-
Ka Botšepehi Ikokobeletse Bolaoli bo Behiloeng ke MolimoMolula-Qhooa—2002 | August 1
-
-
13. (a) Ke hobane’ng ha e ne e le ho iketelletsa pele hore marabele a nyehele libano ka pel’a Jehova? (b) Jehova o ile a etsa’ng marabele ao?
13 Ho latela Molao oa Molimo, ke baprista feela ba neng ba ka nyehela libano. Taba feela ea hore ho thoe Molevi eo e seng moprista a nyehele libano ka pel’a Jehova, ekabe e ile ea etsa hore marabele ao a nahane. (Exoda 30:7; Numere 4:16) Kora le batšehetsi ba hae ha baa ka ba nahana! Letsatsing le hlahlamang o ile “a bokella phutheho eohle khahlanong le [Moshe le Arone] monyako oa tente ea pokano.” Tlaleho ea re bolella: “Joale Jehova a bua le Moshe le Arone, a re: ‘Ikaroleng har’a phutheho ena, hore ke e felise hang-hang.’” Empa Moshe le Arone ba rapella hore sechaba se pholosoe. Jehova o ile a utloa thapeli ea bona. Ha e le Kora le letšoele la hae, “mollo oa tsoa ho Jehova ’me oa chesa banna ba makholo a mabeli le mashome a mahlano ba neng ba nyehela libano.”—Numere 16:19-22, 35.c
-
-
Ka Botšepehi Ikokobeletse Bolaoli bo Behiloeng ke MolimoMolula-Qhooa—2002 | August 1
-
-
c Mehleng ea bapatriareka, hlooho ea lelapa le leng le le leng e ne e emela mosali le bana ba eona ka pel’a Molimo, ebile e nyehela mahlabelo lebitsong la bona. (Genese 8:20; 46:1; Jobo 1:5) Leha ho le joalo, ha ho thehoa Molao, Jehova o ile a khetha ba batona ba lelapa la Arone hore e be baprista bao mahlabelo a nyeheloang ka bona. Ho bonahala hore marabele ana a 250 a ne a sa ikemisetsa ho sebelisana le phetoho ena.
-