-
Moshe le Aarone—Baboleli ba Sebete ba Lentsoe la MolimoMolula-Qhooa—1996 | January 15
-
-
Joalokaha Jehova a mo laetse, Aarone o ile a etsa mohlolo o ileng oa paka bophahamo ba Jehova holim’a melimo ea Egepeta. O ile a akhela molamu oa hae fatše ka pel’a Faro, ’me kapele-pele oa fetoha noha e khōlō! A tsietsoe ke mohlolo ona, Faro o ile a bitsa baprista ba hae ba linohe.a Ka thuso ea matla a bademona, banna bana ba ile ba khona ho etsa se tšoanang ka melamu ea bona.
-
-
Moshe le Aarone—Baboleli ba Sebete ba Lentsoe la MolimoMolula-Qhooa—1996 | January 15
-
-
a Lentsoe la Seheberu le fetoletsoeng e le “baprista ba linohe” le bua ka sehlopha sa linohe se neng se ipolela hore se na le matla a phahametseng a tlhaho a fetang le a bademona. Ho ne ho lumeloa hore banna bana ba ne ba ka ipiletsa ho bademona hore ba ba mamele le hore bademona ba ne ba se na matla holim’a linohe tsena.
-