Ba ‘Ile ba Fela ba Etsa Joalo’
“Ho rata Molimo, ke ha re boloka litaelo tsa oona.”—1 JOHANNE 5:3.
1. Ho ka thoe’ng ka botebo ba lerato la Molimo?
“MOLIMO O LERATO.” Bohle ba tsebang Molimo le ho utloa litaelo tsa hae, ba lemoha ka kananelo e tebileng botebo ba lerato leo. “Lerato le bonahala hona moo hoba hase rōna ba ratileng Molimo, empa e le oona o re ratileng, ’me o romile Mora oa oona hore e be pheko ea libe tsa rōna.” Ha re ntse re bontša tumelo sehlabelong sa bohlokoa sa Jesu sa thekollo, re ‘lula leratong la Molimo.’ (1 Johanne 4:8-10, 16) Kahoo re ka ’na ra thabela nala ea mahlohonolo a moea hona joale ’me tsamaisong ea lintho e tla tla, bophelo bo sa feleng.—Johanne 17:3; 1 Johanne 2:15, 17.
2. Ho boloka litaelo tsa Molimo ho tsoetse bahlanka ba hae molemo joang?
2 Tlaleho ea Bibele e tletse mehlala ea ba ’nileng ba boloka litaelo tsa Molimo, ka lebaka leo ba hlohonolofalitsoe ka ho enneng. Bana ba akarelletsa lipaki tsa pele ho Bokreste, tseo moapostola Pauluse a ileng a ngola tjena ka tse ling tsa tsona: “Bao bohle ba shoele ka tumelo, ba e-so ho neoe tseo ba li baletsoeng, ba mpa ba li bonetse hole, ba li lumetse, ba li lumelisitse, ’me ba ipoletse hore ke basele le baeti lefatšeng.” (Ba-Heberu 11:13) Hamorao, bahlanka ba Molimo ba Bakreste ba inehetseng ba ile ba fumana molemo ‘mohaung le ’neteng [tse ileng tsa hlahisoa] ka Jesu Kreste.’ (Johanne 1:17) Ho pholletsa le lilemo tse ka bang 6 000 tsa histori ea batho, Jehova o putsitse lipaki tse tšepahalang tse ’nileng tsa utloa litaelo tsa hae, tseo ka sebele ‘li seng boima.’—1 Johanne 5:2, 3.
Mehleng ea Noe
3. Noe o ile “a fela a etsa joalo” ka litsela life?
3 Tlaleho ea Bibele e re: ‘Ka tumelo, Noe, eitse hobane a tsebisoe ke Molimo tse e-song ho bonahale, o kile a tšaba Molimo, ’me a haha areka ho pholosa ba ntlo ea hae, ’me ka tumelo eo o tsoile lefatše, le hona a etsoa mojalefa oa ho loka ho leng ka tumelo.’ E le “’moleli oa ho loka,” Noe o ile a utloa Molimo ka ho feletseng, a lemosa lefatše le mabifi la pele ho Moroallo ka kahlolo ea bomolimo e neng e atamela. (Ba-Heberu 11:7; 2 Petrose 2:5) Ha a ne a haha areka, o ile a latela ka hloko polane eo Molimo a neng a mo file eona. Eaba o kenya liphoofolo le lijo tse boletsoeng. “Eaba Noe o etsa kahohle kamoo Molimo o mo laetseng kateng, a fela a etsa joalo.”—Genese 6:22.
4, 5. (a) Tšusumetso e mpe e amme moloko oa batho joang ho fihlela kajeno? (b) Ke hobane’ng ha re lokela hore ‘re fele re etse joalo’ tabeng ea ho utloa litaelo tsa Molimo?
