehova oa pele, mosali o ne a sa tl’o kopanela monna oa hae le mosali e mong. Molimo o bōpetse Adama mosali a le mong feela. (Genese 2:21, 22) Ka mor’a borabele Edene, sethepu se qalile ho ba teng lelokong la Kaine. Qetellong e bile tloaelo ’me ea amoheloa ke barapeli ba bang ba Jehova. (Genese 4:19; 16:1-3; 29:21-28) Le hoja Jehova a ile a lumella sethepu ’me se ile sa thusa tabeng ea ho eketsa sechaba sa Iseraele, o ile a bontša hore o nahanela basali ka ho laola mokhoa ona e le hore basali le bana ba ka sireletsoa. (Exoda 21:10, 11; Deuteronoma 21:15-17) Ho feta moo, ha ho mohla Jehova a kileng a lahla tekanyetso ea hae ea pele ea hore motho a be le molekane a le mong oa lenyalo. Noe le bara ba hae, bao taelo ea hore ‘ba ate, ba ngatafale, ba tlale lefatše’ e ileng ea phetoa ho bona, e mong le e mong oa bona o ne a e-na le molekane a le mong oa lenyalo. (Genese 7:7; 9:1; 2 Petrose 2:5) Molimo o ile a itšoantša le monna oa molekane a le mong oa lenyalo ha a ne a tšoantšetsa kamano ea hae le Iseraele. (Esaia 54:1, 5) Hape, tekanyetso ea Molimo ea pele ea hore motho a be le molekane a le mong oa lenyalo e ile ea boela ea thehoa ke Jesu Kreste ’me ea sebelisoa phuthehong ea pele ea Bokreste.—Mattheu 19:4-8; 1 Timothea 3:2, 12.
11. Ke hobane’ng ha bohali bo ne bo ntšoa mehleng ea Bibele, hona na bo ne bo nyenyefatsa basali?
11 Ho ntša bohali: Buka ea Ancient Israel—Its Life and Institutions e re: “Tlamo ena ea ho lefa lelapa la’bo ngoanana chelete e itseng, kapa ntho e lekanang le eona, e etsa hore ho bonahale eka lenyalo la Baiseraele e ne e le thekiso. Empa [bohali] bo bonahala e ne e se hakaalo theko e lefuoang bakeng sa mosali empa e ne e le puseletso e fuoang lelapa.” (Mongolo o tšekaletseng ke oa rōna.) Kahoo ho lefuoa ha bohali ho ne ho sebeletsa ho buselletsa lelapa la’bo mosali bakeng sa tahlehelo ea litšebeletso tsa hae le boiteko le litšenyehelo tseo ho ileng ha hlokahala hore lelapa la’bo le kene ho tsona ha le mo hlokomela. Kahoo, ho e-na le ho nyenyefatsa mosali, bo ile ba tiisa hore ke oa bohlokoa lelapeng la’bo.—Genese 34:11, 12; Exoda 22:16; bona Molula-Qhooa oa January 15, 1989, maqepheng a 21-4.
12. (a) Banna le basali ba leng lenyalong ba ne ba bitsoa joang ka linako tse ling ka Mangolong, hona na mabitso aa a ne a khopisa basali? (b) Ke eng se hlokomelehang ka mabitso ao Jehova a ileng a a sebelisa Edene? (Bona mongolo o botlaaseng ba leqephe.)
12 Banna joaloka “benghali”: Se etsahetseng bophelong ba Abrahama le Sara hoo e ka bang ka 1918 B.C.E. se bontša hore nakong ea bona ka ho totobetseng e ne e le tloaelo ho nka monna ea nyetseng e le “monghali” (ka Seheberu, baʹʽal) ’me mosali ea nyetsoeng e le ‘ea nang le monghali’ (ka Seheberu, beʽu·lahʹ). (Genese 20:3, NW) Ka mor’a moo lipolelo tsena ka linako tse ling li ne li sebelisoa ka Mangolong, ’me ha ho se bontšang hore basali ba linakong tsa pele ho Bokreste ba ne ba li nka li khopisa.b (Deuteronoma 22:22, NW) Leha ho le joalo, basali ba ne ba sa lokela ho nkoa joaloka thepa. Thepa kapa leruo li ne li ka rekoa, tsa rekisoa, esita le ho jeoa lefa, empa ho ne ho se joalo ka mosali. Maele a Bibele a re: “Ntlo le leruo ke lefa la bo-ntat’a motho, empa mosali ea kelello ke mpho ea Jehova.”—Liproverbia 19:14; Deuteronoma 21:14.
