Khaolo ea Bohlano
Molimo oa ’Nete o Bolela Topollo Esale Pele
1, 2. (a) Jehova o botsa lipotso life? (b) Jehova o tla ipaka joang hore ke eena feela Molimo oa ’nete?
‘MOLIMO oa ’nete ke mang?’ Potso ena e ’nile ea botsoa ho theosa le makholo a lilemo. Joale, ke ho makatsang hakaakang hore ebe bukeng ea Esaia Jehova ka boeena o botsa potso ee! O mema batho hore ba nahane: ‘Na Jehova ke eena feela Molimo oa ’nete? Kapa na ho na le e mong ea ka phephetsang boemo ba hae?’ Ka mor’a ho qalisa puisano ena, Jehova o fana ka litekanyetso tse utloahalang tsa ho rarolla taba ena ea Bomolimo. Mabaka a hlahisoang a lebisa batho ba lipelo li tšepahalang qetong e le ’ngoe e ke keng ea hanyetsoa.
2 Mehleng ea Esaia, litšoantšo li rapeloa hohle. Puisanong e tobileng le e hlakileng e tlalehiloeng khaolong ea 44 ea buka ea Esaia ea boprofeta, borapeli ba litšoantšo bo senoloa e le ba lefeela hakaakang! Leha ho le joalo, batho ba Molimo ba oetse lerabeng la ho rapela melimo ea litšoantšo. Kahoo, joalokaha ho bonoe likhaolong tse fetileng tsa Esaia, Baiseraele ba mothating oa ho fumana taeo e matla. Leha ho le joalo, ka lerato Jehova o fa sechaba tiiso ea hore le hoja a tla lumella Bababylona hore ba ise batho ba hae botlamuoeng, o tla ba lopolla ka nako ea hae e loketseng. Ho phethahala ha boprofeta ba ho lopolloa botlamuoeng le ba ho tsosolosoa ha borapeli bo hloekileng ho tla paka ka mokhoa o sa sieeng khoao hore Jehova ke eena feela Molimo oa ’nete, e leng ho tla etsa hore bohle ba rapelang melimo ea lichaba e sa pheleng ba hlajoe ke lihlong.
3. Mantsoe a Esaia a boprofeta a thusa Bakreste joang kajeno?
3 Boprofeta bo karolong ena ea Esaia le ho phethahala ha bona mehleng ea boholo-holo ho matlafatsa tumelo ea Bakreste kajeno. Ho feta moo, mantsoe a Esaia a boprofeta aa phethahala mehleng ena ea rōna ’me a tla phethahala le nakong e tlang. ’Me liketsahalo tseo li akarelletsa molopolli e moholoanyane le topollo e khōloanyane ho feta ea neng a boletsoe esale pele bakeng sa batho ba Molimo ba boholo-holo.
Tšepo Bakeng sa Bao e Leng ba Jehova
4. Jehova o khothatsa Iseraele joang?
4 Khaolo ea 44 e qala ka tsela e khothatsang ka ho hopotsa Iseraele hore e khethiloe ke Molimo, e arotsoe lichabeng tse ling tse e potolohileng hore e be mohlanka oa hae. Boprofeta bo re: “Joale mamela, Uena Jakobo mohlanka oa ka, le uena Iseraele, eo ke mo khethileng. Sena ke seo Jehova a se boletseng, Moetsi oa hao le ’Mōpi oa hao, ea ’nileng a u thusa u sa le ka mpeng, ‘U se ke ua tšoha, Uena mohlanka oa ka Jakobo, le uena, Jeshurune, eo ke mo khethileng.’” (Esaia 44:1, 2) Jehova o hlokometse Iseraele e sa le pōpelong ea ’m’a eona, ka puo ea tšoantšetso, ho tloha ha Iseraele e fetoha sechaba ka mor’a hore e tsoe Egepeta. O bitsa batho ba hae e le sehlopha “Jeshurune,” e bolelang “Ea Khabane,” e leng tlotla e bontšang boikutlo bo mofuthu le bo lerato. Lebitso leo le boetse le hopotsa Baiseraele hore ba lokela ho lula ba le khabane, e leng seo ka makhetlo-khetlo ba ’nileng ba hlōleha ho se etsa.
5, 6. Jehova o etsetsa Iseraele litokisetso life tse khathollang, hona e le ka phello efe?
5 Mantsoe a latelang a Jehova ke a monate le a khathollang hakaakang! O re: “Ke tla tšela ea nyoriloeng ka metsi, le sebaka se omileng ka melapo e phallang. Ke tla tšollela moea oa ka holim’a peō ea hao, le tlhohonolofatso ea ka holim’a litloholo tsa hao. Ka sebele ba tla hlaha joalokaha eka ke har’a joang bo botala, joaloka lipopoliri pel’a liforo tsa metsi.” (Esaia 44:3, 4) Esita le naheng e chesang, e omeletseng, meru ea lifate e ka lula e atlehile pel’a mehloli ea metsi. Ha Jehova a fana ka metsi a hae a ’nete e fanang ka bophelo le ho tšolla moea oa hae o halalelang, Iseraele e tla atleha haholo, e tšoane le lifate tse haufi le likotopo tsa ho nosetsa. (Pesaleme ea 1:3; Jeremia 17:7, 8) Jehova o tla matlafatsa batho ba hae hore ba phethe karolo ea bona e le lipaki tsa hore ke Molimo.
6 Phello e ’ngoe ea ho tšolloa hona ha moea o halalelang e tla ba hore batho ba bang ba tla tsosolosa kananelo ea bona ka kamano eo Iseraele e nang le eona le Jehova. Kahoo, rea bala: “E mong o tla re: ‘’Na ke oa Jehova.’ E mong o tla ipitsa ka lebitso la Jakobo, e mong a ngole letsohong la hae: ‘Ke oa Jehova.’ E mong o tla ipitsa ka lebitso la Iseraele.” (Esaia 44:5) E, e tla ba tlotla ho jara lebitso la Jehova, kaha ho tla bonahala hore ke eena feela Molimo oa ’nete.
Phephetso ho Melimo
7, 8. Jehova o phephetsa melimo ea lichaba joang?
7 Tlas’a Molao oa Moshe, morekolli—eo ka tloaelo e neng e e-ba monna ea amanang haufi-ufi le motho—o ne a ka rekolla motho botlamuoeng. (Levitike 25:47-54; Ruthe 2:20) Joale Jehova o itsebahatsa e le Morekolli oa Iseraele—ea tla lopolla sechaba, e leng ho tla soabisa Babylona le melimo eohle ea eona. (Jeremia 50:34) O toba melimo ea bohata le barapeli ba eona, o re: “Sena ke seo Jehova a se boletseng, Morena oa Iseraele le Morekolli oa eona, Jehova oa mabotho, ‘Ke ’na oa pele ’me ke ’na oa ho qetela, ’me ha ho na Molimo ntle ho ’na. Ke mang ea kang ’na? A ke a hoeletse, e le hore a ka ho bolela ’me a ho hlahisa ho ’na. Ho tloha ha ke ne ke beha batho ba khale, ba ke ba bolele lintho tse tlang le lintho tse tla kena. Le se ke la tšoha, ’me le se ke la thotofala. Na ho tloha ka nako eo ha kea etsa hore ka bomong le utloe eaba kea ho bolela? Le lipaki tsa ka. Na ho na le Molimo e mong ntle ho ’na? Che, ha ho na Lefika le leng. Ha ho na leo ke le tsebang.’”—Esaia 44:6-8.
8 Jehova o phephetsa melimo hore e hlahise bopaki bo e tšehetsang. Na e ka bolela lintho tse sieo joalokaha eka li teng, ea bolela liketsahalo tsa nakong e tlang ka nepo hoo ho bonahalang eka li se li ntse li etsahala? Ke ‘oa pele le oa ho qetela’ feela, ea bileng teng pele ho melimo eohle ea bohata le ea tla ’ne a be teng ha eona e se e le khale e lebetsoe, ea ka etsang ntho e joalo. Ha ho hlokahale hore batho ba hae ba tšabe ho pakela ’nete ena, kaha ba tšehelitsoe ke Jehova, ea tiileng le ea tsitsitseng joaloka lefika le leholo!—Deuteronoma 32:4; 2 Samuele 22:31, 32.
Bosaoana ba Borapeli ba Litšoantšo
9. Na e ne e le phoso hore Baiseraele ba etse setšoantšo sa ntho leha e le efe e phelang? Hlalosa.
9 Phephetso ea Jehova ho melimo ea bohata e re hopotsa molao oa bobeli Melaong e Leshome. Molao oo o ne o bolela ka ho hlaka ho re: “U se ke ua iketsetsa setšoantšo se betliloeng kapa sebōpeho se tšoanang le ntho leha e le efe e holimo maholimong kapa e tlaase lefatšeng kapa e metsing ka tlas’a lefatše. U se ke ua li inamela kapa ua hlohlelletsoa hore u li sebeletse.” (Exoda 20:4, 5) Ho hlakile hore thibelo ena e ne e sa bolele hore Baiseraele ba ne ba sa lokela ho etsa litšoantšo tse khabisang. Jehova ka boeena o ile a laela hore ho behoe litšoantšo tsa limela le likerubime ka tabernakeleng. (Exoda 25:18, 33; 26:31) Leha ho le joalo, li ne li sa lokela ho hlomphuoa ka tsela ea borapeli, kapa ho rapeloa. Ha ho motho ea neng a lokela ho rapela litšoantšo tseo kapa ho li etsetsa mahlabelo. Molao oa Molimo o bululetsoeng o ne o thibela ho etsa setšoantšo sa mofuta ofe kapa ofe bakeng sa ho se sebelisa borapeling. Ho rapela litšoantšo kapa ho li khumamela ka tlhompho ke ho rapela melimo ea litšoantšo.—1 Johanne 5:21.
10, 11. Ke hobane’ng ha Jehova a nka litšoantšo e le tse hlabisang lihlong?
10 Joale Esaia o hlalosa kamoo litšoantšo tse sa pheleng li se nang thuso kateng le kamoo ba li etsang ba tlang ho apareloa ke masoabi kateng: “Baetsi ba setšoantšo se betliloeng kaofela ha bona ke lintho tseo e seng tsa sebele, ’me baratuoa ba bona ba ke ke ba e-ba le molemo; ’me joaloka lipaki tsa bona ha ba bone letho ’me ha ba tsebe letho, e le hore ba hlajoe ke lihlong. Ke mang ea entseng molimo kapa ea foromileng setšoantšo se entsoeng ka ho qhibilihisoa? Ha sea ba le molemo oa letho. Bonang! Balekane bohle ba hae ba tla hlajoa ke lihlong, ’me litsebi tsa mesebetsi ea matsoho li tsoa ho batho ba lefatše. Kaofela ha bona ba tla phutheha. Ba tla ema. Ba tla tšoha. Ba tla hlajoa ke lihlong ka nako e tšoanang.”—Esaia 44:9-11.
11 Ke hobane’ng ha Molimo a nka litšoantšo tsee e le tse hlabisang lihlong hakaale? Ntlha ea pele, ho ke ke ha khoneha ho tšoantša Ea Matla ’Ohle ka nepo ka lintho tse bonahalang. (Liketso 17:29) Ho feta moo, ho rapela ntho e bōpiloeng ho fapana le ho rapela ’Mōpi ke ho nyelisa Bomolimo ba Jehova. Hona na ha e le hantle hoo hase ho tlosa motho seriti, ea bōpiloeng “ka setšoantšo sa Molimo”?—Genese 1:27; Baroma 1:23, 25.
12, 13. Ke hobane’ng ha motho a ke ke a etsa setšoantšo leha e le sefe se tšoaneloang ke borapeli?
12 Na ntho e tšoarehang e ka fetoha e halalelang ka tsela e itseng hobane feela e bōpiloe hore e be ntho e rapeloang? Esaia oa re hopotsa hore ho etsa setšoantšo ke mosebetsi oa batho feela. Lisebelisoa le mekhoa e sebelisoang ke moetsi oa setšoantšo li tšoana le tse sebelisoang ke setsebi leha e le sefe se seng sa mesebetsi ea matsoho: “Ha e le ea betlang tšepe ka thipa e nang le ntlha e hakang, o ’nile a tšoareha ho sona ka mashala; o se etsa ka hamore, ’me o lula a tšoarehile ho sona ka letsoho la hae le matla. Hape, o lapile, ’me o hloka matla. Ha aa noa metsi; kahoo o khathetse. Ha e le ’metli oa lehong, o otlolotse khoele ea ho lekanya; o etsa moralo oa sona ka choko e khubelu; o se sebetsa ka phalo ea lehong; ’me o ntse a etsa moralo oa sona ka kofuto e etsang selika-likoe, ’me qetellong o se etsa joaloka setšoantšo sa motho, joaloka botle ba moloko oa batho, hore se lule ka tlung.”—Esaia 44:12, 13.
13 Molimo oa ’nete o entse libōpuoa tsohle tse phelang mona lefatšeng, ho akarelletsa batho. Libōpuoa tse phelang tse nang le maikutlo ke bopaki bo babatsehang ba hore Jehova ke Molimo, empa ho hlakile hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo Jehova a e bōpileng e ka tlaase ho eena. Na motho a ka khona ho etsa ho molemo ho feta moo? Na a ka khona ho etsa ntho e mo phahametseng—e mo phahametseng hoo a tšoanelang ho inehela ho eona? Ha motho a etsa setšoantšo, oa khathala, oa lapa le ho nyoroa. Ena ke mefokolo ea botho, empa bonyane e bontša hore motho oa phela. Setšoantšo seo a se etsang se ka ’na sa shebahala joaloka motho. Se ka ba sa ba setle ho mo feta. Empa ha se phele. Ha ho moo litšoantšo li tšoanang le Molimo teng. Ho feta moo, ha ho setšoantšo se betliloeng se kileng sa ‘oa leholimong,’ joalokaha eka se na le mohloli o mong haese motho ea shoang.—Liketso 19:35.
14. Ke joang baetsi ba litšoantšo ba itšetlehileng ka ho feletseng ka Jehova?
14 Esaia o tsoela pele ho bontša hore baetsi ba litšoantšo ba itšetlehile ka ho feletseng ka mekhoa ea tlhaho le lisebelisoa tseo Jehova a li bōpileng: “Ho na le eo mosebetsi oa hae e leng ho rema likedare; ’me o nka mofuta o itseng oa sefate, sefate sa setonanahali, ’me o se tlohella hore se be matla bakeng sa hae har’a lifate tsa moru. O lemile sefate sa lorele, ’me pula e tšolohang e ntse e etsa hore se hōle. Se fetohile ntho eo ka eona motho a bolokang mollo o tuka. Kahoo o nka karolo ea sona e le hore a iphuthumatse. Ha e le hantle o besa mollo ’me o apeha bohobe. Hape o etsa molimo eo a tla mo inamela. O se entse setšoantšo se betliloeng, ’me oa se khumamela. Halofo ea sona o e besa mollong. Holim’a halofo ea sona o besa nama eo a e jang, ebe oa khora. Hape oa iphuthumatsa ’me o re: ‘Eke! Ke iphuthumalitse. Ke bone khanya ea mollo.’ Empa se setseng o se etsa molimo, o se etsa setšoantšo se betliloeng. Oa se khumamela le ho se inamela ’me oa se rapela o re: ‘Ntopolle, etsoe u molimo oa ka.’”—Esaia 44:14-17.
15. Moetsi oa litšoantšo o bontša ho hloka kutloisiso ka ho feletseng joang?
15 Na sekotoana sa patsi e e-s’o besoe se ka lopolla leha e le mang? Ka sebele se ke ke. Ke Molimo oa ’nete feela ea ka lopollang. Batho ba ka rapela lintho tse sa pheleng joang? Esaia o bontša hore bothata ba sebele bo pelong ea motho: “Ha baa tseba, leha e le ho utloisisa, kahobane mahlo a bona a tlotsitsoe e le hore a se ke a bona, le lipelo tsa bona e le hore li se ke tsa ba le temohisiso. Ha ho ea hopolang pelong ea hae kapa ea nang le tsebo kapa kutloisiso, ea reng: ‘Ke besitse halofo ea sona mollong, ’me ke boetse ka apeha bohobe holim’a mashala a sona; ke besitse nama ke jele. Empa na se setseng ho sona ke tla se etsa ntho e manyala? Na ke tla khumamela lehong le omileng la sefate?’ O ja molora. Pelo ea hae e thetsitsoeng e mo khelositse. Ha a lopolle moea oa hae, kapa a re: ‘Na ha ho na leshano letsohong la ka le letona?’” (Esaia 44:18-20) E, ho nahana hore borapeli ba litšoantšo bo ka hlahisa molemo leha e le ofe oa moea ho tšoana le ho ja molora ho e-na le ho ja lijo tse matlafatsang.
16. Borapeli ba litšoantšo bo qalile joang, hona bo ka hlahisoa ke eng?
16 Ha e le hantle borapeli ba litšoantšo bo qalile maholimong ha sebōpuoa se matla sa moea se ileng sa fetoha Satane ka mohono se chachehela borapeli bo neng bo lokela ho lebisoa ho Jehova feela. Takatso ea Satane e ile ea e-ba matla hoo e ileng ea mo arohanya le Molimo. Seo e ne e hlile e le qalo ea borapeli ba litšoantšo, kaha moapostola Pauluse o ile a bolela hore ho chacheha ka mohono ho tšoana le ho rapela litšoantšo. (Esaia 14:12-14; Ezekiele 28:13-15, 17; Bakolose 3:5) Satane o ile a susumelletsa banyalani ba pele ba batho ho ba le likhopolo tsa boithati. Ka mohono Eva o ile a chachehela seo Satane a neng a mo tšepisa sona: “Mahlo a lōna a tla tutuboloha ’me le tla ba joaloka Molimo, le tsebe botle le bobe.” Jesu o ile a bolela hore ho chacheha ka mohono ho tsoa pelong. (Genese 3:5; Mareka 7:20-23) Ho ka hlaha borapeli ba litšoantšo ha lipelo li senyehile. Kahoo, ke habohlokoa hakaakang hore kaofela ha rōna re ‘sireletse lipelo tsa rōna,’ le ka mohla re se ke ra lumella motho leha e le ofe kapa ntho leha e le efe ho nka sebaka se lokelang Jehova ho tsona!—Liproverbia 4:23; Jakobo 1:14.
Jehova o Ipiletsa Lipelong
17. Ke eng seo Iseraele e lokelang ho se nka ka ho teba?
17 Ho latelang Jehova o ipiletsa ho Baiseraele hore ba hopole hore ba boemong bo khethehileng, ba boikarabelo. Ke lipaki tsa hae! O re: “Hopola lintho tsena, Uena Jakobo, le uena Iseraele, kahobane u mohlanka oa ka. Ke u entse. U mohlanka oa ka. Uena Iseraele, nke ke ka u lebala. Ke tla hlakola litlōlo tsa hao joalokaha eka ke ka leru, le libe tsa hao joalokaha eka ke ka leru. U khutlele ho ’na, etsoe ke tla u rekolla. Hoeletsang ka thabo, lōna maholimo, etsoe Jehova o nkile bohato! Hooang ka tlhōlo, lōna likarolo tse tlaase-tlaase tsa lefatše! Nyakallang, lōna lithaba, ka mohoo oa thabo, uena moru le lōna lifate tsohle tse ho oona! Etsoe Jehova o rekolotse Jakobo, ’me o bontša botle ba hae ho Iseraele.”—Esaia 44:21-23.
