Bibele—Buka ea Boprofeta bo Nepahetseng, Karolo ea 1
“Ke Tla U Etsa Sechaba se Seholo”
Letotong lena le nang le lihlooho tse robeli, “Tsoha!” e tla tšohla karolo e ikhethang ka ho fetisisa ea Bibele—e leng boprofeta ba eona kapa lintho tseo e li boletseng esale pele. Lihlooho tsena li tla u thusa hore u arabe lipotso tsena tse latelang: Na boprofeta ba Bibele ke ntho feela e iqapetsoeng ke batho ba bohlale? Kapa na lintho tsee tse boletsoeng esale pele li bile teng ka tšusumetso ea Molimo? Re kōpa hore u hlahlobisise bopaki.
HO BELAELA le ho se kholisehe ho atile haholo mehleng ena ea rōna, ’me ke eona tsela eo batho ba bang ba ikutloang ka eona ka Bibele. Ka masoabi, batho ba bangata ha ba e-s’o iphe nako ea ho e hlahlobisisa hantle. Ba lumela feela seo batho ba bang ba se buang ka eona. Re na le tšepo ea hore uena u ikutloa ka tsela e fapaneng. Haeba ho joalo, ka kōpo tsamaea le rōna leetong lena le re khutlisetsang mehleng ea khale le tla re hlakisetsa lintlha tse fanang ka bopaki ba hore Bibele e nepahetse.
Re qala leeto la rōna ka hore re bue ka monna eo le kajeno a hlomphuoang ke Bakreste, Bajuda le Mamosleme. E ne e le Moheberu, ’me o phetse ho tloha ka 2018 ho ea ho 1843 B.C.E.a Lebitso la hae e ne e le Abrahama.b
Boprofeta bo bongata ba pele bo ka Bibeleng bo ne bo bua haholo ka Abrahama, e leng boprofeta bo ntseng bo re ama le kajeno. (Sheba lebokose le reng “Tlhohonolofatso ho ‘Lichaba Tsohle.’”) Ho ea ka buka ea Bibele ea Genese, boprofeta bona bo akarelletsa bo latelang: (1) Litloholo tsa Abrahama li tla fetoha sechaba se matla. (2) Empa pele ho moo, e ne e tla ba makhoba naheng ea basele. (3) Li ne li tla lokolloa ’me li hape naha ea Kanana. A re ke re hlahlobeng lintlha tsena haholoanyane.
Lintho Tse Tharo Tse Ikhethang Tse Profetiloeng
Boprofeta ba pele: “Ke tla u etsa sechaba se seholo [Abrahama].”—Genese 12:2.
Ho phethahala ha bona: Litloholo tsa Abrahama tse ileng tsa hlaha ka Isaka le Jakobo (eo hape a bitsoang Iseraele) li ile tsa fetoha sechaba sa boholo-holo sa Iseraele—naha e ipusang e nang le marena.
Seo histori e se senolang:
● Bibele e fana ka lintlha tse tobileng mabapi le lesika la lelapa la Abrahama, ho akarelletsa le litloholo tsa hae tse bileng teng ka Isaka le Jakobo le ka bara ba 12 ba Jakobo. Lesika leo le akarelletsa le marena a mangata a busitseng Iseraele kapa Juda. Har’a marena ao, a 17 a hlaha libukeng tse ling tseo e seng tsa Bibele, tse lumellanang le tlaleho ea Bibele ea kamoo litloholo tsa Abrahama tse bileng teng ka Isaka le Jakobo li ileng tsa fetoha sechaba kateng.c
Boprofeta ba bobeli: “Peō ea hao [ea Abrahama] e tla ba bajaki naheng eo e seng ea eona, e tla lokela ho ba sebeletsa . . . Empa e tla khutlela mona molokong oa bone.”—Genese 15:13, 16.
