Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Ananela Mpho ea Bophelo
    U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
    • 5. Nka bophelo ba ngoana ea e-s’o hlahe bo le bohlokoa

      ’Mè oa moimana o tšoere mpa ea hae.

      Thothokisong e ’ngoe, Davida o ile a bua ka tsela eo Jehova a thahasellang ntho e ’ngoe le e ’ngoe e etsahalang ka lesea le e-s’o ka le hlaha. Bala Pesaleme ea 139:​13-​17 ebe le buisana ka potso ena:

      • Ho ea ka Jehova, na bophelo ba motho bo qala ha a emoloa kapa ha a tsoaloa?

      Molao oo Jehova a neng a o file Baiseraele o ne o sireletsa bo-’mè le bana ba bona ba e-s’o hlahe. Bala Exoda 21:​22, 23 ebe le buisana ka lipotso tsena:

      • Jehova o ne a ikutloa joang ka motho ea bolaeang ngoana ea e-s’o hlahe ka phoso?

      • O ne a ka ikutloa joang haeba motho a ne a ka bolaea ngoana ea e-s’o tsoaloe ka boomo?b

      • U ikutloa joang ka tsela eo Jehova a nkang bophelo ba ngoana ea e-s’o tsoaloe ka eona?

      Bapala VIDEO.

      VIDEO: Nka Bophelo e le ba Bohlokoa Joaloka Jehova (5:00)

      Ho ka etsahala hore le ’mè ea nkang bophelo e le ba bohlokoa a nke ho ntša mpa e le eona feela tharollo. Bala Esaia 41:​10 ebe le buisana ka lipotso tsena:

      • ’Mè ea utloang a hloka ho ntša mpa o lokela ho kopa thuso ho mang? Ke hobane’ng ha u cho joalo?

  • Ananela Mpho ea Bophelo
    U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
    • b Batho ba kileng ba ntša mpa ha baa lokela ho ikutloa ba le molato ho feta tekano. Jehova a ka ba tšoarela. E le hore u fumane lintlha tse eketsehileng ka taba ena, sheba sehlooho se reng “Bibele e Re’ng ka ho Ntša Mpa?” se hlahang karolong ea Batla ea khaolo ena.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela