Buka ea Bibele ea 2—Exoda
Mongoli: Moshe
Sebaka Seo e Ngoletsoeng ho Sona: Lefeelleng
Ho Ngoloa ho Phethiloe ka: 1512 B.C.E.
Nako e Akarelitsoeng: 1657–1512 B.C.E.
1. (a) Lintlha tsa sehlooho tsa Exoda ke life? (b) Exoda e filoe mabitso afe, hona ke ntšetso-pele ea tlaleho efe?
LITLALEHO tse susumetsang moea tsa lipontšo tsa bohlokoa le mehlolo tseo Jehova a li entseng ha a lokolla batho ba lebitso la hae botubong ba Egepeta, ho hlophisa ha hae Iseraele e le thepa ea hae e khethehileng e le “’muso oa baprista, le sechaba se khethehileng,” le ho qaleha ha histori ea Iseraele e le sechaba sa puso ea Molimo—tsena ke lintlha tsa sehlooho tsa buka ea Bibele ea Exoda. (Ex. 19:6) Ka Seheberu e bitsoa Weʼelʹleh shemohthʹ, le bolelang “Joale ana ke mabitso,” kapa feela Shemohthʹ, “Mabitso,” ho latela mantsoe a eona a pele. Lebitso la kajeno le tsoa ho Septuagint ea Segerike, moo le bitsoang Eʹxo·dos, le fetoletsoeng ka Selatine ho ba Exodus, le bolelang “Ho Tsamaea” kapa “Ho Tloha.” Hore Exoda ke ntšetso-pele ea tlaleho ea Genese ho bontšoa ke lentsoe le qalang, “Joale” (hantle-ntle e leng, “’Me,” NW), le ka ho boela e thathamisa mabitso a bara ba Jakobo, joalokaha a nkiloe tlalehong e felletseng ea Genese 46:8-27.
2. Exoda e senola eng mabapi le lebitso JEHOVA?
2 Buka ea Exoda e senola lebitso le babatsehang la Molimo, JEHOVA, ka ho phatsima hohle ha khanya ea lona le ho halalela ha lona. Ha o tsoela pele ho bontša botebo ba se boleloang ke lebitso la oona, Molimo o ile oa bolella Moshe, “KE TLA IPAKA HO BA SEO KE TLA IPAKA HO BA SONA,” ’me oa phaella ka hore a bolelle Iseraele, “KE TLA IPAKA HO BA [ka Seheberu: אהיה, ʼEh·yehʹ, ho tsoa leetsing la Seheberu ha·yahʹ] o nthomile ho lōna.” Lebitso JEHOVA (יהוה, YHWH) le tsoa leetsing le tšoanang la Seheberu ha·wahʹ, “ho ba,” ’me ha e le hantle le bolela “Ea Bakang hore Ho Be.” Ka sebele liketso tse matla le tse tšabehang tsa Jehova tseo joale a tsoelang pele ho li phethahatsa molemong oa sechaba sa hae, Iseraele, li ile tsa hōlisa le ho apesa lebitso leo ka khanya e tsotehang, li le etsa sehopotso “melokong le melokong,” lebitso le lokelang ho hlomphuoa ka nako e sa feleng. Ke ha bohlokoa ho feta lintho tsohle hore re tsebe histori e babatsehang e pota-potileng lebitso leo le hore re rapele Molimo o le mong feela oa ’nete, Ea itseng, “Ke ’na Jehova.”a—Ex. 3:14, 15, NW; 6:6.
3. (a) Re tseba joang hore Moshe e ne e le mongoli oa Exoda? (b) Exoda e ngotsoe neng, hona e nkile nako e kae?
3 Moshe ke mongoli sa Exoda, joalokaha ho bontšoa ke ho ba ha eona moqolo oa bobeli oa Libuka tse Hlano tse Qalang tsa Bibele. Buka ena ka boeona e tlaleha liketsahalo tse tharo tsa Moshe moo a ngolang tlaleho ka tataiso ea Jehova. (17:14; 24:4; 34:27) Ho latela liithuti tsa Bibele Westcott le Hort, Jesu le bangoli ba Mangolo a Bokreste a Segerike ba qotsa kapa ba supa ho Exoda ka makhetlo a fetang a 100, joalokaha Jesu a ne a re: “Ha ke re, Moshe o le neile molao na?” Exoda e ngoletsoe lefeelleng la Sinai, ka selemo sa 1512 B.C.E., selemo ka mor’a hore bara ba Iseraele ba tlohe Egepeta. E nkile nako ea lilemo tse 145, ho tloha ha Josefa a e-shoa ka 1657 B.C.E. ho isa ha ho emisoa tabernakele ea borapeli ba Jehova ka 1512 B.C.E.—Joh. 7:19; Ex. 1:6; 40:17.
4, 5. Ke bopaki bofe ba liepolloa tsa lintho tsa khale bo tšehetsang tlaleho ea Exoda?
4 Ha u nahana hore liketsahalo tsa Exoda li etsahetse hoo e ka bang lilemo tse 3 500 tse fetileng, ho na le bopaki bo bongata bo makatsang ba boepolli ba lintho tsa khale le bo tsoang ka ntle bo pakang ho nepahala ha tlaleho ena. Mabitso a Egepeta a sebelisitsoe hantle ho Exoda, le litlotla tse boletsoeng li lumellana le mengolo ea Egepeta. Boepolli ba lintho tsa khale bo bontša hore e ne e le tloaelo ea Baegepeta ho lumella balichaba ho phela Egepeta empa ba lule ba arohile ho bona. Metsi a Nile a ne a sebelisetsoa ho tola, e leng ho re hopotsang hore morali oa Faro o ile a ea tola moo. Ho ile ha fumanoa litene tse entsoeng ka setoroi le tse se nang sona. Hape, mehleng ea nala ea Egepeta baupelli ba ne ba le ka sehloohong.—Ex. 8:22; 2:5; 5:6, 7, 18; 7:11.
5 Liemahale li bontša hore bo-Faro ka bobona ba ne ba etella pele makhotla a bona a ba kaletseng ntoeng, ’me Exoda e bontša hore Faro oa mehleng ea Moshe o ile a latela tloaelo ena. E tlameha e be o ile a tlotlolleha haholo hakaakang! Empa ho tla joang hore e be litlaleho tsa boholo-holo tsa Egepeta ha li supe ka tjako ea Baiseraele naheng ea bona kapa tsietsi e ileng ea oela Egepeta? Boepolli ba lintho tsa khale bo bontšitse hore e ne e le tloaelo ho borena bo bocha ba Egepeta ho hlakola ntho efe le efe e nyelisang litlalehong tsa pejana. Ha ho mohla ba kileng ba tlaleha litlhōlo tse tlotlollang. Likotlo ho melimo ea Egepeta—e kang molimo oa Nile, molimo oa lihohoana, le molimo oa letsatsi—tse ileng tsa nyenyefatsa melimo ena ea bohata ’me tsa bontša Jehova a phahame, li ne li ke ke tsa tšoanela litlaleho tsa histori tsa sechaba se ikhohomosang.—14:7-10; 15:4.b
6. Ke libaka life tseo ka kakaretso li amahanngoang le liahelo tsa pele tsa Baiseraele?
6 Lilemo tse 40 tsa Moshe a sebeletsa e le molisa tlas’a Jethro li ile tsa mo tloaetsa maemo a bophelo le libaka tsa moo ho nang le metsi le lijo sebakeng sena, kahoo tsa mo etsa ea tšoanelehang haholo ho etella phallo ena pele. Tsela e nepahetseng hantle ea ho falla hona e ke ke ea saloa morao hantle kajeno, kaha libaka tse sa tšoaneng tse boletsoeng tlalehong ena li ke ke tsa suptjoa ka ho toba. Leha ho le joalo, Mara, se seng sa liahelo tsa pele Hloahloeng ea Sinai, hangata e amahanngoa le ʽEin Hawwara, lik’hilomithara tse 80 ka boroa bo ka boroa-bochabela ho Suez ea kajeno. Elim, sebaka sa liahelo sa bobeli, ka neano se amahanngoa le Wadi Gharandel, hoo e ka bang lik’hilomithara tse 88 ka boroa bo ka boroa-bochabela ho Suez. Ho thahasellisang, sebaka sena sa kajeno se tsejoa e le sebaka sa nosetso se nang le limela le lipalema, ho re hopotsa ka Elime ea Bibele, e neng e e-na le “liliba . . . tse leshome le metso e ’meli, le lifate tsa palema tse mashome a supileng.”c Leha ho le joalo, bonnete ba tlaleho ea Moshe, ha boa itšetleha ka tiiso ea baepolli ba lintho tsa khale ea libaka tse sa tšoaneng tse tseleng ena.—15:23, 27.
7. Ke bopaki bofe hape, ho akarelletsa ho hahuoa ha tabernakele, bo tiisang hore Exoda e bululetsoe?
7 Tlaleho ea ho hahoa ha tabernakele mahoatateng a pele ho Sinai e tšoanelana le maemo a sebaka seo. Seithuti se seng se itse: “Ka sebōpeho, ka kaheho, le thepa, ka ho felletseng tabernakele ke ea lefeelleng. Lehong le sebelisitsoeng mohahong le fumanoa mona ka bongata.”d E bang ke tabeng ea mabitso, meetlo, bolumeli, libaka, thuto ea sebōpeho sa libaka, kapa thepa, ho bokelloa ha bopaki bo hlahang ka ntle bo tiisa tlaleho e bululetsoeng ea Exoda, eo hona joale e ka bang lilemo li 3 500.
8. Ho bontšoa joang hore Exoda e lohellane le karolo eohle ea Mangolo e le e bululetsoeng le e molemo?
8 Bangoli ba bang ba Bibele ba supa ho Exoda khafetsa, ho bontša bohlokoa ba eona ba boprofeta le molemo. Ka mor’a lilemo tse fetang 900 hamorao, Jeremia o ile a ngola ka “Molimo o moholo, o matla, oo lebitso la oona e leng Jehova oa makhotla,” o ileng oa tsoela pele ho ntša batho ba oona, Iseraele, Egepeta “ka lipontšo, le ka mehlolo, le ka seatla se matla, le ka letsoho le otlolohileng, le ka botšabeho bo boholo.” (Jer. 32:18-21) Ka lilemo tse fetang 1 500 hamorao, Setefane o ile a thea boholo ba bopaki ba hae bo susumetsang bo ileng ba isa ho bolaeloeng ha hae tumelo boitsebisong ba Exoda. (Lik. 7:17-44) Re qotselitsoe bophelo ba Moshe e le mohlala oa tumelo ho Ba-Heberu 11:23-29, le Pauluse o supa khafetsa ho Exoda ha a re beela mehlala le litemoso kajeno. (Lik. 13:17; 1 Ba-Kor. 10:1-4, 11, 12; 2 Ba-Kor. 3:7-16) Tsena kaofela li re thusa ho ananela kamoo likarolo tsa Bibele li lohellaneng ka teng e ’ngoe ho e ’ngoe, karolo ka ’ngoe e kopanela ho senoleng morero oa Jehova ka tsela e molemo.
LITABA TSE KA HARE TSA EXODA
9. Moshe o hlahetse le ho hōlisetsoa tlas’a maemo afe?
9 Jehova o roma Moshe, a hatisa Lebitso la Hae la Khopotso (1:1–4:31). Ka mor’a hore e bolele mabitso a bara ba Iseraele ba theohetseng Egepeta, Exoda e boetse e tlaleha lefu la Josefa. Ka mor’a nako ho hlaha morena e mocha Egepeta. Ha a bona hore Baiseraele ba ntse ba “ata, ba ngatafala, ba anafala, ba natlafala haholo-holo,” o nka mehato ea ho hatella, ho akarelletsa mosebetsi o qobelloang, ’me o leka ho fokotsa palo ea ba batona ba Iseraele ka ho laela hore ho felisoe bana bohle ba hlahang ba batona. (1:7) Ke tlas’a maemo ana moo ho hlahang mora ho e mong oa Baiseraele oa ntlo ea Levi. Ngoana enoa ke oa boraro lapeng lena. Ha a le likhoeli li tharo, ’mè oa hae o mo pata ka har’a sethotoana sa loli har’a mahlaka a lebōpong la Nōka ea Nile. O fumanoa ke morali oa Faro, ea ratang moshanyana enoa ’me o inkela eena. Eo e hlileng e leng ’mè o fetoha mohlokomeli, ’me ka baka leo, o hōlela lelapeng la Moiseraele. Hamorao o tlisoa lapeng la Faro. O reoa Moshe, e bolelang “Ea Ntšitsoeng [ke hore, ea pholositsoeng metsing].”—Ex. 2:10; Lik. 7:17-22.
10. Ke liketsahalo life tse lebisitseng ho rongoeng ha Moshe bakeng sa tšebeletso e khethehileng?
10 Moshe enoa o thahasella bophelo ba Baiseraele ba habo. O bolaea Moegepeta ka lebaka la ho tšoara Moiseraele hampe. Ka baka leo, o tlameha ho baleha, ’me kahoo o fihla naheng ea Midiane. Ha a le moo o nyala Sefora morali oa Jethro, moprista oa Midiane. Ka mor’a nako Moshe e ba ntate oa bara ba babeli, Gershome le Eliezere. Joale, ha a le lilemo li 80, ka mor’a ho qeta lilemo tse 40 lefeelleng, Moshe o rongoa ke Jehova bakeng sa tšebeletso e khethehileng mabapi le ho halaletsa lebitso la Jehova. Ka letsatsi le leng ha a ntse a alositse mohlape oa Jethro haufi le Horebe, “thabeng ea Molimo,” Moshe o bona sehlahla se tuka empa se sa che. Ha a il’o batlisisa, lengeloi la Jehova le bua le eena, le mo bolella ka morero oa Molimo oa ho ntša batho ba Oona ‘bana ba Iseraele, Egepeta.’ (Ex. 3:1, 10) Moshe o lokela ho sebelisoa e le kofuto ea Jehova bakeng sa ho lokolla Iseraele botlamuoeng ba Egepeta.—Lik. 7:23-35.
11. Joale Jehova o tsebahatsa lebitso la hae ka kutloisiso efe e khethehileng?
11 Joale Moshe o botsa hore na o tla khetholla Molimo ho bara ba Iseraele joang. Ke mona, ka lekhetlo la pele, moo Jehova a tsebahatsang se hlileng se boleloang ke lebitso la hae, a le amahanya le morero oa hae o tobileng le ho le hloma e le khopotso. “Sena ke seo u tla se bua ho bara ba Iseraele, ‘KE TLA IPAKA HO BA o nthomile ho lōna . . . Jehova Molimo oa bo-ntat’a lōna moholo, Molimo oa Abrahama, Molimo oa Isaaka le Molimo oa Jakobo, o nthomile ho lōna.’” Lebitso la Hae, Jehova, le mo khetholla e le ea tlang ho etsa hore merero ea hae kamanong le batho ba lebitso la hae e phethahale. Ho batho bana, bana ba Abrahama, o tla ba neha lefatše le tšepisitsoeng bo-ntat’a bona moholo, “lefatše le kollang lebese le linotši.”—Ex. 3:14, 15, 17, NW.
12. Jehova o hlalosetsa Moshe eng mabapi le ho lokolla Baiseraele, ’me batho ba amohela lipontšo joang?
12 Jehova o hlalosetsa Moshe hore morena oa Egepeta a ke ke a lokolla Baiseraele empa hore Eena o tla tlameha hore pele a otle Egepeta ka liketso tsohle tsa Hae tse makatsang. Ngoan’abo Moshe, Aarone, o mo filoe e le ’muelli oa hae, ’me ba amohela lipontšo tse tharo tseo ba lokelang ho li etsa hore ba kholise Baiseraele hore ba tla ka lebitso la Jehova. Ha ba le tseleng e eang Egepeta, mora oa Moshe o ile a lokela ho bolotsoa ho thibela lefu ka lapeng, ho hopotsa Moshe ka se hlokoang ke Molimo. (Gen. 17:14) Moshe le Aarone ba bokella banna ba hōlileng ba bara ba Iseraele ’me ba ba tsebisa ka morero oa Jehova oa ho ba ntša Egepeta le ho ba isa Naheng e Tšepisitsoeng. Ba etsa lipontšo, ’me batho baa lumela.
13. Liphello e bile life ha Moshe a kopana le Faro lekhetlo la pele?
13 Likotlo holim’a Egepeta (5:1–10:29). Joale Moshe le Aarone ba ea ho Faro ’me ba phatlalatsa hore Jehova, Molimo oa Iseraele, o itse: “Lokolla sechaba sa ka.” Ka molumo oa lentsoe le nyefolang, Faro ea ikhohomosang oa arabela: “Jehova ke mang hore ke utloe lentsoe la hae, ’me ke lokolle Iseraele? Jehova ha ke mo tsebe, le Iseraele nke ke ka mo lokolla.” (5:1, 2) Ho e-na le ho lokolla Baiseraele, o ba imetsa ka mosebetsi o thata. Leha ho le joalo, Jehova o nchafatsa litšepiso tsa hae tsa topollo, a boetse a tlamahanya sena le ho halaletsoa ha lebitso la hae: “Ke ’na Jehova . . . Ka sebele ke tla ipaka ke le Molimo oa lōna . . . ke ’na Jehova.”—6:6-8, NW.
14. Baegepeta ba qobelloa ho hlokomela “monoana oa Molimo” joang?
14 Pontšo eo Molimo o e etsang ka pel’a Faro, ka hore Aarone a lahlele lere la hae fatše hore le fetohe noha e khōlō, e etsisoa ke baprista ba Egepeta ba sebelisang boupelli. Le hoja linoha tsa bona li koenngoa ke noha e khōlō ea Aarone, pelo ea Faro e ntse e thatafala. Joale Jehova o tsoela pele ho tlisa likotlo tse latellanang tse boima holim’a Egepeta. Ea pele, nōka ea bona Nile le metsi ’ohle a Egepeta a fetoha mali. Joale kotlo ea lihohoana e ba oela holimo. Likotlo tsena tse peli li etsisoa ke baprista ba sebelisang boupelli, empa kotlo ea boraro, ea linta ho batho le ho liphoofolo, ha ba khone ho e etsisa. Baprista ba Egepeta ba lokela ho hlokomela hore ona ke “monoana oa Molimo.” Leha ho le joalo, Faro ha a lokolle Iseraele.—8:19.
15. Ke likotlo life tse tubang Baegepeta feela, ’me ke ka lebaka lefe Jehova a lumellang Faro hore a be teng?
15 Likotlo tsa pele tse tharo li oela Baegepeta le Baiseraele ka ho tšoana, empa ho tloha ka ea bone ho ea pele, ke Baegepeta feela ba otloang, Iseraele e ema e khethollehile tlas’a tšireletso ea Jehova. Kotlo ea bone ke leru le leholohali la menoang. Joale ho latela seoa holim’a liphoofolo tsohle tsa Egepeta, se lateloa ke lithopane tse petlang ho motho le phoofolo, hoo esita le baprista ba sebelisang boloi ba sitoang ho ema pel’a Moshe. Jehova o boetse o thatafatsa pelo ea Faro, a mo phatlalletsa ka Moshe: “Empa ke u tloheletse hona hoo, ke bonahatse matla a ka ka uena, le hore lebitso la ka le tume lefatšeng lohle.” (9:16) Moshe joale o tsebisa Faro kotlo e latelang, “sefako se seholo ka ho fetisisa,” ’me mona Bibele e tlaleha ka lekhetlo la pele hore ba bang har’a bahlanka ba Faro ba tšaba lentsoe la Jehova ’me ba nka bohato ka lona. Kotlo ea borobeli le ea borobong—phutuhelo ea tsie le lefifi le letšo-letšo—li latellana ka potlako, ’me Faro ea thatafetseng lea halefileng o tšosa Moshe ka lefu haeba a leka ho bona sefahleho sa hae hape.—9:18.
16. Jehova o laela eng mabapi le Paseka le Mokete oa Mahobe a sa Lomosoang?
16 Paseka le ho otloa ha matsibolo (11:1–13:16). Joale Jehova oa phatlalatsa, “Ke sa tlisa kotsi e le ’ngoe holim’a Faro le holim’a Egepeta”—ho shoa ha matsibolo. (11:1) O laela hore khoeli ea Abibe e be khoeli ea pele likhoeling tsa Iseraele. Ka letsatsi la bo10, ba lokela ho nka nku kapa pōli—e tona, e selemo se seng, e se nang letheba—’me ka letsatsi la bo14, ba lokela ho e bolaea. Mantsiboeeng ao ba tlameha ho nka mali a phoofolo eo ’me ba a fafatse likoseneng tse peli le karolong e ka holimo ea monyako, ebe joale ba lula ka hare ho ntlo ’me ba je phoofolo e besitsoeng, e sa lokelang ho rojoa lesapo leha le le leng. Ha hoa lokela ho ba le tomoso ka tlung, ’me ba lokela ho e-ja ka potlako, ba apere ’me ba itlhomelletse ho tsamaea. Paseka e lokela ho sebeletsa e le khopotso, mokete o etsetsoang Jehova melokong eohle ea bona. O lokela ho lateloa ke Mokete oa matsatsi a supileng oa Mahobe a sa Lomosoang. Bara ba bona ba tlameha ho lauoa ka botlalo ka se boleloang ke sena sohle. (Hamorao, Jehova o fana ka litaelo tse tsoelang pele mabapi le mekete ena, ’me o laela hore matsibolo ’ohle a ba batona a Iseraele, ho banna le a liphoofolo, a tlameha ho khetheloa eena.)
17. Ke liketsahalo life tse tšoaeang bosiu boo e le bo lokelang ho hopoloa?
17 Iseraele e etsa kamoo Jehova a laelang. Joale ho otla tlokotsi! Har’a mpa ea bosiu Jehova o bolaea matsibolo ’ohle a Egepeta, ha a feta ’me a lopolla matsibolo a Iseraele. Faro oa hoeletsa, “Tlohang, le tsoe sechabeng sa ka.” Le ‘Baegepeta ba qala ho potlakisa sechaba’ hore se tlohe kapele. (12:31, 33) Baiseraele ha ba tlohe ba phuthile matsoho, hobane baa kōpa ’me ba amohela thepa ea silevera le ea gauda le liphahlo tse tsoang ho Baegepeta. Ba tsoa Egepeta ba entse theko ea ntoa, e le banna ba linatla ba ka bang 600 000, hammoho le malapa a bona le letšoele le kopakaneng le bao eseng Baiseraele, hammoho le mehlape e mengata ea liphoofolo. Sena se tšoaea ho fela ha lilemo tse 430 tsa ho tloha ha Abrahama a tšela Eufrate ho ea kena naheng ea Kanana. Ka sebele bona ke bosiu bo lokelang ho hopoloa.—Ex. 12:40, NW, tšupiso ea bobeli botlaaseng ba leqephe; Ba-Gal. 3:17.
18. Ke ho halaletsoa hofe ho ka sehloohong ha lebitso la Jehova ho etsahalang Leoatleng le Lefubelu?
18 Lebitso la Jehova le ile la halaletsoa Leoatleng le Lefubelu (13:17–15:21). A ba tataisa ka topallo ea leru motšehare ’me bosiu ka topallo ea mollo, Jehova o etella Iseraele pele ka tsela ea Sukkothe. Faro o boetse oa thatafala, a ba lelekisa ka mokhethoa oa hae oa makoloi a lipere a ntoa ’me kamoo a nahanang ka teng o ba qobella, Leoatleng le Lefubelu. Moshe o tiisetsa batho, a re: “Se tšoheng; ikemeleng, le bone pholoso eo Jehova a tla le etsetsa eona kajeno.” (14:13) Joale Jehova o etsa hore leoatle le khutlele morao, le etsa mochophoro oa ho pholoha oo Moshe a etellang Baiseraele pele ka oona ba sireletsehile ho ea ka lebopong le ka bochabela. Makhotla a matla a Faro aa ba phallela, hore feela ba tl’o tšoaseha ’me ba qoele ha metsi a khutla. E bile ho halaletsa lebitso la Jehova ho phahameng hakaakang! E bile sesosa se seholo hakaakang sa ho thaba! Ho thaba hoo ho boletsoe pineng e khōlō ea pele ea tlhōlo ea Bibele: “Ke tla binela Jehova, hobane o itlotlisitse le ho itlotlisa; pere le mokalli oa eona o li lihetse leoatleng. Matla a ka le thoko ea ka ke Jehova, e bile eena ho pholoha ha ka. . . . Jehova o tla rena kamehla e sa feleng.”—15:1, 2, 18.
19. Ke liketsahalo life tse tšoaeang leeto le eang Sinai?
19 Jehova o etsa selekane sa Molao Sinai (15:22–34:35). Ka mehato a latellanang, e tataisoa ke Jehova, Iseraele e tsamaea e lebile Sinai, thaba ea Molimo oa ’nete. Ha batho ba korotla ka metsi a babang a Mara, Jehova o ba natefisetsa ’ona. Hape, ha ba korotla ka ho haella ha nama le bohobe, o ba fa likoekoe mantsiboea le manna a tsoekere, joaloka phoka fatše, hoseng. Manna ana a tla sebeletsa e le bohobe ho Baiseraele ka lilemo tse latelang tse 40. Hape, e le ka lekhetlo la pele historing, Jehova o laela hore ho bolokoe letsatsi la phomolo, kapa sabbatha, ka hore Baiseraele ba thonake ka letsatsi la botšelela manna a matsatsi a mabeli ’me a sa fane ka ’ona ka letsatsi la bosupa. O boetse o ba hlahisetsa metsi Refidime ’me a ba loanela ho Amaleke, ka hore Moshe a tlalehe kahlolo ea Hae ea hore Amaleke o tla felisoa ka ho feletseng.
20. Tlhophiso e molemo e qala ho sebetsa joang?
20 Ntate oa mosali oa Moshe, Jethro, joale o tlisetsa Moshe mosali oa hae le bara ba babeli. Joale ho fihlile nako ea tlhophiso e molemonyana Iseraeleng, ’me Jethro o tlatsetsa ka keletso e molemo e sebetsang. O eletsa Moshe hore a se ke a ikimetsa a le mong empa a khethe banna ba khonang, ba tšabang Molimo ho ahlola batho e le balaoli ba likete, makholo, ba mashome a mahlano, le mashome. Moshe o etsa sena, e le hore ho eena ho ka tla feela linyeoe tse thata.