4 Noe le lelapa la hae ba ne ba tlameha ho loana le tšusumetso e mpe ea mangeloi a sa utloeng. Bara bana ba Molimo ba ile ba ikapesa ’mele ea nama eaba ba nyala basali, ba hlahisa bana ba linatla ba mofuta o tsoakaneng ba neng ba khahlapetsa moloko oa batho. “Lefatše le ne le bolile pel’a Molimo, ’me lefatše le ne le tletse ho bolaeana.” Jehova o ile a tlisa Moroallo ho felisa moloko oo o khopo. (Genese 6:4, 11-17; 7:1) Ho tloha mehleng ea Noe mangeloi a bademona ha aa ka a hlola a lumelloa ho ikapesa ’mele ea batho. Leha ho le joalo, ‘lefatše lohle le ntse le rapaletse ka tlase ho e mobe,’ Satane Diabolose. (1 Johanne 5:19; Tšenolo 12:9) Ho latela boprofeta, Jesu o ile a bapisa moloko oo oa marabele oa mehleng ea Noe le moloko oa batho o mo furaletseng ho tloha ha pontšo ea “ho ba teng” ha hae e qala ho totobala ka 1914.—Mattheu 24:3, NW, 34, 37-39; Luka 17:26, 27.
5 Kajeno, joaloka mehleng ea Noe, Satane o leka ho timetsa moloko oa batho le polanete ea rōna. (Tšenolo 11:15-18) Kahoo ho potlakile hore re ele hloko taelo ena e bululetsoeng: “Aparang lihlomo tsohle tsa Molimo, le tle le tsebe ho hlōla lihlōhō tsohle tsa Diabolose.” (Ba-Efese 6:11, bona mongolo o botlaaseng ba leqephe ho NW.) Tabeng ena, re matlafatsoa ke ho ithuta Lentsoe la Molimo le ho le sebelisa bophelong ba rōna. Ho feta moo, re na le mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova o tsotellang, ka ‘mohlanka oa oona ea khabane, ea bohlale’ ea tlotsitsoeng le baholo ba oona ba lerato ba re alosang ka mamello tseleng eo re lokelang ho tsamaea ka eona. Re fuoe mosebetsi oa ho bolela lefatšeng lohle oo re lokelang ho o phetha. (Mattheu 24:14, 45-47) Joaloka Noe, eo ka hloko a ileng a mamela litaelo tsa Molimo, e se eka kamehla re ka ‘fela ra etsa joalo.’
Moshe—Motho ea Neng a Ikokobelitse ka ho Fetisisa
6, 7. (a) Moshe o ile a etsa khetho efe e putsang? (b) Moshe o re sietse mohlala ofe o bontšang sebete?
6 Nahana ka monna e mong oa tumelo—Moshe. A ka be a ile a thabela bophelo ba ho ikhotsofatsa ka ho feteletseng mabotho-bothong a Egepeta. Empa o ile a ikhethela “ho tšoenngoa le sechaba sa Molimo, e seng ho thabela menate ea libe e felang kapele.” E le lenģosa la Jehova, ‘o ne a talimile moputso, ’me a tiea joalo ka hoja a bona ea sa bonoeng.’—Ba-Heberu 11:23-28.
7 Ho Numere 12:3, rea bala: “Ha e le Moshe, e ne e le monna ea [ikokobelitseng, NW], ho fetisa motho ofe le ofe ea lefatšeng.” Ka ho fapaneng, Faro oa Egepeta o ile a itšoara joaloka ea ikhohomosang ho feta batho bohle. Ha Jehova a ne a laela Moshe le Aarone hore ba bolele kahlolo eo a tla ahlola Faro ka eona, ba ile ba arabela joang? Rea bolelloa: “Moshe le Aarone ba etsa kamoo Jehova a ba laelang kateng; ba fela ba etsa joalo.” (Exoda 7:4-7) Ke mohlala o bontšang sebete se sekaakang ho rōna ba bolelang likahlolo tsa Molimo kajeno!
8. Baiseraele ba ile ba khothaletsoa joang hore ba ‘fele ba etse joalo,’ hona thabo e ileng ea tlisoa ke seo e tla tšoantšoa le eng bokamosong bo haufi?
8 Na Baiseraele ba ile ba tšehetsa Moshe ka botšepehi? Ka mor’a hore Jehova a otle Egepeta ka likotlo tse robong ho tse leshome, o ile a fa Iseraele litaelo tse qaqileng mabapi le ho keteka Paseka. “Eaba sechaba sea inama, sa rapela. Eaba bana ba Iseraele ba ea, ba etsa kamoo Jehova a laetseng Moshe le Aarone kateng: ba fela ba etsa joalo.” (Exoda 12:27, 28) Ka khitla letsatsing leo la bohlokoa, la 14 Nisane, 1513 B.C.E., lengeloi la Molimo le ile la bolaea matsibolo ’ohle a Egepeta empa la feta matlo a Baiseraele. Ke hobane’ng ha matsibolo a Baiseraele a ile a tloheloa? Hobane ba ne ba fumane tšireletso maling a konyana ea Paseka, a neng a qaphalelitsoe menyakong ea bona. Ba ne ba entse feela joalokaha Jehova a ne a laetse Moshe le Aarone. E, “ba fela ba etsa joalo.” (Exoda 12:50, 51) Leoatleng le Lefubelu, Jehova o ile a etsa mohlolo o mong ka ho boloka batho ba hae ba utloang ha a timetsa Faro le lebotho la hae la sesole le matla. Baiseraele ba ile ba thaba hakaakang! Ka ho tšoanang kajeno, ba bangata ba ’nileng ba mamela litaelo tsa Jehova ba tla thabela ho ba lipaki tse boneng ka mahlo ha a tlosoa qoso ka Armageddone.—Exoda 15:1, 2; Tšenolo 15:3, 4.
9. Ke litokelo life tsa kajeno tse tšoantšetsoang ke hore Baiseraele ba ‘fele ba etse joalo’ mabapi le tabernakele?
9 Ha Jehova a ne a laela Baiseraele hore ba bokelle monehelo ’me ba hahe tabernakele lefeelleng, sechaba se ile sa tšehetsa sena ka letsoho le bulehileng. Joale, esita le ho fihlela makolopetsong a manyenyane haholo, Moshe le basebetsi-’moho le eena ba ratang ba ile ba latela lipolane tsa mohaho tseo Jehova a neng a fane ka tsona. “Tsohle tsa tšebetso ea tabernakele, e leng tente ea pōkano, tsa phethoa joalo, ’me bana ba Iseraele ba etsa ka tsohle tseo Jehova a li laetseng Moshe; ba [fela ba] etsa joalo.” Ka ho tšoanang, tšimolohong ea boprista, “Moshe a [fela a] etsa joalo; a etsa tsohle kamoo Jehova a mo laetseng kateng.” (Exoda 39:32; 40:16) Mehleng ea kajeno, re na le monyetla oa ho tšehetsa mosebetsi oa ho bolela le mananeo a katoloso ea ’Muso ka lipelo tsohle. Ke tokelo ea rōna ho kopana ka tsela eo ha re ‘fela re etsa joalo.’
Joshua—O ne a le Sebete a Bile a E-na le Matla a Maholo
10, 11. (a) Joshua o ile a hlomelloa ke’ng hore a atlehe? (b) Re ka matlafatsoa joang hore re sebetsane le liteko tsa kajeno ka katleho?
10 Ha Moshe a ne a laela Joshua hore a etelle Baiseraele pele ho ea naheng e tšepisitsoeng, ho ka etsahala hore ebe Lentsoe la Jehova le bululetsoeng le ngotsoeng le ne le fumaneha feela libukeng tse hlano tsa Moshe, pesalemeng e le ’ngoe kapa tse peli, le bukeng ea Jobo. Moshe o ne a ile a laela Joshua hore ha ba fihla Naheng e Tšepisitsoeng a phuthe sechaba ebe o “bala molao ona pel’a ba-Iseraele kaofela, ba tle ba o utloe.” (Deuteronoma 31:10-12) Ho feta moo, Jehova ka boeena o ile a laela Joshua: “Buka ena ea molao e se ke ea tloha molomong oa hao; u o nahane motšehare le bosiu, u tle u hlokomele ho etsa ka tsohle tse ngoliloeng teng; ke moo u tla atleha metsamaong ea hao, u iketle.”—Joshua 1:8.
11 Ho bala “buka” ea Jehova letsatsi le leng le le leng ho ile ha hlomella Joshua bakeng sa ho sebetsana le liteko tse neng li larile kapele, feela joalokaha ho bala Lentsoe la Jehova, Bibele, letsatsi le leng le le leng ho matlafaletsa Lipaki tsa Hae tsa kajeno ho sebetsana ka katleho le liteko tsa ‘mehla ena ea qetello e bohloko.’ (2 Timothea 3:1) Joalokaha re pota-potiloe ke lefatše le mabifi, le rōna a re ke re nkeng ka ho teba keletso ea Molimo ho Joshua: ‘Iphe matla, u etse ka senna. Se tšohe, ’me u se ke ua tšaba, hobane Jehova, Molimo oa hao, o na le uena kahohle moo u eang teng.’ (Joshua 1:9) Ka mor’a ho hapa Kanana, meloko ea Iseraele e ile ea putsoa ka ho enneng ha e lula lefeng la eona. “Bana ba Iseraele ba etsa joalo ka ha Jehova a na a laetse Moshe, ’me ba arolelana naha.” (Joshua 14:5) Kajeno moputso o tšoanang o re emetse rōna bohle ba balang Lentsoe la Molimo le ho le sebelisa bophelong ba rōna, rōna bao ka kutlo re ‘felang re etsa joalo.’
Marena—A Neng a Tšepahala le a Neng a sa Utloe
12. (a) Marena a Iseraele a ne a filoe taelo efe? (b) Ho hlōleha ho utloa ha marena aa ho ile ha fella ka eng?
12 Ho thoe’ng ka marena a Iseraele? Jehova o ne a tlamme morena hore a utloe taelo ena: “Hobane a lule setulong sa borena ba hae, a ingolle buka ea molao oo, a nke litaba bukeng e leng ho baprista ba ba-Levi. Buka eo e lule ho eena, a e bale ka matsatsi ’ohle a ho phela ha hae, a tle a ithute ho tšaba Jehova, Molimo oa hae, le ho boloka litaba tsohle tsa molao ona, le tsa taelo tsena, ’me a etse ka tsona.” (Deuteronoma 17:18, 19) Na marena a Iseraele a ile a utloa taelo eo? Boholo ba nako, a ile a hlōleha ka ho soabisang, ka lebaka leo a ile a utloisoa bohloko ke lithohako tse boletsoeng esale pele ho Deuteronoma 28:15-68. Qetellong, Baiseraele ba ile ba qhalanngoa “ho qala pheletsong e ’ngoe ea lefatše, ho isa ho e ’ngoe.”
13. Joaloka Davida, re ka rua molemo joang ka ho rata Lentsoe la Jehova?
13 Leha ho le joalo, Davida—morena oa pele oa motho ea ileng a tšepahala Iseraeleng—o ile a bontša boinehelo bo ikhethang ho Jehova. E ile ea e-ba ‘tauana ea Juda,’ e neng e tšoantšetsa Kreste Jesu, “tau [e hlōlang] ea leloko la Juda, lehlomela la Davida.” (Genese 49:8, 9; Tšenolo 5:5) Matla a Davida a ne a le hokae? O ne a lemoha ka kananelo e tebileng Lentsoe la Jehova le ngotsoeng ’me a phela tumellanong le lona. Ho Pesaleme ea 19, “Pesaleme ea Davida,” rea bala: “Molao oa Jehova o lokile.” Ka mor’a ho bua ka likhopotso, litataiso, litaelo le likahlolo tsa Jehova, Davida o tsoela pele o re: “Li fetisa khauta ka theko, le khauta e ngata e tšekehileng, li fetisa le linotši ka monate, le tse rothang khekheng ea tsona. Mohlanka oa hao o elisoa ke tsona; ho bolokoeng ha tsona ho na le moputso o moholo.” (Pesaleme ea 19:7-11) Haeba ho bala Lentsoe la Jehova letsatsi le leng le le leng le ho thuisa ka lona ho ne ho putsa lilemong tse 3 000 tse fetileng, ho putsa haholo hakaakang kajeno!—Pesaleme ea 1:1-3; 13:6; 119:72, 97, 111.
14. Tsela ea Salomone e ile ea bontša joang hore ho hlokahala ho fetang tsebo feela?
14 Leha ho le joalo, ho fumana tsebo feela ha hoa lekana. Ho boetse ho hlokahala hore bahlanka ba Molimo ba sebetse tumellanong le tsebo eo, ba e sebelise ho latela thato ea Molimo—e, ba ‘fele ba etse joalo.’ Sena se ka tšoantšoa le taba ea mor’a Davida Salomone, eo Jehova a ileng a mo khetha “hore a lule teroneng ea ’muso oa Jehova Iseraeleng.” Salomone o ile a amohela kabelo ea ho haha tempele, a sebelisa lipolane tsa mohaho tseo Davida a ileng a li fumana “ka pululelo.” (1 Likronike 28:5, 11-13, bapisa le NW.) Salomone o ne a ka finyella mosebetsi oo o moholo joang? Ha a araba thapelo ea hae, Jehova o ile a mo fa bohlale le tsebo. Ka bohlale bona le tsebo, le ka ho khomarela lipolaneng tseo Molimo a faneng ka tsona, Salomone o ile a khona ho haha ntlo eo e ntle haholo, e neng e tletse khanya ea Jehova. (2 Likronike 7:2, 3) Leha ho le joalo, hamorao Salomone o ile a hlōleha. Tabeng efe? Molao oa Jehova o ne o ile oa bolela mabapi le morena oa Iseraele: “Hape, a se ke a nyala basali ba bangata, pelo ea hae e tle e se ke ea kheloha.” (Deuteronoma 17:17) Empa Salomone “a nyala basali ba makholo a supileng ba mafumahali, a nka le lirethe tse makholo a mararo; basali bao ba hae . . . ba khelosetsa pelo ea hae melimong esele.” Lilemong tsa hae tsa morao, Salomone o ile a khaotsa hore a “fele a etse joalo.”—1 Marena 11:3, 4; Nehemia 13:26.
15. Ke joang Josiase a ileng “a fela a etsa joalo”?
15 Ho ne ho e-na le marena a seng makae a nang le kutlo Juda, oa ho qetela ho ’ona ke Josiase. Selemong sa 648 B.C.E., o ile a qala ho felisa borapeli ba litšoantšo naheng eo le ho tsosolosa tempele ea Jehova. Ke hona moo, moo moprista ea phahameng a ileng a fumana “buka ea molao oa Jehova o neiloeng ka Moshe.” Josiase o ile a etsa’ng ka see? “Morena a nyolohela ka tlung ea Jehova, eena le batho bohle ba Juda, le baahi ba Jerusalema, le baprista, le ba-Levi, le sechaba kaofela, ho qala ka ba baholo ho isa ho ba banyenyane; a bala litsebeng tsa bona lipolelo tsohle tsa buka ea selekane e fumanoeng ka tlung ea Jehova; morena a ema tulong tsa hae, a hlaba selekane pel’a Jehova, sa ho latela Jehova le sa ho boloka litaelo tsa hae, le litemoso tsa hae, le likomelo tsa hae, ka pelo eohle ea hae le ka moea oohle oa hae, sa ho re, o tla etsa ka lipolelo tsa selekane tse ngoliloeng bukeng ena.” (2 Likronike 34:14, 30, 31) E, Josiase o ile “a fela a etsa joalo.” Ka lebaka la tsela ea hae ea botšepehi, ho phethahatsoa ha kahlolo ea Jehova holim’a Juda e sa tšepahaleng ho ile ha emisoa ho fihlela mehleng ea bara ba hae ba litlokotsebe.
Ho Phela Tumellanong le Lentsoe la Molimo
16, 17. (a) Re tlameha ho latela mohlala oa Jesu lintlheng life? (b) Bahlanka ba bang ba Molimo ba tšepahalang ba re behelang mehlala ke bafe?
16 Ho batho bohle ba kileng ba phela, mohlala o motle ka ho fetisisa oa ho thuisa ka Lentsoe la Molimo le ho phela tumellanong le lona ke Morena Jesu Kreste. Lentsoe la Molimo le ne le tšoana le lijo ho eena. (Johanne 4:34) O ile a bolella bamameli ba hae: “Mora o sitoa ho etsa letho a ’notši, ha a sa ka a le bona le etsoa ke Ntat’ae; hobane tsohle tse etsoang ke Ntate, Mora o li etsa joalo le eena.” (Johanne 5:19, 30; 7:28; 8:28, 42) Jesu o ile “a fela a etsa joalo,” a re: “Ke theohile leholimong, e seng ho etsa ho ratoang ke ’na, empa e le ho etsa ho ratoang ke ea nthomileng.” (Johanne 6:38) Rōna bao re leng Lipaki tsa Jehova tse inehetseng re biletsoa hore re ‘fele re etse joalo’ ka ho latela mohlala oa Jesu.—Luka 9:23; 14:27; 1 Petrose 2:21.
17 Ho etsa thato ea Molimo, kamehla e ne e le hona ho ka sehloohong kelellong ea Jesu. O ne a tloaelane haholo le Lentsoe la Molimo ’me ka tsela eo o ne a hlomelletsoe ho fana ka likarabo tsa Mangolo. (Mattheu 4:1-11; 12:24-31) Ka ho lebisa tlhokomelo Lentsoeng la Molimo re sa khaotse, le rōna re ka ba ba ‘tšoanelehang ka ho feletseng, ba hlomeletsoeng ka ho feletseng bakeng sa mosebetsi o mong le o mong o motle.’ (2 Timothea 3:16, 17, NW) A re lateleng mohlala oa bahlanka ba Jehova ba tšepahalang ba mehleng ea boholo-holo le ba mehleng e ileng ea latela eo ’me ka holimo ho tsohle oa Monghali oa rōna, Jesu Kreste, ea ileng a re: “Hore lefatše le tsebe hobane ke rata Ntate, le hoba ke etsa kamoo Ntate a ntaetseng kateng.” (Johanne 14:31) E se eka le rōna re ka bontša lerato la rōna ho Molimo ka ho tsoela pele re ‘fela re etsa joalo.’—Mareka 12:29-31.
18. Re lokela ho susumelletsoa ke eng ho ba “baetsi ba lentsoe,” ’me ke eng e tla hlahlojoa ka mor’a moo?
18 Ha re ntse re thuisa ka tsela ea bahlanka ba Molimo ba mehleng ea Bibele e bontšang kutlo, na ha re khothaletsoe hore re etse tšebeletso e tšepehang mehleng ee ea ho qetela ea tsamaiso e khopo ea Satane? (Ba-Roma 15:4-6) Ruri re lokela ho susumelletseha ho ba “baetsi ba lentsoe” ka ho feletseng, joalokaha sehlooho se latelang se tla bontša.—Jakobo 1:22.
Na Ua Hopola?
◻ “Lerato la Molimo” le lokela ho bolela eng ho rōna?
◻ Re ithuta eng mehlaleng ea Noe, Moshe le Joshua?
◻ Marena a Iseraele a ile a utloa “lentsoe” la Molimo ho isa bohōleng bofe?
◻ Jesu ke ’Mehi-mohlala oa rōna joang tabeng ea ho “fela a etsa joalo”?
[Litšoantšo tse leqepheng la 15]
Noe, Moshe le Joshua ba ile “ba fela ba etsa joalo”