Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • O Utloisisa Moo re Haelloang Teng
    Molula-Qhooa—2009 | June 1
    • Motho o ne a etsa joang haeba a ne a sitoa ho fana ka maebana-khoroana kapa maebana ao a mabeli? Molao o ne o re: “Joale bakeng sa nyehelo ea [hae] ea sebe seo [a] se entseng [a] tlise karolo ea leshome ea efa ea phofo e thumisehileng [likopi tse robeli kapa tse robong] bakeng sa nyehelo ea sebe.” (Temana ea 11) Jehova o ile a etsetsa batho ba itšokolang haholo tokisetso e fapaneng, a ba lumella hore ba etse nyehelo ea sebe ntle ho mali.a Iseraeleng, bofuma bo ne bo sa sitise motho hore a koahele sebe kapa ho mo tima monyetla oa ho lokisa kamano ea hae le Molimo.

  • O Utloisisa Moo re Haelloang Teng
    Molula-Qhooa—2009 | June 1
    • a Mali a phoofolo eo ho etsoang sehlabelo ka eona a ne a e-na le matla a ho koahela libe ’me ho Molimo a ne a halalela. (Levitike 17:11) Na seo se bolela hore linyehelo tsa mafutsana tse etsoang ka phofo li ne li se na thuso? Le hanyenyane. Ka sebele, Jehova o ne a khahloa ke boikokobetso le boikemisetso ba batho ba neng ba etsa linyehelo tsa mofuta oo. Ho feta moo, libe tsa sechaba sohle—ho akarelletsa le tsa mafutsana—li ne li koaheloa ka mali a liphoofolo tse neng li nyeheloa ho Molimo selemo le selemo ka Letsatsi la ho Koaheloa ha Libe.—Levitike 16:29, 30.

Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ea Tšebeliso
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela