Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Haha Tšepo ho Jehova—Ka Ho Ithuta Lentsoe la Hae ka Matla
    Molula-Qhooa—1988 | August 15
    • 2 Ka hona Moshe o ile a phutha sechaba lithoteng tsa Moabe. Ka mor’a ho ikhopotsa histori ea bona e le sechaba le ho pheta Molao oa Molimo, Moshe a hlahisa ho ’nileng ha bitsoa tlhophiso ea hae ea mantsoe e phahametseng monahano. Ka puo ea boroki ba boleng bo phahameng ka ho fetisisa, a phehella Iseraele hore e tšepe Jehova ’me e mo utloe, “Molimo o tšepehang, o se nang bokhopo; o lokile, o khabane.” Ha a qetella, Moshe a ba khothatsa ka matla: “Beang lipelo tsa lōna tabeng tsohle tseo ke le pakelang tsona kajeno, le tle le li laele bana ba lōna, ba tle ba itise ho etsa ka lipolelo tsohle tsa molao oo. Hobane hase lentsoe la lefeela leo le le beeloang, empa ke bophelo ho lōna.”—Deuteronoma 32:4, 46, 47.

      ‘Ho Bea Lipelo Tsa Bona’ Lentsoeng la Molimo

      3, 4. (a) Baiseraele ba ne ba lokela ho ‘bea lipelo tsa bona’ ho eng, ’me hoo ho ne ho akarelletsa eng? (b) Meloko e latelang e ile ea sebelisa keletso ea Moshe joang?

      3 Moshe o ile a eletsa Baiseraele hore ba ‘bee lipelo tsa bona’ eseng feela pineng ea hae e susumetsang empa le mangolong ’ohle a halalelang. Ba ne ba lokela ho “mamela ka hloko” (Knox), ho “tiisa hore baa utloa” (Today’s English Version), kapa ho “thuisa” (The Living Bible) Molao oa Molimo. Ke feela ha ba o tseba ka ho phethahetseng ba neng ba ka ‘laela bara ba bona ho etsa ka lipolelo tsohle tsa molao ona.’ Ho Deuteronoma 6:6-8, Moshe o ngotse: “Litaelo tseo ke u laelang tsona kajeno, li be pelong ea hao. U tlo u li rute bana ba hao . . . U li tlame matsohong a hao hore e be lipontšo ho uena, ’me li be joale ka moqhaka phatleng pakeng tsa mahlo a hao.”

  • Haha Tšepo ho Jehova—Ka Ho Ithuta Lentsoe la Hae ka Matla
    Molula-Qhooa—1988 | August 15
    • Litokisetso Tsa Ho Ithuta Molao oa Molimo

      6, 7. (a) Jehova o ile a etsa litokisetso life ho etsa hore Baiseraele ba tsebe Molao oa Moshe? (b) E ka ’na eaba ho ne ho boetse ho khoneha joang hore batho ba Molimo mehleng ea boholo-holo ba rutoe Lentsoe la Molimo?

      6 Empa, Baiseraele ba ne ba ka ithuta melaoana e ka bang 600 ea Molao joang? Ha ho pelaelo hore qalong likopi tsa oona li ne li fumanoa seoelo. Morena oa ka moso oa Iseraele o ne a lokela hore“a ingolle buka ea molao oo, . . . a e bale ka matsatsi ’ohle a ho phela ha hae, a tle a ithute ho tšaba Jehova, Molimo oa hae, le ho boloka litaba tsohle tsa molao ona. ” (Deuteronoma 17:18, 19) Molimo o ile oa lokisetsa hore Molao oo o baloe ka mor’a lilemo tse ling le tse ling tse supileng Moketeng oa Metlotloane. (Deuteronoma 31:10-13) Le hoja ho se pelaelo hore ketsahalo e joalo e ne e le e hahang, e ne e hlaha seoelo haholo hore e ka fana ka tsebo e tebileng.

      7 Jehova o ile a boela a lokisetsa hore moloko oa Levi o ‘rute Jakobo likahlolo tsa Molimo ’me o rute Iseraele molao oa Molimo.’ (Deuteronoma 33:8, 10; bapisa Malakia 2:7.) Liketsahalong tse ling, Balevi ba ne ba tšoara liphutuho tsa ho ruta tse neng li etsetsoa sechaba sohle. (2 Likronike 17:7-9; Nehemia 8:7-9) Ho bonahala eka ka mor’a nako, batho ka kakaretso ba ne ba ka fumana bonyane likarolo tsa Lentsoe la Molimo.a Ke ka hona mopesaleme a neng a ka ngola: ‘Ho lehlohonolo motho ea ithabelang molaong oa Jehova, molao oa oona a o nahana motšehare le bosiu.’ (Pesaleme ea 1:1, 2) Ka hona khothatso e matla ea Moshe ea hore ba ‘bee lipelo tsa bona Lentsoeng la Molimo’ e ne e lekana le taelo ea hore ba ithute Bibele ka matla.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela