Lenyalo
Tlhaloso: Kopano ea monna le mosali ea hore ba phele hammoho e le monna le mosali ho latela litekanyetso tse beiloeng ka Mangolong a Halalelang. Lenyalo le theiloe ke Molimo. Le fana ka kamano e haufi haholo pakeng tsa monna le mosali hammoho le boikutlo ba tšireletseho ka lebaka la hobane ho e-na le moea oa lerato le ka baka la hobane e mong o itlamme ka e mong. Jehova ha a thea lenyalo ha a ka a etsa joalo feela ho fana ka molekane ea haufi-ufi ea neng a tla tlatsa monna, empa hape le ho etsa tokisetso ea ho hlahisa batho ba eketsehileng ’me ho etsoa joalo tokisetsong ea lelapa. Ho ngolisa ka molao kamano ea lenyalo e amohelehang ka phuthehong ea Bokreste ho hlokahala hohle moo ho ka khonehang.
Na e hlile ke hoa bohlokoa ho nyalana tumellanong le se hlokoang ke molao?
Tite 3:1: “U ba hopotse ho utloa lihloho le marena, ho ea ka melao.” (Ha batho ba utloa litaelo tsena, lebitso la setho ka seng kopanong ena lea hlompheha, ’me bana ba tlosoa sekhobo sa bao batsoali ba bona ba sa nyalanang. Ho phaella moo, ho ngolisa lenyalo ka molao ho sireletsa litokelo tsa thepa tsa litho tsa lelapa haeba molekane e mong a ka shoa.)
Ba-Heb. 13:4: “Lenyalo a le ke le hlomphehe har’a batho bohle, le liphate li hloke litšila; hobane Molimo o tla ahlola babōki le bafebi.” (Ho nyalana ka molao ho nka karolo ea bohlokoa ho beng le lenyalo le nkoang le ‘hlompheha.’ Ha re hlalosa “bofebe” le “bohlola” re lokela ho hopola se boletsoeng ho Tite 3:1, e qotsitsoeng kaholimo.)
1 Pet. 2:12-15: “Le be le motsamao o motle har’a bahedene, hore tabeng tseo ba le sebang ho tsona, joale ka hola le le lisenyi, ba rorise Molimo mohla o ba etelang, ha ba bontšisa mesebetsi ea lōna e metle. Ka baka la Morena, le ke le utloe borena bofe le bofe ba batho, leha e le morena, kahobane e le eena e moholo; leha e le babusisi, ka ho re, ke ba rongoang ke eena ho khalemela ba etsang hampe, le ho boka ba etsang hantle. Hobane thato ea Molimo ke hore le thibe, ka ho etsa hantle, melomo ea batho ba maoatla, ba sa tsebeng letho.”
Na ho ne ho e-na le “mekhoa ea molao” ha Adama le Eva ba qala ho phela hammoho?
Gen. 2:22-24: “Jehova Molimo a bōpa mosali ka lehōpo leo a le ntšitseng ho Adama, ’me a mo tlisa ho Adama. Adama a re: Joale enoa ke lesapo la masapo a ka, ke nama ea nama ea ka; o tla bitsoa mosali, hobane o ntšitsoe ho monna. Ka baka lena, monna o tla tlohela ntat’ae le ’m’ae, o tla khomarela mosali oa hae, ’me e tla ba nama e le ’ngoe feela.” (Hlokomela hore ke Jehova Molimo ka seqo, Morena oa Bokahohle, ea kopantseng Adama le Eva. Hona e ne e se taba ea monna le mosali ba rerang ho phela hammoho ba sa itšoenye ka tumello ea molao. Hape, hlokomela khatiso eo Molimo o ileng oa e bea ho tieeng hoa kopano eo.)
Gen. 1:28: “Molimo oa ba [Adama le Eva] hlohonolofatsa, ’me Molimo oa re ho bona: Ngatafalang, le ate, le tlale lefatšeng, le rene holim’a lona, ’me le buse lihlapi tsa leoatle, le tse rurang tsa maholimo, le tsohle tse phelang, tse hahabang lefatšeng.” (Mona kopano e ile ea hlohonolofatsoa ke Morena e moholo ka ho fetisisa, ba fuoa tumello ea ho ba le likamano tsa botona le botšehali ’me ba neoa kabelo e neng e tla tlatsa bophelo ba bona ka melemo.)
Na motho a ka nyala sethepu haeba molao oa sebaka o se lumella?
1 Tim. 3:2, 12: “E ka khona molebeli a hloke sekoli, e be monna oa mosali a le mong, . . . bahlanka ba kereke e be banna ba nang le basali ka bong.” (Banna bana ba ne ba sa tšepeloa boikarabelo feela empa hape e ne e le mehlala e lokelang ho etsisoa ke ba bang ka phuthehong ea Bokreste.)
1 Ba-Kor. 7:2: “Ka baka la ho tšaba bofebe, monna ka mong a be le mosali eo e leng oa hae, le mosali ka mong a be le monna eo e leng oa hae.” (Mona ha ho lehlakore le lumelloang balekane ba bangata.)
Ke hobane’ng ha Molimo o ile oa lumella Abrahama, Jakobo le Salomone ho ba le basali ba fetang a le mong?
Sethepu ha sea theoa ke Jehova. O neile Adama mosali a le mong feela. Hamorao, Lemeke, setloholoana sa Kaine, a inkela basali ba babeli. (Gen. 4:19) Kamorao ho nako ba bang ba etsisa mohlala oa hae, ’me ba bang ba fetola makhabunyane a bona lirethe. Molimo oa mamella mokhoa ona, ’me tlas’a Molao oa Moshe oa ba oa bea litekanyetso tse tiisang hore basali ba kamanong e joalo ba tšoaroa hantle. O ho entse ho fihlela ho theoa phutheho ea Bokreste, empa joale oa hloka hore bahlanka ba oona ba khutlele tekanyetsong eo o neng o e theile Edeneng.
Haele Abrahama, a nyala Sarai (Sara). Ha a le lilemo tse ka bang 75 ’me a nahana hore a ke ke a hlola a beleha, Sarai a kōpa monna oa hae hore a kene liphateng tsa lekhabunyane la hae e le hore Sarai a ka ba le ngoana oa molao ka lekhabunyane leo. Abrahama a etsa joalo, empa hoa isa khohlanong e matla ka lapeng la hae. (Gen. 16:1-4) Jehova a phethahatsa tšepiso ea hae ho Abrahama mabapi le “peo” ka hore hamorao a etse mohlolo oa hore Sara a emole. (Gen. 18:9-14) Ha e-ea ba ho fihlela kamorao ho lefu la Sara moo Abrahama a ileng a inkela mosali e mong.—Gen. 23:2; 25:1.
Jakobo o ile a nyala sethepu ka lebaka la bolotsana ba mohoehali oa hae. Hase seo Jakobo a neng a se hopotse ha a e-ea Paddan-Arame ho ea batla mosali. Tlaleho ea Bibele e qaqisa poulelo e bosula pakeng tsa basali ba hae.—Gen. 29:18–30:24.
Hoa tsebisahala hore Salomone o ne a e-na le basali ba bangata le lirethe. Empa hase bohle ba lemohang hore ka ho etsa joalo o ne a tlōla taelo e boletsoeng ka ho hlaka ea Jehova ea hore morena “a se ke a nyala basali ba bangata, pelo ea hae e tle e se ke ea kheloha.” (Deut. 17:17) Hape ho ke ho hlokomeloe hore, ka lebaka la tšusumetso ea basali ba hae ba balichaba, Salomone o ile a retelehela borapeling ba melimo ea bohata ’me kahoo “a etsa ho leng hobe pel’a Jehova . . . Ebile moo Jehova a halefelang Salomone.”—1 Mar. 11:1-9.
Haeba balekane ba sitoa ho phela hammoho ka khotso, na karohano e-ea lumelloa?
