Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Le ’ne le Bontše Molemo
    Molula-Qhooa—2002 | January 15
    • 10. Ho Exoda 34:6, 7 ho boletsoe litšobotsi life tsa molemo oa Jehova?

      10 Ka leseli la moea le tsoang Lentsoeng la Molimo le ka thuso ea moea o halalelang oa Molimo, re ka tsoela pele ‘ho ’na re etsa molemo.’ (Baroma 13:3) Ka thuto ea kamehla ea Bibele, re ithuta ka ho eketsehileng kamoo re ka etsisang molemo oa Jehova kateng. Sehloohong se fetileng re hlahlobile litšobotsi tsa molemo oa Molimo tse boletsoeng polelong e neng e lebisitsoe ho Moshe e tlalehiloeng ho Exoda 34:6, 7, moo re balang: “Jehova, Jehova, Molimo ea mohau le ea mosa, ea liehang ho halefa le ea tletseng mosa o lerato le ’nete, ea bolokelang ba likete mosa o lerato, ea tšoarelang phoso le tlōlo le sebe, empa ho hang a ke ke a lokolla kotlong.” Ha re shebisisa litšobotsi tsena tsa molemo oa Jehova re tla thusoa ho ‘’na re etsa molemo.’

  • Le ’ne le Bontše Molemo
    Molula-Qhooa—2002 | January 15
    • 14. Ke hobane’ng ha re lokela ho tšoarela?

      14 Hape, polelo ea Molimo ho Moshe e lokela ho re susumelletsa ho tšoarela, hobane Jehova o itokiselitse ho tšoarela. (Matheu 6:14, 15) Ha e le hantle, Jehova o hlile o otla baetsalibe ba sa bakeng. Kahoo, tabeng ea ho boloka phutheho e hloekile moeeng, re lokela ho boloka melao ea hae ea molemo.—Levitike 5:1; 1 Bakorinthe 5:11, 12; 1 Timothea 5:22.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela