Bonolo—Ke Tšobotsi ea Bohlokoa ea Bokreste
“Le ikapese . . . bonolo.”—BAKOLOSE 3:12.
1. Ke eng se etsang hore bonolo e be tšobotsi e babatsehang?
HA MOTHO a le bonolo, batho ba thabela ho ba le eena. Leha ho le joalo, Morena Solomone ea bohlale o ile a re: “Leleme le bonolo le ka roba lesapo.” (Liproverbia 25:15) Bonolo ke tšobotsi e babatsehang e kopantseng ho ba mofuthu le ho ba matla.
2, 3. Ho na le kamano efe pakeng tsa bonolo le moea o halalelang, ’me re tla hlahloba eng sehloohong see?
2 Moapostola Pauluse o ile a akarelletsa bonolo lethathamong la “litholoana tsa moea,” tse fumanoang ho Bagalata 5:22, 23. Lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le “bonolo” temaneng ea 23 ho Phetolelo ea Lefatše le Lecha hangata le fetoleloa e le “boikokobetso” kapa “mosa” liphetolelong tse ling tsa Bibele. Ha e le hantle, ho thata ho fumana phetolelo e nepahetseng ea lentsoe lena la Segerike lipuong tse ling tse ngata hobane lentsoe la mathomo ha le hlalose mosa kapa boikokobetso bo bonoang, empa le hlalosa bopelo-nolo le mohau; ha le hlalose tsela eo motho a itšoarang ka eona empa le hlalosa seo a leng sona kelellong le pelong.
3 E le hore re utloisise ka ho eketsehileng se boleloang ke bonolo le bohlokoa ba bona, a re hlahlobeng mehlala e mene ea Bibele. (Baroma 15:4) Ha re etsa joalo, re tla ithuta seo tšobotsi ena e leng sona le hore na e ka fumanoa joang le ho bontšoa joang litšebelisanong tsohle tsa rōna.
“Oa Bohlokoa Haholo Mahlong a Molimo”
4. Re tseba joang hore Jehova o nka bonolo e le ba bohlokoa?
4 Kaha bonolo ke e ’ngoe ea litholoana tsa moea oa Molimo, hoa utloahala hore ebe bo lokela ho amana haufi le botho bo babatsehang ba Molimo. Moapostola Petrose o ile a ngola hore “moea o thōtseng le o bonolo” ke “oa bohlokoa haholo mahlong a Molimo.” (1 Petrose 3:4) Ka sebele, bonolo ke tšobotsi e bonahatsoang ke Molimo; Jehova o bo nka e le ba bohlokoa haholo. Ruri sena ka bosona ke lebaka le utloahalang la hore bahlanka bohle ba Molimo ba sebeletse ho ba bonolo. Leha ho le joalo, Molimo ea matla ’ohle, e leng Molaoli ea phahameng ka ho fetisisa pōpong eohle, o bontša bonolo joang?
5. Ka lebaka la mohau oa Jehova, re na le tšepo efe?
5 Ha batho ba babeli ba pele, e leng Adama le Eva ba hlompholla taelo ea Molimo e boletsoeng ka ho hlaka ea hore ba se ke ba ja tsa sefate sa ho tseba botle le bobe, ba ile ba etsa joalo ka boomo. (Genese 2:16, 17) Ho se mamele ha bona ka boomo ho ile ha fella ka hore bona le bana bao ba neng ba tla ba le bona, ba be le sebe, ba hlaheloe ke lefu ’me ba arohane le Molimo. (Baroma 5:12) Le hoja Jehova a ne a e-na le mabaka a utloahalang a ho fana ka kahlolo eo, ha aa ka a lahla moloko oa batho ka bohale a re o ke ke oa fetoha ebile o ke ke oa lopolloa. (Pesaleme ea 130:3) Ho e-na le hoo, ka mohau oa hae le ho ikemisetsa ha hae ho bontša litšobotsi tsa bonolo tsa ho se be ea hatellang kapa ea khahlapetsang, Jehova o ile a lokisetsa hore moloko oa batho ba baetsalibe o tle ho eena ’me o fumane mohau oa hae. E, ka mpho ea sehlabelo sa thekollo sa Mora oa hae, Jesu Kreste, Jehova o re nolofalletsa ho atamela teroneng ea hae e phahameng re sa tšabe.—Baroma 6:23; Baheberu 4:14-16; 1 Johanne 4:9, 10, 18.
6. Molimo o ile a bontša bonolo joang ha a sebetsana le Kaine?
6 Khale pele Jesu a tla lefatšeng, bonolo ba Jehova bo ile ba bonahala ha bara ba Adama, e leng Kaine le Abele ba etsetsa Molimo mahlabelo. Kaha Jehova o ne a bona lipelo tsa bona, o ile a hana nyehelo ea Kaine empa ‘a talima [Abele le nyehelo ea hae] ka mokhoa o bontšang kamohelo.’ Taba ea hore ebe Molimo o ile a talima Abele ea tšepahalang le sehlabelo sa hae ka mosa e ile ea halefisa Kaine. Tlaleho ea Bibele e re: “Kaine a tuka ke bohale, ’me sefahleho sa hae sa qala ho sosobana.” Jehova o ile a etsa joang? Na o ile a khopisoa ke boikutlo bo bobe ba Kaine? Che. Ka bonolo o ile a botsa Kaine hore na o halefetse’ng. Jehova o bile a hlalosa seo Kaine a neng a ka se etsa hore ‘a phahamisoe.’ (Genese 4:3-7) Ke ’nete hore Jehova o bontša bonolo ka tsela e phethahetseng.—Exoda 34:6.
Bonolo Boa Ipiletsa Ebile Boa Khatholla
7, 8. (a) Re ka utloisisa bonolo ba Jehova joang? (b) Mantsoe a Matheu 11:27-29 a senola eng ka Jehova le Jesu?
7 E ’ngoe ea litsela tse molemo ka ho fetisisa tsa ho utloisisa litšobotsi tsa Jehova tseo ho seng tse tšoanang le tsona ke ho ithuta ka bophelo ba Jesu Kreste le tšebeletso ea hae. (Johanne 1:18; 14:6-9) Ha Jesu a le Galilea selemong sa bobeli sa letšolo la hae la boboleli, o ile a etsa mesebetsi e mengata e matla Korazine, Bethsaida, Kapernauma le libakeng tse haufi. Leha ho le joalo, batho ba bangata ba ne ba ikhohomosa ’me ba iphapantse, ’me ba ile ba hana ho lumela. Jesu o ile a etsa joang? Le hoja ka tieo a ile a ba hopotsa ka liphello tsa ho hloka tumelo ha bona, o ile a qenehela boemo bo bohloko ba moea ba ʽam ha·ʼaʹrets, e leng mafutsana le batho feela.—Matheu 9:35, 36; 11:20-24.
8 Liketso tsa Jesu tse latelang li ile tsa bontša hore o “tseba Ntate ka botlalo” le hore oa mo etsisa. Jesu o ile a mema batho feela ka mofuthu, a re: “Tloong ho ’na, lōna bohle ba sehlang le ba imetsoeng, ’me ke tla le khatholla. Jarang joko ea ka ’me le ithute ho ’na, kaha ke na le maikutlo a bonolo ’me ke ikokobelitse pelong, ’me le tla fumanela meea ea lōna khatholoho.” E tlameha ebe mantsoe ao e ne e le a tšelisang le a khathollang hakaakang ho ba hateletsoeng! A ntse a ipiletsa le ho rōna kajeno. Haeba ka tieo re ikapesa bonolo, re tla ba har’a bao ‘Mora a ratang ho ba senolela’ Ntat’ae.—Matheu 11:27-29.
9. Ke tšobotsi efe e amanang le bonolo, ’me Jesu ke mohlala o motle joang ntlheng ee?
9 Bonolo bo amana haufi-ufi le boikokobetso, e leng ‘ho ikokobetsa pelong.’ Leha ho le joalo, boikakaso bo etsa hore motho a iphahamise ’me hangata bo etsa hore motho a tšoare ba bang ka tsela e bohale le e se nang kutloelo-bohloko. (Liproverbia 16:18, 19) Jesu o ile a bontša boikokobetso tšebeletsong ea hae ea lefatšeng. Esita leha a ne a kena Jerusalema a palame esele matsatsi a tšeletseng pele ho lefu la hae ’me a amoheloa joaloka Morena oa Bajuda, Jesu o ne a fapane haholo le babusi ba lefatše. O ile a phethahatsa boprofeta ba Zakaria bo buang ka Mesia, bo reng: “Bona! Morena oa hao o tla ho uena, a le maikutlo a bonolo, ’me a palame esele, e, petsana, se tsoetsoeng ke pelesa.” (Matheu 21:5; Zakaria 9:9) Moprofeta Daniele ea tšepahalang o ile a bona pono eo ho eona Jehova a neng a neha Mora oa hae matla a ho busa. Leha ho le joalo, boprofeteng boo a bo ngotseng pele ho moo, o ile a hlalosa Jesu e le “ea tlaase ka ho fetisisa oa moloko oa batho.” Ka sebele bonolo le boikokobetso lia sebelisana.—Daniele 4:17; 7:13, 14.
10. Ke hobane’ng ha bonolo ba Bokreste e se bofokoli?
10 Bonolo bo thabisang bo bontšoang ke Jehova le Jesu bo re thusa ho atamela ho bona. (Jakobo 4:8) Leha ho le joalo, ho hang bonolo hase bofokoli. Jehova, Molimo ea matla ’ohle, o bontša matla a maholo. Bohale ba hae bo tukela ba sa lokang. (Esaia 30:27; 40:26) Ka ho tšoanang, Jesu o ne a ikemiselitse hore a se ke a sekisetsa, esita leha a hlaseloa ke Satane Diabolose. Ha aa ka a mamella mekhoa ea khoebo e sa lumelloeng ke molao ea baeta-pele ba bolumeli ba mehleng ea hae. (Matheu 4:1-11; 21:12, 13; Johanne 2:13-17) Leha ho le joalo, o ile a sebetsa liphoso tsa barutuoa ba hae ka bonolo, ’me a mamella mefokolo ea bona. (Matheu 20:20-28) Setsebi se seng sa Bibele se ile sa hlalosa bonolo ka ho nepahetseng ka tsela ena: “Mosa o joalo o bontša matla a maholo.” E se eka re ka bontša tšobotsi ena e kang ea Kreste—e leng bonolo.
O ne a le Bonolo ho Feta Bohle Mehleng ea Hae
11, 12. Ka lebaka la tsela eo a hōlisitsoeng ka eona, ke eng se ileng sa etsa hore bonolo ba Moshe e be bo ikhethang?
11 Mohlala oa boraro oo re tla o hlahloba ke oa Moshe. Bibele e hlalosa hore “o ne a le bonolo haholo ho feta batho bohle ba neng ba le holim’a lefatše.” (Numere 12:3) Tlhaloso ena e ngotsoe ka tšusumetso ea Molimo. Bonolo bo ikhethang ba Moshe bo ile ba mo etsa hore a amohele tataiso ea Jehova.
12 Moshe o hōlisitsoe ka tsela e sa tloaelehang. Jehova o ile a etsa bonnete ba hore mora enoa oa batsoali ba tšepahalang ba Baheberu ha a bolaoe nakong ea ha ho ne ho e-na le bolotsana le lipolao. Bonyenyaneng ba hae, Moshe o ile a hlokomeloa ke ’m’ae, ea ileng a ba hlokolosi ho mo ruta ka Jehova, Molimo oa ’nete. Hamorao, Moshe o ile a tlosoa lapeng habo ho ea phela tlas’a maemo a fapaneng ka ho feletseng. Moshoela-tumelo oa Bokreste ba boholo-holo Setefane, o ile a re: “Moshe [o ile] a rupeloa ka bohlale bohle ba Baegepeta. Ha e le hantle, [Moshe] o ne a le matla mantsoeng le liketsong tsa hae.” (Liketso 7:22) Tumelo ea hae e ile ea bonahala ha a bona kamoo barab’abo ba neng ba tšoeroe ka leeme kateng ke batho ba Faro ba okametseng makhoba. Ka lebaka la ho bolaea Moegepeta eo a ileng a mo bona a otla Moheberu, Moshe o ile a tlameha ho baleha Egepeta a balehela naheng ea Midiane.—Exoda 1:15, 16; 2:1-15; Baheberu 11:24, 25.
13. Ho lula ha Moshe Midiane ka lilemo tse 40 ho ile ha etsa hore e be motho ea joang?
13 Ha Moshe a le lilemo li 40, o ile a tlameha ho ikhoantlella lefeelleng. Ha a le Midiane o ile a kopana le barali ba supileng ba Reuele ’me a ba thusa ho noesa mohlape o moholo oa ntat’a bona. Ha baroetsana bana ba khutlela lapeng, ka thabo ba ile ba hlalosetsa Reuele hore “Moegepeta ea itseng” o ba namoletse ho balisa ba neng ba ba tšoenya. Reuele o ile a kōpa Moshe hore a lule le lelapa la hae. Ha aa ka a hlonama ka lebaka la matšoenyeho ao a neng a fetile ho ’ona; ebile ha aa ka a mo sitisa ho fetola bophelo ba hae hore bo lumellane le maemo a macha. Takatso ea hae ea ho sebeletsa Jehova ha ea ka ea sisinyeha. Ka lilemo tse 40 tseo a ileng a alosa linku tsa Reuele ka tsona, a nyala Zipora, le ho hōlisa bara ba hae, Moshe o ile a ba le tšobotsi ena eo a tsejoang ka eona ’me o ile a e ntlafatsa. E, Moshe o ile a ithuta ho ba bonolo ka ho mamella matšoenyeho.—Exoda 2:16-22; Liketso 7:29, 30.
