Ho Phetha Khalalelo ka ho Tšaba Molimo
“A re ke re itlhatsoeng litšila tsohle tsa nama le tsa moea, re ntse re phetha khalalelo . . . ka ho tšaba Molimo.”—2 BA-KORINTHE 7:1.
1. Re tseba joang hore mangeloi a boemong bo phahameng a hlokomela khalalelo ea Jehova?
JEHOVA ke Molimo o halalelang. Mangeloi a boemong bo phahameng leholimong a phatlalatsa khalalelo ea hae ka ho hlakileng. “Oa halalela, oa halalela, oa halalela, Jehova oa makhotla; lefatše lohle le tletse khanya ea hae!” Oo e ne e le mohoo o susumetsang oa lirafime tse bonoeng ponong ke moprofeta Esaia lekholong la borobeli la lilemo B.C.E. Qetellong ea lekholo la pele la lilemo C.E., moapostola Johanne o ile a bona lipono tsa se neng se tla etsahala “letsatsing la Morena,” moo re leng teng hona joale. O ile a bona libōpuoa tse phelang tse ’nè ho pota-pota terone ea Jehova ’me a utloa li phatlalatsa li sa khaotse: “Oa halalela, oa halalela, oa halalela, Morena Molimo, Ea matla ’ohle, ea neng a le teng, ea ntseng a le teng, ea tla ’ne a be teng.” Liphatlalatso tsena tse phetoang hararo ke libōpuoa tsa moea tsa leholimo tsa Jehova li hatisa khalalelo e phahameng ka ho fetisisa ea ’Mōpi.—Esaia 6:2, 3; Tšenolo 1:10, NW; 4:6-8.
Khalalelo le ho Ikarola
2. (a) Khalalelo e na le litšobotsi life tse peli, ’me ke joang Jehova a halalelang lintlheng tsee? (b) Moshe o ile a hatisa khalalelo ea Jehova joang?
2 Khalalelo ha e bolele feela ho hloeka bolumeling le ho hloka sekoli empa hape e bolela ho ikarola, kapa ho halaletsa. Jehova o hloekile ka ho fetisisa, kapa ha a na sekoli; ’me hape o arohile ka ho felletseng ho melimo eohle e litšila ea lichaba. Tšobotsi ena ea khalalelo ea hae, kapa ho halaletsoa, e ile ea hatisoa ke Moshe ha a bina: “Oho Jehova, ke mang har’a melimo ea tšoanang le uena? Ke mang ea tšoanang le uena, u ipakang u le matla khalalelong?”—Exoda 15:11, NW.
3. Baiseraele ba ne ba hlokoa hore ba halalele ka litsela life, ’me Jehova o ile a ba thusa joang ntlheng ee?
3 Molimo o halalelang Jehova o ne o batla hore Baiseraele ba boholo-holo, batho ba oona lefatšeng, le bona ba halalele. Sena se ne se sa batloe ho baprista le Balevi feela empa hape le ho sechaba kaofela. Jehova o ile a re ho Moshe: “Bolella phutheho eohle ea bana ba Iseraele, u re ho bona: Halalelang, hobane kea halalela, ’na Jehova, Molimo oa lōna.” (Levitike 19:2) Ho finyella sepheo seo, Jehova o ile a ba fa melao ho ba thusa ho lula ba hloekile moeeng, boitšoarong, kelellong, ’meleng, le litšebeletsong, karolo ea ho qetela e le e mabapi le borapeli ba bona tabernakeleng ’me, hamorao, tempeleng.
Batho ba Arohileng
4, 5. (a) Iseraele oa nama e ne e le sechaba se halalelitsoeng joang? (b) Ho hlokoa eng ho Baiseraele ba moea, ’me moapostola Petrose o tiisa see joang?
