Buka ea Bibele ea 3—Levitike
Mongoli: Moshe
Sebaka Seo e Ngoletsoeng ho Sona: Lefeelleng
Ho Ngoloa ho Phethiloe ka: 1512 B.C.E.
Nako e Akarelitsoeng: Khoeli e le ’ngoe (1512 B.C.E.)
1. (a) Ke hobane’ng ha lebitso Levitike le loketse? (b) Mabitso a mang ke afe a filoeng Levitike?
LEBITSO le tloaelehileng haholo bakeng sa buka ea boraro ea Bibele ke Levitike, le tsoang ho Leu·i·ti·konʹ ea Septuagint ea Segerike ka tsela ea “Leviticus” ea Selatine sa Vulgate. Lebitso lena ke le loketseng, le hoja Balevi ba boleloa feela ho fetoa (ho 25:32, 33), hobane buka ena haholo-holo e na le litaelo tsa boprista ba Bolevi bo khethiloeng lelokong la Levi, le melao eo baprista ba neng ba e ruta batho: “Hobane melomo ea moprista e tšoanetse ho boloka tsebo, molao o tle o batloe molomong oa hae.” (Mal. 2:7) Temaneng ea Seheberu, buka ena e bitsoa ho latela polelo ea eona e qalang, Wai·yiq·raʼʹ, e bolelang, “’Me a tsoela pele ho bitsa.” Har’a Bajode ba moraonyana, buka ena e ne e boetse e bitsoa Molao oa Baprista le Molao oa Linyehelo.—Lev. 1:1, NW, botlaaseng ba leqephe.
2. Ke bopaki bofe bo tšehetsang hore e ngotsoe ke Moshe?
2 Ha ho pelaelo ea hore Moshe o ngotse Levitike. Qetello, kapa sephetho, e re: “Ke eona melao eo Jehova a e neileng . . . Moshe.” (27:34) Polelo e tšoanang e fumanoa ho Levitike 26:46. Bopaki bo hlokometsoeng pejana bo pakang hore Moshe o ngotse Genese le Exoda bo boetse bo tšehetsa hore o ngotse Levitike, kaha ho bonahala Libuka tsena tse Hlano tse Qalang tsa Bibele qalong e ne e le moqolo o le mong. Ho feta moo, Levitike e kopanngoa le libuka tse ka pele ka sehokelo “’me.” Bopaki bo matla ho feta bohle ke ba hore Jesu Kreste le bahlanka ba bang ba bululetsoeng ba Jehova hangata baa qotsa kapa ba supa melaong le melao-motheong e ho Levitike ’me ba e lebisa ho Moshe.—Lev. 23:34, 40-43—Neh. 8:14, 15; Lev. 14:1-32—Matt. 8:2-4; Lev. 12:2—Luka 2:22; Lev. 12:3—Joh. 7:22; Lev. 18:5—Ba-Roma 10:5.
3. Levitike e akarelitsoe ka nako e kae?
3 Levitike e akarelitse nako e kae? Buka ea Exoda e qetella ka ho hlongoa ha tabernakele “ka khoeli ea ho qala ea selemo sa bobeli, ka tsatsi la pele la khoeli.” Buka ea Numere (e latelang tlaleho ea Levitike hang-hang) e qala ka Jehova a bua le Moshe “ka selemo sa bobeli sa ho tloha ha bona lefatšeng la Egepeta, ka tsatsi la pele la khoeli ea bobeli.” Ka hona, ke ho utloahalang hore ha hoa ka ha feta nako e fetang khoeli bakeng sa liketsahalo tse fokolang tsa Levitike, boholo ba buka ena ke melao le litaelo.—Ex. 40:17; Num. 1:1; Lev. 8:1–10:7; 24:10-23.
4. Levitike e ngotsoe neng?
4 Moshe o ngotse Levitike neng? Ke ho utloahalang ho etsa qeto ea hore o ile a boloka tlaleho ea liketsahalo ha li ntse li etsahala ’me a ngola litaelo tsa Molimo fatše ha a ntse a li amohela. Hona ho hlahisoa ke taelo ea Molimo ho Moshe ea hore a ngole fatše timetso ea Baamaleke hang ka mor’a hore Iseraele e ba hlōle ntoeng. Litaba tse itseng tse ka bukeng ena le tsona li bontša hore e ngotsoe esale pele. Ka mohlala, Baiseraele ba ile ba laeloa hore ba tlise liphoofolo tseo ba neng ba rata ho li sebelisetsa lijo monyakong oa tente ea pokano bakeng sa ho hlajoa. Taelo ena e ne e tla fanoa le ho tlalehoa hang ka mor’a ho hlongoa ha boprista. Ho fanoe ka litaelo tse ngata bakeng sa ho tataisa Baiseraele nakong ea leeto la bona la lefeelleng. Tsena tsohle li supa Moshe e le eena ea ngotseng Levitike nakong ea 1512 B.C.E.—Ex. 17:14; Lev. 17:3, 4; 26:46.
5. Ke morero ofe o neng o sebeletsoa ke melao e mabapi le mahlabelo le litšila tšebeletsong?
5 Levitike e ile ea ngoloa hobane’ng? Jehova o ne a rerile ho ba le sechaba se halalelang, batho ba halalelitsoeng, ba beetsoeng ka thōko bakeng sa tšebeletso ea hae. Ho tloha nakong ea Abele, banna ba tšepahalang ba Molimo ba ’nile ba nyehela mahlabelo ho Jehova, empa e bile sechaba sa Iseraele pele seo Jehova a ileng a se fa litaelo tse hlakileng mabapi le linyeheho tsa sebe le mahlabelo a mang. Tsena, joalokaha li qaqisitsoe ho Levitike, li ile tsa hlokomelisa Baiseraele ka boetsalibe bo fetelletseng ba sebe ’me ha hatisa likelellong tsa bona kamoo ho neng ho sa ba etse ba thabisang Jehova ka teng. Litaelo tsena, e le karolo ea Molao, li ne li sebeletsa e le molisa ea etellang Bajode pele ho ba isa ho Kreste, ho ba bontša hore Mopholosi oa hlokahala le hore ka nako e tšoanang li sebeletse ho ba boloka e le batho ba arohileng lefatšeng. Haholo-holo ke melao ea Molimo mabapi le tšebeletso ea bohloeki e ileng ea sebeletsa morero oo oa bobeli.—Lev. 11:44; Ba-Gal. 3:19-25.
6. Ke hobane’ng ha joale tataiso e qaqileng e tsoang ho Jehova e ne e hlokahala ka ho khetheha?
6 E le sechaba se secha se leetong ho ea naheng e ncha, Iseraele e ne e hloka tataiso e nepahetseng. E ne e le ka tlaase ho selemo ho tloha nakong eo ba falletseng ka eona, ’me litekanyetso tsa bophelo tsa Egepeta hammoho le mekhoa ea eona ea bolumeli li ne li sa le ncha kelellong. Ho ne ho tloaelehile hore motho a nyale khaitselie Egepeta. Ho ne ho ntšetsoa pele borapeli ba bohata tlotlisong ea melimo e mengata, e meng ea eona e le melimo ea liphoofolo. Joale phutheho ena e khōlō e ne e le tseleng ea eona ho ea Kanana, moo bophelo le mekhoa ea bolumeli li neng li hlephile le ho feta. Empa sheba hape liahelong tsa Iseraele. Ba eketsehileng phuthehong e ne e le ba bangata bao e neng e le Baegepeta ba sebele, kapa ka karolo, letšoele le kopakaneng le neng le phela ka hare ho Baiseraele le ba neng ba tsoetsoe ke batsoali ba Baegepeta ’me ba hōlisoa le ho kena sekolo ka litsela tsa Baegepeta, bolumeli ba bona, le lerato la bona la ho rata naha. Ha ho pelaelo hore ba bangata ho bana ba ne ba inehetse mekhoeng e nyonyehang ha habo bona nakoana pele ho moo. Ke ho hlokahalang hakaakang hore e be joale ba fumana tataiso e qaqileng ho Jehova!
7. Ke ka tsela efe litaelo tsa Levitike li nang le tiiso ea hore e ngotsoe ke Molimo?
7 Levitike e na le tiiso ea pululelo ea bomolimo kaofela ha eona. Batho feela ba ne ba ke ke ba iqapela melao ea eona e bohlale le ea toka le litaelo tsa eona. Melao ea eona mabapi le lijo, mafu, ho koalloa ha motho a le mong ka lebaka la lefu le tšoaetsanoang, le ho tšoaroa ha litopo li senola tsebo ea linnete tse neng li sa ananeloe ke banna ba lefatše ba bongaka ho fihlela likete tsa lilemo hamorao. Molao oa Molimo mabapi le liphoofolo tse neng li le litšila bakeng sa ho jeoa o ne o tla sireletsa Baiseraele ha ba ntse ba tsamaea. O ne o tla ba sireletsa khahlanong le trichinosis e tsoang likolobeng, feberu ea mala le paratyphoid e tsoang mefuteng e itseng ea litlhapi, le ho tšoaetsoa ke liphoofolo tse fumanoeng li se li ntse li shoele. Melao ena e sebetsang e ne e le ho tataisa bolumeli ba bona le bophelo ba bona hore ba mpe ba lule e le sechaba se halalelang ’me ba fihle le ho haha Naheng e Tšepisitsoeng. Histori e bontša hore litaelo tse fanoeng ke Jehova li ile tsa fa Bajode monyetla o tobileng ho phahamela lichaba tse ling tabeng ea ho atleha ’meleng.
8. Litaba tse ka hare tsa boprofeta tsa Levitike li tsoela pele ho paka pululelo joang?
8 Phethahatso ea boprofeta le litšoantšetso tse ho Levitike e tsoela pele ho paka ho bululeloa ha eona. Histori e halalelang le ea lefatše e tlaleha ho phethahala ha litemoso tsa Levitike ka liphello tsa ho se utloe. Har’a lintho tse ling, e boletse esale pele hore bo-’mè ba ne ba tla ja bana ba bona ka lebaka la tlala. Jeremia o bontša hore sena se ile sa phethahala timetsong ea Jerusalema ka 607 B.C.E., le Josephus o bua ka ho etsahala ha eona timetsong ea morao ea motse, ka 70 C.E. Tšepiso ea boprofeta ea hore Jehova o ne a tla ba hopola haeba ba ne ba baka e phethahetse ha ba khutla Babylona ka 537 B.C.E. (Lev. 26:29, 41-45; Lillo 2:20; 4:10; Esdr. 1:1-6) Ho tsoelang pele ho paka ho bululeloa ha Levitike ke ho qotsa ha bangoli ba bang ba Bibele ho eona e le Lengolo le bululetsoeng. Ho phaella ho bao pejana ba hlokometsoeng bakeng sa ho tiisa hore Moshe ke mongoli, ka kōpo bona Mattheu 5:38; 12:4; 2 Ba-Korinthe 6:16; le 1 Petrose 1:16.
9. Levitike e hōlisa lebitso la Jehova le khalalelo ea hae joang?
9 Buka ea Levitike ha e khaotse ho hōlisa lebitso la Jehova le borena ba hae. Melao ea eona e lebisoa ho Jehova e le mohloli oa eona ka makhetlo a seng ka tlaase ho 36. Ka karolelano, lebitso Jehova ka bolona le hlaha ka makhetlo a leshome khaolong e ’ngoe le e ’ngoe, ’me nako le nako ho utloa melao ea Molimo ho hatisoa kelellong ka khopotso ena, “ke ’na Jehova.” Sehlooho sa khalalelo se tletse ka hare ho Levitike kaofela, e bolelang tlhokahalo ena hangata ho feta buka leha e le efe ea Bibele. Baiseraele ba ne ba lokela ho halalela hobane Jehova a halalela. Batho, libaka, lintho, le linako tse itseng li ne li behelloa ka thōko e le tse halalelang. Ka mohlala, Letsatsi la Lipheko le selemo sa Jubile li ne li behelloa ka thōko e le linako tsa ho bolokoa ka ho khetheha borapeling ba Jehova.
10. Ke eng se hatisoang mabapi le mahlabelo, ’me ke likotlo life tse hlokomeloang ka sebe?
10 Tumellanong le ho hatisa ha eona khalalelo, buka ea Levitike e hatisa karolo eo ho tšolloa ha mali, e leng, ho etsa sehlabelo ka bophelo, ho neng ho e etsa tšoarelong ea libe. Mahlabelo a liphoofolo a ne a lekanyelitsoe libōpuoeng tse neng li thapisitsoe le tse hloekileng. Bakeng sa libe tse itseng, ntle ho sehlabelo ho ne ho hlokahala boipolelo, tsosoloso, le ho lefa kotlo. Empa bakeng sa libe tse ling hape, kotlo e ne e le lefu.
LITABA TSE KA HARE TSA LEVITIKE
11. Levitike e ka qanolloa joang?
11 Levitike e fupere haholo ho ngoloa ha melao, eo boholo ba eona e boetseng e leng ea boprofeta. Karolong e khōlō buka ena e latela kemiso ea ho bua ka taba ka ’ngoe ’me e ka ’na ea aroloa likarolo tse robeli, tse latellanang hantle haholo.
12. Ke mefuta efe ea mahlabelo a mali e teng, hona e tlameha ho nyeheloa joang?
12 Litaelo bakeng sa mahlabelo (1:1–7:38). Mahlabelo a sa tšoaneng a oela likarolong tse peli tse akaretsang: mali, a likhomo, linku, lipōli, le bo-’malitšibana; le tse se nang mali, lijo-thollo. Mahlabelo a mali a ne a lokela ho nyeheloa e le linyehelo tsa (1) secheso, (2) kopanelo, (3) sebe, kapa (4) molato. Kaofela bone ba tsona li na le lintho tsena tse tharo tse tšoanang: Ea nyehelang o tlameha ho e tlisa monyakong oa tente ea pokano, o tlameha ho bea matsoho holim’a eona, e be joale phoofolo ea hlabjoa. Ka mor’a ho fafatsoa ha mali, setopo se tlameha ho tlosoa ho latela hore na ke sehlabelo sa mofuta ofe. Joale a re keng re hlahlobe mahlabelo a mali ka tatelano.
13-16. (a) Thathamisa litlhokahalo bakeng sa (1) linyehelo tsa licheso, (2) mahlabelo a kopanelo, (3) linyehelo tsa sebe, le (4) linyehelo tsa molato. (b) Mabapi le mahlabelo a mali, ke eng e thibetsoeng ka ho pheta-phetoa?
13 (1) Linyehelo tsa secheso e ka ’na ea e-ba pohoana, pheleu, pōli, kapa leeba kapa leebanakhoroana, ho itšetlehile ka ho khona ha ea nyehelang. E lokela ho khabeloa likoto ’me e chesoe kaofela ha eona holim’a aletare ntle ho letlalo. Tabeng ea leebanakhoroana kapa leeba, hlooho e tlameha ho pongoa empa e sa hlahlathoe, ’me kiila le masiba li tlameha ho tlosoa.—1:1-17; 6:8-13; 5:8.
14 (2) Sehlabelo sa kopanelo e ka ’na ea e-ba e tona kapa e tšehali, likhomong kapa mehlapeng. Ke likarolo tsa eona tse mafura feela tse tla chesoa aletareng, karolo e itseng e e-ea ho moprista ’me e setseng kaofela e jeoe ke ea nyehelang. Se bitsoa sehlabelo sa kopanelo hantle, hobane ka sona ea nyehelang o arolelana lijo, kapa ho joalokaha eka o kopanetse le Jehova le moprista.—3:1-17; 7:11-36, NW.
15 (3) Nyehelo ea sebe e hlokoa bakeng sa libe tseo e seng tsa ka boomo, kapa libe tse entsoeng ka phoso. Mofuta oa phoofolo e nyeheloang o itšetlehile ka hore na ke sebe sa mang se etsetsoang pheko—sa moprista, batho ka kakaretso, khosana, kapa motho feela. Ho fapana le linyehelo tsa boithatelo tsa secheso le tsa kopanelo bakeng sa batho ka bomong, nyehelo ea sebe ea tlama.—4:1-35; 6:24-30.
16 (4) Linyehelo tsa molato lia hlokoa bakeng sa ho koahela molato oa botho ka lebaka la ho hloka botšepehi, thetso, kapa ho utsoa. Mabakeng a mang molato o hloka ho ipolela le sehlabelo ho latela hore na motho o khona hakae. Ho a mang, ho hlokoa matšeliso a lekanang le tahlehelo le karolo ea 20 lekholong le sehlabelo sa pheleu. Karolong ena eo Levitike e sebetsanang le linyehelo, ho ja mali ho thibetsoe ka matla le ka ho pheta-phetoa.—5:1–6:7; 7:1-7, 26, 27; 3:17.
17. Mahlabelo a se nang mali a lokela ho nyeheloa joang?
17 Mahlabelo a se nang mali ke lijo-thollo ’me a lokela ho nyeheloa a halikiloe kaofela, e le litlheferesi, kapa e le phoofo e thumisitsoeng; ’me li lokela ho lokisoa ka litsela tse sa tšoaneng, tse kang tse bakiloeng, tse besitsoeng, kapa tse halikiloeng ka mafureng a mangata. Li lokela ho nyeheloa le letsoai le oli ’me ka linako tse ling le libano, empa li tlameha ho hloka tomoso kapa mahe a linotši ka ho felletseng. Ho mahlabelo a mang karolo e itseng e tla ba ea moprista.—2:1-16.
18. Ho hlongoa ha boprista ho fihlisoa tlhōrōng ka ho hlahella ha ntho efe e matlafatsang tumelo?
18 Ho hlongoa ha boprista (8:1–10:20). Joale ho tla nako ea ketsahalo e khōlō Iseraeleng, ho hlongoa ha boprista. Moshe o sebetsana le hona ka makolopetso a hona kaofela, feela joalokaha Jehova a mo laetse. “Aarone le bara ba hae ba etsa tsohle tsee Jehova a neng a li laetse ka Moshe.” (8:36) Ka mor’a matsatsi a supileng ba tšoarehile ke ho hlonngoa hona, ho tla ntho e makatsang le e matlafatsang tumelo. Phutheho eohle e teng. Baprista ba sa tsoa nyehela sehlabelo. Aarone le Moshe ba hlohonolofalitse sechaba. Joale, bona! “Khanya ea Jehova e iponahatsa ho sechaba kaofela. Ha tsoa mollo pontšeng ea Jehova, oa chesa secheso le mafura aletareng; sechaba kaofela sa ba sa bona, ’me batho ba tšèla mehoo ea thabo, ba oela fatše ka lifahleho.” (9:23, 24) Ka sebele, Jehova o lokela ke hore ba mo utloe le ho mo rapela!
19. Ho etsahala tšito efe, e lateloa ke eng?
19 Empa ho na le litlōlo tsa Molao. Ka mohlala, bara ba Aarone Nadabe le Abihu ba hlahisa mollo osele ka pel’a Jehova. “Eaba mollo o tsoa pel’a Jehova, oa ba chesa; ’me ba e-shoa pel’a Jehova.” (10:2) E le hore ba ka nyehela sehlabelo se amohelehang le ho thabela ho amoheloa ke Jehova, sechaba le moprista ka ho tšoanang ba tlameha ho latela litaelo tsa Jehova. Hang ka mor’a sena, Molimo o fana ka taelo ea hore baprista ba tlamehile hore ba se ke ba noa lino tse tahang ha ba sebeletsa tabernakeleng, ho fanang ka maikutlo a hore botahoa e ka ’na eaba bo tlatselitse phosong ea bara ba babeli ba Aarone.
20, 21. Ke litaelo life tse akarelletsang bohloeki le bohloeki bo loketseng ba ’mele?
20 Melao ka bohloeki (11:1–15:33). Karolo ena e sebetsana le bohloeki ba tšebeletso le ba ’mele. Liphoofolo tse ling tse itseng, tse thapileng le tse hlaha, li litšila. Litopo tsohle li litšila ’me li etsa hore ba li amang ba be litšila. Ho hlaha ha ngoana le hona ho tlisa litšila ’me ho hloka ho ikarola le mahlabelo a khethehileng.
21 Mafu a mang a itseng a letlalo, a kang lepera, le oona a baka litšila tšebeletsong, ’me ho hloeka ha hoa lokela ho sebetsa ho batho feela empa le ho liphahlo le matlo. Ho ntšetsoa ka ntle hoa hlokahala. Ho ilela khoeli le ho tsoa mohlapo ka ho tšoanang ho fella ka ho ba litšila, joaloka ho lutla ho sa khaotseng. Mabakeng ana ho hlokahala ho ikarola, ’me ha ho hlaphoheloa ho le teng, ho phaella moo ho tla hlokahala ho hlatsoa ’mele kapa ho nyehela mahlabelo kapa tsona ka bobeli.
22. (a) Ke hobane’ng ha khaolo 16 e ikhethile? (b) Mohato oa Letsatsi la Lipheko ke ofe?
22 Letsatsi la Lipheko (16:1-34). Ena ke khaolo e ikhethang, hobane e na le litaelo bakeng sa letsatsi la bohlokoahali la Iseraele, Letsatsi la Lipheko, le oelang letsatsing la leshome la khoeli ea bosupa. Ke letsatsi la ho hlokofatsa sephefumolohi (mohlomong e le ka ho itima lijo), ’me ka lona ha ho mosebetsi o tla lumelloa. Le qala ka ho nyeheloa ha pohoana bakeng sa libe tsa Aarone le ba ntlo ea hae, leloko la Levi, ho latele ho nyeheloa ha pōli bakeng sa sechaba kaofela. Ka mor’a ho chesoa ha libano, a mang a mali a phoofolo e ’ngoe le e ’ngoe a lokela ho tlisoa ka ho hlahlamana ha tsona ka Sehalalelisisong sa tabernakele, hore a fafatsoe ka pel’a sekoahelo sa Areka. Hamorao litopo tsa liphoofolo li tla tlameha ho ntšetsoa ka ntle ho liahelo ’me li chesoe. Ka letsatsi lena ho tla boetse ho hlahisoa le pōli e phelang ka pel’a Jehova, ’me ho tla boleloa libe tsa batho holim’a eona, ka morao ho moo e be e lelekelloa lefeelleng. Joale lipheleu tse peli li tlameha ho nyeheloa e le linyehelo tsa secheso, e le ’ngoe bakeng sa Aarone le ba ntlo ea hae ’me e ’ngoe bakeng sa sechaba ka kakaretso.
23. (a) Ke hokae moo re fumanang lipolelo tse hlakileng ka ho fetisisa tsa Bibele ka mali? (b) Litaelo tse ling tse latelang ke life?
23 Melao ka mali le litaba tse ling (17:1–20:27). Karolo ena e beela batho melao e mengata. Mali a boetse aa thibeloa ho e ’ngoe ea lipolelo tse hlakileng ka ho fetisisa ka mali e ka fumanoang kae kapa kae ka Mangolong. (17:10-14) Mali a ka sebelisoa ka nepo aletareng, empa e seng bakeng sa ho jeoa. Mekhoa e manyala, e kang ho nyalana ha seng, bosodoma, le ho robala le phoofolo, e thibetsoe. Ho na le litaelo bakeng sa tšireletso ea ea tujoang, ea tlaase, le molichaba, ’me ho fanoe ka taelo ena, “Rata oa heno joale ka ha u ithata. Ke ’na Jehova.” (19:18) Bophelo ba boahisane le ba moruo ba sechaba bo sirelelitsoe, ’me likotsi tsa moea, tse kang borapeli ba Moloke le tšebelisano le moea, li felisitsoe ka molao, kotlo e le lefu. Molimo o boetse o hatisa ho ikarola ha batho ba oona: “’Me le tlameha ho ipaka le halalela ho ’na, hobane ’na Jehova kea halalela; ’me ke tsoela pele ho le arola ho lichaba hore le be ba ka.”—20:26, NW.
24. Levitike e thathamisa eng mabapi le litšoaneleho tsa boprista le mekete ea linako tsa selemo?
24 Boprista le mekete (21:1–25:55). Likhaolo tse tharo tse latelang li sebetsana haholo-holo le borapeli bo hlomamisitsoeng ba Iseraele: melao e busang baprista, litšoaneleho tsa bona tsa ’meleng, hore na ba ka nyala bo-mang, hore na ke bo-mang ba ka jang lintho tse halalelang, le se hlokoang ho liphoofolo tse phetseng hantle tse lokelang ho sebelisetsoa mahlabelo. Ho laeloa mekete e meraro ea sechaba ka linako tse itseng tsa selemo, e fanang ka liketsahalo tsa ho “ithabela pel’a Jehova, Molimo oa lōna.” (23:40) Joaloka motho a le mong, sechaba ka tsela ena se tla lebisa tlhokomelo, thoriso, le borapeli ho Jehova, se matlafatsa kamano ea sona le eena. Ena ke mekete e etsetsoang Jehova, likopano tse halalelang tsa selemo le selemo. Paseka, hammoho le Mokete oa Mahobe a sa Lomosoang, li beetsoe mathoasong a nako ea selemo; Pentekonta, kapa Mokete oa Libeke, o latela qetellong ea nako ea selemo; ’me Letsatsi la Lipheko le Mokete oa Metlotloane oa matsatsi a robeli, kapa Ho Bokella, li hoetla.
25. (a) Ho bontšoa joang hore “Lebitso” leo le tlameha ho hlomphuoa? (b) Ke litaelo life tse amang palo “supa”?
25 Khaolong ea 24, ho fanoe ka taelo mabapi le bohobe le oli e lokelang ho sebelisoa tšebeletsong ea tabernakele. Mono ho latela ketsahalo eo ho eona Jehova a laelang hore mang kapa mang ea sebelisang “Lebitso” leo hampe—e, lebitso leo Jehova—o tlameha ho tlepetsoa ka majoe ho fihlela a e-shoa. Joale o bolela molao oa ho ahlolela ntho e tšoanang ka ntho e tšoanang, “leihlo ka leihlo, leino ka leino.” (24:11-16, 20) Khaolong ea 25, ho fumanoa litaelo tse mabapi le Sabbatha e bolelele ba selemo, kapa selemo sa phomolo, e lokelang ho tšoaroa selemo se seng le se seng sa bo7 le ka Jubile ka selemo se seng le se seng sa bo50. Selemong sena sa bo50, ho tlameha ho phatlalatsoa tokoloho naheng eohle, le thepa ea lefa e neng e rekisitsoe kapa e tšoeroe nakong ea lilemo tse 49 tse fetileng e tlameha ho khutlela ho mong a eona. Ho fanoa ka melao e sireletsang litokelo tsa mafutsana le makhoba. Karolong ena palo “supa” e hlaha ka ho hlahelletseng—letsatsi la bosupa, selemo sa bosupa, mekete ea matsatsi a supileng, nako ea libeke tse supileng, le Jubile, e lokelang ho tla ka mor’a lilemo tse supileng tse baloang hasupa.
26. Levitike e fihla tlhōrōng ka eng?
26 Liphello tsa ho utloa le ho se utloe (26:1-46). Buka ea Levitike e fihla tlhōrōng ea eona khaolong ena. Mona Jehova o thathamisa meputso bakeng sa ho utloa le likotlo bakeng sa ho se utloe. Ka nako e tšoanang, o tšoaretse Baiseraele tšepo haeba ba ikokobetsa, a re: “Ke tla hopola ka baka la bona selekane sa ka le bo-ntat’a bona moholo, bao ke ba ntšitseng naheng ea Egepeta mahlong a lichaba, ke tle ke be Molimo oa bona. Ke ’na Jehova.”—26:45.
27. Levitike e phethela joang?
27 Melao e meng (27:1-34). Levitike e qetella ka litaelo tse mabapi le ho sebetsana le linyehelo tsa kano, ka letsibolo la Jehova, le ka karolo ea leshome e fetohang e halalelang ho Jehova. Joale ho tla sephetho se sekhutšoane: “Ke eona melao eo Jehova a e neileng bana ba Iseraele ka Moshe, thabeng ea Sinai.”—27:34.
LEBAKA LEO E LENG MOLEMO
28. Levitike e na le molemo ofe ho Bakreste kajeno?
28 E le karolo ea Mangolo a bululetsoeng, buka ea Levitike ke e molemo haholo ho Bakreste kajeno. Ke thuso e makatsang bakeng sa ho ananela Jehova, litšoaneleho tsa hae, le litsela tsa hae tsa ho sebelisana le libōpuoa tsa hae, joalokaha a bontšitse ka ho hlaka ho hoholo ka Iseraele tlas’a selekane sa Molao. Levitike e bolela melao-motheo e mengata e tla ’ne e sebetse ka mehla, ’me e na le mehlala e mengata ea boprofeta, hammoho le boprofeta, boo ho bo hlahloba ho matlafatsang tumelo. Melao-motheo e mengata ea eona e boletsoe hape Mangolong a Bokreste a Segerike, e meng ea eona e qotsitsoe ka ho toba. Ka tlaase mona ho buisanoa ka lintlha tse supileng tse ikhethileng.