18. (a) Ke hobane’ng ha Iseraele e e-na le lebaka la ho thaba? (b) Bahlanka ba Jehova ba ka etsisa mohlala oa hae oa mohau joang kajeno?
18 Hase Iseraele e entseng Jehova. Hase molimo ea entsoeng ke batho. Ho e-na le hoo, ke Jehova ea entseng Iseraele hore e be mohlanka oa hae ea khethiloeng. ’Me o tla boela a ipake hore ke Molimo ha a lopolla sechaba. O bua le batho ba hae ka bonolo, o ba tiisetsa hore haeba ba baka, o tla koahela libe tsa bona ka ho feletseng, a pate litlōlo tsa bona joalokaha eka ke ka maru a teteaneng. Ke lebaka le matla hakaakang la hore Iseraele e thabe! Mohlala oa Jehova o susumelletsa bahlanka ba hae ba kajeno ho etsisa mohau oa hae. Ba ka etsa seo ka hore ba batle ho thusa ba fosang—ba leke ho ba tsosolosa moeeng haeba ho khoneha.—Bagalata 6:1, 2.
Sehlohlolo sa Teko ea Bomolimo
19, 20. (a) Jehova o fihlisa nyeoe ea hae sehlohlolong ka tsela efe? (b) Ke lintho life tse thabisang tseo Jehova a li profetang bakeng sa batho ba hae, hona o tla sebelisa mang ho phethahatsa lintho tsee?
19 Joale Jehova o tlisa nyeoe ea hae sehlohlolong se matla. O mothating oa ho fana ka karabo ea hae tekong e matla ka ho fetisisa ea Bomolimo—bokhoni ba ho bolela bokamoso esale pele ka nepo. Setsebi se seng sa Bibele se bitsitse litemana tse hlano tse latelang tse ho Esaia khaolo ea 44 “thothokiso ea bophahamo bo boholo ka ho fetisisa ba Molimo oa Iseraele,” eo e leng eena ’Mōpi a le mong feela, eena feela Mosenoli oa bokamoso le tšepo ea Iseraele ea topollo. Litemana tsena li fihla sehlohlolong ka ho qoolla monna ea neng a tla lokolla sechaba Babylona ka lebitso.
20 “Sena ke seo Jehova a se boletseng, Morekolli oa hao le Moetsi oa hao u sa le ka mpeng: ‘’Na, Jehova, ke etsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe, ke otlolla maholimo, ke ala lefatše. Ke mang ea neng a e-na le ’na? Ke nyopisa lipontšo tsa ba buang lefeela, ’me ke ’na Ea etsang hore linohe li etse ka bohlanya; Ea khutlisetsang banna ba bohlale morao, le Ea fetolang tsebo ea bona booatla; Ea etsang hore lentsoe la mohlanka oa hae le phethahale, le Ea phethang ka ho feletseng morero oa manģosa a hae; Ea reng ka Jerusalema, “E tla ba le baahi,” le ka metse ea Juda, “E tla tsosolosoa, ’me ke tla tsosa masupi a eona”; Ea reng ho boliba, “Fetoha mouoane; ’me ke tla pshesa linōka tsohle tsa hao”; Ea reng ka Cyruse, “Ke molisa oa ka, ’me o tla phetha ka ho feletseng sohle seo ke se thabelang”; esita le ha ke re ka Jerusalema, “E tla tsosolosoa,” le ka tempele, “Motheo oa hao o tla raloa.”’”—Esaia 44:24-28.
21. Mantsoe a Jehova a tiisa eng?
21 E, hase feela hore Jehova o na le matla a ho bolela liketsahalo tsa nako e tlang esale pele empa o boetse o na le matla a ho phethahatsa ka botlalo morero oa hae o senotsoeng. Phatlalatso ena e tla sebeletsa e le mohloli oa tšepo ho Iseraele. Ke tiiso ea hore le hoja mabotho a Babylona a tla etsa naha lesupi, Jerusalema le metse ea eona e tla tsosoa ’me borapeli ba ’nete bo tla tsosolosoa ho eona. Empa joang?
22. Hlalosa kamoo Nōka ea Eufrate e pshang kateng.
22 Linohe tse sa bululeloang ha li atise ho iteta sebete ho bua ka ho toba ka lintho tsa nako e tlang kaha li tšaba hore nako e tla li shanofatsa. Ka lehlakoreng le leng, Jehova a sebelisa Esaia, o senola lebitso la monna eo a tlang ho mo sebelisa ho lokolla batho ba hae botlamuoeng e le hore ba khutlele hae ’me ba tsosolose Jerusalema le tempele. Lebitso la hae ke Cyruse, ’me o tsejoa e le Cyruse e Moholo oa Persia. Jehova o boetse o fana ka makolopetso a leqheka leo Cyruse a tlang ho le sebelisa ho phunyelletsa mekoallo ea Babylona ea tšireletso e meholohali le e majabajaba. Babylona e tla be e sirelelitsoe ke marako a malelele le linōkana tse mathang ka har’a motse le tse o pota-potileng. Cyruse o tla sebelisa karolo e ka sehloohong ea tšireletso eo—Nōka ea Eufrate—molemong oa hae. Ho ea ka bo-rahistori ba boholo-holo Herodotus le Xenophon, Cyruse o ile a khelosa metsi a Eufrate sebakeng se ka holimo ho Babylona ho fihlela nōka e theohile hoo masole a hae a neng a ka tsamaea ka har’a eona. Ha e le tabeng ea bokhoni ba eona ba ho sireletsa Babylona, Eufrate e matla ea psha.
23. Ho na le tlaleho efe ea ho phethahala ha boprofeta ba hore Cyruse o ne a tla lokolla Iseraele?
23 Ho thoe’ng ka tšepiso ea hore Cyruse o tla lokolla batho ba Molimo le hore o tla tiisa hore Jerusalema le tempele lia tsosolosoa? Cyruse ka boeena, phatlalatsong e tiisitsoeng e bolokiloeng ka Bibeleng, oa phatlalatsa: “Sena ke seo Cyruse morena oa Persia a se boletseng, ‘Jehova Molimo oa maholimo o mphile mebuso eohle ea lefatše, ’me o ntaetse hore ke mo hahele ntlo Jerusalema, e Juda. Mang kapa mang ea har’a lōna bohle batho ba hae, e se eka Molimo oa hae a ka ba le eena. Kahoo a ke a nyolohele Jerusalema, e Juda, ’me a tsosolose ntlo ea Jehova Molimo oa Iseraele—ke eena Molimo oa ’nete—e neng e le Jerusalema.’” (Esdrase 1:2, 3) Lentsoe la Jehova le builoeng ka Esaia le phethahala ka botlalo!
Esaia, Cyruse le Bakreste Kajeno
24. Ho na le kamano efe pakeng tsa ho ntšoa ha taelo ea Artaxerxese ea hore “Jerusalema e tsosolosoe ’me e hahuoe hape” le ho tla ha Mesia?