4 Ho ea ka tekanyo eo Baiseraele ba neng ba latela melao ea Molimo ka teng, ba ne ba khethehile lichabeng tse neng li hlephile boitšoarong tse ba pota-potileng. Ba ne ba khethollehile e le batho ba arohileng, kapa ba halalelitsoeng bakeng sa tšebeletso ea Molimo o halalelang Jehova. Moshe o ile a ba bolella: “Hobane u sechaba se khethetsoeng Jehova, Molimo oa hao; Jehova, Molimo oa hao, o u khethile hore u be sechaba sa hae sa sebele, har’a lichaba tsohle tse lefatšeng.”—Deuteronoma 7:6.
5 Ho hloeka ho joalo le ho ikarola ho boetse hoa hlokahala ho Iseraele oa moea. Moapostola Petrose o ile a ngolla ba khethetsoeng ho ba Baiseraele ba moea: “O lebelleng le le bana ba utloang, ba sa eeng ka litakatso tseo le neng le na le tsona pele mehleng ea ho se tsebe ha lōna. Empa joale ka ha ea le bitsitseng a halalela, le lōna le halalele metsamaong ea lōna eohle; kamoo ho ngoliloeng, ho thoe: Halalelang, hobane kea halalela.”—1 Petrose 1:1, 14-16.
6, 7. (a) Litho tsa “bongata bo boholo ba batho” li hlalosoa joang ho Tšenolo khaolo 7, ’me ka nepo li hlokoa eng? (b) Ho tla hlahlojoa eng lirapeng tse latelang?
6 Ho Tšenolo khaolo ea 7, bao e leng litho tsa “bongata bo boholo ba batho” ba hlalosoa “ba eme pel’a terone [ea Jehova] le pel’a Konyana, ba apere liaparo tse telele tse tšoeu,” “ba hlatsoitse liaparo tse telele tsa bona, ba li soeufalitse maling a Konyana.” (Tšenolo 7:9, 14) Liaparo tsa bona tse telele tse tšoeu li tšoantšetsa boemo ba bona bo hloekileng, bo lokileng pel’a Jehova, boo a ba nehang bona ka baka la tumelo ea bona maling a lopollang a Kreste. Joale, ka ho hlakileng hase Bakreste ba tlotsitsoeng feela empa le “linku tse ling” le tsona li tlameha ho lula li hloekile moeeng le boitšoarong e le hore li ka rapela Jehova ka tsela e amohelehang.—Johanne 10:16.
7 Joale a re hlahlobeng hore na ke joang batho ba Jehova nakong e fetileng ba neng ba hlokoa ho ipaka e le ba hloekileng le ba halalelang le hore na ke hobane’ng ha melao-motheo e tšoanang e sebetsa ho batho ba Molimo kajeno.
Ho Hloeka Moeeng
8. Baiseraele ba ne ba lokela ho ipoloka ba ikarotse malumeling a Kanana ka mabaka afe?
8 Baiseraele ba nama ba ne ba lokela ho ipoloka ba ikarotse ka ho loketseng mekhoeng e litšila ea bolumeli ea lichaba tse ling. Ha Jehova a bua ka Moshe, o ile a bolella Iseraele: “U tle u iponele, e se re mohlomong ua etsa selekane le ba ahileng fatšeng leo u tla fihla ho lona, ba tle ba se ke ba u fetohela leraba. Le mpe le qhaqhe lialetare tsa bona, le robake litšoantšo tsa bona, le tlose li-ashera tsa bona [tse neng li sebelisoa mabapi le borapeli bo nyonyehang ba botona le botšehali]; hobane ha u na ho khumamela molimo osele, etsoe Jehova a bitsoa ea boulelang; ke Molimo o boulelang [kapa, “Molimo o batlang boinehelo bo khethehileng,” New World Translation Reference Bible, mongolo o botlaaseng ba leqephe]; u se ke ua etsa selekane le baahi ba fatše leo, e se re, [ua] feba le melimo ea bona, ’me [ua] hlabela melimo ea bona.”—Exoda 34:12-15.
9. Masala a tšepahalang a ileng a tloha Babylona ka 537 B.C.E. a ile a fuoa litaelo life tse tobileng?
9 Makholo a lilemo hamorao, Jehova o ile a bululela Esaia ho bua mantsoe ana a boprofeta ho masala a tšepahalang a neng a tla khutlela Juda a e-tsoa Babylona: “Fallang, fallang, le tlohe mona; le se ke la ama litšila, tsoang har’a bona! Itlhatsoeng, lōna ba jarang lipitsa tsa Jehova [tse neng li lokela ho sebelisetsoa ho tsosolosa borapeli bo hloekileng tempeleng Jerusalema]!”—Esaia 52:11.
10, 11. (a) Ke litaelo life tse tšoanang tse ileng tsa fuoa Baiseraele ba moea lekholong la pele la lilemo C.E.? (b) Litaelo tsee li ile tsa lateloa joang haholo-holo ho tloha ka 1919 le 1935, ’me ke tsela efe e ’ngoe eo ka eona batlotsuoa le metsoalle ea bona ba ipolokang ba hloekile moeeng?
10 Ka ho tšoanang, Baiseraele ba moea le metsoalle ea bona ba tlameha ho ipoloka ba sa silafatsoa ke malumeli a rapelang litšoantšo a lefatše lena. Ha moapostola Pauluse a ngolla Bakreste ba tšepahalang phuthehong ea Korinthe, o boletse: “Tempele ea Molimo e na le tumellano efe le litšoantšo tse rapeloang? Hobane ke lōna le leng tempele ea Molimo o phelang, joale ka ha Molimo o itse: Ke tla ikahela har’a bona, ke itsamaele teng; ’me ke tla ba Molimo oa bona, ’me bona e tla ba sechaba sa ka. Ka baka leo, tsoang har’a bona, ’me le ikhethe, ho rialo Morena; le se ke la ama sesila; ’me ’na ke tla le amohela.”—2 Ba-Korinthe 6:16, 17.
11 Ho tloha ka 1919 litho tse hloekisitsoeng le tse ntšitsoeng litšila tsohle tsa masala a tlotsitsoeng li lokollotsoe malumeling a litšila, a borapeli ba litšoantšo a Babylona e Moholo. (Malakia 3:1-3) Kaofela li utloile mohoo o tsoang leholimong: “Tlohang ho eena, lōna sechaba sa ka, le se tšohe le kenella libe tsa hae, ’me la oeloa ke likotsi tsa hae.” (Tšenolo 18:4) Ho tloha ka 1935 bongata bo boholo ba batho bo ntseng bo eketseha ba “linku tse ling” le bona ka ho tšoanang bo utloile mohoo ona ’me bo lahlile bolumeli bo litšila ba Babylona. Batlotsuoa le metsoalle ea bona le bona ba ipoloka ba hloekile moeeng ka ho qoba kamano leha e le efe le likhopolo tse kotsi bo bolaeang tsa bakoenehi.—Johanne 10:16; 2 Johanne 9-11.
Ho Hloeka Boitšoarong
12. (a) Jehova o ile a phahamisa boemo ba boitšoaro ba Baiseraele hore bo phahamele ba lichaba tse ba pota-potileng ka melao efe? (b) Ke melao efe e neng e le thata haholo-holo bakeng sa boprista?
12 Ka Selekane sa Molao, Jehova o ile a phahamisetsa boemo ba boitšoaro ba Baiseraele ka holim’a boemo ba ho hlepha boitšoarong ba lichaba tse ba pota-potileng. Lenyalo le bophelo ba lelapa e ne e le mekhoa e sirelelitsoeng Iseraeleng. Molao oa bosupa Melaong e Leshome o ne o thibela bofebe. Bafebi hammoho le lihlola ba ne ba otloa haboima. (Deuteronoma 22:22-24) Baroetsana ba ne ba sirelelitsoe tlas’a Molao. (Deuteronoma 22:28, 29) Melao ea lenyalo e ne e le e thata ka ho khethehileng bakeng sa boprista. Ha e le ka moprista e moholo, o ne a hlokoa hore a khethe moroetsana ea hloekileng hore e be mosali oa hae.—Levitike 21:6, 7, 10, 13.