29-31. Ke joang Levitike e hatisang ho hlompha (a) borena ba Jehova, (b) lebitso la Jehova, le (c) khalalelo ea Jehova?
29 (1) Borena ba Jehova. Ke Mofani oa Molao, ’me rōna re le libōpuoa tsa hae re ikarabella ho eena. Ka nepo o re laela hore re mo tšabe. Joaloka Morena oa Bokahohleng, ha a lumelle bora, e bang ke ka sebōpeho sa borapeli ba litšoantšo, tšebelisano le meea, kapa lintlha tse ling tsa bodemona.—Lev. 18:4; 25:17; 26:1; Matt. 10:28; Lik. 4:24.
30 (2) Lebitso la Jehova. Lebitso la hae le lokela ho bolokoa le halalela, ’me ha rea lokela ho leka ho le tlisetsa thohako e bang ke ka mantsoe kapa ka liketso.—Lev. 22:32; 24:10-16; Matt. 6:9.
31 (3) Khalalelo ea Jehova. Kaha oa halalela, batho ba hae le bona ba tlameha ho halalela, ke hore, ba khethehe, kapa ba beeloe ka thōko bakeng sa tšebeletso ea hae. Hona ho akarelletsa ho ipoloka re arohile lefatšeng le se nang Molimo le re potolohileng.—Lev. 11:44; 20:26; Jak. 1:27; 1 Pet. 1:15, 16.
32-34. Ke melao-motheo efe e beiloeng mabapi le (a) sebe, (b) mali, le (c) tekanyo ea molato?
32 (4) Boetsalibe bo fetelletseng ba sebe. Ke Molimo o rerang hore na sebe ke eng, ’me re tlameha ho se loantša. Ka mehla sebe se hloka ho etsetsoa pheko ea sehlabelo. Ho phaella moo, se boetse se hloka hore re ipolele, re bake, ’me re ntlafatse ho fihlela moo ho khonehang. Bakeng sa libe tse ling ho ke ke ha e-ba le tšoarelo.—Lev. 4:2; 5:5; 20:2, 10; 1 Joh. 1:9; Ba-Heb. 10:26-29.
33 (5) Khalalelo ea mali. Kaha mali aa halalela, a ke ke a kenngoa ’meleng ka sebōpeho leha e le sefe. Tšebeliso e lumelletsoeng feela ea mali ke bakeng sa ho etsetsa sebe pheko.—Lev. 17:10-14; Lik. 15:29; Ba-Heb. 9:22.
34 (6) Ka tekanyo molatong le kotlong. Hase libe tsohle le baetsalibe bohle tse talingoang ka tsela e tšoanang. Ha u etsa mosebetsi o phahameng, boikarabelo bo ba boholoanyane le kotlo bakeng sa sebe. Sebe sa ka boomo se ne se fumana kotlo e boima ho feta sebe seo e seng sa ka boomo. Likotlo hangata li ne li lekanngoa ho latela matla a ho khona ho lefa. Molao-motheo ona oa tekanyo o ne o boetse o sebetsa le mafapheng a mang ntle le sebe le kotlo, a kang sesila tšebeletsong.—Lev. 4:3, 22-28; 5:7-11; 6:2-7; 12:8; 21:1-15; Luka 12:47, 48; Jak. 3:1; 1 Joh. 5:16.
35. Levitike e akaretsa boikarabello ba rōna joang ho batho ’moho le rōna?
35 (7) Toka le lerato. Ha e akaretsa boikarabelo ba rōna ho batho ’moho le rōna, Levitike 19:18 e re: “Rata oa heno joale ka ha u ithata.” Hona ho akarelletsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe. Ho behella ka thōko ho bontša leeme, ho utsoa, ho bua leshano, kapa ho etselletsa, ’me ho hloka ho bontša ho nahanela ba holofetseng, mafutsana, lifofu, le litholo.—Lev. 19:9-18; Matt. 22:39; Ba-Roma 13:8-13.
36. Ke eng e pakang hore Levitike e molemo bakeng sa phutheho ea Bokreste?
36 Hape ho paka hore Levitike ka ho ikhethang e “molemo bakeng sa ho ruta, bakeng sa ho khalemela, bakeng sa ho otlolla lintho, bakeng sa ho laea ka ho loka” ka phuthehong ea Bokreste ho na le litšupiso tse pheta-phetiloeng tse entsoeng ke Jesu le baapostola ba hae, haholo-holo Pauluse le Petrose. Bana ba ile ba hlokomelisa ka mehlala e mengata ea boprofeta le litšoantšetso tsa lintho tse tlang. Joalokaha Pauluse a hlokometse, “molao . . . o no o na le seriti feela sa menono e tlang ho hlaha.” O hlahisa “tse tšoantšang lintho tsa leholimo le liriti tsa tsona.”—2 Tim. 3:16, NW; Ba-Heb. 10:1; 8:5.
37. Ke ho phethahala hofe ha litšoantšetso ho hlalositsoeng ho Baheberu?
37 Tabernakele, boprista, mahlabelo, le haholo-holo Letsatsi la Lipheko la selemo le selemo li ne li e-na le moelelo oa tšoantšetso. Pauluse lengolong la hae le eang ho Baheberu, le re thusa ho khetholla litšoantšetso tsa moea tsa lintho tsena kamanong le “tente ea ’nete” ea borapeli ba Jehova. (Ba-Heb. 8:2, BPN) Moprista e moholo Aarone o tšoantšetsa Kreste Jesu “moprista e moholo oa menono e tlang ho hlaha, ha a phollelitse ka tabernakele e fetisang ka boholo le ka botle.” (Ba-Heb. 9:11; Lev. 21:10) Mali a mahlabelo a liphoofolo a tšoantšetsa mali a Jesu, a re fumanetseng “topollo e sa feleng.” (Ba-Heb. 9:12) Phaposi e ka hare-hare ea tabernakele, Sehalalelisiso, seo ho sona moprista e moholo a neng a kena feela ka Letsatsi la Lipheko la selemo le selemo ho ea hlahisa mali a sehlabelo, ke “setšoantšo feela sa sa sebele,” “leholimong la sebele,” leo Jesu a nyolohetseng ho lona hore a “tle a hlahe joale pel’a sefahleho sa Molimo, sebakeng sa rōna.”—Ba-Heb. 9:24; Lev. 16:14, 15.
38. Mahlabelo a tšoantšetso a ile a phethahala joang ho Jesu?
38 Liphofu tsa sebele tsa sehlabelo—liphoofolo tse phetseng hantle, tse se nang sekoli tse neng li nyeheloa e le linyehelo tsa secheso kapa tsa sebe—li emela sehlabelo se phethahetseng se se nang sekoli sa ’mele oa motho, oa Jesu Kreste. (Ba-Heb. 9:13, 14; 10:1-10; Lev. 1:3) Ka ho thahasellisang, Pauluse o boetse o tšohla tšobotsi ea Letsatsi la Lipheko moo litopo tsa liphoofolo bakeng sa nyehelo ea sebe li neng li ntšetsoa ka ntle ho liahelo ’me li chesoa. (Lev. 16:27) Pauluse oa ngola: “Ka baka leo, Jesu le eena, . . . o kile a shoela ka ntle ho monyako oa motse. Ka baka leo, re ke re tsoeleng ho eena ka ntle ho setša sa litente, re ntse re jere sekhobo sa hae.” (Ba-Heb. 13:12, 13) Ka tlhaloso e joalo e bululetsoeng, mehato ea tšebeletso e boletsoeng ho Levitike e na le bohlokoa bo eketsehileng, ’me ka sebele re ka qala ho utloisisa kamoo Jehova ka mokhoa o babatsehang a ileng a etsa liriti tse hlollang tse supelang pele linnete tse neng li ka hlakisoa feela ke moea o halalelang. (Ba-Heb. 9:8) Kutloisiso e joalo e nepahetseng kea bohlokoa bakeng sa ba tla rua molemo tokisetsong ea bophelo eo Jehova a e entseng ka Kreste Jesu, “moprista oa rōna e moholo, ea beiloeng tlung ea Molimo.”—Ba-Heb. 10:19-25.
39. Levitike e nyalana joang le “Lengolo lohle” mabapi le ho tsebahatsa merero ea Jehova ea ’Muso?
39 Joaloka ntlo ea boprista ea Aarone, Jesu Kreste e le Moprista e Moholo o na le baprista ba tlaasana ba kopanelang le eena. Bana ho buuoa ka bona e le “baprista le marena.” (1 Pet. 2:9) Ka ho hlakileng Levitike e supa le ho hlalosa mosebetsi oa ho etsetsa sebe pheko oa Moprista e Moholo oa Jehova le Morena le lintho tse hlokoang ho litho tsa ba ntlo ea Hae, bao ho buuoang ka bona e le ba “thabileng le ba halalelang” hape e le ‘baprista ba Molimo le ba Kreste ’me ba busa e le marena le eena ka lilemo tse sekete.’ E tla ba litlhohonolofatso tse kaakang tseo mosebetsi oo oa boprista o tlang ho li finyella ha o phahamisetsa batho ba utloang phethehong, ’me ’Muso oo oa leholimo o tla tlisa thabo e kaakang ka ho tsosolosetsa khotso le ho loka lefatšeng! Ka sebele, kaofela re tlameha ho leboha Molimo o halalelang, Jehova, bakeng sa ho lokisetsa ha hae Moprista e Moholo le Morena le boprista ba borena ho phatlalatsa bokhabane ba Hae khalaletsong ea lebitso la Hae! Kannete, Levitike e nyalana ka ho babatsehang le “Lengolo lohle” bakeng sa ho tsebahatsa merero ea ’Muso oa Jehova.—Tšen. 20:6, NW.