Lenyalo le Fumantšang Limillione Tse Phelang Hona Joale Molemo
“Morena, Molimo oa rōna o matla ’ohle, oa busa. A re . . . ise[ng] khanya ho oona; hobane lenyalo la Konyana le hlahile, ’me mosali oa eona o itokisitse.”—TŠENOLO 19:6, 7.
1. Pina ea boprofeta e ho Tšenolo 19:6-8 e tla qala ho binoa neng, hona hobane’ng?
MANTSOE ana a thabisang a etsa karolo ea pina ea boprofeta ea tlhōlo. E tla qala ho binoa neng? Ka mor’a ho timetsoa ha sera sa khale haholo sa borapeli ba Jehova—“Babylona e moholo,” “seotsoa se seholo” sa tšoantšetso se emelang mefuta eohle ea bolumeli ba bohata. Ho tlameha hore ho liheloe kahlolo holim’a hae ka baka la mokhoa o mobe oo a ’nileng a emela Molimo ka oona. O ’nile a khelosa batho hakaakang ka ho itšunya-tšunya ha hae lipolotiking, meharo ea hae ea lintho tse bonahalang, le lehloeo la hae le bolaeang ho barapeli ba ’nete ba Jehova!—Tšenolo 17:1-6; 18:23, 24; 19:1, 2; Jakobo 4:4.
2. (a) Jehova o tla timetsa Babylona e Moholo joang? (b) Ho e-na le ho rorisa Jehova, ba tla timetsa bolumeli ba bohata ba tla etsa eng?
2 Haufinyane, Jehova Molimo o tla kenya ka lipelong tsa baeta-pele ba lefatše ba lipolotiki hore ba mo timetse. (Tšenolo 17:12, 16, 17) Empa ba timetsang bolumeli ba bohata ba ke ke ba kopanela ho bineng pina e hlollang ea tlhōlo. Ho e-na le hoo, tlas’a tšusumetso ea Satane, kapa Gogo, ba tla hlasela ba sebelisang bolumeli ba ’nete, ba phelang ka khotso ’me ba ipoloka ba arohile bobeng ba lefatše lena.—Esaia 2:2-4; Ezekiele 38:2, 8-12; Johanne 17:14; Jakobo 1:27.
3. Ke ka mabaka afe bahlanka ba Jehova ba batho ba tlang ho kopanela pineng ea leholimo?
3 Tlhaselo ena e phephetsang Molimo ea babusi ba lipolotiki e tla fella ka ntoa ea Harmagedone, e tla felisa ka ho felletseng lichaba tsohle tse khahlanong le bolumeli. Ka morao ho moo, tšusumetso e khopo ea Satane le bademona ba hae e tla be e tlositsoe lefatšeng. (Tšenolo 16:14, 16; 19:11-21; 20:1, 2) Ka lipelo tse tletseng teboho, batho bohle ba phonyohileng ba tla kopanela mohoong oa leholimo: “Alleluya! Hobane Morena, Molimo oa rōna o matla ’ohle, oa busa.” (Tšenolo 19:6) Ka sebele, liketsahalo tse joalo tse sisinyang lefatše li tla tšoaea qaleho ea phetoho e ncha. Jehova o tla be a tlositse qoso boreneng ba hae ’me a tlositse lefatšeng bohle ba phephetsang bobusi ba hae. Qetellong ho tla be ho fihlile nako ea lenyalo la leholimo. Joalokaha pina ea boprofeta e tsoela pele: “A re thabeng, re nyakalle, ’me re ise khanya ho [Jehova]; hobane lenyalo la Konyana le hlahile, ’me mosali oa eona o itokisitse.”—Tšenolo 19:7, 8.
4. (a) Ke bo-mang ba tšoantšetsoang ke Konyana le “mosali” oa eona? (b) Ho botsoa lipotso life moo, ’me re ka fumana likarabelo joang?
4 Konyana hase e mong haese Jesu Kreste ea tlotlisitsoeng, ’me “mosali” oa hae ke palo e felletseng ea balateli ba hae ba tlotsitsoeng ba tšepahalang ba 144 000 bao hona joale ba kopaneng le eena leholimong. Ha ba kopane kaofela bana ba nkang karolo lenyalong la leholimo ba etsa litho tse felletseng tsa ’Muso oa Molimo, o tla phahamisetsa batho, ho akarelletsa le ba tsohang bafung, phethehong ea botho. (Tšenolo 5:8-10; 14:1-4; 20:4, 12, 13; 21:3-5, 9, 10; 22:1-3) Na liketsahalo tse lebisang lenyalong leo le hlohonolofalitsoeng li tla atleha? U ka fumana molemo joang lenyalong leo? Ho fumanela lipotso tsena likarabo, a re hlahlobeng liketsahalo tse likolohang lenyalo la Isaaka, joalokaha li tlalehiloe ho Genese khaolo ea 24.
Monyaluoa eo Isaaka a mo Khethetsoeng ke Molimo
5, 6. Ke hobane’ng ha Abrahama a ne a phehelletse hakaale hore Isaaka a se ke a nyala Mokanana, ’me ena ke tataiso e ntle bakeng sa bo-mang kajeno? (1 Ba-Korinthe 7:39)
5 Tlaleho e qala ka Abrahama ha a fa molaoli oa ntlo ea hae litaelo, eo ka ho hlakileng e leng Eliezere. (Genese 15:2; 24:2) Abrahama a re: “Ke tle ke u antše ka Jehova . . . hore u ke ke ua nkela mora oa ka mosali ho barali ba ba-Kanana, bao ke ahileng har’a bona; u mpe u ee fatšeng la heso, le ho baheso, u nkele mora oa ka Isaaka mosali teng.”—Genese 24:3, 4.
6 Ke hobane’ng ha Abrahama a ne a phehelletse hakaalo hore mora oa hae a se ke a nyala Mokanana? Hobane Bakanana e ne e le bana ba Kanana, ea neng a rohakoe ke Noe. (Genese 9:25) Ho feta moo, Bakanana ba ne ba tsebisahala ka mekhoa ea bona e hlephileng, ’me ho tebileng ka ho fetisisa, ba ne ba sa rapele Jehova. (Genese 13:13; Levitike 18:3, 17-28) Ka ho utloahalang, Abrahama o ne a batla hore mora oa hae a nyale e mong ea tsoang lelapeng la habo, bana ba Sema, ea ileng a amohela tlhohonolofatso e bululetsoeng ea Noe. (Genese 9:26) Ke tataiso e ntle hakaakang bakeng sa Bakreste ba khethang ho nyala kajeno!—Deuteronoma 7:3, 4.
7. Abrahama o ile a lokisetsa Eliezere joang bakeng sa kabelo eo?
7 Ka hona Eliezere a kena leetong la lik’hilomithara tse fetang 800 ho ea Mesopotamia. O ile a tsamaea a itokisitse hantle, ka likamele tse leshome tse bofiloeng limpho. (Genese 24:10) Ho phaella moo, o ne a ka thuisa mantsoe ana a matlafatsang tumelo a mong’a hae: “Jehova, Molimo oa maholimo, . . . ke eena ea tlang ho roma lengeloi la hae pele ho uena, ’me u tla nkela mora oa ka mosali teng.”—Genese 24:7.
8, 9. (a) Ke eng se ileng sa etsahala ha Eliezere a fihla motseng oa Nakore? (b) Monyaluoa ea tšoanelehang o ne a tla khethoa ka teko efe?
8 Qetellong, a fihla motseng oa Nakore ka leboea ho Mesopotamia. Eliezere o ile a bothisa likamele tse khathetseng hore li phomole selibeng se ka thōko ho motse. E ne e le nakong ea letsatsi ha basali ba il’o kha metsi—monyetla o motle, ka sebele, ho Eliezere ho sheba eo e ka bang monyaluoa! Empa e ne e lokela ho ba mosali oa mofuta ofe? Ea motle ka ho fetisisa? Che. Eliezere o ne a thahaselletse haholo mosali ea nang le botho ba bomolimo. Sena se ile sa senoloa ke thapelo ea tumelo e nang le boikokobetso eo a e rapelang joale: “Jehova, Molimo oa Abrahama, mong a ka, ak’u mphihlisetse botle kajeno, ’me u etsetse Abrahama, mong a ka, ka mohau. Bona, ke eme pel’a seliba sa metsi, ’me barali ba batho ba motse ba ea tsoela ho kha metsi. A e ke e re, moroetsana eo ke reng ho eena: Ak’u kokobetse nkho ea hao, nke ke noe, ’me a re: Noa, ’me ke tla nosa le likamele tsa hao; e ke e be eena eo u mo laoletseng Isaaka, mohlanka oa hao, ’me ke tle ke tsebe ka hoo hobane u etselitse mong a ka ka mohau.”—Genese 24:11-14.
9 Eo e ne e hlile e le teko e ntle. Ho latela The New Encyclopœdia Britannica, kamele e nyoriloeng ka ho fetisisa e ka noa ‘lilithara tse 95 tsa metsi ka metsotso e 10.’ Ho ka ’na ha etsahala hore e be likamele tsa Abrahama li ne li sa nyoroa hakaalo, empa basali ba mehleng eo ha ho pelaelo hore ba ne ba hlile ba tseba hore na liphoofolo li noa metsi a makae. Ka sebele, ho ne ho tla hlokahala mosali ea mosa haholo, ea se nang boithati, le ea mahlaha-hlaha ho ithaopela ho khella likamele tse leshome tse khathetseng metsi le hona e le tsa motho eo a sa mo tsebeng.
10, 11. (a) Thapelo ea Eliezere e ile ea arabeloa ka tsela efe e hlollang? (b) Rebeka o ile a bontša litšoaneleho tse lakatsehang joang? (c) Eliezere o ile a itšoara joang?
10 Le pele Eliezere a qeta thapelo ea hae, e ne e se e arabetsoe, joalokaha tlaleho e bolela: “A bona Rebeka . . . a e-tsoa . . . E ne e le moroetsana e motle haholo ho bonoa, e ne e sa ntse e le moroetsana, a e-so ho tsejoe ke monna; a theohela selibeng, a tlatsa nkho ea hae, a ntoo nyoloha. Eaba mohlanka o titima, a mo khahlanyetsa, a re: Ak’u mphe hle metsinyana a nkho ea hao. A re: Noa, monghali. A phakisa a kokobeletsa nkho ea hae letsohong la hae, a mo nosa. Eitse hobane a qete ho mo noesa, a re: Ke tla khella le likamele tsa hao, le tsona li ke li noe, li kholoe. Eaba o phakisa a tšollela nkho ea hae senoelong sa lintho, a boela a titimela selibeng ho ea kha [“a boela, a ba a boela,” NW], a khella likamele tsa hae kaofela.”—Genese 24:15-20.
11 Eliezere a ‘shebella ka ho makala’ ha a bona thapelo ea hae e arabeloa ka mohlolo. Ha moroetsana ea lokeloang ke thoriso a qetile, o ile a mo putsa ka lesale la gauda la nkong le lipetja tse peli tsa gauda ’me a ’motsa: “U morali oa mang?” Ha a fumana hore ke setloholoana sa ngoan’abo Abrahama, Eliezere a khumamela Jehova ka borapeli bo nang le tlhompho, a re: “Ho bokoe Jehova, Molimo oa mong a ka Abrahama, ea sa kang a hlokisa mong a ka lereko la hae le botšepehi ba hae! Ha e le ’na, Jehova o fela a ntsamaisitse ho ntlisa tlung ea banab’abo mong a ka.”—Genese 24:21-27.
12. Taba ee e ile ea phethoa joang lapeng la habo Rebeka?
12 Ka thabo Rebeka a mathela hae ho ea bolella lelapa la habo. Hamorao, ha ntate oa Rebeka le khaitseli ea hae ba utloa ho tsoa molomong oa Eliezere morero oa leeto la hae le kamoo Jehova a arabetseng thapelo ea hae, ba ile ba lumela ba sa tsila-tsile hore Rebeka e lokela ho ba mosali oa Isaaka. “Eare ha mohlanka oa Abrahama a utloa litaba tsa bona, a khumama fatše pel’a Jehova. Eaba mohlanka o ntša mekhabo ea silevera le mekhabo ea gauda, le meaparo, a e nea Rebeka; ’me a nea khaitselie le ’m’ae mesebetsi ea bohlokoa.”—Genese 24:52, 53.