Karolo e Nang le Seriti
13. Ha banna ba tšabang Molimo ba latela mohlala oa Jehova ’me ba utloa Molao oa hae, phello e ne e ba efe ho basali?
13 Joale, karolo ea basali e ne e le efe har’a bahlanka ba Molimo ba mehleng ea pele ho Bokreste? Ba ne ba nkoa le ho tšoaroa joang? Ka ho bonolo feela, ha banna ba tšabang Molimo ba ne ba latela mohlala oa Jehova ’me ba mamela Molao oa hae, basali ba ne ba boloka seriti sa bona ’me ba thabela litšoanelo tse ngata le litokelo.
14, 15. Ho na le lipontšo life tsa hore basali ba ne ba hlomphuoa Iseraeleng, hona ke hobane’ng ha ka nepo Jehova a ne a ka lebella hore barapeli ba hae ba batona ba ba hlomphe?
14 Basali ba ne ba lokela ho hlomphuoa. Molao oa Molimo ho Iseraele e ne e le hore bo-ntate le bo-’mè ka bobeli ba hlomphuoe. (Exoda 20:12; 21:15, 17) Levitike 19:3 e re: “E mong le e mong ho lōna a hlonephe ntat’ae le ’m’ae.” Ha Bathe-Sheba a atamela mora oa hae Salomone ketsahalong e ’ngoe, “morena a ema, a mo khahlanyetsa, a inama pel’a hae” e le ho bontša tlhompho. (1 Marena 2:19) Encyclopaedia Judaica e re: “Lipapiso tsa boprofeta tsa lerato la Molimo ho Iseraele le la monna ho mosali oa hae li ne li ka etsoa feela sechabeng seo ho sona basali ba hlomphuoang.”
15 Jehova o lebelletse hore barapeli ba hae ba batona ba hlomphe basali, hobane oa ba hlompha. Lipontšo tsa sena li fumanoa mangolong ao ho ’ona Jehova a sebelisang liphihlelo tsa basali ka tsela ea tšoantšetso ’me a tšoantša maikutlo a hae le a basali. (Esaia 42:14; 49:15; 66:13) Sena se thusa babali ho utloisisa kamoo Jehova a ikutloang kateng. Hoa thahasellisa hore ebe lentsoe la Seheberu bakeng sa “mohau,” kapa “qenehelo,” eo Jehova a bolelang hore o na le eona, le amana haufi-ufi le lentsoe le bolelang “popelo” ’me le ka hlalosoa e le “boikutlo ba bommè.”—Exoda 33:19; Esaia 54:7.
16. Ke mehlala efe e bontšang hore keletso ea basali ba tšabang Molimo e ne e nkoa e le ea bohlokoa?
16 Keletso ea basali ba tšabang Molimo e ne e nkoa e le ea bohlokoa. Ha ka lekhetlo le leng Abrahama ea tšabang Molimo a ne a le lesisitheho ho utloa keletso ea mosali oa hae ea tšabang Molimo, Sara, Jehova o ile a mo bolella: “Polelo tsohle tseo Sara a u bolellang tsona, u mpe u li mamele.” (Genese 21:10-12) Basali ba Bahethe ba Esau “e bile bohloko pelong tsa Isaaka le Rebeka.” Qetellong, Rebeka o ile a bolela ho tsieleha hoo a neng a tla ba le hona haeba Jakobo a ne a ka nyala Mohethe. Karabelo ea Isaaka e bile efe? Tlaleho e re: “Isaaka a bitsa Jakobo, a mo hlohonolofatsa, a mo laela, a re ho eena: U se ke ua inkela mosali ho barali ba Kanana.” E, esita le hoja Rebeka a sa ka a fana ka keletso e tobileng, monna oa hae o ile a etsa qeto e nahanelang maikutlo a hae. (Genese 26:34, 35; 27:46; 28:1) Morena Davida hamorao o ile a qoba molato oa mali ka lebaka la ho mamela kōpo e tiileng ea Abigaile.—1 Samuele 25:32-35.
