Barali ba Motho ba Mahlomoleng “ba Hahileng Ntlo ea Iseraele”
HA E se e tla ba hoseng, Lea o ne a tseba hore o tlil’o senoleha. Jakobo eo a neng a robetse liatleng tsa hae, o ne a tlil’o tseba hore hase Ragele moena oa hae. E le ha a mamela taelo ea ntat’ae, mohlomong Lea ea neng a ikoahetse ka lesira, o ile a robala betheng e neng e lokiselitsoe Jakobo le Ragele bosiung boo.
U ka inahanela hore na Jakobo o ile a ikutloa joang ha khanya ea hoseng e etsa hore a bone se neng se hlile se etsahala! O ile a halefa haholo, a qhoelisana ka mantsoe le Labane, ntat’a Lea. Ho sa le joalo, e tlameha ebe Lea le eena o ile a nahana ka seabo seo a bileng le sona thetsong ena le hore na e ne e tla hlahisa litholoana life ka nako e telele. Pale ea Lea le Ragele ke karolo ea bohlokoa ea histori ea Bibele. E boetse e re bontša hore na ho bohlale hakae ho ba le mosali a le mong le hore motho a tšepahale lenyalong.
Motho ea sa Tsejoeng Selibeng
Lilemo tse supileng pejana, Ragele o ne a ile a mathela ho ntat’ae ho mo bolella hore o kopane le motho eo a sa mo tsebeng selibeng ea boletseng hore o amana le bona. Motho enoa e ne e le motsoala oa hae Jakobo, mora oa khaitseli ea ntat’ae eo e neng e bile e le morapeli oa Jehova. Khoeli ka mor’a moo, Jakobo o ile a kōpa ho sebeletsa Labane ka lilemo tse supileng e le hore a tle a nyale Ragele. Eitse ha Labane a hlokomela hore na mochana oa hae ke motho ea sebetsang ka thata hakae a bile a tseba hore ke ntho e tloaelehileng sechabeng sa habo hore batho ba amanang ba nyalane, Labane o ile a amohela kōpo ea Jakobo.—Genese 29:1-19.
Jakobo o ne a fela a rata Ragele, o ne a sa nkeha maikutlo feela. Tebeletsano ea bona ea lilemo tse supileng e ile ea “e-ba joaloka matsatsi a seng makae ka lebaka la lerato la hae ho eena.” (Genese 29:20) Kaha Jakobo o ile a rata Ragele ho fihlela lefung, e tlameha ebe Ragele o ne a e-na le litšobotsi tse ratehang tse ngata.
Na Lea o ne a e-na le tšepo ea ho nyaloa ke morapeli oa Jehova ea tšepahalang? Bibele ha e bolele. Tlaleho ea Bibele ea hlakisa hore na Labane o ne a e-na le maikutlo afe ka lenyalo la Lea. Ha nako ea tebeletso ea Ragele e fihla pheletsong, Labane o ile a etsa mokete oa lechato. Empa tlaleho ea Bibele e re ka shoalane, o ile a tlisa Lea ho Jakobo “hore a kopanele liphate le eena.”—Genese 29:23.
Na Lea o ne a ile a loha leqheka la ho qhekella Jakobo? Kapa mohlomong o ile a qobelleha ho mamela ntat’ae? Hona Ragele eena o ne a le hokae? Na o ne a tseba se etsahalang? Haeba ho joalo, o ile a ikutloa joang? Na ntat’ae e ne e le motho ea bohale hoo a neng a ke ke a etsa se khahlanong le thato ea hae? Bibele ha e arabele lipotso tsena. Ho sa tsotellehe hore na Lea le Ragele ba ile ba ikutloa joang ka leqheka lena, le ile la halefisa Jakobo haholo. Jakobo o ile a qhoelisana ka mantsoe le Labane eseng le barali ba hae, a re: “Na ha kea u sebeletsa bakeng sa Ragele? Kahoo ke hobane’ng ha u nqhekeletse?” Labane o ile a araba ka ho re’ng? “Ha hoa tloaeleha . . . ho fana ka ngoanana e monyenyane pele ho oa letsibolo. Keteka ka ho feletseng beke ea ngoanana enoa. Ka mor’a moo u tla fuoa le ngoanana enoa e mong bakeng sa tšebeletso eo u tla ntšebeletsa ka eona ka lilemo tse ling tse supileng.” (Genese 29:25-27) Ka tsela eo Jakobo o ile a qhekelloa hore a kene lenyalong la sethepu le neng le tla baka mona o tšabehang.
Lelapa le se Nang Thabo
Jakobo o ne a rata Ragele. Ha Molimo a hlokomela hore ha ho bapisoa Lea eena o ne a “hloiloe,” o ile a bula pōpelo ea hae empa Ragele eena o ile a lula e le nyopa. Empa Lea o ne a sa batle ngoana feela, o ne a batla hore Jakobo a mo rate. Ha a bona hore Ragele ke eena ea neng a ratoa, o ile a sareloa. Ho ntse ho le joalo, Lea o ile a ba le tšepo ea hore Jakobo o tla mo rata kaha a ne a mo tsoaletse ngoana oa letsibolo, Rubene, e bolelang “Bona, Mora!” Lea o ne a e-na le lebaka la hore na ke hobane’ng ha a rehile ngoana oa hae lebitso leo: “Ke hobane Jehova a bone ho sohlokeha ha ka, hore joale monna oa ka o tla qala ho nthata.” Empa Jakobo ha aa ka a mo rata, ’me ha aa ka a mo rata leha a se a mo tsoaletse mora e mong. Lea o ile a reha mora eo Simeone, e bolelang “Ho utloa.” O ile a re: “Ke hobane Jehova o mametse, hore ke ne ke hloiloe ’me kahoo o mphile le enoa.”—Genese 29:30-33.
Taba ea hore Molimo o ile a araba e bolela hore Lea o ne a ile a rapela ka boemo boo a neng a le ho bona. Ho bonahala e ne e le mosali ea tšepahalang. Leha ho le joalo, bohloko boo a neng a bo utloa bo ile ba ’na ba tsoela pele le ka mor’a hore a be le mora oa boraro, Levi. Taba ea hore lebitso la hae le bolela “Ho khomarela,” kapa “Ho kopana,” e hlalosoa ke mantsoe a Lea: “Joale nakong ena monna oa ka o tla ikopanya le ’na, hobane ke mo tsoaletse bara ba bararo.” Leha ho le joalo, ho hlakile hore Jakobo ha aa ka a ikutloa a e-na le kamano e haufi le eena. Mohlomong Lea o ile a qetella a amohetse boemo bona hobane lebitso la mora oa hae oa bone le ne le sa bue ka tšepo ea hore likamano pakeng tsa hae le Jakobo li tla ntlafala. Ho e-na le hoo, lebitso leo a le rehileng Juda le ne le bontša hore o leboha Molimo. Lebitso lena “Juda,” le bolela “Ho roka,” kapa “Ea Rokoang.” Lea o ile a re feela: “Lekhetlong lena ke tla roka Jehova.”—Genese 29:34, 35.
Ke ’nete hore Lea o ile a sareloa, empa Ragele le eena o ne a nyahame. O ile a itela ho Jakobo: “Mphe bana ho seng joalo ke tla ba mosali ea shoeleng.” (Genese 30:1) Ragele o ne a ratoa ke Jakobo empa o ne a batla bana. Lea eena o ne a e-na le bana empa a batla ho ratoa. E mong le e mong oa bona o ne a lakatsa seo e mong a neng a e-na le sona, ’me ka bobeli ba bona ba ne ba sa thaba. Bobeli ba bona ba ne ba rata Jakobo ’me ba batla ho mo tsoalla bana. Ba ne ba shoelana mona. Lelapa lee le ne le le boemong bo nyotobetsang hakaakang!
Na Ragele o ne a Tla ba le Bana?
Mehleng eo, ho hloka bana ho ne ho nkoa e le sekhobo. Molimo o ne a ile a tšepisa Abrahama, Isaka le Jakobo hore lelapeng la bona ho ne ho tla hlaha “peō” eo lichaba tsohle li neng li tla itlhohonolofatsa ka eona. (Genese 26:4; 28:14) Leha ho le joalo, Ragele o ne a se na bana. Jakobo o ile a re ke Molimo feela ea neng a ka fa Ragele bara, ho etsa hore a be le seabo litlhohonolofatsong tseo. Leha ho le joalo, Ragele o ne a se na mamello. O ile a re: “Bilha lekhabunyane la ka ke enoa. Kopanela liphate le eena, hore a belehele mangoleng a ka e le hore nka fumana bana ka eena.”—Genese 30:2, 3.
Mohlomong re ka ’na ra thatafalloa ho utloisisa maikutlo a Ragele. Leha ho le joalo, mangolo a manyalo a ileng a fumanoa Bochabela bo Hare a bontša hore e ne e le mokhoa o tloaelehileng hore mosali ea se nang bana a fe monna oa hae lekhabunyane la hae e le hore le ka tsoala mojalefa.a (Genese 16:1-3) Maemong a mang bana ba lekhabunyane ba ne ba nkoa e le bana ba mong’a lekhabunyane leo.
Ha Bilha a e-ba le ngoana oa moshanyana, Ragele ea neng a thabile haholo o ile a re: “Molimo e bile moahloli oa ka hape o mametse lentsoe la ka, hoo a mphileng mora.” O ile a mo reha lebitso la Dane, e bolelang “Moahloli.” Le eena o ne a ile a rapella bothata ba hae. Ha Bilha a ba le mora oa bobeli, Nefthali, e bolelang “Lintoa Tsa ka,” Ragele o ile a re: “Ke loanne le morali’eso ntoa e boima. Hape ke mo hlōtse!” Mabitso ana a bontša bora bo neng bo le teng pakeng tsa bo-mohalitsong bana.—Genese 30:5-8.
Mohlomong Ragele o ne a nahana hore o etsa se tumellanong le lithapelo tsa hae ha a fa Jakobo Bilha, empa ena e ne e se eona tsela eo Molimo a neng a tla mo fa bana ka eona. Ho na le seo re ithutang sona mona. Ha rea lokela ho hloka mamello ha re rapela Jehova. A ka arabela lithapelo ka litsela tseo re sa li lebellang le ka nako eo re sa e lebellang.
E le hore a se ke a hlōloa, Lea le eena o ile a fa Jakobo lekhabunyane la hae, Zilpa. O ile a ba le Gade pele hamorao a ba le Ashere.—Genese 30:9-13.
Ketsahalo e totobatsang bora bo neng bo le teng pakeng tsa Ragele le Lea ke ea limandrake tse ileng tsa fumanoa ke mora oa Lea, Rubene. Ho ne ho nahanoa hore tholoana ena e thusa batho ho emola. Ha Ragele a ne a kōpa tse ling, Lea o ile a mo jajabetsa ka bohale a re: “Na ke ntho e nyenyane hore ebe u nkile monna oa ka, ’me joale u nka limandrake tsa mora oa ka?” Ba bang ba re sena se boletsoeng ke Lea se ne se bolela hore Jakobo o ne a qeta nako e ngata a e-na le Ragele ho feta Lea. Mohlomong Ragele o ile a hlokomela hore Lea o na le lebaka le utloahalang la ho ipelaetsa, hobane o ile a araba tjena: “Ka lebaka leo o tla robala le uena bosiung bona e le phapanyetsano bakeng sa limandrake tsa mora oa hao.” Ka hona ha Jakobo a fihla lapeng mantsiboeeng ao, Lea o ile a re ho eena: “U tla kopanela liphate le ’na, hobane ke u hirile ka ho toba ka limandrake tsa mora oa ka.”—Genese 30:15, 16.
Lea o ile a ba le mora oa bohlano Isakare le oa botšelela Zabulone. Ka mor’a moo o ile a re: “Qetellong monna oa ka o tla ’mamella, hobane ke mo tsoaletse bara ba tšeletseng.”b—Genese 30:17-20.
Limandrake ha lia ka tsa thusa. Ha Ragele a qetella a imme ’me a e-ba le Josefa ka mor’a lilemo tse tšeletseng a nyetsoe, ke hobane Jehova o ne a mo ‘hopotse’ ’me a arabile thapelo ea hae. Ke hona Ragele a neng a ka re: “Molimo o tlositse nyeliso ea ka!”—Genese 30:22-24.
Lefu le Lefa
Ragele o ile a shoa nakong eo a neng a beleha mora oa hae oa bobeli, Benjamine. Ruri Jakobo o ne a rata Ragele, ’me bara ba hae ba babeli e ne e le lithatohatsi ho eena. Lilemo hamorao ha le eena a ntse a atamela lefu, o ile a hopola lefu la tšohanyetso la moratuoa oa hae Ragele. (Genese 35:16-19; 48:7) Ka lefu la Lea teng ha re tsebe letho haese feela hore Jakobo o mo patile lehaheng leo le eena a neng a rata hore a pateloe ho lona.—Genese 49:29-32.
Botsofaling ba hae Jakobo o ile a lumela hore bophelo ba hae—ho akarelletsa le litaba tsa lelapa la hae—bo ne bo baka mahlomola. (Genese 47:9) Ha ho pelaelo hore bophelo ba Lea le Ragele le bona bo ne bo baka mahlomola. Bophelo ba bona bo bontša litholoana tse bosula tsa sethepu ’me bo bontša hore na ke hobane’ng ha Jehova a entse hore monna a be le mosali a le mong. (Matheu 19:4-8; 1 Timothea 3:2, 12) Mona o ba teng haeba monna kapa mosali a sa bontše lerato ho molekane oa hae feela kapa haeba a sa kopanele liphate le motho a le mong feela—molekane oa hae. Lena ke le leng la mabaka a etsang hore Molimo a hanele bohlola le bofebe.—1 Bakorinthe 6:18; Baheberu 13:4.
Leha ho le joalo, Molimo o ile a ’na a tsoela pele—’me o ntse a tsoela pele—ho phethahatsa morero oa hae, a sebelisa banna le basali ba sa phethahalang empa ba tšepahala. Bobeli barali bana ba motho ba ne ba e-na le mefokolo joaloka rōna. Leha ho le joalo, a sebelisa basali bana, Jehova o ile a qala ho phethahatsa seo a neng a se tšepisitse Abrahama. Ke ka nepo ho thoeng Ragele le Lea ‘ba hahile ntlo ea Iseraele.’—Ruthe 4:11.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Lengolo la lenyalo la mofuta oo le fumanoeng Nuzi, Iraq, le baleha tjena: “Kelim-ninu o nyetsoe ke Shennima. . . . Haeba Kelim-ninu a sa be le [bana], Kelim-ninu o tla batla mosali [lekhabunyane] naheng ea Lullu hore e be mosali oa Shennima.”
b Dina, e mong oa bana ba Lea, ke eena feela har’a barali ba Jakobo eo re tsebang lebitso la hae.—Genese 30:21; 46:7.
[Setšoantšo se leqepheng la 9]
Lea o ne a lakatsa seo Ragele a neng a e-na le sona, Ragele a lakatsa seo Lea a neng a e-na le sona, ’me ka bobeli ba ne ba sa thaba
[Setšoantšo se leqepheng la 10]
Sechaba sa Iseraele se tsoile ho bara ba Jakobo ba 12