14. Hlalosa se ileng sa etsahala ha Moshe e ne e le moeta-pele oa Baiseraele se ileng sa bontša hore o bonolo.
14 Ka mor’a hore Jehova a mo khethele ho ba moeta-pele oa sechaba sa Iseraele, Moshe o ne a ntse a le bonolo. Mohlankana e mong o ile a tlalehela Moshe hore Eldade le Medade ba ne ba itšoara joaloka baprofeta ka liahelong—le hoja ba ne ba le sieo ha Jehova a tšollela moea oa hae ho banna ba hōlileng ba 70 ba neng ba lokela ho thusa Moshe. Joshua o ile a re: “Moshe moren’a ka, ba thibele!” Moshe o ile a araba ka bonolo a re: “Na ua mpoulella? Che, ke lakatsa eka batho bohle ba Jehova e ne e ka ba baprofeta, hobane Jehova o ne a tla beha moea oa hae ho bona!” (Numere 11:26-29) Bonolo bo ile ba etsa hore ba theole maikutlo.
15. Le hoja Moshe a ne a sa phethahala, ke hobane’ng ha mohlala oa hae e le oo re ka o latelang?
15 Ka lekhetlo le leng ho bonahala eka Moshe ha aa ka a ba bonolo. Ha ba le Meriba, haufi le Kadeshe, ha aa ka a lebisa tlotla ho Jehova, Moetsi oa Mehlolo. (Numere 20:1, 9-13) Le hoja Moshe a ne a sa phethahala, tumelo ea hae e sa thekeseleng e ile ea mo tšehetsa bophelong bohle ba hae, ’me le kajeno bonolo ba hae bo ikhethang bo ntse bo re khahla.—Baheberu 11:23-28.
Motho ea Thata le Motho ea Bonolo
16, 17. Ke temoso efe eo re e fumanang tlalehong ea Nabale le Abigaile?
16 Mohlala o lemosang ke oa mehleng ea Davida, nakoana ka mor’a lefu la moprofeta oa Molimo, Samuele. Ke oa banyalani, e leng Nabale le mosali oa hae, Abigaile. Banyalani bana ba ne ba fapane ka ho feletseng. Abigaile “o ne a le masene,” empa monna oa hae o ne a le “thata ebile a le liketso li mpe.” Ka mabifi Nabale o ile a hana ho fa banna ba Davida lijo ha ba mo kōpa, empa e le hore ba ile ba sireletsa mehlape e meholo ea Nabale masholung. Ho ne ho nepahetse hore ebe ka khalefo Davida le banna ba hae ba ile ba nka lisabole ’me ba ikemisetsa ho loantša Nabale.—1 Samuele 25:2-13.
17 Ha Abigaile a utloa se etsahetseng, ka potlako o ile a lokisa bohobe, veine, nama le mahobe a morara o omisitsoeng le a lifeiga eaba o khahlametsa Davida. O ile a mo kōpa ka tieo a re: “Phoso e be holim’a ka, moren’a ka; ka kōpo, e-re lekhabunyane la hao le bue moo u ntseng u utloa, ’me u mamele mantsoe a lekhabunyane la hao.” Pelo ea Davida e ile ea nolofatsoa ke kōpo ea Abigaile e etsoang ka bonolo. Ka mor’a ho mamela tlhaloso ea Abigaile, Davida o ile a re: “Ho bokoe Jehova Molimo oa Iseraele, ea u rometseng letsatsing lena ho tla kopana le ’na! Ho hlohonolofatsoe ho ba le kelello ha hao, ’me ho hlohonolofatsoe uena ea nthibetseng letsatsing lena ho kena molatong oa mali.” (1 Samuele 25:18, 24, 32, 33) Ho ba thata ha Nabale ho ile ha qetella ho mo bolaile. Botho ba Abigaile bo botle qetellong bo ile ba mo tlisetsa thabo ea ho ba mosali oa Davida. Bonolo ba hae ke mohlala ho bohle ba sebeletsang Jehova kajeno.—1 Samuele 25:36-42.
Phehella Bonolo
18, 19. (a) Ke liphetoho life tse totobalang ha re ikapesa bonolo? (b) Ke eng se ka re thusang hore re itlhahlobe ka katleho?
