“Ntlo ea Thapelo Bakeng sa Lichaba Tsohle”
“Na ha hoa ngoloa, ‘Ntlo ea ka e tla bitsoa ntlo ea thapelo bakeng sa lichaba tsohle’?”—MAREKA 11:17.
1. Qalong Adama le Eva ba ne ba e-na le kamano ea mofuta ofe le Molimo?
HA Adama le Eva ba ne ba bōptjoa, ba ile ba thabela kamano e haufi le Ntate oa bona oa leholimo. Jehova Molimo o ile a buisana le bona ’me a lokolisa morero ea hae o hlollang bakeng sa moloko oa batho. Ruri, hangata ba ne ba susumeletseha hore ba qale ho rorisa Jehova bakeng sa mesebetsi ea hae ea pōpo e babatsehang. Haeba Adama le Eva ba ne ba hloka tataiso ha ba ntse ba nahanisisa ka karolo ea bona e le ntate le ’mè ba kamoso ba lelapa la motho, ba ne ba ka atamela Molimo ba le sebakeng sefe kapa sefe lehaeng la bona la Paradeise. Ba ne ba sa hloke litšebeletso tsa moprista ka tempeleng.—Genese 1:28.
2. Ke phetoho efe e bileng teng ha Adama le Eva ba etsa sebe?
2 Boemo bo ile ba fetoha ha lengeloi la lerabele le ne le eka Eva hore a nahane hore boemo ba hae bophelong bo ne bo tla ntlafala haeba a ka furalla bobusi ba Jehova, le bolela hore o ne a tla “tšoana le Molimo.” Tumellanong le seo, Eva o ile a ja tholoana ea sefate seo Molimo a neng a ba thibetse sona. Eaba Satane o sebelisa Eva ho eka monna oa hae. Ka masoabi, Adama o ile a mamela mosali oa hae oa moetsalibe, a bontša hore o nka kamano ea hae le eena e le ea bohlokoa ho feta kamano ea hae le Molimo. (Genese 3:4-7) Ha e le hantle, Adama le Eva ba ile ba khetha Satane ho ba molimo oa bona.—Bapisa le 2 Bakorinthe 4:4.
3. Borabele ba Adama le Eva bo bile le liphello life tse mpe?
3 Ka ho etsa joalo, banyalani ba pele ha baa ka ba lahleheloa ke kamano ea bona e ntle le Molimo feela empa hape ba ile ba lahleheloa ke tebello ea ho phela ka ho sa feleng paradeiseng ea lefatšeng. (Genese 2:16, 17) ’Mele ea bona ea boetsalibe qetellong e ile ea fokola ho fihlela ba e-shoa. Bana ba bona ba ile ba futsa boemo bona ba boetsalibe. Bibele ea hlalosa: “Kahoo lefu la namela ho batho bohle.”—Baroma 5:12.
4. Molimo o ile a fa moloko oa batho ba baetsalibe tšepo efe?
4 Ho ne ho hlokahala ho hong ho boelanya moloko oa batho ba baetsalibe le ’Mōpi oa bona ea halalelang. Ha a ahlola Adama le Eva, Molimo o ile a fa bana ba bona ba kamoso tšepo ka ho tšepisa “peo” e neng e tla pholosa moloko oa batho liphellong tsa borabele ba Satane. (Genese 3:15) Hamorao, Molimo o ile a senola hore Peō e neng e tla hlohonolofatsa e ne e tla tla ka Abrahama. (Genese 22:18) A nahanne ka morero ona o lerato, Molimo o ile a khetha bana ba Abrahama, Baiseraele, hore e be sechaba sa hae se khethiloeng.
5. Ke hobane’ng ha re lokela ho thahasella lintlha tse qaqileng tsa selekane sa Molao sa Molimo le Baiseraele?
5 Ka 1513 B.C.E., Baiseraele ba ile ba kena kamanong ea selekane le Molimo ’me ba lumela ho mamela melao ea hae. Selekane seo sa Molao e lokela ho ba se thahasellisang haholo ho bohle ba batlang ho rapela Molimo kajeno hobane se ne se lebisa tlhokomelo Peōng e tšepisitsoeng. Pauluse o itse se fupere “seriti sa lintho tse molemo tse tlang ho tla.” (Baheberu 10:1) Ha Pauluse a ne a bua sena, o ne a tšohla tšebeletso ea baprista ba Baiseraele tabernakeleng e nkehang, kapa tenteng ea borapeli. E ne e bitsoa “tempele ea Jehova” kapa “ntlo ea Jehova.” (1 Samuele 1:9, 24, NW) Ka ho hlahloba tšebeletso e halalelang e ileng ea etsoa ntlong ea Jehova ea lefatšeng, re ka ananela haholoanyane tokisetso e mohau eo ho eona batho ba baetsalibe kajeno ba ka boelanngoang le Molimo.
