“Moeta-pele oa Lōna o Mong, Kreste”
‘Le se ke la bitsoa “baeta-pele,” kaha Moeta-pele oa lōna o mong, Kreste.’—MAT. 23:9, 10.
1. Ke mang eo Lipaki Tsa Jehova li mo nkang e le Moeta-pele oa tsona, hona hobane’ng?
LIKEREKE tsa Bokreste-’mōtoana li na le baeta-pele ba batho ba kang mopapa oa Roma, bapatriareka le lihlooho tsa likereke tsa Orthodox tsa Bochabela le lihlooho tsa malumeli a mang. Ha ho na motho eo Lipaki Tsa Jehova li mo nkang e le moeta-pele oa tsona. Hase barutuoa kapa balateli ba motho ofe kapa ofe. Sena se tumellanong le boprofeta boo Jehova a ileng a bo bolela mabapi le Mora oa hae ha a ne a re: “Bonang! Ke fane ka eena e le paki ho lichaba, e le moeta-pele le molaoli oa lichaba.” (Esa. 55:4) Phutheho ea machaba ea Bakreste ba tlotsitsoeng le metsoalle ea bona ea “linku tse ling,” ha e batle hore motho e mong e be moeta-pele oa eona haese eo Jehova a faneng ka eena. (Joh. 10:16) E lumellana le mantsoe ana a Jesu: “Moeta-pele oa lōna o mong, Kreste.”—Mat. 23:10.
Khosana ea Iseraele ea Lengeloi
2, 3. Mora oa Molimo o ile a phetha karolo efe nakong ea Baiseraele?
2 Lilemo tse makholo pele ho thehoa phutheho ea Bokreste, Jehova o ne a behile lengeloi hore le etelle sechaba sa hae sa Iseraele pele. Ka mor’a hore Jehova a ntše Baiseraele Egepeta o ile a re ho bona: ‘Ke romela lengeloi hore le le etelle pele hore le le boloke tseleng ’me le le tlise sebakeng seo ke se lokisitseng. Itebeleng ka lebaka la lona ’me le mamele lentsoe la lona. Le se ke la le fetohela, etsoe le ke ke la tšoarela litlōlo tsa lōna; hobane lebitso la ka le ho lona.’ (Ex. 23:20, 21) Ke ntho e utloahalang ho lumela hore lengeloi lena leo ‘lebitso la Jehova le neng le le ho lona,’ e ne e le Mora oa Molimo oa letsibolo.
3 Kamoo ho bonahalang kateng, pele Mora oa Molimo a tsoaloa e le motho oa nama, o ne a bitsoa Mikaele. Bukeng ea Daniele, Mikaele o bitsoa ‘khosana ea batho ba habo Daniele,’ e leng Baiseraele. (Dan. 10:21) Morutuoa Juda o bontša hore Mikaele o ne a se a ntse a sebetsana le litaba tsa Iseraele khale haholo pele ho mehla ea Daniele. Ka mor’a hore Moshe a shoe, ho bonahala eka Satane o ne a batla ho sebelisa setopo sa hae ho phethahatsa merero ea hae ka tsela e itseng, mohlomong o ne a batla ho khothalletsa Baiseraele hore ba rapele melimo ea litšoantšo. Mikaele o ile a nka bohato ho thibela seo. Juda o re: “Ha Mikaele lengeloi le ka sehloohong a ne a e-na le phapang le Diabolose ’me a pheha khang ka setopo sa Moshe, ha aa ka a iteta sefuba ho tlisa kahlolo khahlanong le eena ka mantsoe a nyefolang, empa a re: ‘E se eka Jehova a ka u khalemela ka matla.’” (Juda 9) Hamoraonyana, pele Jeriko e thibelloa, ha ho pelaelo hore ke Mikaele, e leng “khosana ea lebotho la Jehova” ea ileng a hlaha ho Joshua a mo tiisetsa hore Molimo o ne a tla mo tšehetsa. (Bala Joshua 5:13-15.) Ha khosana ea modemona e ne e leka ho thibela lengeloi hore le isetse moprofeta Daniele molaetsa oa bohlokoa, Mikaele e leng lengeloi le ka sehloohong, o ile a thusa lengeloi leo.—Dan. 10:5-7, 12-14.
Moeta-pele eo ho Profetiloeng ka Eena oa Fihla
4. Ke boprofeta bofe bo ileng ba fanoa mabapi le ho tla ha Mesia?
4 Pele ho ketsahalo ena, Jehova o ne a ile a romela lengeloi Gabriele ho moprofeta Daniele ho mo bolella ka boprofeta bo mabapi le ho tla ha “Mesia Moeta-pele.” (Dan. 9:21-25)a Hantle feela ka nako e neng e profetiloe, ka hoetla selemong sa 29 C.E., Jesu o ile a kolobetsoa ke Johanne. Moea o halalelang o ile oa tšolleloa holim’a Jesu ’me ea e-ba Motlotsuoa—Kreste, Mesia. (Mat. 3:13-17; Joh. 1:29-34; Bagal. 4:4) Ka tsela eo e ne e tla ba Moeta-pele eo ho seng ea ka bapisoang le eena.
5. Kreste o ile a sebetsa joaloka Moeta-pele joang nakong eo a neng a etsa tšebeletso ea hae lefatšeng?
5 Ho tloha ha a ne a qala ho etsa tšebeletso ea hae lefatšeng, Jesu o ile a bontša hore ke “Mesia Moeta-pele.” Ka mor’a matsatsi a seng makae feela o ile a qala ho bokella barutuoa a ba a etsa mohlolo oa hae oa pele. (Joh. 1:35–2:11) Barutuoa ba hae ba ile ba mo latela ha a ntse a tsamaea libakeng tse ngata a bolela litaba tse molemo tsa ’Muso. (Luka 8:1) O ile a ba koetlisa mosebetsing oa ho bolela ’me a ba etella pele mosebetsing oa ho bolela le oa ho ruta, a beha mohlala o motle. (Luka 9:1-6) Kajeno, baholo ba Bakreste ba lokela ho latela mohlala oa hae tabeng ena.
6. Kreste o ile a bontša joang hore ke Molisa le Moeta-pele?
6 Jesu o ile a totobatsa ntlha e ’ngoe e amanang le boeta-pele ba hae ha a ne a itšoantša le molisa ea lerato. Balisa ba linaheng tsa Bochabela ba hlile ba etella mehlape ea bona pele. Bukeng ea The Land and the Book, W. M. Thomson o ile a ngola a re: “Molisa o tsamaea ka pele ho mohlape, eseng feela ho o bontša tsela, empa ho etsa bonnete ba hore o ka tsamaea moo le hore ho sireletsehile. . . . O sebelisa lere [la hae] ho tataisa mohlape ho o isa makhulong a matala ebile o o sireletsa lireng tsa oona.” Jesu o ile a bontša hore ke Molisa le Moeta-pele oa ’nete ha a ne a re: “Ke ’na molisa ea khabane; molisa ea khabane o nehelana ka moea oa hae molemong oa linku. Linku tsa ka li mamela lentsoe la ka, ’me kea li tseba, ’me lia ntatela.” (Joh. 10:11, 27) Jesu o ile a phethahatsa mantsoe ao a hae ha a ne a e-shoa lefu la sehlabelo molemong oa linku tsa hae, empa Jehova “o ile a mo tsosa e le hore e be moeta-pele le Mopholosi.”—Lik. 5:31, New Jerusalem Bible; Baheb. 13:20.
Molebeli oa Phutheho ea Bokreste
7. Jesu o sebelisa’ng ho lebela phutheho ea Bokreste?
7 Nakoana pele a nyolohela leholimong, Jesu ea neng a tsositsoe bafung o ile a re ho balateli ba hae: “Ke filoe matla ’ohle leholimong le lefatšeng.” (Mat. 28:18) Jehova o ile a etsa hore Jesu a tšollele barutuoa ba hae moea o halalelang e le hore a ba matlafatse ’neteng ea Bokreste. (Joh. 15:26) Jesu o ile a tšollela moea ona ho Bakreste ba pele ka Pentekonta ea 33 C.E. (Lik. 2:33) Phutheho ea Bokreste e ile ea thehoa nakong eo moea oo o halalelang o neng o tšolloa. Jehova o ile a etsa hore Mora oa hae e be moeta-pele oa phutheho eohle e lefatšeng a le leholimong. (Bala Baefese 1:22; Bakolose 1:13, 18.) Jesu o tataisa phutheho ea Bokreste ka moea o halalelang oa Jehova, ’me o sebeletsoa ke mangeloi a ileng a “behoa tlas’a hae.”—1 Pet. 3:22.
8. Lekholong la pele la lilemo Kreste o ne a sebelisa sehlopha sefe ho tataisa barutuoa ba hae, ’me kajeno teng o sebelisa bo-mang?
8 Kreste o ile a boela a sebelisa moea o halalelang hore a fane ka “limpho tseo e leng banna,” ba bang “e le balisa le mesuoe” ka phuthehong. (Baef. 4:8, 11) Moapostola Pauluse o ile a phehella balebeli ba Bakreste a re: “Ikeleng hloko ’me le ele hloko le mohlape oohle, oo moea o halalelang o le behileng balebeli har’a oona, hore le lise phutheho ea Molimo.” (Lik. 20:28) Ha phutheho ea Bokreste e ne e qala, balebeli bana kaofela e ne e le banna ba tlotsitsoeng ka moea. Baapostola le baholo ba phutheho ea Jerusalema ba ne ba sebetsa e le sehlopha se busang. Kreste o ile a sebelisa sehlopha sena se busang ho tataisa sehlopa sohle sa ‘barab’abo’ ba tlotsitsoeng ba neng ba le lefatšeng. (Baheb. 2:11; Lik. 16:4, 5) Nakong ena ea bofelo, Kreste o behile “lintho tsohle tsa hae”—e leng lintho tsohle tse amanang le ’Muso—matsohong a “lekhoba [la hae] le tšepahalang le le masene” le moemeli oa lona e leng Sehlopha se Busang, se entsoeng ka banna ba Bakreste ba batlotsuoa. (Mat. 24:45-47) Batlotsuoa hammoho le metsoalle ea bona ea linku tse ling baa hlokomela hore ha ba latela tataiso ea Sehlopha se Busang sa kajeno, ha e le hantle ba latela Moeta-pele oa bona, e leng Kreste.
Kreste o Qala Mosebetsi oa Boboleli
9, 10. Kreste o ile a tsamaisa litaba joang mabapi le ho phatlalatsoa ha litaba tse molemo tsa ’Muso?
9 Li sa tloha feela, ka seqo Jesu o ile a tsamaisa mosebetsi oa boboleli o etsoang lefatšeng lohle. O ile a fana ka taelo ea hore na litaba tse molemo tsa ’Muso li bolelloe baahi ba lefatše joang. Nakong ea tšebeletso ea hae o ile laela baapostola ba hae a re: “Le se ke la tloha ho ea kena tseleng ea lichaba, hape le se ke la kena motseng oa Basamaria; empa, ho e-na le hoo, le tsoele pele le ea linkung tse lahlehileng tsa ntlo ea Iseraele. Ha le ntse le e-ea, le bolele, le re, ‘’Muso oa maholimo o atametse.’” (Mat. 10:5-7) Ba ile ba etsa mosebetsi ona ka mafolofolo har’a Bajuda le batho ba sokolohetseng Bojudeng, haholo-holo ka mor’a Pentekonta ea 33 C.E.—Lik. 2:4, 5, 10, 11; 5:42; 6:7.
10 Hamorao, Jesu o ile a sebelisa moea o halalelang ho etsa hore mosebetsi oa ho bolela ka ’Muso o namele ho Basamaria le ho batho ba bang bao e neng e se Bajuda. (Lik. 8:5, 6, 14-17; 10:19-22, 44, 45) E le ho etsa hore litaba tse molemo li phatlalatsoe le ho batho ba lichaba tse ling, Jesu o ile a nka bohato ka boeena ho susumetsa Saule oa Tarsase hore e be Mokreste. Jesu o ile a laela morutuoa oa hae Ananiase a re: “Ema, u ee seterateng se bitsoang Se Otlolohileng, ’me ntlong ea Judase u batle monna ea bitsoang Saule, ea tsoang Tarsase. . . . Tsamaea, hobane monna enoa ke sejana se khethiloeng ho ’na hore se jare lebitso la ka ho ea lichabeng hammoho le ho marena le ho bara ba Iseraele.” (Lik. 9:3-6, 10, 11, 15) “Monna enoa” e ile ea e-ba moapostola Pauluse.—1 Tim. 2:7.
11. Kreste o ile a atolosa mosebetsi oa boboleli joang a sebelisa moea o halalelang?
11 Ha nako ea hore mosebetsi oa ho bolela ka ’Muso o atolosetsoe lichabeng tseo e seng Bajuda e fihla, Pauluse o ile a fuoa taelo e tsoang leholimong ea hore a nke maeto a boromuoa ho ea Asia Minor le Europe. Tlaleho ea Luka e ho Liketso e re: “Ha [mesuoe le baprofeta ba Bakreste ba phutheho ea Antioke e Syria] ba ntse ba sebeletsa Jehova phatlalatsa ’me ba itima lijo, moea o halalelang oa re: ‘Har’a batho bohle mpeheleng Barnabase le Saule ka thōko bakeng sa mosebetsi oo ke ba bitselitseng oona.’ Joale ba itima lijo ’me ba rapela eaba ba beha matsoho holim’a bona ’me ba ba tlohela hore ba tsamaee.” (Lik. 13:2, 3) Saule oa Tarsase o ne a bitsitsoe ke Jesu ka seqo hore e be ‘sejana sa Hae se khethiloeng,’ e le hore a bolelle lichaba lebitso la Hae, kahoo Kreste e leng Moeta-pele oa phutheho ke eena ea ileng a susumetsa hore ho etsoe mosebetsi oo oa ho paka. Leetong la bobeli la Pauluse la borumuoa, ho ile ha hlaka hore Jesu o sebelisa moea o halalelang ho tsamaisa mosebetsi. Tlaleho ea Bibele e re, “moea oa Jesu,” ka mantsoe a mang, Jesu o ile a sebelisa moea o halalelang ho tataisa Pauluse le bao a neng a tsamaea le bona ha ba khetha hore na ba ne ba tla etela libakeng life ka nako efe, ’me ba ile ba laeloa ka pono hore ba ee Europe.—Bala Liketso 16:6-10.
Jesu o Etella Phutheho ea Hae Pele
12, 13. Buka ea Tšenolo e bontša joang hore Kreste o behile leihlo se etsahalang phuthehong ka ’ngoe?
12 Jesu o ne a behile leihlo se neng se etsahala liphuthehong tsa balateli ba hae ba tlotsitsoeng lekholong la pele la lilemo C.E. O ne a tseba hantle hore na boemo ba moea ba phutheho ka ’ngoe e ne e le bofe. Sena se totobala ha re bala Tšenolo khaolo ea 2 le ea 3. O bolela mabitso a liphutheho tse supileng tseo kaofela ha tsona li neng li le Asia Minor. (Tšen. 1:11) Re na le mabaka a ho lumela hore e tlameha ebe o ne a tseba le boemo ba moea ba liphutheho tse ling tsa balateli ba hae tse neng li le teng lefatšeng ka nako eo.—Bala Tšenolo 2:23.
13 Jesu o ile a babatsa liphutheho tse ling ka lebaka la hore li ile tsa mamella, tsa tšepahala ha li lekoa, tsa mamela lentsoe la hae ka botšepehi tsa ba tsa qoba bakoenehi. (Tšen. 2:2, 9, 13, 19; 3:8) Ka lehlakoreng le leng, o ile a khalemela liphutheho tse ’maloa ka thata hobane lerato leo li neng li mo rata ka lona le ne le tapile, li ne li mameletse borapeli ba litšoantšo, bohlola le lihlopha tsa bokhelohi. (Tšen. 2:4, 14, 15, 20; 3:15, 16) Kaha ke molebeli oa moea ea lerato—ea ratang esita le bao a ba khalemetseng ka thata—Jesu o ile a re: “Ke khalemela bohle bao ke ba ratang ’me kea ba laea. Ka hona cheseha ’me u bake.” (Tšen. 3:19) Le hoja a ne a le leholimong, Jesu o ne a tsamaisa liphutheho tsa balateli ba hae ba lefatšeng ka moea o halalelang. Ha a phethela melaetsa ea hae e neng e e-ea liphuthehong tseo o ile a re: “Ea nang le tsebe a ke a utloe seo moea o se bolellang liphutheho.”—Tšen. 3:22.
14-16. (a) Jesu o bontšitse joang hore ke Moeta-pele ea sebete oa batho ba Jehova ba lefatšeng? (b) Ke sefe se etsahetseng hobane Jesu a ‘e-na’ le barutuoa ba hae ka “matsatsi ’ohle ho fihlela qetellong ea tsamaiso ea lintho”? (c) Re tla tšohla’ng sehloohong se latelang?
14 Re bone hore Mikaele (Jesu) o ile a bontša hore e ne e le Moeta-pele oa Iseraele oa lengeloi ea sebete. Hamorao, Jesu e ile ea e-ba Moeta-pele ea sebete le Molisa ea lerato oa barutuoa ba hae ba lekholong la pele la lilemo. Nakong ea ha a ne a etsa tšebeletso ea hae lefatšeng, o ile a etella pele mosebetsing oa boboleli. Ho feta moo, ka mor’a tsoho ea hae o ile beha mosebetsi oa ho phatlalatsa litaba tse molemo tsa ’Muso leihlo.
15 Qetellong Jesu o ne a tla sebelisa moea o halalelang ho etsa hore mosebetsi oa ho fana ka bopaki o fihle le lipheletsong tsa lefatše. Pele Jesu a nyolohela leholimong o ile a re ho barutuoa ba hae: “Le tla amohela matla ha moea o halalelang o fihla holim’a lōna, ’me le tla ba lipaki tsa ka Jerusalema le Judea le Samaria kaofela le ho isa karolong e hōle-hōle ea lefatše.” (Lik. 1:8; bala 1 Petrose 1:12.) Ka tataiso ea Kreste, ho ile ha fanoa ka bopaki bo matla lekholong la pele la lilemo.—Bakol. 1:23.
16 Empa Jesu ka boeena o ile a bolela hore mosebetsi ona o ne o tla tsoela pele ho fihlela nakong ea bofelo. Ka mor’a hore Jesu a laele balateli ba hae hore ba etse mosebetsi oa boboleli le hore ba etse batho ba lichaba tsohle barutuoa, o ile a ba fa tšepiso ena: “Ke na le lōna ka matsatsi ’ohle ho fihlela qetellong ea tsamaiso ea lintho.” (Mat. 28:19, 20) Ho tloha nakong eo a neng a fuoa matla a borena ka 1914, Kreste o “na” le barutuoa ba hae ebile ke Moeta-pele oa bona ea mafolofolo ho feta neng kapa neng. Sehloohong se latelang ho tla tšohloa mosebetsi o matla oo a o entseng ho tloha ka 1914.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Sheba khaolo ea 11 bukeng ea Ela Hloko Boprofeta ba Daniele! moo ho tšohloang boprofeta bona.
Tlhahlobo
• Mora oa Molimo o ile a bontša joang hore ke Moeta-pele ea mafolofolo nakong ea Baiseraele?
• Kreste o sebelisa’ng ho tataisa phutheho ea hae e lefatšeng?
• Kreste o ’nile a tsamaisa ho phatlalatsoa ha litaba tse molemo joang?
• Ke eng e bontšang hore Kreste o behile boemo ba moea ba phutheho ka ’ngoe leihlo?
[Setšoantšo se leqepheng la 21]
‘Ke romela lengeloi hore le le etelle pele’
[Setšoantšo se leqepheng la 23]
Joaloka nakong e fetileng, Kreste o sebelisa “limpho tseo e leng banna” ho lisa mohlape oa hae