18 Kahoo, re tlameha ho ba bonolo. Hase feela ho ba mosa; ke tšobotsi e ipiletsang e bontšang botho bo khathollang ba bang. Nakong e fetileng, e ka ’na eaba re ne re tloaetse ho bua ka thata le ho itšoara ka mokhoa o seng mosa. Leha ho le joalo, ha re ithuta ’nete ea Bibele, re ile ra fetoha ’me ra ba batho ba mofuthu le ba ratehang. Pauluse o buile ka phetoho ena ha a ne a khothatsa Bakreste-’moho le eena, a re: “Le ikapese lerato le mofuthu la qenehelo, mosa, ho ikokobetsa kelellong, bonolo, le tiisetso.” (Bakolose 3:12) Bibele e tšoantša phetoho ena le ho fetoha ha libatana—tse kang phiri, lengau, tau, bere le masumu—hore e be liphoofolo tse ruuoang tse nang le khotso—tse kang konyana, potsanyane, namane le khomo. (Esaia 11:6-9; 65:25) Liphetoho tseo re li etsang e ba tse hlaheletseng hoo batho ba bang ba makalang ha ba li bona. Leha ho le joalo, rōna rea lumela hore re entse phetoho ena ka lebaka la moea oa Molimo, kaha bonolo ke e ’ngoe ea litholoana tsa oona tse babatsehang.
19 Na see se bolela hore ha re se re entse liphetoho tse hlokahalang le ho inehela ho Jehova, ha ho sa hlokahala hore re sebeletse ho ba bonolo? Ha ho joalo ka sebele. Ka mohlala, liphahlo tse ncha li hloka tlhokomelo kamehla hore li lule li hloekile ’me li shebahala hantle. Ho nyarela ka Lentsoeng la Molimo le ho thuisa ka mehlala e ka ho lona ho re thusa hore re lule re itlhahloba ka botšepehi. Seipone sa Lentsoe le bululetsoeng la Molimo se senola hore u motho oa mofuta ofe?—Jakobo 1:23-25.
20. Re ka atleha joang ho bontša bonolo?
20 Batho ha ba tšoane. Bahlanka ba bang ba Molimo ba nolofalloa ho feta ba bang ho ba bonolo. Ho sa tsotellehe seo, ho hlokahala hore Bakreste bohle ba sebeletse ho ba le litholoana tsa moea oa Molimo, tse akarelletsang bonolo. Pauluse ka lerato o ile a phehella Timothea a re: “U phehelle ho loka, boinehelo ba bomolimo, tumelo, lerato, mamello, maikutlo a bonolo.” (1 Timothea 6:11) Poleloana “u phehelle” e bontša hore ho hlokahala boiteko. Phetolelo e ’ngoe ea Bibele e fetolela khothatso ena e le ‘u behe pelo ea hao ho.’ (New Testament in Modern English, ea J. B. Phillips) Haeba u etsa boiteko ba ho thuisa ka mehlala e metle e ka Lentsoeng la Molimo, e ke ke ea hlakoha kelellong ea hao, e tla u khomarela. E tla bōpa botho ba hao e be e u tataise.—Jakobo 1:21.
21. (a) Ke hobane’ng ha re lokela ho phehella bonolo? (b) Ho tla tšohloa eng sehloohong se latelang?
21 Tsela eo re itšoarang ka eona ho batho ba bang e bontša hore na re bonolo hakae. Morutuoa Jakobo oa botsa, o re: “Ke mang ea bohlale le ea utloisisang har’a lōna? A ke a bontše mesebetsi ea hae ka boitšoaro ba hae bo botle ka bonolo bo tsamaisanang le bohlale.” (Jakobo 3:13) Re ka bontša tšobotsi ee ea Bokreste joang lapeng, tšimong le ka phuthehong? Sehlooho se latelang se fana ka tataiso e tla re thusa.
Tlhahlobo
• U ithutile eng ka tšobotsi ea bonolo mohlaleng oa
• Jehova?
• Jesu?
• Moshe?
• Abigaile?
• Ke hobane’ng ha ho hlokahala hore re phehelle bonolo?
[Setšoantšo se leqepheng la 16]
Ke hobane’ng ha Jehova a ile a amohela nyehelo ea Abele?
[Setšoantšo se leqepheng la 17]
Jesu o ile a bontša hore bonolo le boikokobetso lia sebelisana
[Setšoantšo se leqepheng la 18]
Moshe o ile a beha mohlala o motle oa bonolo