Ho phethahala ha bona: Ka lebaka la tlala e neng e le teng Kanana, meloko e mene ea litloholo tsa Abrahama e ile ea lula Egepeta, qalong e ne e le bajaki empa ea qetella e se e le makhoba a neng a filoe mosebetsi oa ho etsa litene ka letsopa le tsoakiloeng le joang. Ha re nahana ka lelapa le le leng feela la setloholoana sa Abrahama e leng Levi, ea ileng a fallela Egepeta le ntate oa hae ea seng a tsofetse—meloko e mene e akarelletsa (1) Levi, (2) mora oa hae Kohathe, (3) setloholo sa hae Amrame le (4) setloholoana sa hae Moshe. (Exoda 6:16, 18, 20) Selemong sa 1513 B.C.E., Moshe o ile a ntša Baiseraele Egepeta.—Sheba tatellano ea liketsahalo e ka tlaase mona le lebokose le reng “Ho Fana ka Tlaleho e Nepahetseng ea Nako.”
Seo histori e se senolang:
● Ho ea ka James K. Hoffmeier, e leng moprofesa oa Testamente ea Khale le oa ho epolloa ha lintho tsa khale Bochabela bo Hare, lingoliloeng tsa Baegepeta le bopaki ba lintho tse epolotsoeng bo bontša hore batho ba boroa-bophirimela ho Asia (ba kang Baheberu ba boholo-holo) ba ne ba lumelloa ho kena le mehlape ea bona Egepeta nakong eo ho neng ho e-na le tlala. Empa na Baiseraele e ile ea e-ba makhoba a neng a fuoe mosebetsi oa ho etsa litene Egepeta?
● Le hoja litlaleho tsa Baegepeta li sa bue ka Baiseraele ka ho khetheha, litšoantšo tse mabitleng a Baegepeta le meqolo e paka hore Baegepeta ba ne ba sebelisa batho ba tsoang linaheng tse ling hore ba etse litene ka seretse se tsoakiloeng le joang. Litlaleho tsa Baegepeta li bontša hore batho ba abang mosebetsi ba ne ba e-na le lethathamo la mosebetsi oa ho etsa litene o lokelang ho etsoa, ’me seo se lumellana le seo Bibele e se buang. (Exoda 5:14, 19) Hoffmeier o re: “Lingoliloeng tsa Egepeta li paka hore batho ba neng ba tsoa linaheng tse ling, ba ne ba sebelisoa ka sheshe . . . e leng nako e tšoanang le eo Baiseraele ba neng ba le bokhobeng ka eona. Kahoo re ka phetha ka hore, taba ea hore Baheberu ba boholo-holo ba ile ba ea Egepeta . . . nakong ea tlala, le ea hore ba ile ba etsoa makhoba e bonahala e le ’nete.”
Boprofeta ba boraro: “Ke tla fa . . peō ea hao . . . naha eohle ea Kanana.”—Genese 17:8.
Ho phethahala ha bona: Le hoja Moshe a ile a etella pele sechaba sa Iseraele se ntseng se hōla ho se ntša Egepeta, Joshua mora oa Nune, o ile a se etella pele ho se kenya naheng ea Kanana ka 1473 B.C.E.
Seo histori e se senolang:
● Le hoja baepolli ba lintho tsa khale ba ka bolela linako tse sa tšoaneng, moprofesa oa Histori ea Egepeta ea seng a behile meja fatše e leng K. A. Kitchen o ile a ngola a re: “Ntho eo re lokelang ho bua ka eona ke ea hore Baiseraele ba ile ba kena naheng ea Kanana, ’me ba lula ho eona.”
● Bibele e bolela hore Joshua o ile “a chesa Hazore [motse oa Bakanana] mollong.” (Joshua 11:10, 11) Lithakong tsa motse oo, baepolli ba lintho tsa khale ba ile ba fumana litempele tse tharo tsa Bakanana tse neng li sentsoe ka ho feletseng. Ba ile ba boela ba fumana bopaki ba hore motse oo o ile oa chesoa lilemong tsa bo 1400 B.C.E. Lintlha tsena li lumellana le seo Bibele e se bolelang.
● Motse o mong oa Bakanana oo re ka thahasellang ho tseba ka oona ke oa Gibeone, o neng o le bohōle ba lik’hilomithara tse ka bang 9,6 ho tloha Jerusalema. Baepolli ba lintho tsa khale ba ile ba khona ho tseba motse oo ka mor’a hore ba fumane mehele ea linkho e ka bang 30 e neng e ngotsoe lebitso la motse oo. Ho fapana le baahi ba Hazore, Bagibeone ba boholo-holo bona ba ile ba etsa khotso le Joshua. Kahoo, Joshua o ile a ba fa mosebetsi oa ‘ho kha metsi.’ (Joshua 9:3-7, 23) Ke hobane’ng ha a ile a ba fa mosebetsi oo? Tlhaloso e fumanoang lengolong la 2 Samuele 2:13 le la Jeremia 41:12 e bontša hore motse oa Gibeone o ne o e-na le metsi a mangata. Kahoo, tumellanong le tlaleho ea Bibele, buka ea Archaeological Study Bible, New International Version e re: “Ntho e hlaheletseng eo motse oa Gibeone o neng o tsebahala ka eona ke ho ba le metsi a mangata: seliba se le seng se seholo le tse supileng tse nyenyane.”
● Libuka tse ling tsa histori le tsona li ’nile tsa bua ka batho ba bangata bao Bibele e buileng ka bona. Lethathamo leo ho builoeng ka lona pejana, le akarelletsa mabitso a marena a 17 a tsoang lelokong la Abrahama a busitseng Iseraele kapa Juda. A mang a ’ona ke Akabe, Akaze, Davida, Ezekiase, Manase le Uzia. Ka ho hlakileng, ho ba teng ha marena ana ho fana ka bopaki bo matla ba hore sechaba se bitsoang Iseraele se ile sa kena naheng ea Kanana sa ba sa lula ho eona.
● Ka 1896, bafuputsi ba ile ba fumana lejoe le ngotsoeng tlaleho ea Merneptah, Thebese e Egepeta. Lejoe leo le bontša ha lebotho la Faro Merneptah le futuhela Kanana hoo e ka bang ka 1210 B.C.E. Tlaleho ena e bontša moo ho builoeng ka Iseraele ka lekhetlo la pele ke mehloli eo e seng ea Bibele, e leng se tšehetsang hore ka sebele sechaba sena se bile teng.
Bohlokoa ba Litlaleho Tse Tobang Taba
Joalokaha re hlokometse, Bibele e na le litlaleho tse ngata tse tobileng mabapi le batho, libaka le liketsahalo. Lintlha tseo tse tobileng li etsa hore ho be bonolo ho bapisa seo Bibele e se buang le litlaleho tsa libuka tse ling tseo e seng tsa Bibele, ebe seo se re thusa ho netefatsa ho phethahala ha boprofeta ba Bibele. Tabeng ea Abrahama le peō ea hae, bopaki bo bontša hore litšepiso tsa Molimo li ile tsa phethahala—peō ea Abrahama e ile ea fetoha sechaba, sechaba seo se ile sa ea bokhobeng Egepeta, ’me hamorao se ile sa lula naheng ea Kanana. Sena sohle se re hopotsa mantsoe a mongoli oa Bibele e leng Petrose, eo ka boikokobetso a ileng a lumela hore: “Ha ho nako eo ka eona boprofeta bo ileng ba tlisoa ke thato ea motho, empa batho ba ile ba bua ho tsoa ho Molimo ha ba ntse ba khannoa ke moea o halalelang.”—2 Petrose 1:21.
Makholong a lilemo a ileng a latela, ka mor’a hore Baiseraele ba lule naheng ea Kanana, histori ea sechaba seo e ile ea fetoha ka tšohanyetso, ’me seo sa tlisa liphello tse bosula. Bangoli ba Bibele ba ile ba bolela esale pele ka liphello tseo, joalokaha makasine e latelang e tla bontša.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a “B.C.E.” e bolela “Pele Jesu a Tla Lefatšeng.”
b Pele, lebitso la Abrahama e ne e le Abrame.
c Sheba 1 Likronike 1:27-34; 2:1-15; 3:1-24. Nakong ea puso ea Roboame, mora oa Morena Solomone, sechaba sa Iseraele se ile sa aroha ho ba ’muso o ka leboea le o ka boroa. Ka mor’a moo, Iseraele e ile ea busoa ke marena a mabeli ka nako e le ’ngoe.—1 Marena 12:1-24.
