Haha Tšepo ho Jehova—Ka Ho Ithuta Lentsoe la Hae ka Matla
“Beang lipelo tsa lōna tabeng tsohle tseo ke le pakelang tsona kajeno . . . Hobane hase lentsoe la lefeela leo le le beeloang, empa ke bophelo ho lōna.”—DEUTERONOMA 32:46, 47.
1, 2. (a) Iseraele e ne e talimane le tebello efe ha e hlomme litente lithoteng tsa Moabe? (b) Moshe o ile a nea sechaba khothatso efe e matla?
KHEFU ea bona e telele lefeelleng e ne e atametse qetello ea eona. Ke Jordane e matsoelintsoeke feela e neng e arotse sechaba seo le Lefatše la Pallo leo e neng e le khale se le letetse. Leha ho le joalo, ho moeta-pele oa sechaba, Moshe, tebello ea ho kena lefatšeng leo e ne e etsa hore a nahane ka thata. O ne a hopola kamoo ka lekhetlo le leng le fetileng sechaba se ileng sa khoptjoa ka baka la ho hloka ha sona tšepo ho Jehova eaba se haneloa ho kena Kanana.—Numere 13:25–14:30.
2 Ka hona Moshe o ile a phutha sechaba lithoteng tsa Moabe. Ka mor’a ho ikhopotsa histori ea bona e le sechaba le ho pheta Molao oa Molimo, Moshe a hlahisa ho ’nileng ha bitsoa tlhophiso ea hae ea mantsoe e phahametseng monahano. Ka puo ea boroki ba boleng bo phahameng ka ho fetisisa, a phehella Iseraele hore e tšepe Jehova ’me e mo utloe, “Molimo o tšepehang, o se nang bokhopo; o lokile, o khabane.” Ha a qetella, Moshe a ba khothatsa ka matla: “Beang lipelo tsa lōna tabeng tsohle tseo ke le pakelang tsona kajeno, le tle le li laele bana ba lōna, ba tle ba itise ho etsa ka lipolelo tsohle tsa molao oo. Hobane hase lentsoe la lefeela leo le le beeloang, empa ke bophelo ho lōna.”—Deuteronoma 32:4, 46, 47.
‘Ho Bea Lipelo Tsa Bona’ Lentsoeng la Molimo
3, 4. (a) Baiseraele ba ne ba lokela ho ‘bea lipelo tsa bona’ ho eng, ’me hoo ho ne ho akarelletsa eng? (b) Meloko e latelang e ile ea sebelisa keletso ea Moshe joang?
3 Moshe o ile a eletsa Baiseraele hore ba ‘bee lipelo tsa bona’ eseng feela pineng ea hae e susumetsang empa le mangolong ’ohle a halalelang. Ba ne ba lokela ho “mamela ka hloko” (Knox), ho “tiisa hore baa utloa” (Today’s English Version), kapa ho “thuisa” (The Living Bible) Molao oa Molimo. Ke feela ha ba o tseba ka ho phethahetseng ba neng ba ka ‘laela bara ba bona ho etsa ka lipolelo tsohle tsa molao ona.’ Ho Deuteronoma 6:6-8, Moshe o ngotse: “Litaelo tseo ke u laelang tsona kajeno, li be pelong ea hao. U tlo u li rute bana ba hao . . . U li tlame matsohong a hao hore e be lipontšo ho uena, ’me li be joale ka moqhaka phatleng pakeng tsa mahlo a hao.”
4 Mohlalosi oa Bibele W. H. Davey o re bolella kamoo mehleng ea morao, mantsoe ana . . . “a ileng a hlalosoa ka mokhoa oa sebele ke Bajode, le kamoo tataiso eo a neng a e tšoere e ileng ea fetoloa e sebelisetsoang tumela-khoela. Litemana tse itseng . . . li ne li ngotsoe letlalong, ’me le roaloa sephakeng kapa phatleng nakong ea thapelo.” Ho ne ho jaroa mekotla e majaba-jaba ea matlalo e nang le mangolo, kapa lifilaktera, mehleng ea Jesu ’me e ntse e sebelisoa ke lihlotšoana tse itseng tsa Bajode kajeno. (Mattheu 23:5) Empa, Davey oa phaella: “Batho ka bohlale ba bona ba ne ba ikhotsofatsa ka ho tsamaea ba jarile kopi ea mantsoe feela a molao, ho e-na le ho bontša bophelong ba bona hore ba boloka taelo e teng moo.”
5. Tšebeliso e loketseng ea mantsoe a Moshe ho Deuteronoma 6:6-8 e ne e le efe?
5 Che, Molao oa Molimo o ne o sa lokela ho lula matsohong a bona a sebele kapa liphatleng tsa bona tsa sebele empa ‘lipelong tsa bona.’ Ka hore ba se be le tsebo feela empa hape ba be le kananelo e tebileng bakeng sa oona, ka mehla ba ne ba tla lula ba hopotse molao oo, joalokaha eka o ngotsoe letlapeng le ka pel’a mahlo a bona kapa o tlameletsoe matsohong a bona.
Litokisetso Tsa Ho Ithuta Molao oa Molimo
6, 7. (a) Jehova o ile a etsa litokisetso life ho etsa hore Baiseraele ba tsebe Molao oa Moshe? (b) E ka ’na eaba ho ne ho boetse ho khoneha joang hore batho ba Molimo mehleng ea boholo-holo ba rutoe Lentsoe la Molimo?
6 Empa, Baiseraele ba ne ba ka ithuta melaoana e ka bang 600 ea Molao joang? Ha ho pelaelo hore qalong likopi tsa oona li ne li fumanoa seoelo. Morena oa ka moso oa Iseraele o ne a lokela hore“a ingolle buka ea molao oo, . . . a e bale ka matsatsi ’ohle a ho phela ha hae, a tle a ithute ho tšaba Jehova, Molimo oa hae, le ho boloka litaba tsohle tsa molao ona. ” (Deuteronoma 17:18, 19) Molimo o ile oa lokisetsa hore Molao oo o baloe ka mor’a lilemo tse ling le tse ling tse supileng Moketeng oa Metlotloane. (Deuteronoma 31:10-13) Le hoja ho se pelaelo hore ketsahalo e joalo e ne e le e hahang, e ne e hlaha seoelo haholo hore e ka fana ka tsebo e tebileng.
7 Jehova o ile a boela a lokisetsa hore moloko oa Levi o ‘rute Jakobo likahlolo tsa Molimo ’me o rute Iseraele molao oa Molimo.’ (Deuteronoma 33:8, 10; bapisa Malakia 2:7.) Liketsahalong tse ling, Balevi ba ne ba tšoara liphutuho tsa ho ruta tse neng li etsetsoa sechaba sohle. (2 Likronike 17:7-9; Nehemia 8:7-9) Ho bonahala eka ka mor’a nako, batho ka kakaretso ba ne ba ka fumana bonyane likarolo tsa Lentsoe la Molimo.a Ke ka hona mopesaleme a neng a ka ngola: ‘Ho lehlohonolo motho ea ithabelang molaong oa Jehova, molao oa oona a o nahana motšehare le bosiu.’ (Pesaleme ea 1:1, 2) Ka hona khothatso e matla ea Moshe ea hore ba ‘bee lipelo tsa bona Lentsoeng la Molimo’ e ne e lekana le taelo ea hore ba ithute Bibele ka matla.
‘Ho Bea Lipelo Tsa Rōna’ Lentsoeng la Molimo Kajeno
8. Ke ho isa boholeng bofe Iseraele e ileng ea utloa khothatso e matla ea Moshe, ’me e le ka liphello life?
8 Iseraele e ile ea hlōleha ho utloa khothatso e matla ea Moshe. Ha sechaba se qetella se iketselitse ’muso oa sona oa borena ba tsoalo, ka ho totobetseng boholo ba marena a sona a ile a hlōleha ho ‘ingolla buka ea molao oo le ho e bala ka matsatsi ’ohle a ho phela ha ’ona.’ Nakong ea lekholo la bosupa la lilemo B.C.E., mehleng ea Morena Josiase, “buka ea molao” e ne e bile e lahlehile. (2 Marena 22:8-13) Ha ho pelaelo hore mohlala o mobe oa baeta-pele ba sechaba o ile oa etsa hore sechaba se potlakele ho oela bokoenehing. Ho netefatsa temoso ea Moshe, koluoa ea sechaba ea hlaha ka 607 B.C.E.—Deuteronoma 28:15-37; 32:23-35.
9. Boemo ba Bakreste kajeno bo tšoana le ba Baiseraele bao ba boholo-holo joang?
9 Joaloka Baiseraele ba boholo-holo, kajeno Bakreste ba eme moeling oa lefatše la pallo—lefatše le lecha la ho loka la Molimo. (2 Petrose 3:13) Ho bonahala ho se ho ka ’na ha hlaha liketsahalo tse tšosang: phatlalatso ea “khotso le tšireletseho,” ho oa ha “Babylona e moholo,” tlhaselo ea ‘Gogo oa Magogo.’ Liketsahalo tsena li tla leka tšepo eo re nang le eona ho Jehova. Ka hona, ho potlakile, hore re ‘bee lipelo tsa rōna lentsoeng la Molimo’ hona joale!—1 Ba-Thessalonika 5:3, NW; Tšenolo, khaolo 18; Ezekiele, khaolo 38.
10. Ke hobane’ng ha ba bang ba ka ’na ba khoehlisa boithutong ba botho?
10 Leha ho le joalo, ho etsa joalo e ka ba phephetso ea sebele ‘mehleng ena eo ho leng thata ho sebetsana le eona.’ (2 Timothea 3:1, NW) Mosebetsi oa boipheliso, khōliso ea bana, sekolo, le boikarabelo ba phutheho kaofela li ka hloka nako ea rōna e ngata. Ka baka leo, re ka ’na ra sekamela ho ikemela le ho khoehlisa boithutong ba rōna ba Bibele, re bea lebaka la hore ‘Ke etsa ho lekaneng feela hore ke ’ne ke tsoelle.’ Empa, Bibele e khothatsa Bakreste ka matla hore: “Thahasella lintho tsena, ikakhele ho tsona ka setōtsoana.” (1 Timothea 4:15, 16, TLP) A re ke re nahaneng ka mabaka a mang a matla a ho etsa joalo.
Ho Matlafatsa Kamano ea Rōna le Molimo
11, 12. (a) Ho fumana tsebo e tebileng haholoanyane ea Molimo ho ile ha ama Jobo joang? (b) Ke hobane’ng ha pono ea rōna ka Molimo e ka ba e hlakileng ho feta mehleng ea Jobo?
11 Jobo e ne e le motho “ea tšabang Molimo, ea sesefang bobe.” Empa ka mor’a hore Jehova a itšenole ka ho eketsehileng sefefong, Jobo o ne a ka re: “Ke ne ke utloile tsa hao ka litsebe feela; empa joale, mahlo a ka a u bone.” (Jobo 1:1; 42:5) Na kajeno re ka ‘bona’ Molimo, ke hore, re se o tsebe hanyenyane feela, re tsebe ka ho teba mahlakore a mangata a botho ba oona? Ka sebele re ka khona! Ka maqephe a Bibele, Jehova o senotse ho hongata ka eena ho feta hoo Jobo a neng a ho tseba.