Karabelo ea Monyaluoa le Baetsana ba Hae
13. Ho ile ha tiisoa joang hore khetho ea Jehova e ne e le eona e nepahetseng?
13 Rebeka o ile a talima tokelo ea ho khetheloa ho ba monyaluoa oa Isaaka ke Molimo joang? Letsatsing le hlahlamang ha etsahala ntho e ’ngoe e ileng ea senola maikutlo a hae a ’nete a ka hare. Ha a se a phethile morero oa leeto la hae, Eliezere o ile a lakatsa ho khutlela ho mong’a hae ntle le tieho. Empa ba lelapa la habo Rebeka ba ne ba batla hore monyaluoa a ke a lule le bona bonyane matsatsi a leshome. Ka hona ho ne ho setse ho Rebeka ho khetha hore na o ne a ikemiselitse ho tsamaea hang-hang. A re: “Ke tla ea.” Ka ho lumela ho siea lelapa la habo hang-hang le ho nka leeto le eang naheng e hōle e le hore a ka nyalana le monna eo le ka mohla a neng a e-s’o ’mone e ne e le pontšo e ikhethang ea tumelo tataisong ea Jehova. Hona ho ile ha tiisa hore e ne e le mokhethoa ea nepahetseng.—Genese 24:54-58.
14. (a) Rebeka o ne a felehelitsoe ke bo-mang? (b) Ba ile ba tobana le leeto la mofuta ofe?
14 Rebeka o ne a e-na le ba mo felehelitseng leetong la hae. Joalokaha tlaleho e hlalosa: “Rebeka a tloha le makhabunyane a hae, ’me ba palama likamele.” (Genese 24:61) Ka hona ba kena leetong le kotsi la lik’hilomithara tse ka holimo ho 800 ka sehlopha sa likamele ba tsamaea sebakeng seo ba sa se tsebeng. Buka The Living World of Animals ea bolela: “Lebelo le tloaelehileng la likamele tse bofiloeng, e ka ba [lik’hilomithara tse 4 ka hora].” Haeba likamele tsa Abrahama li ne li tsamaea ka lebelo leo ka lihora tse robeli ka letsatsi, ho ka be ho ile ha nka nako e ka holimo ho matsatsi a 25 ho fihla qetellong ea leeto la bona Negeb.
15. (a) Ke mohlala ofe o motle oo re o bonang ho Eliezere, Rebeka, le baetsana ba hae? (b) Tlaleho ee e tšoantšetsa eng?
15 Eliezere, Rebeka, le baetsana ba hae ba ne ba tšepa tataiso ea Jehova ka ho felletseng, e leng mohlala o motle bakeng sa Bakreste kajeno! (Liproverbia 3:5, 6) Ho phaella moo, tlaleho ke setšoantšo sa boprofeta se matlafatsang tumelo. Joalokaha re se re bone, Abrahama o tšoantšetsa Jehova Molimo, ea ileng a fana ka Mora oa hae ea ratoang, Isaaka e Moholoanyane, e le hore batho ba baetsalibe ba ka fumana bophelo bo sa feleng. (Johanne 3:16) Tokisetso ea lenyalo la Isaaka e tlile nakoana ka mor’a hore a pholosoe lefung aletareng ea sehlabelo. E ne e le tokisetso ea boprofeta bakeng sa lenyalo la leholimo, e leng tokisetso e qalileng ka ho teba ka morao ho tsoho ea Jesu.
Lenyalo la Isaaka e Moholoanyane
16. (a) Ke joang, ka ho loketseng, mohlanka oa Abrahama a tšoantšetsang moea o halalelang oa Molimo? (b) Ho ka ’na ha botsoa lipotso life mabapi le moea le monyaluoa? (Liketso 7:51)
16 Lebitso la Eliezere le bolela hore “Molimo Oa Ka Ke Mothusi.” Ka lebitso le ka ketso, ka ho loketseng o tšoantšetsa moea o halalelang oa Abrahama e Moholoanyane, Jehova Molimo, Ea ileng a o romela naheng ena e hōle, lefatše la rōna, ho tla tla khethela Isaaka e Moholoanyane, Jesu Kreste, monyaluoa ea tšoanelehang. (Johanne 14:26; 15:26) Sehlopha sa monyaluoa ke “phutheho,” e entsoeng ka barutuoa ba Jesu ba tsoetsoeng ka moea o halalelang e le bara ba moea ba Molimo. (Ba-Efese 5:25-27, NW; Ba-Roma 8:15-17) Feela joalokaha Rebeka a ile a amohela limpho tsa bohlokoahali, ho joalo le ka litho tsa pele tsa phutheho ea Bokreste ka letsatsi la Pentekonta ea 33 C.E. li ile tsa amohela ka mohlolo limpho e le bopaki ba ho bitsoa ha tsona ke Molimo. (Liketso 2:1-4) Ho tšoana le Rebeka, li ile tsa ithaopela ho tlohela likamano tsohle tsa lefatše le tsa nama e le hore qetellong li ka kopanngoa le Monyali oa tsona oa leholimo. Ho tloha nakong eo litho tsa sehlopha sa monyaluoa li bitsoang ka bonngoe ho fihlela lefung la tsona, li tlameha ho lebela boroetsana ba tsona ba moea ha li ntse li le leetong ho pholletsa le lefatše lena le kotsi la Satane, le ekang. (Johanne 15:18, 19; 2 Ba-Korinthe 11:3; Jakobo 4:4) Se tletse moea o halalelang, sehlopha sa monyaluoa ka botšepehi se mema ba bang ho inkela litokisetso tsa Jehova hore ba tle ba pholohe. (Tšenolo 22:17) Na u latela mohlala oa sona ka hore le uena u arabele tataisong ea moea oo?
17. (a) Likamele tse leshome li tšoantšetsa eng? (b) Boikutlo ba rōna e lokela ho ba bofe ka Bibele le likhatiso tse ling tse theiloeng Bibeleng tse lokiselitsoeng ke sehlopha sa monyaluoa? (Liketso 17:11)
17 Sehlopha sa monyaluoa se nka se tšoantšetsoang ke likamele tse leshome e le sa bohlokoahali. Palo leshome e sebelisoa ka Bibeleng ho bolela phetheho kapa ho fella kamanong le lintho tsa lefatšeng. Likamele tse leshome li ka ’na tsa bapisoa le Lentsoe la Molimo le felletseng le le phethahetseng, e leng leo ka lona sehlopha sa monyaluoa se fumanang lijo tsa moea le limpho tsa moea. (Johanne 17:17; Ba-Efese 1:13, 14; 1 Johanne 2:5) Ha e bua ka ho khella likamele metsi ha Rebeka, The Watchtower ea November 1, 1948, e fane ka tšebeliso ena ho sehlopha sa monyaluoa: “Ka lerato ba hlahloba Lentsoe la Molimo e leng lona le ba fang moea o mongata oa oona. Ba thahasella Lentsoe la oona le ngotsoeng, baa le sebelisa le ho le ntlafatsa ka ho le ela hloko le ho bontša kameho e tiileng ka molaetsa le morero oa lona, ba batla ho le lumela.” E le mohlala oa sena, masala a sehlopha sa monyaluoa ka lerato a entse hore limillione li fumane New World Translation of the Holy Scriptures e sa silafatsoang, le e nakong. Ho sa tsotellehe hore na phetolelo ena e ntle ea fumaneha ka puo ea heno kapa che, na u bontša kananelo ka hore ka mehla u hlahlobe Bibele hammoho le lithuso tsa ho ithuta tse fanoang ke sehlopha sa monyaluoa?—2 Timothea 3:16; Tšenolo 22:17.
Lenyalo la Konyana Lea Atamela
18. Baetsana ba Rebeka ba tšoantšetsa joang ka ho loketseng metsoalle ea monyaluoa kajeno?
18 Mehleng ena ea qetello ea lefatše la Satane, “bongata bo boholo ba batho,” bo tšoantšoang le ‘baetsana’ ba Rebeka bo ’nile ba kopanela le masala a sehlopha sa monyaluoa. Joaloka tabeng ea Rebeka, bana ba feta hōle palo e felletseng ea sehlopha sa monyaluoa ea ba 144 000. Ke “bongata bo boholo ba batho” ba “linku tse ling” tsa Jesu Kreste. (Tšenolo 7:4, 9; Johanne 10:16) E le baetsana ba tšepahalang ba monyaluoa, le bona ba tlameha ho ipoloka ba sa silafatsoa ho hang ke lefatše le khopo la Satane. Le bona ba tlameha ho arabela ketello-peleng ea moea oa Jehova le Lentsoe la hae joalokaha ba le hlalosetsoa ke sehlopha sa monyaluoa. Empa moputso oa bona o fapane. Haeba ba mamella ho tšehetsa ka botšepehi monyaluoa oa Kreste, ba tla pholoha bofelo ba lefatše la Satane ’me ba be le monyetla o hlollang oa ho phela ka ho sa feleng lefatšeng la paradeise.—Tšenolo 21:3, 4.
19. Ho ile ha etsahala joang ha Rebeka le baetsana ba hae ba fihla qetellong ea leeto la bona?
19 Na Rebeka le “makhabunyane” a hae ba ile ba finyella pakane ea bona ka katleho? E. Joalokaha Bibele e tlaleha: “Isaaka o na a tsoetse naheng ho ea imamela ha e le mantsiboea, ’me a emisa mahlo a hae, a tšoha a bona likamele li e-tla. Rebeka le eena a emisa mahlo a hae, a bona Isaaka; eaba o tholoha kamele.” Ka mor’a hore Eliezere a qete ho hlalosa thōmo ea hae e atlehileng, Isaaka o ile a amohela Rebeka e le mosali oa hae ’me “a mo rata.”—Genese 24:63-67.
20. Ke ketsahalo efe e thabisang e tšoantšetsoang ke lenyalo la Isaaka?
20 Ka ho tšoanang, morero oa Jehova mabapi le monyaluoa oa Kreste o ke ke oa hlōleha. (Esaia 55:11) Haufinyane, ha Babylona e Moholo a ahlotsoe ’me a timelitsoe, ba ho qetela ba masala a monyaluoa ba tla phetha leeto la bona. Ho tla be ho tlile nako ea hore ba arohanngoe le metsoalle ea bona ea baetsana ’me ba kopanngoe lenyalong le Isaaka e Moholoanyane leholimong. Ena e tla ba ketsahalo e hlollang hakaakang ea thabo ea bokahohleng bohle!—Tšenolo 19:6-8.
21. Ha tlhōrō ea lenyalo la leholimo e ntse e atamela, ke eng seo bohle re lokelang hore e be re ntse re se etsa?
21 Hona joale, ba limillione ba itlhohonolofatsa ka ho arabela tšebeletsong ea masala a monyaluoa a ntseng a fokotseha. Pele kaofela ha ’ona a qeta tsela ea ’ona ea lefatšeng ka hore a shoe, ho ripitloa ha ’muso oa lefatše o kang seotsoa oa bolumeli ba bohata ho tla tšoaea qaleho ea ‘mahlomola a maholo, a e-song ho ka a e-ba teng ha e sa le le tšimolohong ea lefatše.’ Nako e setseng e khutšoanyane. Haeba u batla ho pholoha, ke habohlokoa hakaakang hore u kopanele ho phetha litaelo tsa Molimo! (Mattheu 24:14, 21; Mareka 13:10; Luka 21:15; Johanne 13:34) Litaelo tse joalo li sebetsa ka ho khethehileng mehleng ea rōna e thata. Ka hona, ho sa tsotellehe hore na u oa masala a monyaluoa kapa oa “bongata bo boholo ba batho” ba baetsana ba hae, tsoela pele u utloa Jehova ka ho mo fa khanya le bakeng sa thabo ea hao ea ka ho sa feleng. E tla ba ho hlollang hakaakang bakeng sa ba bongata bo boholo, ba seng ba ntse ba baloa e le metsoalle ea Molimo, ho tsoela pele ba phela ha Jehova ‘a etsa lintho tsohle li be ncha’ ’me melemo e sa feleng e tšolohela ho ba limillione lefatšeng la paradeise!—Tšenolo 21:5; 22:1, 2, 17.
Na u sa Hopola?
◻ Ke liketsahalo life tse thabisang tse tlamehang ho etsahala kapele?
◻ Ke eng se tiisang hore lenyalo la leholimo le tla atleha ka ho felletseng?
◻ Eliezere le likamele tse leshome ba ka ’na ba bapisoa le eng?
◻ Ke bo-mang kajeno ba tšoanang le Rebeka le baetsana ba hae?
◻ Re ithuta eng liketsahalong tse ileng tsa lebisa lenyalong la Isaaka?