21. Jehova o boela a etsa tšepiso efe, empa tlas’a maemo afe?
21 Likhoeling tse tharo hoba ba falle, Iseraele e hloma liahelo lefeelleng la Sinai. Mona Jehova oa tšepisa: “’Me joale ekare ha le ka fela la utloa lentsoe la ka, la boloka selekane sa ka, le tla ba letlotlo la ka la sebele har’a lichaba tse ling kaofela, etsoe lefatše lohle e le la ka. Le tla ba ho ’na ’muso oa baprista, le sechaba se khethehileng.” Batho ba ikana: “Tsohle tseo Jehova a li buileng re tla li etsa.” (19:5, 6, 8) Ka morao ho nako ea ho halaletsa Iseraele, Jehova o theohela thabeng ka letsatsi la boraro, a etsa hore e kubelle mosi ’me e thothomele.
22. (a) Ke melao efe e fuperoeng ke Mantsoe a Leshome? (b) Ke liqeto life tse ling tsa boahloli tse beoang ka pel’a Iseraele, hona sechaba se nkeloa selekaneng sa Molao joang?
22 Joale Jehova o tsoela pele ho fana ka Mantsoe a Leshome, kapa Melao e Leshome. Ena e hatella boinehelo bo ikhethang ho Jehova, ha e thibela melimo e meng, borapeli ba litšoantšo, le ho tlaela ka lebitso la Jehova. Baiseraele ba laeloa hore ba sebetse ka matsatsi a tšeletseng ’me e be ba boloka sabbatha ho Jehova, le ho hlompha ntate le ’mè. Melao e khahlanong le ho bolaea, bofebe, ho utsoa, ho fana ka bopaki ba bohata, le takatso li phetha Mantsoe a Leshome. Joale Jehova o tsoela pele ho bea liqeto tsa boahloli ka pel’a bona, litaelo bakeng sa sechaba se secha, ho koahela bokhoba, tlatlapo, likotsi, matšeliso, bosholu, tšenyo ea mollo, borapeli ba bohata, thetso, tšoaro e mpe ea bahlolohali le likhutsana, likalimo, le litaba tse ling tse ngata. Ho fanoa ka melao ea sabbatha, ’me ho lokisetsoa mekete e meraro ea selemo le selemo bakeng sa borapeli ba Jehova. Joale Moshe o ngola mantsoe a Jehova fatše, ho nyeheloa mahlabelo, ’me halofo ea mali e fafatsoa aletareng. Buka ea selekane e balloa batho, ’me ka mor’a ho tiisa hape hore ba ithaopela ho utloa ka boithatelo, mali kaofela a fafatsoa holim’a buka le holim’a batho bohle. Kahoo Jehova o etsa selekane sa Molao le Iseraele ka ’muelli, Moshe.—Ba-Heb. 9:19, 20.
23. Jehova o fa Moshe litaelo life thabeng?
23 Joale Moshe o ea ho Jehova thabeng ho ea amohela Molao. Ka matsatsi le masiu a 40, o fuoa litaelo tse ngata mabapi le thepa e tla haha tabernakele, makolopetso a thepa ea ka hare, lintlha tse tobileng tse nyenyane tsa tabernakele ka boeona, le moetso oa liaparo tsa boprista, ho akarelletsa le letlapa la gauda e hloekileng, le ngotsoeng “Khalalelo ho Jehova,” tukung ea Aarone. Ho kenngoa tšebetsong ha boprista le tšebetso ea bona li qaqisitsoe, ’me Moshe o hopotsoa hore Sabbatha e tla ba pontšo pakeng tsa Jehova le bara ba Iseraele “ka mehla.” Joale Moshe o fuoa matlapa a mabeli a Bopaki a ngotsoeng ka “monoana oa Molimo.”—Ex. 28:36; 31:17, 18.
24. (a) Batho ba etsa sebe sefe, hona ka phello efe? (b) Jehova o boela a senola lebitso la hae le khanya ea hae joang ho Moshe?
24 Ho sa le joalo batho ba felloa ke mamello ’me ba kōpa Aarone hore a etse molimo o ba etellang pele. Aarone o etsa sena, a etsa namane ea gauda, eo batho ba e rapelang ho seo a se bitsang “mokete oa Jehova.” (32:5) Jehova o bua ka ho felisa Iseraele, empa Moshe o kenella molemong oa bona, le hoja a pshatla matlapa bohaleng ba hae bo tukang. Bara ba Levi joale ba ema ka lehlakoreng la borapeli bo hloekileng, ba bolaea marabele a 3 000. Jehova o boetse oa ba otla. Ka mor’a hore Moshe a kōpe Molimo hore o tsoele pele ho etella batho ba oona pele, o bolelloa hore a ka qekotsa khanya ea Molimo ’me o laeloa hore a betle matlapa a mang a mabeli ao ho ’ona Jehova a tlang ho ngola hape Mantsoe a Leshome. Ha Moshe a e-ea thabeng lekhetlo la bobeli, Jehova o tsoela pele ho mo phatlalletsa lebitso la Jehova ha A feta: “Jehova, Jehova, Molimo o mohau, o lereko, o liehang ho halefa, o tletseng mohau le ’nete, o hauhelang meloko e likete.” (34:6, 7) Joale o bolela litekanyetso tsa selekane sa hae, ’me Moshe o se ngola fatše joalokaha re e-na le sona ho Exoda kajeno. Ha Moshe a theoha Thabeng ea Sinai, letlalo la sefahleho sa hae le hlahisa mahlaseli ka lebaka la khanya e senotsoeng ea Jehova. Ka baka leo, o tlameha ho ikoahela ka lesira sefahlehong.—2 Ba-Kor. 3:7-11.
25. Tlaleho e pheta eng mabapi le tabernakele le ho bonahatsoa ho tsoelang pele ha khanya ea Jehova?
25 Ho hahuoa ha tabernakele (35:1–40:38). Joale Moshe o bitsetsa Iseraele hammoho ’me o fetisetsa mantsoe a Jehova ho bona, a ba bolella hore ba pelo li ratang ba na le monyetla oa ho etsa monehelo bakeng sa tabernakele le ba pelo li bohlale monyetla oa ho e sebetsa. Ka pele ho ile ha tlaleheloa Moshe: “Sechaba se se se tlisitse ho fetisa ho lekaneng mesebetsi eo Jehova a e laetseng hore e etsoe.” (36:5) Tlas’a tataiso ea Moshe banna ba sebetsang ba tletse moea oa Jehova ba tsoela pele ho haha tabernakele le thepa ea eona e ka hare le ho etsetsa baprista liaparo tsohle. Selemo ka mor’a hore ba falle, tabernakele ea phethoa ’me ea emisoa lehoatateng le ka pel’a Thaba ea Sinai. Jehova o bontša ho e amohela ha hae ka ho khurumetsa tente ea pokano ka leru la hae le ka ho tlatsa tabernakele ka khanya ea hae, hoo Moshe a sa khoneng ho kena tenteng. Leru lona lena motšehare le mollo bosiu li tšoaea ho tataisa ha Jehova Iseraele nakong ea maeto ’ohle a bona. Joale ke selemo sa 1512 B.C.E., ’me tlaleho ea Exoda e fella mona, lebitso la Jehova le halalelitsoe ka mokhoa o khanyang ka mesebetsi ea hae e babatsehang e entsoeng molemong oa Iseraele.
LEBAKA LEO E LENG MOLEMO
26. (a) Exoda e thea tumelo ho Jehova joang? (b) Ho supa ha Mangolo a Bokreste a Segerike ho Exoda ho eketsa tumelo ea rōna joang?
26 Ka ho ikhethang, Exoda e senola Jehova e le Molopolli le Mohlophisi e moholo le Mophethahatsi oa merero ea hae e babatsehang, ’me e tiisa tumelo ea rōna ho eena. Tumelo ena ea eketseha ha re ithuta litšupiso tse ngata tse nkiloeng ho Exoda Mangolong a Bokreste a Segerike, ho bontša ho phethahala ha litšobotsi tse ngata tsa selekane sa Molao, tiiso ea tsoho, tokisetso ea Jehova ea ho boloka batho ba hae, litokisetso bakeng sa mosebetsi oa ho phallelana oa Bokreste, keletso ea ho nahanela batsoali, tse hlokoang bakeng sa ho fumana bophelo, le kamoo ho ka talingoang toka e loketseng. Qetellong Molao o ile oa akaretsoa ka litaelo tse peli mabapi le ho bontša lerato ho Molimo le ho motho oa heno.—Matt. 22:32—Ex. 4:5; Joh. 6:31-35 le 2 Ba-Kor. 8:15—Ex. 16:4, 18; Matt. 15:4 le Ba-Ef. 6:2—Ex. 20:12; Matt. 5:26, 38, 39—Ex. 21:24; Matt. 22:37-40.
27. Tlaleho ea histori ho Exoda e na le molemo ofe ho Mokreste?
27 Ho Ba-Heberu 11:23-29 re bala ka tumelo ea Moshe le batsoali ba hae. Ka tumelo o ile a tloha Egepeta, ka tumelo o ile a keteka Paseka, ’me ka tumelo o ile a etella Iseraele pele ho tšela Leoatle le Lefubelu. Baiseraele ba ile ba kolobelletsoa ho Moshe ’me ba e-ja lijo tsa moea le ho noa seno sa moea. Ba ne ba lebelletse lefika la moea, kapa Kreste, empa ba ne ba ntse ba sa amohelehe ho Molimo, hobane ba ile ba leka Molimo ’me ba fetoha barapeli ba litšoantšo, lihlola, le ba korotlang. Pauluse o hlalosa hore sena sea sebetsa le ho Bakreste kajeno: “Efela taba tseo tsohle li ne li ba hlahele hore e be litemoso, ’me li ngoliloe hore re ithute ka tsona, rōna ba hlahetsoeng ke mehla ea bofelo. Ka baka leo, ea lekanyang hore o sa eme, a ke a iponele hore a se ke a oa.”—1 Ba-Kor. 10:1-12; Ba-Heb. 3:7-13.
28. Liriti tsa Molao le konyana ea Paseka li phethahalitsoe joang?
28 Boholo ba lintho tsa bohlokoa tse tebileng tsa moea tsa Exoda, hammoho le tšebetso ea boprofeta ba eona, li fanoe mangolong a Pauluse, haholo-holo ho Ba-Heberu likhaolo 9 le 10. “Hobane molao ereka ha o no o na le seriti feela sa menono e tlang ho hlaha, e seng sebele sa lintho, o sitiloe ruri ho phethisa barapeli ka mahlabelo a hlahisoang ka selemo se seng le se seng.” (Ba-Heb. 10:1) Kahoo, re thahasella ho tseba seriti le ho utloisisa ntho ea sebele. Kreste ‘o hlahisitse sehlabelo sa ka mehla le mehla.’ O hlalosoa e le “Konyana ea Molimo.” Ha ho lesapo la “Konyana” ena le ileng la robjoa, feela joaloka seo e neng e se tšoantšetsa. Moapostola Pauluse oa hlalosa: “Hobane Paseka ea rōna, e leng Kreste, e hlabetsoe rōna. A re etseng mokete ke hona, e seng ka litomoso tsa khale, kapa ka litomoso tsa lonya le tsa bobe, e mpe e be ka mahobe a se nang litomoso, a khabane le a ’nete.”—Ba-Heb. 10:12; Joh. 1:29 le 19:36—Ex. 12:46; 1 Ba-Kor. 5:7, 8—Ex. 23:15.
29. (a) Bapisa selekane sa Molao le selekane se secha. (b) Ke mahlabelo afe ao Baiseraele ba moea ba nyehelanang ka ’ona ho Molimo hona joale?
29 Jesu e bile ’Muelli oa selekane se secha, joalokaha Moshe e ne e le ’muelli oa selekane sa Molao. Phapang pakeng tsa lilekane tsena le eona e hlalositsoe ka ho hlaka ke moapostola Pauluse, ea buang ka ‘tlaleho e ngotsoeng ka letsoho ea molao’ e tlositsoeng tseleng ke lefu la Jesu thupeng ea tlhokofatso. Jesu ea tsositsoeng e le Moprista e Moholo ke “mosebeletsi oa sehalalelo, le oa tabernakele ea sebele e hlomiloeng ke Morena, e seng ke motho.” Baprista tlas’a Molao e ne e le “ba sebetsang ka tse tšoantšang lintho tsa leholimo le liriti tsa tsona” ho latela mohlala o neng o fanoe ke Moshe. “Empa moprista e moholo oa rōna o filoe tšebeletso e fetisang, kahobane e le ’muelli oa selekane se fetisang, se hlabiloeng ka lipallo tse fetisang le tsona.” Selekane sa khale se ile sa felloa ke nako ’me sa felisoa joaloka molao o sebelisang lefu. Bajode ba sa utloisiseng sena ba hlalosoa e le ba nang le likelello tse thotofetseng, empa balumeli bao ba ananelang hore Iseraele oa moea o kene selekaneng se secha ba ka ‘bonahatsa khanya ea Jehova joaloka liipone, ka mahlo a se nang lesira,’ e le ba tšoanelehang hantle e le basebeletsi ba sona. Ka matsoalo a hloekisitsoeng bana ba khona ho nyehelana ka ‘sehlabelo sa bona sa poko, e leng tholoana ea melomo e bolelang lebitso la hae.’—Ba-Kol. 2:14; Ba-Heb. 8:1-6, 13; 2 Ba-Kor. 3:6-18; Ba-Heb. 13:15; Ex. 34:27-35.
30. Ho lopolloa ha Iseraele le ho hōlisoa ha lebitso la Jehova Egepeta ho ne ho tšoantšetsa eng?
30 Exoda e hōlisa lebitso la Jehova le borena ba hae, e supa topollong e khanyang ea sechaba sa Bokreste sa Iseraele oa moea, seo ho thoeng ho sona: “Ha e le lōna, le moloko o khethiloeng, le baprista le marena, le mofuta o halalelang, le sechaba se ruiloeng, le tle le bolele lithoko tsa ea le bitsitseng lefifing ho le kenya leseling la hae le hlollang; lōna bao le neng le se sechaba pele, empa joale le sechaba sa Molimo.” Matla a Jehova joalokaha a bontšitsoe ka ho bokella Iseraele oa hae oa moea ho tsoa lefatšeng ho hōlisa lebitso la hae hase mohlolo o fetang matla ao a a bontšitseng molemong oa batho ba hae Egepeta ea boholo-holo. Ka ho boloka Faro a ntse a phela ho mo bontša matla a Hae le hore lebitso la Hae le ka phatlalatsoa, Jehova o ne a tšoantšetsa bopaki bo boholohali bo neng bo tla finyelloa ka Lipaki tsa Hae tsa Bakreste.—1 Pet. 2:9, 10; Ba-Roma 9:17; Tšen. 12:17.
31. Exoda e tšoantšetsa eng mabapi le ’muso le boteng ba Jehova?
31 Kahoo, re ka re ho tsoa Mangolong sechaba se theiloeng tlas’a Moshe se ne se supela pele sechaba se secha tlas’a Kreste le ’muso o ke keng oa sisinyeha le ka mohla. Ha re talima sena, re khothalletsoa ho “etsetsa Molimo tšebeletso e halalelang ka tšabo le thothomelo ea bomolimo.” Feela joalokaha boteng ba Jehova bo ile ba koahela tabernakele lefeelleng, ka ho tšoanang o tšepisa ho ba teng ka ho sa feleng ho ba mo tšabang: “Bonang tabernakele ea Molimo e har’a batho; o tla aha le bona; e tla ba lichaba tsa oona, ’me Molimo o tla ba le bona ka sebele sa oona, . . . Ngola; hobane lipolelo tseo li tiile; ke tsa ’nete.” Ka sebele Exoda ke karolo ea bohlokoa le e molemo ea tlaleho ea Bibele.—Ex. 19:16-19—Ba-Heb. 12:18-29, NW; Ex. 40:34—Tšen. 21:3, 5.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Exoda 3:14, NW, botlaaseng ba leqephe; Insight on the Scriptures, Moq. 2, leqephe 12.
b Insight on the Scriptures, Moq. 1, maqephe 532, 535; Archaeology and Bible History, 1964, J. P. Free, leqephe 98.
c Insight on the Scriptures, Moq. 1, maqephe 540-1.
d Exodus, 1874, F. C. Cook, leqephe 247.