Se Halalelang ka ho Fetisisa
6. Ke eng e neng e behiloe ka ho Se Halalelang ka ho Fetisisa, hona boteng ba Molimo bo ne bo emeloa joang moo?
6 Bibele e re: “Ea Phahameng ka ho Fetisisa ha a lule matlong a entsoeng ka matsoho.” (Liketso 7:48) Leha ho le joalo, boteng ba Molimo ntlong ea hae ea lefatšeng bo ne bo emeloa ke leru kamoreng e ka hare-hare e bitsoang Se Halalelang ka ho Fetisisa. (Levitike 16:2, NW) Ho hlakile hore leru lena le ne le khanya haholo, le khantša Se Halalelang ka ho Fetisisa. Le ne le le ka holim’a lekese le halalelang le bitsoang “areka ea bopaki,” leo ka ho lona ho neng ho kentsoe matlapa a ngotsoeng e meng ea melao eo Molimo a ileng a e fa Baiseraele. Sekoahelong sa Areka ena ho ne ho e-na le likerubime tse peli tsa khauta tse mapheo a otlolohileng, tse neng li tšoantšetsa libōpuoa tsa moea tsa boemo bo phahameng mokhatlong o hlophisitsoeng oa Molimo oa leholimo. Leru la mohlolo la khanya le ne le le ka holim’a sekoahelo le lipakeng tsa likerubime. (Exoda 25:22) Sena se ne se tšoantšetsa Molimo ea Matla ’Ohle ea lutseng teroneng holim’a koloi ea leholimo e tšehelitsoeng ke likerubime tse phelang. (1 Likronike 28:18) Se hlalosa hore na ke hobane’ng ha Morena Ezekiase a ile a rapela, a re: “Oho Jehova oa makhotla, Molimo oa Iseraele, uena ea lutseng holim’a likerubime.”—Esaia 37:16.
Se Halalelang
7. Ke thepa efe e neng e le ka ho Se Halalelang?
7 Kamore ea bobeli ea tabernakele e ne e bitsoa Se Halalelang. Ka karolong ena, ho ea ka letsohong le letšehali la monyako ho ne ho e-na le seluloana sa lebone se setle se makala a supileng, ’me ka ho le letona e le tafole ea mahobe a tlhahiso. Pejana ho ne ho e-na le aletare eo ho eona ho neng ho nyoloha monko oa libano tse chang. E ne e le ka pel’a lesira le arolang Se Halalelang ho Se Halalelang ka ho Fetisisa.
8. Baprista ba ne ba etsa mesebetsi efe kamehla ka ho Se Halalelang?
8 Hoseng ho hong le ho hong le mantsiboea a mang le a mang, moprista o ne a tlameha ho kena ka tabernakeleng ’me a chese libano aletareng ea libano. (Exoda 30:7, 8) Hoseng, ha libano li ntse li e-cha, mabone a supileng a leng seluloaneng sa lebone sa khauta a ne a tlameha hore a tlatsoe oli hape. Mantsiboea mabone a ne a khantšoa hore a khantše Se Halalelang. Ka Sabatha e ’ngoe le e ’ngoe moprista o ne a tlameha ho beha mahobe a macha a 12 tafoleng ea mahobe a tlhahiso.—Levitike 24:4-8.
Lebala
9. Morero oa sekotlolo sa metsi e ne e le ofe, ’me re ka ithuta eng ka sona?
9 Tabernakele e ne e boetse e e-na le lebala, le pota-potiloeng ke motero oa masela a tente. Lebaleng lena ho ne ho e-na le sekotlolo se seholo seo baprista ba neng ba hlapela matsoho le ho hlatsoetsa maoto ho sona pele ba kena ka ho Se Halalelang. Hape ba ne ba tlameha ho itlhatsoa pele ba nyehela mahlabelo aletareng e neng e le ka lebaleng. (Exoda 30:18-21) Tlhokahalo ena ea bohloeki ke khopotso e matla ho bahlanka ba Molimo kajeno hore ba tlameha ho leka ka matla hore ba hloeke ’meleng, boitšoarong, kelellong le moeeng haeba ba batla hore borapeli ba bona bo amohelehe ho Molimo. (2 Bakorinthe 7:1) Qetellong patsi ea mollo o aletareng le metsi a sekotlolo li ne li tlisoa ke makhoba a tempele ao e seng Baiseraele.—Joshua 9:27.
10. Linyehelo tse ling tse neng li etsoa aletareng ea mahlabelo ke life?
10 Hoseng ho hong le ho hong le mantsiboea a mang le a mang, ho ne ho chesoa konyana e tona ea sehlabelo aletareng hammoho le nyehelo ea lijo-thollo le seno. (Exoda 29:38-41, NW) Mahlabelo a mang a ne a etsoa ka matsatsi a khethehileng. Ka linako tse ling a ne a tlameha ho etsoa ka lebaka la sebe sa botho se itseng. (Levitike 5:5, 6) Ka linako tse ling Moiseraele o ne a ka nyehela sehlabelo se kopanetsoeng sa boithatelo seo likarolo tsa sona li neng li jeoa ke baprista le ea neng a etsa nyehelo. Sena se ne se bolela hore batho ba baetsalibe ba ne ba ka ba le khotso le Molimo, ka tsela ea tšoantšetso, ba thabela ho ja le eena. Esita le mojaki e ne e ka ba morapeli oa Jehova ’me a ba le tokelo ea ho hlahisa linyehelo tsa boithatelo tlung ea Hae. Empa e le hore ba ka neha Jehova tlhompho e mo loketseng, baprista ba ne ba ka amohela mahlabelo a boleng bo phahameng ka ho fetisisa feela. Phofo ea linyehelo tsa lijo-thollo e ne e lokela ho ba e thumisitsoeng, ’me liphoofolo tsa mahlabelo li ne li lokela ho hloka sekoli.—Levitike 2:1; 22:18-20; Malakia 1:6-8.
11. (a) Ho ne ho etsoa’ng ka mali a mahlabelo a liphoofolo, ’me see se ne se supa ho eng? (b) Pono ea Molimo ke efe ka mali a batho le a liphoofolo?
11 Mali a mahlabelo ana a ne a tlisoa aletareng. Sena se ne se sebeletsa e le khopotso ea letsatsi le letsatsi ho sechaba hore e ne e le baetsalibe ba hlokang molopolli eo mali a hae a tšolotsoeng a neng a ka koahela libe tsa bona ka ho sa feleng le ho ba pholosa lefung. (Baroma 7:24, 25; Bagalata 3:24; bapisa le Baheberu 10:3.) Tšebeliso ena e halalelang ea mali e ile ea boela ea hopotsa Baiseraele hore mali a emela bophelo le hore bophelo ke ba Molimo. Molimo o ’nile a thibela batho ho sebelisa mali ka tsela leha e le efe e ’ngoe.—Genese 9:4; Levitike 17:10-12; Liketso 15:28, 29.
Letsatsi la ho Koahela Libe
12, 13. (a) Letsatsi la ho Koahela Libe e ne e le eng? (b) Pele moprista ea phahameng a isa mali ka ho Se Halalelang ka ho Fetisisa, o ne a tlameha ho etsa’ng?
12 Hang ka selemo ka ho neng ho bitsoa Letsatsi la ho Koahela Libe, sechaba sohle sa Iseraele, ho akarelletsa bajaki ba neng ba rapela Jehova, se ne se tlameha ho se sebetse ho hang le ho itima lijo. (Levitike 16:29, 30, NW) Letsatsing lena la bohlokoa, sechaba se ne se hloekisoa libe ka tsela ea tšoantšetso e le hore se ka thabela likamano tsa khotso le Molimo ka selemo se seng hape. A re ke re nahaneng pono ena ’me re hlahlobe lintlha tse ling tse khōlō tsa eona.
13 Moprista ea phahameng o ka lebaleng la tabernakele. Ha a se a itlhatsoelitse ka sekotlolong sa metsi, o hlaba poho ea sehlabelo. Mali a poho ena a tšolleloa ka sekotlolong; a tla sebelisoa ka tsela e khethehileng ho koahela libe tsa leloko la boprista la Levi. (Levitike 16:4, 6, 11, NW) Empa pele moprista ea phahameng a tsoela pele ho etsa eng kapa eng e amanang le sehlabelo, ho na le seo a tlamehang ho se etsa. O nka libano tse monko o monate (mohlomong o li beha khabeng e khōlō) le mashala a tukang a tsoang aletareng ka sejana sa mollo. Joale o kena ka ho Se Halalelang ’me o leba lesireng la Se Halalelang ka ho Fetisisa. O tsamaea butle, a potela ka lesira ebe o ema ka pel’a areka ea selekane. Ka mor’a moo, a likeletse bathong bohle, o tšela libano mashaleng a tukang, ’me Se Halalelang ka ho Fetisisa se tlala leru le monko o monate.—Levitike 16:12, 13, NW.
14. Ke hobane’ng ha moprista ea phahameng a ne a tlameha ho kena ka ho Se Halalelang ka ho Fetisisa ka mali a liphoofolo tse peli tse sa tšoaneng?
14 Joale Molimo o ikemiselitse ho bontša mohau le hore a etse hore ho be le poelano ka tsela ea tšoantšetso. Ka lebaka lena sekoahelo sa Areka se ne se bitsoa “setulo sa mohau” kapa “sekoahelo sa poelano.” (Baheberu 9:5, bona le mongolo o botlaaseng ba leqephe ho NW.) Moprista ea phahameng o tsoela kantle ho Sehalalelo sa Lihalalelo, o nka mali a poho, ’me o boela o kena ka ho Se Halalelang ka ho Fetisisa. Joalokaha Molao o laetse, o ina monoana oa hae maling ebe o foka ka oona hasupa ka pel’a sekoahelo sa Areka. (Levitike 16:14) Ka mor’a moo o khutlela lebaleng ebe o hlaba phooko, eo e leng nyehelo ea sebe “bakeng sa batho.” O isa mali a mang a phooko ena ka ho Se Halalelang ka ho Fetisisa ’me o etsa ka mali ao joalokaha a entse ka mali a poho. (Levitike 16:15, NW) Ho ne ho boetse ho e-na le litšebeletso tse ling tsa bohlokoa tse neng li etsoa ka Letsatsi la ho Koahela Libe. Ka mohlala, moprista ea phahameng o ne a tlameha ho beha matsoho a hae hloohong ea phooko ea bobeli ebe o bolela “liphoso tsa bara ba Iseraele.” Joale phooko ena e phelang e ne e isoa lefeelleng hore ka tsela ea tšoantšetso, e ise libe tsa sechaba teng. Ho ne ho koaheloa libe ka tsela ena selemo le selemo “bakeng sa baprista le bakeng sa batho kaofela ba phutheho.”—Levitike 16:16, 21, 22, 33, NW.
15. (a) Tempele ea Solomone e ne e tšoana le tabernakele joang? (b) Buka ea Baheberu e re’ng ka tšebeletso e halalelang e etsoang tabernakeleng le tempeleng?
15 Lilemong tse 486 tse qalang tsa histori ea Baiseraele e le batho ba selekane sa Molimo, tabernakele e nkehang e ne e sebeletsa e le sebaka seo ho sona ba rapelang Molimo oa bona, Jehova. Joale, Solomone oa Iseraele o ile a fuoa tokelo ea ho haha mohaho o tsitsitseng. Le hoja tempele ena e ne e lokela ho ba khōloanyane le ho khaba haholoanyane, polane eo Molimo a neng a fane ka eona e ne e e-na le sebōpeho se tšoanang le sa tabernakele. Joaloka tabernakele, e ne e tšoantšetsa tokisetso ea borapeli e khōloanyane, e atlehang haholoanyane eo Jehova a neng a tla e “hloma, eseng motho.”—Baheberu 8:2, 5; 9:9, 11.
Tempele ea Pele le ea Bobeli
16. (a) Solomone o ile a etsa kōpo efe e lerato ha a nehela tempele? (b) Jehova o ile a bontša joang hore o amohetse thapelo ea Solomone?
16 Ha Solomone a nehela tempele eo e khanyang, o ile a kopanyelletsa le kōpo ena e bululetsoeng: “Hape, molichaba, eo e seng oa sechaba sa hao sa Iseraele, ea tsoang lefatšeng le hole ka baka la lebitso la hao le leholo . . . , ha a ka tla, a rapela a talimile ’nga tlung ena, u mamele, u le maholimong, tulong tsa hao, ’me u etse ka tsohle tseo motho eo oa molichaba a tla li kōpa ho uena, hore lichaba tsohle tsa lefatše li tle li tsebe lebitso la hao, ’me li u tšabe, joalo ka ha sechaba sa hao sa Iseraele se u tšaba; ’me li tsebe hobane lebitso la hao le rapeloa holim’a ntlo ena ke e hahileng.” (2 Likronike 6:32, 33) Ho hlakile hore Molimo o ile a bontša hore o amohela thapelo ea Solomone ea nehelo. Leshala la mollo le ile la oa le e-tsoa leholimong ’me la chesa mahlabelo a liphoofolo a holim’a aletare, ’me khanya ea Jehova ea tlala tempele.—2 Likronike 7:1-3.
17. Qetellong ho ile ha etsahala’ng ka tempele eo Solomone a neng a e hahile, hona hobane’ng?
17 Ka masoabi, Baiseraele ba ile ba felloa ke tšabo e loketseng ea Jehova. Ha nako e ntse e feta, ba ile ba silafatsa lebitso la hae le leholo ka ho tšolla mali, ho rapela litšoantšo, bofebe, ho ba le likamano tsa botona le botšehali le beng ka bona ba haufi le ka ho tšoara likhutsana, basali ba bahlolohali le melata hampe. (Ezekiele 22:2, 3, 7, 11, 12, 26, 29) Kahoo, ka selemo sa 607 B.C.E., Molimo o ile a phethahatsa kahlolo ka ho tlisa mabotho a Babylona ho ripitla tempele. Baiseraele ba ileng ba pholoha ba ile ba isoa botlamuoeng Babylona.
18. Tempeleng ea bobeli, ke litokelo life tse ileng tsa bulehela batho ba bang bao e neng e se Baiseraele ba neng ba tšehetsa borapeli ba Jehova ka pelo eohle?
18 Ka mor’a lilemo tse 70 masala a Bajuda a bakileng a ile a khutlela Jerusalema ’me a ile a nehoa tokelo ea ho haha tempele ea Jehova bocha. Hoa thahasellisa hore ebe ho ne ho e-na le khaello ea baprista le Balevi ba neng ba lokela ho sebeletsa tempeleng ena ea bobeli. Ka lebaka leo, Banethinime ba neng ba tsoa ho makhoba a tempele ao e seng Baiseraele, ba ile ba fuoa litokelo tse khōloanyane tsa ho ba basebeletsi ntlong ea Molimo. Leha ho le joalo, le ka mohla ha baa ka ba ba boemong bo lekanang le ba baprista le Balevi.—Esdrase 7:24; 8:17, 20.
19. Molimo o ile a etsa tšepiso efe mabapi le tempele ea bobeli, ’me mantsoe aa a ile a phethahala joang?
19 Qalong ho ile ha bonahala eka tempele ea bobeli e ne e tla ba lefeela ha e bapisoa le ea pele. (Haggai 2:3) Empa Jehova o ile a tšepisa: “Ke tla sisinya le lichaba tsohle, ’me tse lakatsehang tsa lichaba tsohle li tla tla mona, ke be ke tlatse ntlo ena ka khanya . . . Khanya ea morao ea ntlo ena e tla feta ea ea pele.” (Haggai 2:7, 9) Joalokaha ho boletsoe esale pele, tempele ea bobeli e ile ea e-ba le khanya e khōloanyane. E ile ea tšoarella halelele ho feta ea pele ka lilemo tse 164 ’me barapeli ba bangata ba tsoang linaheng tse ling tse ngata ba ile ba tla ka bongata mabaleng a eona. (Bapisa le Liketso 2:5-11.) Ho nchafatsoa ha tempele ea bobeli ho ile ha qala mehleng ea Morena Heroda, ’me mabala a eona a ile a eketsoa. Kaha e ne e phahame holim’a letlapa le leholo ’me e pota-potiloe ke mathule a matle, botle ba eona bo ne bo feta ba tempele ea pele e neng e hahiloe ke Solomone. E ne e e-na le lebala le kantle le leholo bakeng sa batho ba lichaba ba neng ba batla ho rapela Jehova. Mokoallo oa lejoe o ne o arotse Lebala lena la Balichaba mabaleng a ka hare ao e neng e le a Baiseraele feela.
20. (a) Tempele e hahiloeng bocha e ile ea khetholleha ka eng e hlaheletseng? (b) Ke’ng se ileng sa bontša hore Bajuda ba ne ba e-na le pono e fosahetseng ka tempele, ’me Jesu o ile a itšoara joang mabapi le see?
20 Tempele ena ea bobeli e bile e khethehileng haholo kaha Mora oa Molimo, Jesu Kreste, o ile a ruta a le mabaleng a eona. Empa joaloka tempele ea pele, Bajuda ka kakaretso ha baa ka ba ba le pono e nepahetseng ka tokelo ea bona ea ho ba bahlokomeli ba ntlo ea Molimo. Ba ile ba ba ba lumella barekisi ho hoeba ka lebaleng la Balichaba. Ho feta moo, batho ba ile ba lumelloa ho paroletsa le tempeleng ena ha ba nkile lintho tseo ba li isang likarolong tse ling tsa Jerusalema. Matsatsi a mane pele ho lefu la hae, Jesu o ile a felisa mekhoa e joalo ea lefatše tempeleng, ha a ntse a tsoela pele ho re: “Na ha hoa ngoloa, ‘Ntlo ea ka e tla bitsoa ntlo ea thapelo bakeng sa lichaba tsohle’? Empa le e entse lehaha la masholu.”—Mareka 11:15-17.
Molimo o Tlohela Ntlo ea Hae ea Lefatšeng ka ho sa Feleng
21. Jesu o ile a bontša’ng mabapi le tempele ea Jerusalema?
21 Ka lebaka la ketso ea Jesu e bontšang sebete ha a phahamisa borapeli ba Molimo bo hloekileng, baeta-pele ba bolumeli ba Bajuda ba ile ba ikemisetsa ho ’molaea. (Mareka 11:18) Ka ho tseba hore o ne a se a tla bolaoa, Jesu o ile a re ho baeta-pele ba bolumeli ba Bajuda: “Ntlo ea lōna e tlohetsoe ho lōna.” (Matheu 23:37, 38) Ka mokhoa oo o ne a bontša hore haufinyane Molimo o ne a ke ke a hlola a amohela mofuta oa borapeli o etsetsoang tempeleng ea sebele Jerusalema. E ne e sa tl’o hlola e e-ba “ntlo ea thapelo bakeng sa lichaba tsohle.” Ha barutuoa ba hae ba bontša Jesu mehaho ea tempele e metle haholo, o ile a re: “Na ha le bone lintho tsena tsohle? . . . Ho hang ha ho lejoe le tla tloheloa holim’a lejoe le leng mona ’me le se ke la heletsoa.”—Matheu 24:1, 2.
22. (a) Mantsoe a Jesu mabapi le tempele a ile a phethahala joang? (b) Ho e-na le ho beha tšepo ea bona motseng oa lefatšeng, Bakreste ba pele ba ile ba batla eng?
22 Boprofeta ba Jesu bo ile ba phethahala lilemong tse 37 hamorao selemong sa 70 C.E., ha mabotho a Roma a timetsa Jerusalema le tempele ea eona. Sena se ile sa fana ka bopaki bo tsotehang ba hore ka sebele Molimo o ne a tlohetse ntlo ea hae ea sebele. Le ka mohla Jesu ha aa ka a bolela esale pele ka ho ahoa bocha ha tempele e ’ngoe Jerusalema. Mabapi le motse oo oa lefatšeng, moapostola Pauluse o ile a ngolla Bakreste ba Baheberu: “Mona ha re na motse o lulang o ntse o le teng, empa re batla ka tieo o tlang ho tla.” (Baheberu 13:14) Bakreste ba pele ba ile ba lebella ho ba karolo ea “Jerusalema ea leholimo”—’Muso oa Molimo o kang motse. (Baheberu 12:22) Kahoo, setsi sa borapeli ba ’nete ba Jehova ha e sa le tempele ea sebele ea lefatšeng. Sehloohong sa rōna se latelang, re tla hlahloba tokisetso e phahameng eo Molimo a e lokiselitseng bohle ba lakatsang ho mo rapela “ka moea le ’nete.”—Johanne 4:21, 24.
Lipotso Tsa Tlhahlobo
◻ Adama le Eva ba ile ba lahleheloa ke kamano efe le Molimo?
◻ Ke hobane’ng ha re lokela ho thahasella likarolo tsa tabernakele?
◻ Re ithuta eng ka mesebetsi e neng e etsetsoa lebaleng la tabernakele?
◻ Ke hobane’ng ha Molimo a ile a lumella hore tempele ea hae e ripitloe?
[Litšoantšo tse leqepheng la 10, 11]
TEMPELE EO HERODA A ILENG A E HAHA BOCHA
1. Se Halalelang ka ho Fetisisa
2. Se Halalelang
3. Aletare ea Nyehelo e Chesitsoeng
4. Letša le Tšolotsoeng
5. Lekhotla la Baprista
6. Lekhotla la Iseraele
7. Lekhotla la Basali