Ho ba Khahlanong le Lebitso la Molimo
LEBITSO la hae e ne e le Hananiah ben Teradion. E ne e le setsebi sa Mojuda sa lekholong la bobeli la lilemo C.E., ’me o ne a tsebahala ka ho tšoara liboka phatlalatsa moo a neng a ruta Sefer Torah, moqolo o neng o e-na le libuka tse hlano tse qalang tsa Bibele. Ben Teradion o ne a boetse a tsebahala ka ho sebelisa lebitso la Molimo le ho le ruta ba bang. Kaha lebitso la Molimo le hlaha ka makhetlo a fetang 1 800 libukeng tse hlano tse qalang tsa Bibele, o ne a ka ruta Torah joang ntle le hore a rute ka lebitso la Molimo?
Leha ho le joalo, mehla ea Ben Teradion e ne e le kotsi bakeng sa litsebi tsa Bajuda. Ho latela bo-rahistori ba Bajuda, moemphera oa Roma o ne a thibetse ka molao tsamaiso ea bolumeli ea Sejuda kapa hona ho ruta ka eona, ’me kahlolo e ne e le lefu. Qetellong Baroma ba ile ba tšoara Ben Teradion. Ha a ne a tšoaroa, o ne a nkile kopi ea Sefer Torah. Ha a arabela baqosi ba hae, o ile a lumela a sa tsilatsile hore ho ruta ha hae Bibele e ne e le ho latela taelo e fanoeng ke Molimo. Leha ho le joalo, o ile a ahloleloa lefu.
Letsatsing leo Ben Teradion a neng a bolaoa ka lona, o ile a thateloa ka moqolo oa Bibele oo a neng a o tšoere ha a tšoaroa. Eaba o chesetsoa thupeng. Encyclopaedia Judaica e re, “e le ho lelefatsa ho utloa ha hae bohloko, ho ile ha behoa sehlethele sa ulu se inetsoeng metsing pelong ea hae e le hore a se ke a shoa ka potlako.” E le karolo ea kahlolo ea hae, mosali oa hae le eena o ile a bolaoa ’me morali oa hae a rekisoa ntlong ea matekatse.
Le hoja Baroma ba ne ba ikarabella bakeng sa polao ena e sehlōhō ea Ben Teradion, Talmuda e ile ea bolela hore “kahlolo eo ea ho chesoa e entsoe hobane a ne a bitsa Lebitso [la Molimo] le feletse.” E, ho Bajuda ho bitsa lebitso la Molimo e ne e le sebe se tebileng.
Molao oa Boraro
Ho hlakile hore lekholong la pele le la bobeli la lilemo C.E., ho ile ha e-ba le tumela-khoela ho Bajuda mabapi le ho sebelisa lebitso la Molimo. Mishna (pokello ea litlhaloso tsa bo-rabi tseo e bileng motheo oa Talmud) e bolela hore “ea bitsang lebitso la Molimo joalokaha le ngoloa” ha a na kabelo Paradeiseng ea ka moso ea lefatšeng e tšepisitsoeng ke Molimo.
Motso oa thibelo eo e ne e le ofe? Ba bang ba bolela hore Bajuda ba ne ba nka lebitso la Molimo le halalela haholo hoo batho ba sa phethahalang ba sa lokelang ho le qapollisa. Qetellong, ba bile ba tsilatsila le ho le ngola fatše. Ho latela buka e ’ngoe, tšabo e joalo e bile teng hobane ho nahanoa hore ho ka etsahala hore tokomane eo ho ngotsoeng lebitso la Molimo ho eona e qetelle e lahletsoe toting, e leng ho neng ho tla bolela ho silafatsoa ha lebitso la Molimo.
Encyclopaedia Judaica e bolela hore “ho se utloisise Molao oa Boraro ke hona ho entseng hore ho qojoe ho bitsoa ha lebitso la YHWH.” Molao oa boraro ho e Leshome eo Molimo a e fileng Baiseraele, o re: “U se ke ua sebelisa lebitso la Jehova Molimo oa hao ka tsela eo e seng ea bohlokoa, etsoe Jehova a ke ke a tlohela ea sebelisang lebitso la hae ka tsela eo e seng ea bohlokoa a sa fuoe kotlo.” (Exoda 20:7) Ka hona, molao oa Molimo o hanelang ho sebelisa lebitso la hae hampe o ile oa sotheloa tumela-khoeleng.
Ha ho pelaelo hore kajeno ha ho ea bolelang hore Molimo a ka rata hore motho a chesoe thupeng ka lebaka la ho bitsa lebitso la hae! Leha ho le joalo, litumela-khoela tsa Bojuda mabapi le lebitso la Molimo li sa le teng le kajeno. Tse ngata tsa tsona li tsoela pele ho bua ka Litlhaku Tse ’Nè Tsa Seheberu Tse Emelang Lebitso la Molimo e le “Lebitso le ke Keng la Bitsoa” le “Lebitso le sa Bitseheng.” Lihlopha tse ling tsa batho li bitsa lebitso la Molimo hampe hohle moo le hlahang teng, ka morero oa ho qoba ho tlōla neano ena. Ka mohlala, Jah, kapa Yah, e leng khutsufatso ea lebitso la Molimo, e bitsoa e le Kah. Hallelujah e bitsoa Hallelukah. Ba bang ba bile ba qoba ho ngola lentsoe “Molimo,” ba beha motoa bakeng sa tlhaku e le ’ngoe kapa tse ’maloa. Ka mohlala, ha ba batla ho ngola lentsoe la Senyesemane “God,” ba ngola feela “G-d.”
Matsapa a Tsoelang Pele a ho Pata Lebitso Lena
Bolumeli ba Sejuda hase bona feela bolumeli bo qobang ho sebelisa lebitso la Molimo. Nahana ka mohlala oa Jerome, eo e neng e le moprista oa Mok’hatholike ebile e le mongoli oa Mopapa Damasus I. Ka selemo sa 405 C.E., Jerome o ile a qeta mosebetsi oa hae oa ho fetolela Bibele eohle ka Selatine, e ileng ea tsejoa e le Latin Vulgate. Jerome o ne a sa kenya lebitso la Molimo phetolelong ea hae. Ho e-na le hoo, o ile a latela mokhoa o neng o tloaelehile mehleng eo ea hae, a kenya mantsoe “Morena” le “Molimo” moo ho neng ho lokela hore ho kene lebitso la Molimo. Latin Vulgate e bile eona phetolelo ea pele e lumeletsoeng ka molao ea K’hatholike ’me e bile eona eo lipuo tse ling tse ngata li fetoletsoeng ho tsoa ho eona.
Ka mohlala, Douay Version, phetolelo ea K’hatholike ea 1610, ha e le hantle e ne e le phetolelo ea Senyesemane ea Latin Vulgate. Ka hona, ha ho makatse hore ebe lebitso la Molimo ha le eo ka ho feletseng Bibeleng ena. Leha ho le joalo, Douay Version e ne e se feela phetolelo ea Bibele joaloka tse ling. E bile eona feela Bibele e lumeletsoeng ka molao ea Mak’hatholike a buang Senyesemane ho fihlela lilemong tsa bo-1940. E, ka lilemo tse makholo, lebitso la Molimo le ne le patetsoe Mak’hatholike a limilione a inehetseng.
Nahana hape ka King James Version. Ka 1604, morena oa Engelane, James I, o ile a laela sehlopha sa litsebi hore se hlahise phetolelo ea Senyesemane ea Bibele. Lilemo tse supileng hamorao, se ile sa lokolla King James Version, eo hape e tsejoang e le Authorized Version.
Le phetolelong ena bafetoleli ba ile ba khetha ho qoba lebitso la Molimo, ba le sebelisa feela litemaneng tse ’maloa. Maemong a mangata lebitso la Molimo le ile la nkeloa sebaka ka “MORENA” kapa ka “MOLIMO” bakeng sa Litlhaku Tse ’Nè Tsa Seheberu Tse Emelang Lebitso la Molimo. Phetolelo ena e ile ea e-ba e tloaelehileng ho batho ba limilione. World Book Encyclopedia e bolela hore “ha ho liphetolelo tse ling tsa bohlokoa tsa Bibele ea Senyesemane tse ileng tsa e-ba teng lilemo tse fetang tse 200 ka mor’a hore ho hatisoe King James Version. Nakong ena, King James Version e ne e le eona phetolelo e sebelisoang ka bophara bathong ba buang Senyesemane.”
Liphetolelo tsa Bibele tse boletsoeng ka holimo ke tse tharo feela liphetolelong tse ngata tse hatisitsoeng makholong a fetileng a lilemo tse tlohetseng kapa hona ho tlaela ka lebitso la Molimo. Ha ho makatse hore ebe boholo ba batho ba ipolelang hore ke Bakreste kajeno baa qeaqea ho sebelisa lebitso la Molimo kapa ha ba le tsebe ho hang. Ke ’nete hore ka lilemo, bafetoleli ba bang ba Bibele ba ’nile ba kenyelletsa lebitso la Molimo liphetolelong tsa bona. Leha ho le joalo, boholo ba tsona li hatisitsoe morao tjena ’me ha lia tlisa phetoho e kaalo boikutlong bo seng bo tloaelehile ka lebitso la Molimo.
Mokhoa o Hananang le Thato ea Molimo
Ka ho khetheha, tloaelo e nammeng ea ho hlōleha ho sebelisa lebitso la Molimo e itšetlehile ka neano ea batho, eseng thutong ea Bibele. Mofuputsi oa Mojuda, Tracey R. Rich, eo e leng mong’a mocha oa boitsebiso oa Internert oa Judaism 101, oa hlalosa: “Ha ho moo Torah e hanelang motho ho bitsa Lebitso la Molimo. Ka sebele, mangolo a hlakisitse hore ho bitsa Lebitso la Molimo ho ne ho tloaelehile.” E, mehleng ea Bibele barapeli ba Molimo ba ne ba sebelisa lebitso la hae.
Ka ho hlakileng, ho tseba lebitso la Molimo le ho le sebelisa ho re atametsa haufi le tsela e amohelehang ea ho mo rapela, tsela eo a neng a rapeloa ka eona mehleng ea Bibele. Bona e ka ba bohato ba rōna ba pele ba ho theha kamano le eena, e leng ntho e molemo ho feta feela ho tseba lebitso la hae. Ha e le hantle, Jehova Molimo o re memela ho ba le kamano e joalo le eena. O ile a bululela memo ena e lerato: “Atamelang ho Molimo, ’me o tla atamela ho lōna.” (Jakobo 4:8) Leha ho le joalo, u ka ’na ua botsa, ‘motho ea shoang a ka thabela botsoalle bo haufi joalo le Molimo ea Matla ’Ohle joang?’ Sehlooho se latelang se hlalosa kamoo u ka hlaolelang kamano le Jehova kateng.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Talmud ke pokello ea lineano tsa boholo-holo tsa Sejuda ’me e nkoa e le e ’ngoe ea libuka tse halalelang ka ho fetisisa le e nang le tšusumetso bolumeling ba Sejuda.
[Lebokose le leqepheng la 6]
Hallelujah
Ho tla eng ka kelellong ea hao ha u utloa lentsoe “Hallelujah”? Mohlomong e u hopotsa “Messiah” ea Handel, pina e mathe-maloli ea lilemong tsa bo-1700 e neng e e-na le k’horase e matla ea Hallelujah. Kapa u ka ’na ua nahana ka pina e tummeng ea Maamerika ea ho rata naha, “The Battle Hymn of the Republic,” eo hape e tsejoang e le “Glory, Hallelujah.” Ka sebele, u kile ua utloa lentsoe “Hallelujah” mohloling o itseng. Mohlomong ka linako tse ling ebile ua le sebelisa. Empa na ua tseba hore na le bolela’ng?
Hallelujah—Ke phetolelo ea Senyesemane ea poleloana ea Seheberu, ha·lelu-Yahʹ, e bolelang “rorisa Jah,” kapa “rorisang Jah.”
Jah—Khutsufatso e thothokisang lebitso la Molimo, Jehova. E hlaha ka Bibeleng ka makhetlo a fetang 50, hangata e le karolo ea poleloana “Hallelujah.”
[Lebokose le leqepheng la 7]
Na Lebitso la Hao le Kenyelletsa Lebitso la Molimo?
Mabitso a mangata a hlahang ka Bibeleng a ntse a ratoa le kajeno. Maemong a mang, tlhaloso ea pele ea Seheberu ea mabitso ana ha e le hantle e kopanyelletsa lebitso la Molimo. Mehlala e latelang ke ea mabitso a joalo le seo a se bolelang. Mohlomong lebitso la hao ke le leng la ’ona.
Joanna—“Jehova o Bile Mosa”
Joele—“Jehova ke Molimo”
Johanne—“Jehova o Bontšitse Mohau”
Jonathane—“Jehova o Fane”
Josefa—“E se Eka Jah a ka Atisa”b
Joshua—“Jehova ke Poloko”
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
b “Jah” ke khutsufatso ea “Jehova.”
[Lebokose le leqepheng la 8]
Litlotla Tsa Molimo Tse Hlahang ka Bibeleng
Litemana tsa Seheberu tsa Mangolo a Halalelang li sebelisa litlotla tse ’maloa bakeng sa Molimo, tse kang Ea Matla ’Ohle, ’Mōpi, Ntate le Morena. Leha ho le joalo, makhetlo ao lebitso la hae le boletsoeng ka ’ona a mangata ho feta a litlotla tsena li kopantsoe hammoho. Ho hlakile hore thato ea Molimo ke hore re sebelise lebitso la hae. Nahana ka lethathamo le latelang la litlotla tse hlahang ka Mangolong a Seheberu.c
Jehova—makhetlo a 6 973
Molimo—makhetlo a 2 605
Ea Matla ’Ohle—makhetlo a 48
Morena—makhetlo a 40
Moetsi—makhetlo a 25
’Mōpi—makhetlo a 7
Ntate—makhetlo a 7
Moholo-holo oa Matsatsi—makhetlo a 3
Morupeli e Moholo—makhetlo a 2
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
c Ke kamoo a batlang a hlaha kateng Phetolelong ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang, e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova.
[Lebokose le leqepheng la 9]
Molimo ea Etsang Hore Lintho li be Teng
Litsebi ha li lumellane ka ho feletseng tabeng ea hore na lebitso la Molimo, Jehova, le bolela’ng. Leha ho le joalo, ka mor’a ho etsa lipatlisiso tse kenelletseng, ba bangata ba lumela hore lebitso lena le thehiloe leetsing la Seheberu, ha·wahʹ (ho ba), le bolelang “O Etsa Hore ho be.”
Ka hona, Phetolelong ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang,d tlaleho e ho Exoda 3:14, moo Moshe a botsang Molimo lebitso la hae, e fetoletsoe tjena: “Eaba Molimo o re ho Moshe: ‘Ke tla ba seo ke tla ba sona.’ Eaba oa eketsa: ‘Sena ke seo u tla se bolella bara ba Iseraele, “Ke tla ba o nthomile ho lōna.”’”
Phetolelo eo e nepahetse hobane Molimo o khona ho iketsa ntho leha e le efe eo a batlang ho ba eona. Ha ho letho le ka mo thibelang ho phetha ntho leha e le efe e hlokahalang ho finyelleng thato ea hae. Merero ea hae le litšepiso tsa hae kamehla lia phethahala. Ka ho ikhethang, Molimo o ipakile e le ’Mōpi, ea nang le matla a se nang moeli a ho phethahatsa lintho. O entse hore bokahohle bo be teng. Hape o bōpile libōpuoa tse ngata tsa moea. Ka sebele, ke Molimo ea etsang hore lintho li be teng!
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
d E hatisitsoe ke Lipaki Tsa Jehova.
[Setšoantšo se leqepheng la 5]
Setšoantšo se betliloeng se bontšang ho bolaoa ha Hananiah ben Teradion
[Litšoantšo tse leqepheng la 8, 9]
Libaka Tseo ho Tsona Lebitso la Molimo le Bontšitsoeng Pepenene
1. Kereke e Lomborg, Denmark, lekholong la bo17 la lilemo
2. Khalase e mebala ea fensetere, cathedraleng ea Bern, Switzerland
3. Moqolo oa Leoatle le shoeleng, o ngotsoeng ka Seheberu sa boholo-holo, Iseraele, hoo e ka bang ka 30-50 C.E.
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Shrine of the Book, Israel Museum, Jerusalem
4. Chelete ea tšepe ea Sweden, 1600
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Kungl. Myntkabinettet, Sveriges Ekonomiska Museum
5. Buka ea lithapelo ea Majeremane, 1770
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
From the book Die Lust der Heiligen an Jehova. Oder: Gebaet-Buch, 1770
6. Mongolo o betliloeng lejoeng, Bavaria, Jeremane
7. Lejoe la Moabe, Paris, Fora, 830 B.C.E.
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Musée du Louvre, Paris
8. Motako mohahong oa kereke, Olten, Switzerland