17. Ke eng se bontšang hore basali ba ne ba e-na le tekanyo e itseng ea matla a ho laela lapeng?
17 Basali ba ne ba e-na le tekanyo e itseng ea matla a ho laela ka lapeng. Bana ba ile ba phehelloa hore: “Mora oa ka, mamela thuto ea ntat’ao, u se ke ua furalla taeo ea ’m’ao.” (Liproverbia 1:8) Tlhaloso ea “mosali ea khabane” ho Liproverbia khaolo ea 31 e senola hore mosali ea nyetsoeng ea khothetseng mosebetsing hase feela hore o hlokomela ntlo empa hape a ka ba a sebetsana le theko le thekiso ea setša, a lema tšimo e behang, a tsamaisa khoebo e nyenyane, ’me a tsebahala ka mantsoe a hae a bohlale. Ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa e ne e le tšabo e nang le tlhompho ho Jehova ea mosali enoa ea tšoaneloang ke thoriso. Hase feela bohlokoa ba mosali ea joalo bo ‘fetang hōle ba lik’horale’! K’horale ea bohlokoa e khubelu e ne e nkoa e le bohlokoa bakeng sa ho etsa mabenyane le ho khabisa.—Liproverbia 31:10-31, NW.
Basali ba Ileng ba Fumana Mohau o Khethehileng oa Molimo
18. Basali ba itseng ba ile ba bontšoa mohau o khethehileng ka litsela life linakong tsa Bibele?
18 Tlhompho ea Jehova bakeng sa basali e ile ea bonahala mohaung o khethehileng oo a ileng a o bontša ba bang ba bona mehleng ea Bibele. Agare, Sara, le mosali oa Manoah ba ile ba eteloa ke mangeloi a ileng a ba fa tataiso ea bomolimo. (Genese 16:7-12; 18:9-15; Baahloli 13:2-5) Ho ne ho e-na le “basali ba sebetsang” tabernakeleng le libini tsa batho ba batšehali lekhotleng la Salomone.—Exoda 38:8; 1 Samuele 2:22; Moeklesia 2:8.
19. Ka linako tse ling, Jehova o ile a sebelisa basali ka tsela efe ho mo emela?
19 Ka makhetlo a ’maloa historing ea Iseraele, Jehova o ile a sebelisa mosali ho mo emela kapa ho mo buella. Ka moprofeta oa mosali Debora, re bala hore: “Bana ba Iseraele ba ne ba nyolohela ho eena ho ea ahloleloa teng.” (Baahloli 4:5) Ka mor’a hore Iseraele e hlōle morena oa Kanana Jabine, Debora o ile a ba le tokelo e khethehileng e le kannete. Ka ho totobetseng e ne e le moqapi, bonyane oa karolo e itseng, oa pina ea tlhōlo eo qetellong e ileng ea fetoha karolo ea tlaleho ea Jehova e bululetsoeng.c (Baahloli, khaolo ea 5) Makholo a lilemo hamorao, Morena Josiase ha a batla maikutlo a Jehova, o ile a romela baemeli ba neng ba akarelletsa moprista ea phahameng ho moprofeta oa mosali Hulda. Hulda o ile a araba ka matla a ho laela: “Jehova, Molimo oa Iseraele, o re.” (2 Marena 22:11-15) Ketsahalong ena morena o ile a laela hore baemeli ba ee ho moprofeta oa mosali, a etsa sena ka sepheo sa ho fumana tataiso e tsoang ho Jehova.—Bapisa le Malakia 2:7.
20. Ke mehlala efe e bontšang kameho ea Jehova ka maikutlo le boiketlo tsa basali?
20 Kameho ea Jehova ka boiketlo ba basali e totobala makhetlong ao ka ’ona a ileng a nka khato molemong oa ba bang ba barapeli ba hae ba batšehali. Ka makhetlo a mabeli o ile a kenella ho sireletsa Sara, mosali e motle oa Abrahama, hore a se ke a betoa. (Genese 12:14-20; 20:1-7) Molimo o ile a bontša mohau ho mosali oa Jakobo ea ratoang hanyenyane, Lea, ka ho ‘mo thibolla popelo’ e le hore a ka tsoala mora. (Genese 29:31, 32) Ha babelehisi ba babeli ba Baiseraele ba tšabang Molimo ba ne ba beha bophelo ba bona kotsing e le hore ba ka boloka bana ba batona ba Baheberu polaong ea masea Egepeta, Jehova ka kananelo o ile a “ba fa bana.” (Exoda 1:17; 20, 21, Bibele—Phetolelo e Ncha) O ile a boela a araba thapelo ea Anna e tiileng. (1 Samuele 1:10, 20) ’Me ha mohlolohali eo monna oa hae e neng e le moprofeta a ne a tobane le motho eo a mo kolotang chelete, ea neng a ikemiselitse ho nka bana ba hae ho ea lefa molato oa hae, Jehova ha aa ka a mo siea lepala-paleng. Ka lerato, Molimo o ile a nolofalletsa moprofeta Elisha ho eketsa phepelo ea hae ea oli e le hore a ka lefa molato. Kahoo o ile a boloka lelapa la hae le seriti sa hae.—Exoda 22:22, 23; 2 Marena 4:1-7.