13. Litho tsa “monyaluoa” oa Kreste li tšoantšoa le bo-mang, hona hobane’ng?
13 Ka ho tšoanang, Moprista e Moholo ka ho fetisisa, Jesu Kreste, o na le “monyaluoa” ea bōpiloeng ka Bakreste ba tlotsitsoeng ba 144 000, ba tšoantšoang le “baroetsana.” (Tšenolo 14:1-5, NW; 21:9) Ba ipoloka ba sa silafatsoa ke lefatše la Satane ’me ba lula ba se na sekoli lithutong le boitšoarong. Moapostola Pauluse o ile a ngolla Bakreste ba tlotsitsoeng ba Korinthe: “Hobane ke le boulela ka poulelo ea Molimo, ke tsoe ke le lebellelitse monna a le mong, ke tle ke le hlahise pel’a Kreste le le joale ka moroetsana ea se nang sekoli.” (2 Ba-Korinthe 11:2) Pauluse o ile a boela a ngola: “Kreste le eena [o] ratile Kereke, ’me [o] iteletse lefu ka baka la eona; hore a tle a e halaletse, ha a se a e ntlafalitse ka hlatsuo ea metsi ka lentsoe la hae, a tle a ikemisetse eona pel’a hae, e le Kereke e khanyang, e se nang letheba le letsika, leha e le letho le joale ka tseo; e mpe e be e halalelang, e se nang sekoli.”—Ba-Efese 5:25-27.
14, 15. (a) Ke eng e tlamehang ho tsamaea le ho hloka sekoli moeeng ha sehlopha sa monyaluoa, ’me ke lengolo lefe le bontšang see? (b) Ke hobane’ng ha ho hlakile hore litlhokahalo tse tšoanang tsa ho hloka sekoli moeeng li boetse li sebetsa le ho linku tse ling?
14 Ho hloka sekoli moeeng hona ha monyaluoa ho tlameha ho tsamaea le ho hloeka boitšoarong ha litho tsa hae. Moapostola Pauluse o boletse: “Le se ke la ithetsa: lihlola, le basebeletsi ba melimo ea bohata, le lifebe, . . . ba ke ke ba e-ja lefa la ’Muso oa Molimo. Ba bang ba lōna le ne le le joalo, empa le ile la hlatsuoa, la halaletsoa.”—1 Ba-Korinthe 6:9-11, TLP.
15 Hore litlhokahalo tse joalo tsa ho hloeka boitšoarong li boetse li sebetsa le ho linku tse ling ho bonahala ha re nahana ka bao Jehova a tla ba thibela ho kena leholimong la hae le lecha le lefatšeng le lecha tse tšepisitsoeng. Rea bala: “Empa ha e le . . . ba manyala, le babolai, le bafebi, . . . kabelo ea bona e ka letšeng le tukileng hampe la mollo le sebabole: hona ke lefu la bobeli.”—Tšenolo 21:1, 8.
Lenyalo le Hlomphehang
16, 17. (a) Ke mangolo afe a bontšang hore bosooa ha bo hlokahale bakeng sa ho hloeka boitšoarong? (b) Mokreste a ka bontša tšabo e loketseng ho Molimo joang ha a khetha molekane oa lenyalo, ’me ke hobane’ng ha e ne e ke ke ea e-ba bohlale ho hlokomoloha thibelo ea moapostola?
16 Hore litho tse tlotsitsoeng tsa sehlopha sa monyaluoa le linku tse ling li lule li hloekile boitšoarong, ha ho hlokahale hore li lule e le masooa. Bosooa bo tlamang bo khahlanong le Mangolo. (1 Timothea 4:1-3) Likamano tsa botona le botšehali tlamahanong ea lenyalo li hloekile. Lentsoe la Molimo lea bolela: “Lenyalo a le ke le hlomphehe har’a batho bohle, le liphate li hloke litšila; hobane Molimo o tla ahlola babōki le bafebi.”—Ba-Heberu 13:4.
17 Leha ho le joalo, Mokreste ea lakatsang ho ‘phetha khalalelo ka ho tšaba Molimo’ ha aa lokela ho ikutloa a lokolohile ho nyalana le mang kapa mang eo a mo ratang. Pelenyana feela moapostola Pauluse a eletsa Bakreste ’moho le eena hore ba ‘itlhatsoe litšila tsohle tsa nama le tsa moea, ba ntse ba phetha khalalelo ka ho tšaba Molimo,’ o ne a ile a ngola: “Se sikareng joko e le ’ngoe le ba sa lumelang; hobane kopano ke efe ea ho loka le bokhopo? . . . Kapa ea lumetseng o na le kabelo efe le ea sa lumelang?” (2 Ba-Korinthe 6:14, 15; 7:1) Joaloka setho sa batho ba hloekileng le ba ikarotseng ba Jehova, monna kapa mosali oa Mokreste ea lakatsang ho kena lenyalong o tla amohela moeli o behiloeng ke moapostola oa ho re a etse joalo “feela Moreneng,” ke hore, ka ho khetha motho eo e leng mohlanka oa Jehova ea inehetseng, ea kolobelitsoeng, le ea tšepahalang. (1 Ba-Korinthe 7:39) Kahoo kajeno, joaloka nakong e fetileng, ka sebele e ne e ke ke ea e-ba bohlale hore batho ba inehetseng har’a batho ba Molimo ba hlokomolohe keletso ena ea Mangolo. (Bapisa le Deuteronoma 7:3, 4; Nehemia 13:23-27.) E ne e tla be e se ho bontša tšabo e loketseng ho Monghali oa rōna e Moholo, Jehova.—Malakia 1:6.
18. Ke tsela efe e ’ngoe eo ka eona Bakreste ba ka bolokang lenyalo la bona le hlompheha?
18 Ho feta moo, Iseraeleng melao e ne e beha meeli likamanong tsa botona le botšehali esita le tlamahanong ea lenyalo. Monna o ne a lokela ho ithiba hore a se ke a ba le likamano le mosali oa hae nakong ea ha a ilela khoeli. (Levitike 15:24; 18:19; 20:18) Sena se ne se hloka ho nahanela ho lerato le boitšoaro ho banna ba Baiseraele. Na Bakreste ha baa lokela ho nahanela basali ba bona joalo? Moapostola Petrose o re banna ba Bakreste ba lokela ho lula le basali ba bona “ho ea ka tsebo,” ke hore, tsebo ea tsela eo ba bōpehileng ka eona ea hore “mosali ke pitsa e fetisang ka ho fokola.”—1 Petrose 3:7, NW.
Ho Tsamaea ‘Tseleng ea Khalalelo’
19, 20. (a) Hlalosa tsela e hebehebe e lateloang ke karolo e khōlō ea batho. (b) Batho ba Jehova ba tlameha ho fapana le lefatše la Satane joang? (c) Ke ’mila ofe oo batho ba Molimo ba o latelang, o butsoe neng, hona ke bo-mang feela ba lumelletsoeng ho oona?
19 Taba e ka holimo e totobatsa lekhalo le ntseng le hōla ka mehla le arolang batho ba Jehova ho lefatše la Satane. Tsamaiso ea hona joale ea lintho ea lefatše e ntse e tsoela pele ho lumella ntho e ’ngoe le e ’ngoe le ho inyakalatsa. Jesu o boletse: “Kenang ka monyako o patisaneng; hobane monyako oa timelo o hebehebe, le tsela e eang teng e phatlaletse, ’me ba kenang teng ba bangata.” (Mattheu 7:13) Tsela eo e hebehebe e lateloa ke karolo e khōlō ea batho. Ha re qotsa mantsoe a moapostola Petrose, ke tsela ea ‘bootsoa, litakatso, botahoa, meharo ea lijo le ea lino, le tšebeletso e manyala ea melimo ea bohata,’ tsela e isang “khaphatsehong . . . ea bohlola.” (1 Petrose 4:3, 4) Qetello ea eona ke timelo.