[Lebokose le leqepheng la 17]
TLHOHONOLOFATSO HO “LICHABA TSOHLE”
Molimo o ile a tšepisa hore batho ba “lichaba tsohle” ba ne ba tla itlhohonolofatsa ka peō ea Abrahama. (Genese 22:18) Lebaka le ka sehloohong leo Molimo a ileng a etsa hore litloholo tsa Abrahama e be sechaba ka lona, e ne e le hore se hlahise Mesia ea neng a tla fana ka bophelo ba hae molemong oa batho bohle.d Kahoo, tšepiso eo Molimo a e etselitseng Abrahama ea u ama! Johanne 3:16 e re: “Molimo o ratile lefatše haholo hoo a ileng a fana ka Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši, e le hore e mong le e mong ea bontšang tumelo ho eena a se ke a timetsoa empa a be le bophelo bo sa feleng.”
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
d Boprofeta bo hlalosang Mesia ka ho khetheha bo tla tšohloa Karolong ea 3 le ea 4 lethathamong la lihlooho tsena.
[Lebokose le leqepheng la 17]
TLALEHO E NEPAHETSENG EA LIKETSAHALO
Mohlala o bontšang hore Bibele e fana ka tlaleho e nepahetseng ea liketsahalo o lengolong la 1 Marena 6:1, le buang ka nako ea ha Morena Solomone a ne a qala mosebetsi oa ho haha tempele Jerusalema. Le re: “Eitse ka selemo sa makholo a mane le mashome a robeli [lilemo tse 479 tse tletseng] ka mor’a hore bara ba Iseraele ba tsoe naheng ea Egepeta, ka selemo sa bone [sa puso ea Solomone], ka khoeli ea Zive, ke hore, khoeli ea bobeli, ka mor’a hore Solomone e be morena oa Iseraele, a hahela Jehova ntlo.”
Tsela eo Bibele e tlalehang tatellano ea liketsahalo ka eona e bontša selemo sa bone sa puso ea Solomone e le sa 1034 B.C.E. Ha re bala lilemo tse 479 ho tloha selemong seo, li re fihlisa ho 1513 B.C.E. e leng selemo seo Baiseraele ba ileng ba tsoa Egepeta ka sona.
[Lebokose le leqepheng la 18]
ABRAHAMA—MOTHO EA BILENG TENG NAKONG E FETILENG
● Matlapa a letsopa a qalong ea sekete sa bobeli sa lilemo B.C.E., a thathamisitse mabitso a metse a tšoanang le a beng ka Abrahama. Metse ena e akarelletsa Harane, Nakore, Pelege, Seruge le Tera.—Genese 11:17-32.
● Ho Genese 11:31, re bala hore Abrahama o ile tloha “Ure ea Bakalde” le lelapa la hae. Lithako tsa motse ona li ile tsa fumanoa boroa-bochabela ho Iraq. Bibele e boetse e bontša hore ntate oa Abrahama e leng Tera, o shoeletse Harane eo mohlomong hona joale e leng Turkey, ’me Sara mosali oa Abrahama eena o shoeletse Hebrone, e leng o mong oa metse ea khale ka ho fetisisa e ntseng e e-na le baahi Bochabela bo Hare.—Genese 11:32; 23:2.
[Chate/Setšoantšo se maqepheng a 16, 17]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
TATELLANO EA LIKETSAHALO TSA PEŌ EA ABRAHAMA LE EA HO TSOA HA BAISERAELE EGEPETA
(B.C.E.)
1843 Abrahama oa shoa
Meloko e mene
ea litloholo tsa Abrahama
Levi
1728 Jakobo o fallela
Egepeta le lelapa la hae
1711 Jakobo oa shoa Kohathe
1657 Josefa oa shoa Amrame
1593 Moshe oa tsoaloa Moshe
1513 Moshe o ntša
Baiseraele Egepeta
1473 Moshe oa shoa.
Joshua o etella pele
Baiseraele ho ea
naheng ea
Kanana
Mehla ea Baahloli
1117 Samuele o tlotsa
Saule hore e be morena
oa pele oa Iseraele
1107 Davida oa tsoaloa
1070 Davida e-ba morena
oa Iseraele
1034 Solomone o qala
ho haha tempele
[Setšoantšo]
“Sekotoana sena sa letlapa la tlhōlo se ngotsoeng “Leloko la Davida” ke o mong oa mehloli e buang ka marena a tsoileng ho Abrahama ’me a busa Iseraele kapa Juda
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
© Israel Museum, Jerusalem/The Bridgeman Art Library International