1 Ba-Kor. 7:10-16: “Ha e le ba seng ba nyetse, kea ba laela, e seng ’na, empa e le Morena, ke re: Mosali a se ke a hlala monna oa hae—leha mosali a se a mo hlalile, a itulele, a se ke a nyaloa; kapa a boelane le monna oa hae—le eena monna a se ke a hlala mosali oa hae. Ha e le ba bang, kea ba bolella, ’na, e seng Morena [empa, joalokaha temana ea 40 e bontša, Pauluse o ne a tsamaisoa ke moea o halalelang], ke re: Moena e mong, ekare ha a e-na le mosali ea sa lumelang, a se ke a mo hlala, ha mosali a ratile ho lula le eena. ’Me mosali ea nang le monna ea sa lumelang, ekare ha monna a lumela ho lula le eena, a se ke a mo hlala. Hobane monna ea sa lumelang o halaletsoa ho mosali, le mosali ea sa lumelang o halaletsoa ho moena; hoja ha ho joalo, ekabeba bana ba lōna ke bana ba litšila, athe joale ba halalela. Empa ekare ha ea sa lumelang a hlala ea lumetseng, a mo hlale; moen’a rōna oa monna, kapa oa mosali, ha a tlangoa litabeng tse joalo; empa Molimo o re bilelitse ho tsa khotso. Hobane uena mosali, u tseba ka’ng hobane u tla pholosa monna oa hao na? Le uena monna, u tseba ka’ng hobane u tla pholosa mosali oa hao na?” (Ke hobane’ng ha ea lumetseng a ne a tla mamella mathata ’me a leke kahohle hore lenyalo le se ke la qhalana? Ka lebaka la ho hlompha tšimoloho e halalelang ea lenyalo le ka tšepo ea hore kamorao ho nako ea sa lumelang a ka ’na a thuseha hore e be mohlanka oa Molimo oa ’nete.)
Pono ea Bibele ke efe mabapi le tlhalo ka maikutlo a ho kena lenyalong hape?
Mal. 2:15, 16: “Iponeleng hle meeeng ea lōna; u se ke ua etsa ka bolotsana ho mosali oa bocha ba hao. Hobane ke hloile hlalo, ho bolela Jehova, Molimo oa Iseraele.”
Matt. 19:8, 9: “[Jesu] a re ho bona: Moshe o le lumeletse ho hlala basali ba lōna ka baka la bothata ba lipelo tsa lōna; empa tšimolohong, ho no ho se joalo. ’Me ke re ho lōna: E mong le e mong ea hlalang mosali oa hae, ha e se ka baka la bofebe [likamano kantle ho lenyalo], a nyala e mong, oa feba.” (Ka hona molekane ea seng molato, o lumelletsoe, empa hase tlamo, hore a hlale molekane ea ‘febileng.’)
Ba-Roma 7:2, 3: “Mosali ea pusong ea monna o bofeletsoe ho monna oa hae ke molao, monna ha a sa phela; empa ha monna a e-shoa, eba o holotsoe molaong oa monna. Ha ho le joalo, ha a ka nyalana le monna e mong, monna oa hae ha a sa phela, o tla bitsoa mofebi; empa ha monna oa hae a shoele, o holotsoe molaong, ’me joale, ha a ka nyalana le monna e mong, a ke ke a bitsoa mofebi.”
1 Ba-Kor. 6:9-11: “Le se ke la lahleha: Ha e le ba litšila, ha e le ba rapelang litšoantšo, ha e le babōki le bafebi, leha e le basodoma . . . ba ke ke ba rua lefa la ’muso oa Molimo. ’Me ke seo ba bang ho lōna le neng le le sona; empa le hlatsoitsoe, empa le halalelitsoe, empa le beiloe ba lokileng ka lebitso la Morena Jesu, le ka Moea oa Molimo oa rōna.” (Hona ho hatisa botebo ba taba. Bafebi ba sa bakeng ba ke ke ba ba le sebaka ’Musong oa Molimo. Leha ho le joalo, batho bao e neng e le bafebi, mohlomong ba bile ba kena lenyalong hape ka mokhoa oo e seng oa tšoanelo, ba ka fumana tšoarelo ea Molimo le boemo bo hloekileng ho oona haeba ba bakile ka ’nete ’me ba sebelisa tumelo ea bona molemong o phekolang libe oa sehlabelo sa Jesu.)
Ke hobane’ng ha nakong e fetileng Molimo o ne o lumella ho nyalana hoa likhaitseli?
Tlaleho ea Bibele e fela e bontša hore Kaine o ile a nyala e mong ho bo-khaitseli’ee (Gen. 4:17; 5:4) le hore Abrame o nyetse khaitseli’ee ka malapa. (Gen. 20:12) Empa hamorao, Molaong o ileng oa fanoa ka Moshe, kopano e joalo ea lenyalo e ne e haneloa ka ho toba. (Lev. 18:9, 11) Ha e lumelloe har’a Bakreste kajeno. Ho nyalana le mong ka uena ea haufi ho fella ka monyetla o moholo oa hore ho ka fetisetsoa kholofalo baneng.
Ke hobane’ng ha ho ne ho loketse hore motho a nyale khaitseli’ee qalehong ea histori ea batho? Molimo o bōpile Adama le Eva ba phethahetse ’me oa rera hore batho bohle ba tsoe ho bona. (Gen. 1:28; 3:20) Ho hlakile hore ho nyalana ka lapeng, haholo qalehong ea meloko, ho ne ho tla etsahala. Le kamor’a hore sebe se hlahe, ho ne ho se kotsi haholo hore bana ba meloko e qalang ba ne ba ka holofala, hobane moloko oa motho o ne o le haufi haholo le phetheho e neng e ile ea thabeloa ke Adama le Eva. Hona ho pakoa ke bolelele ba bophelo ba batho nakong eo. (Bona Genese 5:3-8; 25:7.) Empa hoo e ka bang lilemo tse 2 500 hoba Adama e be moetsalibe, Molimo oa hanela ho nyalana ka lapeng. Hona hoa sebeletsa ho sireletsa bana le ho phahamisa bohloeki ba boitšoaro ba bahlanka ba Jehova ka holim’a ba batho ba ba potolohileng bao ka nako eo ba neng ba qoetse mekhoeng ea mefuta eohle e manyala.—Bona Levitike 18:2-18.
Ke eng e ka thusang ho ntlafatsa lenyalo?
(1) Ho ithuta Lentsoe la Molimo hammoho kamehla le ho rapela Molimo bakeng sa thuso ea ho rarolla mathata.—2 Tim. 3:16, 17; Liprov. 3:5, 6; Ba-Fil. 4:6, 7.
(2) Ho ananela motheo oa bohlooho. Hona ho bea boikarabelo bo boima holim’a monna. (1 Ba-Kor. 11:3; Ba-Ef. 5:25-33; Ba-Kol. 3:19) Ho boetse ho hloka boiteko bo tšepahalang ka lehlakoreng la mosali.—Ba-Ef. 5:22-24, 33; Ba-Kol. 3:18; 1 Pet. 3:1-6.
(3) Ho fellisetsa lithahasello tsa likamano tsa botona le botšehali ho molekane oa motho. (Liprov. 5:15-21; Ba-Heb. 13:4) Kameho e lerato bakeng sa se hlokoang ke molekane oa motho e ka thusa ho sireletsa molekong oa ho fosa.—1 Ba-Kor. 7:2-5.
(4) Ho buisana ka mokhoa o mosa le o nahanelang, ho qoba ho tlerohelana, ho somana le mantsoe a hlabang.—Ba-Ef. 4:31, 32; Liprov. 15:1; 20:3; 21:9; 31:26, 28.
(5) Ho ba mahlaha-hlaha le ho tšepahala ho hlokomeleng sebaka seo lelapa le lulang ho sona le liaparo, hape le ho lokisetsa lijo tse hahang.—Tite 2:4, 5; Liprov. 31:10-31.
(6) Ho sebelisa ka boikokobetso keletso ea Bibele e-bang u ikutloa hore e mong o etsa sohle seo a lokelang ho se etsa kapa che.—Ba-Roma 14:12; 1 Pet. 3:1, 2.
(7) Ho ela hloko ntlafatso ea botho ea litšoaneleho tsa moea.—1 Pet. 3:3-6; Ba-Kol. 3:12-14; Ba-Gal. 5:22, 23.
(8) Ho nea bana lerato, thuto le khalemelo tse hlokahalang, haeba ba le teng.—Tite 2:4; Ba-Ef. 6:4; Liprov. 13:24; 29:15.