20 Ka lehlakoreng le leng, batho ba Molimo ba tsamaea tseleng e fapaneng le eo, tsela e hloekileng e lateloang ke batho ba hloekileng. Ho buloa ha tsela ena mehleng ea qetello ho ile ha boleloa esale pele ke moprofeta Esaia, ea ileng a ngola: “’Mila o tla ba teng le tsela e bitsoang tsela ea khalalelo; ha ho motho ea litšila ea tlang ho feta teng.” (Esaia 35:8) Ha buka Tšireletseho Lefatšeng Lohle Tlas’a “Morena oa Khotso” e bua ka boprofeta bona, e re: “Ke kahoo ka 1919 ’mila oa tšoantšetso o ileng oa buleloa bahlanka ba thabileng ba Molimo. Ba neng ba batla ho halalela mahlong a Jehova ke bona ba ileng ba tsamaea ka ‘’mila’ oo, ‘tsela ea khalalelo.’ . . . Kajeno, botebong ba ‘ho fela ha mehla ea kajeno,’ ‘’mila’ oo o lokiselitsoeng ke Molimo o ntse o bulehile. Matšoele a batho ba ananelang a . . . kena tseleng ea paradeise ea moea, ‘tsela ea khalalelo.’”a
21. Bahlanka ba Jehova ba tlameha ho ikhetholla ho batho ba bangata ba Diabolose joang hona hobane’ng, ’me ho tla hlahlojoa eng sehloohong se latelang?
21 E, masala a tlotsitsoeng a Baiseraele ba moea le metsoalle ea ’ona, linku tse ling, kajeno ba ikhetholla e le batho ba arohileng lefatšeng la Satane, leo ho lona khopolo ea khalalelo e seng e lahlile moelelo. Ha ho letho le halalelang ho batho ba bangata ba Diabolose ba tsamaeang ‘tseleng e hebehebe e phatlaletseng e eang timelong.’ Hase feela hore ba litšila moeeng le boitšoarong empa mabakeng a mangata ba litšila ’meleng ’me ba na le ponahalo e bohlasoa, ha re bolela tse seng kae feela. Empa, moapostola Pauluse o re: “A re ke re itlhatsoeng litšila tsohle tsa nama le tsa moea, re ntse re phetha khalalelo ea rōna ka ho tšaba Molimo.” (2 Ba-Korinthe 7:1) Hore na batho ba Molimo ba lokela ho ba seli hore ba hloeke kelellong le ’meleng ka litsela life, ho tla hlahlojoa sehloohong se latelang.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Khaolo ea 16, maqephe a 134-5.
Lintlha Tsa Tlhahlobo
◻ Khalalelo e na le litšobotsi life tse peli, ’me ke hobane’ng ha ho ka boleloa hore Jehova o phahametse tsohle ka khalalelo?
◻ Baiseraele ba ne ba lokela ho ipaka e le sechaba se halalelang ka litsela life tse peli?
◻ Ho hlokoa eng ho Baiseraele ba moea le metsoalle ea bona, linku tse ling?
◻ Ho tšaba ha rōna Molimo ho lokela ho ama ho khetha ha rōna balekane ba lenyalo joang?
◻ Ke litsela life tse peli tse ka lateloang kajeno, ’me ke hobane’ng ha ho tlameha ho etsoa khetho e hlakileng?
[Setšoantšo se leqepheng la 13]
Lentsoe la Molimo le re: “Lenyalo a le ke le hlomphehe”