21. Mangolo a Seheberu a fana ka pono efe e leka-lekaneng ea karolo ea basali?
21 Ka hona, ho e-na le ho khothalletsa ho nyenyefatsa basali, Mangolo a Seheberu a fana ka pono e leka-lekaneng ea karolo ea bona har’a bahlanka ba Molimo. Le hoja Jehova a sa ka a sireletsa barapeli ba hae ba batšehali phethahatsong ea Genese 3:16, basali ba ile ba tšoaroa ka seriti le ka tlhompho ke banna ba tšabang Molimo ba ileng ba latela mohlala oa Jehova ’me ba utloa Molao oa hae.
22. Ha Jesu a le lefatšeng, karolo ea basali e ile ea fetoha joang, hona ho botsoa lipotso life?
22 Makholong a lilemo ka mor’a ho phethoa ha Mangolo a Seheberu, karolo ea basali e ile ea fetoha har’a Bajode. Ha Jesu a tla lefatšeng, lineano tsa bo-rabbi li ne li lekanyelitse basali haholo litokelong tsa bona tsa bolumeli le bophelong ba bona sechabeng. Na lineano tse joalo li ile tsa susumetsa tsela eo Jesu a ileng a tšoara basali ka eona? Basali ba Bakreste ba lokela ho tšoaroa joang kajeno? Lipotso tsena li tla tšohloa sehloohong se latelang.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ho latela Webster’s Ninth New Collegiate Dictionary, “sethepu [ka Senyesemane, polygamy]” se bolela “lenyalo leo ho lona molekane oa lenyalo ebang ke e motona kapa ke e motšehali a ka bang le balekane ba fetang a le mong ka nako e le ’ngoe.” Lentsoe le tobang taba haholoanyane “sethepu [ka Senyesemane, polygyny]” le hlalosoa e le “boemo kapa mokhoa oa ho ba le basali kapa balekane ba batho ba batšehali ba fetang a le mong ka nako e le ’ngoe.”
b Ho pholletsa le Mangolo a Seheberu, banna le basali ba leng lenyalong ho buuoa ka bona hangata haholo e le “monna” (ka Seheberu, ʼish) le “mosali” (ka Seheberu, ʼish·shahʹ). Ka mohlala, mabitso ao Jehova a ileng a a sebelisa Edene e ne ese “monghali” le ‘ea nang le monghali,’ empa “monna” le “mosali.” (Genese 2:24; 3:16, 17) Boprofeta ba Hosea bo ile ba bolela esale pele hore ka mor’a ho khutla botlamuoeng, Iseraele ka lebaka la pako e ne e tla bitsa Jehova “Monna oa ka,” e se hlole e mo bitsa “Mong’a ka.” Sena se ka ’na sa bontša hore lentsoe “monna” le ne le na le moelelo o bonolo haholoanyane ho feta “monghali.”—Hosea 2:16, NW.
c Taba e hlokomelehang ke tšebeliso ea motho oa pele ha ho buuoa ka Debora ho Baahloli 5:7.
U ne U Tla Araba Joang?
◻ Mantsoe “mothusi” le “molekane” a bontša eng ka karolo eo basali ba e abetsoeng ke Molimo?
◻ Ha re hlahloba litloaelo tse amang basali mehleng ea Bibele, re lokela ho hopola eng?
◻ Ke eng se bontšang hore basali ba ne ba e-na le karolo e nang le seriti har’a bahlanka ba Molimo ba mehleng ea pele?
◻ Jehova o ile a bontša mohau o khethehileng ka litsela life ho basali mehleng ea pele ho Bokreste?