24 Khaolo ea 44 ea Esaia e phahamisa Jehova e le Molimo a le mong oa ’nete le Molopolli oa batho ba hae ba boholo-holo. Ho feta moo, boprofeta bona bo na le moelelo o tebileng ho rōna bohle kajeno. Taelo ea Cyruse ea hore ho tsosolosoe tempele ea Jerusalema, e ileng ea ntšoa ka 538/537 B.C.E., e ile ea thakhola liketsahalo tse ileng tsa fihla sehlohlolong ka ho phethahatsoa ha boprofeta bo bong bo ikhethang. Taelo ea Cyruse e ile ea lateloa ke ea ’musi e mong ea ileng a ba teng hamorao, Artaxerxese, ea ileng a laela hore motse oa Jerusalema o tsosolosoe. Buka ea Daniele e ile ea senola hore “ho tloha ha ho tsoa lentsoe la hore Jerusalema e tsosolosoe ’me e hahuoe hape [ka 455 B.C.E.] ho fihlela ho Mesia Moeta-pele,” e ne e tla ba “libeke” tse 69 tsa lilemo tse 7 beke ka ’ngoe. (Daniele 9:24, 25) Boprofeta bona le bona bo ile ba phethahala. Hantle ka nako e boletsoeng ka selemo sa 29 C.E., lilemo tse 483 hoba taelo ea Artaxerxese e qale ho sebetsa Naheng e Tšepisitsoeng, Jesu o ile a kolobetsoa ’me a qala tšebeletso ea hae ea lefatšeng.a
25. Ho oa ha Babylona matsohong a Cyruse ho bontša eng mehleng ea kajeno?
25 Ho lokolloa ha Bajuda ba tšepahalang botlamuoeng, ho ileng ha tlisoa ke ho oa ha Babylona, ho ne ho tšoantšetsa ho lokolloa ha Bakreste ba tlotsitsoeng botlamuoeng ba moea ka 1919. Ho lokolloa hoo ho ile ha paka hore Babylona e ’ngoe, e hlalosoang e le seotsoa, e leng Babylona e Moholo—e emelang malumeli ’ohle a lefatše a bohata ha a kopane—e oele. Joalokaha ho tlalehiloe bukeng ea Tšenolo, moapostola Johanne o ile a bona ho oa ha eona esale pele. (Tšenolo 14:8) O ile a boela a bonela pele timetso ea eona ea tšohanyetso. Tlhaloso ea Johanne ea timetso ea ’muso oo oa lefatše o tletseng litšoantšo e na le moo e tšoanang teng le tlhaloso ea Esaia ea ho atleha ha Cyruse ho hlōla motse oa boholo-holo oa Babylona. Feela joalokaha linōkana tse sirelelitseng Babylona li ile tsa hlōleha ho e pholosa ho Cyruse, ka ho tšoanang ‘metsi’ a moloko oa batho a tšehetsang Babylona e Moholo le a e sireletsang a tla “psha” pele e timetsoa ka toka.—Tšenolo 16:12.b
26. Boprofeta ba Esaia le ho phethahala ha bona ho matlafatsa tumelo ea rōna joang?
26 Ho ea ka pono ea rōna, lilemo tse fetang likete tse peli le halofo ka mor’a hore Esaia a fane ka boprofeta ba hae, re khona ho bona hore ka sebele Molimo o ‘phetha ka ho feletseng morero oa manģosa a hae.’ (Esaia 44:26) Ka hona, ho phethahala ha boprofeta ba Esaia ke mohlala o totobetseng oa ho tšepahala ha boprofeta bohle bo ka Mangolong a Halalelang.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bona khaolo ea 11 bukeng ea Ela Hloko Boprofeta ba Daniele!, e hatisitsoeng ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.
b Bona khaolo ea 35 le ea 36 bukeng ea Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi!, e hatisitsoeng ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.
[Setšoantšo se leqepheng la 63]
Na sekotoana sa patsi e e-s’o besoe se ka lopolla leha e le mang?
[Setšoantšo se leqepheng la 73]
Hlooho ea ’mabole ea morena oa Iran, eo mohlomong e neng e le Cyruse
[Setšoantšo se leqepheng la 75]
Cyruse o phethahatsa boprofeta ka ho khelosa metsi a Eufrate