12 Re na le pono e hlakileng haholoanyane ea botebo ba lerato la Molimo, kaha re tseba hore “o ratile lefatše hakalo, o bile oa le nea Mora oa oona ea tsoetsoeng a ’notši.” (Johanne 3:16) Ka boprofeta ba Bibele, re fumane kemiso ea mesebetsi ea Molimo—ho fihlela qetellong ea Lilemo tse Sekete! (Tšenolo, likhaolo 18–22) Re na le tlaleho ea litšebelisano tsa Molimo le phutheho ea Bokreste: ha o tlisa Balichaba ka hare ho eona, o khetha “mohlanka ea khabane, ea bohlale” hore a matlafatse batho ba oona, ha o bitsa “bongata bo boholo ba batho” bo nang le tšepo ea ho phela ka ho sa feleng paradeiseng lefatšeng. (Mattheu 24:45; Tšenolo 7:9, 14-17; Ba-Efese 3:3-6) Ka mor’a ho nyarela ka linthong tse tebileng tsa Molimo le ho nahanisisa ka mesebetsi ea oona e hlollang molemong oa rōna, ha ho letho leo re ka le etsang ha e se ho phatlalatsa: “A boliba ba monono, le ba bohlale, le ba tsebo ea Molimo!”—Ba-Roma 11:33.
13. Re ka ‘batla Molimo’ joang, ’me melemo ea ho etsa joalo ke efe?
13 Mopesaleme o itse: “Ke u batla ka pelo ea ka eohle.” Re ka etsa ho tšoanang ka hore letsatsi le leng le le leng re nahane ka boitsebiso ba Mangolo; hoo ho etsa ho hoholo ho matlafatsa kamano ea rōna le Jehova. Boithuto bo matla bo boetse bo thusa ho etsa hore metsamao ea rōna e ‘tiisoe re tle re boloke likomelo tsa Molimo.’—Pesaleme ea 119:5, 10.
Boithuto Bo Re Thusa Ho Sireletsa Tumelo ea Rōna
14. Bontša molemo oa ho ‘itokisetsa ho ikarabela’ ka tšepo ea rōna ea Bokreste.
14 Monna e mong oa Leghana o ile a bolella batho ba babeli ba neng ba tlile ha hae hore: “Lōna Lipaki ha ke le batle ha ka mona!” A tsoela pele ho halefela Lipaki tseo ka “ho se amohele litšelo tsa mali le ho se lumelise folaga ea sechaba.” Re atisa ho thulana le likhanyetso tse joalo tšebeletsong ea tšimo. E ne e tla ba nyeliso e kaakang—le tlotlollo—haeba re ne re ka sitoa ho “ikarabela, ka mosa le ka hlompho, ho ea le botsang tšepo e ho lōna”! (1 Petrose 3:15) Ka ho thabisang, Lipaki tsena li ile tsa khona ho sebelisa Bibele ka katleho ho hlalosa pono e loketseng ka mali le kamoo Mokreste a leka-lekanyang hlompho bakeng sa matšoao a sechaba le ho qoba borapeli ba melimo ea litšoantšo. Phello? Monna eo a khahloa ke likarabelo tsa bona tse tobileng. Kajeno, eena le mosali oa hae ke Lipaki tse kolobelitsoeng.
15. Boithuto ba botho bo re koetlisetsa tšebeletso ea rōna joang?
15 Pauluse oa phehella: “U tiee matla ho iketsa ea lumelehang ho Molimo, mosebeletsi ea se nang ho nyatsuoa, ea rutang lentsoe la ’nete ka ho loka.” Boithuto ba botho ha bo na ho re thusa feela hore rōna ka borōna re lule tseleng ea bophelo empa hape le hore re ‘phethehe, re koetlisetsoe’ ho thusa ba bang ho etsa joalo.—2 Timothea 2:15; 3:17, TLP.
Ho Hanyetsa Maraba a Satane
16. Maraba a mang a Satane a tobaneng le batho ba Jehova ke afe?
16 Kajeno, ho phatlalatsa ho re hlasela ka ho ipiletsa ho “takatso ea nama, le takatso ea mahlo, le boikhantšo joa bophelo.” (1 Johanne 2:16) Boitšoaro bo bobe ba botona le botšehali bo tlotlisoa ke mekhoa ea ho phatlalatsa ’me hangata bo buelloa ka cheseho ke bao motho a sebetsang le bona le bao a kenang sekolo le bona. Libuka tsa bokoenehi tse nang le tšusumetso e matla li ka ’na tsa romeloa malapeng a rōna re sa li kōpa. Ka baka la ho qetoa ke cheseho ea ho tseba litaba, baena ba bang ba ’nile ba bala boitsebiso bo joalo bo silafatsang—e leng ho ileng ha senya tumelo ea bona. Ho boetse ho na le moea oa boithati, oa nama “o busang joale ho bara ba ho se utloe.” Ho bonolo hakaakang hore motho a hahlameloe ke oona ’me a be le moea o mobe, oa ho nyatsa-nyatsa!—Ba-Efese 2:2, NW.
17, 18. Boithuto ba botho bo ka re thibela ‘ho suthela hole’ joang?
17 Ke ’nete hore ke ba seng ba kae ba ikisang ka ho toba lerabeng la Satane. Ho fapana le hoo, ka ho hlokomoloha boithuto ba botho, joaloka sekepana se lokolotsoeng ankoreng ea sona, butle-butle ba ntse ba “suthela hole” ’me ba fetoha bao tlhaselo ea Satane e lebaneng le bona ka ho khethehileng. (Ba-Heberu 2:1) Ka mohlala, moena e mong e mocha, o ile a kopanela boitšoarong bo bobe le ngoanana e mong sekolong. Oa hopola, “ke ile ka hlokomela hore lebaka le leholo la hore ke etse joalo e bile hore ke ne ke lapa moeeng. Ke ne ke sa ithute. Ke ka hoo ke ileng ka sitoa ho emela teko.” Leha ho le joalo, kemiso ea boithuto ba botho e ile ea thusa moena ho ba matla moeeng.
18 Satane o ikemiselitse ho timetsa ba bangata har’a batho ba Molimo ka hohle kamoo a ka khonang. Ka ho fepa likelello tsa rōna ka mehla ka lintho tse molemo tse tsoang Lentsoeng la Molimo le ho mohlokomeli oa hae ea tšepahalang, re ka qoba ho oela lerabeng. (Ba-Filippi 4:8) Ka Bibeleng le likhatisong tsa Mokhatlo oa Watch Tower ho na le likhopotso tse ngata tsa ho qoba lerato la lintho tse bonahalang, boitšoaro bo bobe ba botona le botšehali, monahano oa bokoenehi, le moea o mobe. Haeba ka sebele re ela hloko ka ho fetisisa, ha ho mohla re tla suthela hōle.
Litokisetso Tsa Mokhatlo o Hlophisitsoeng oa Jehova Ho Re Thusa
19. Leqhalaha la Ethiopia le bontša eng ka ho hloka ha rōna tataiso moeeng?
19 Ho ithuta ke mosebetsi o thata. Ka hona re ka leboha hore e be mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova o re nea thuso e khōlō. Lilemong tsa morao tjena ba bang ba ’nile ba bolela hore batho ka bomong ba lokela ho lumelloa hore ba hlalose Bibele ka bobona. Leha ho le joalo, leqhalaha la Ethiopia le ile la lumela pepenene hore le hloka tataiso moeeng. Joaloka mosokolohi e mocha ea bolotseng, ha ho pelaelo hore o ne a se a e-na le tsebo e itseng ea Bibele. ’Nete ea hore e be o ne a ka leka ho ithuta ntho e ’ngoe e tebileng joaloka boprofeta ba Esaia 53 e bontša sena. Empa, ha a botsoa hore na o utloisisa seo a se balang, a lumela: “Nka utloisisa joang ha e mong a sa nkenye tseleng?”—Liketso 8:26-33.
20. (a) Tse ling tsa litokisetso tseo mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova o li entseng ho re thusa boithutong ba rōna ba botho ba Bibele ke life? (b) U ikutloa joang ka litokisetso tse joalo?
20 Ka ho tšoanang, kajeno batho ba Jehova ba hloka ho tataisoa moeeng. Kaha ba lakatsa ho ‘bolela taba e le ’ngoe’ ha ba e-tla litabeng tsa moea, ba amohela thuso e fanoang ke mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova—’me eo ke thuso e hlollang hakaakang! (1 Ba-Korinthe 1:10) Re na le boitsebiso bo phallang ka mehla ka limakasine tsa Molula-Qhooa le Tsoha! Re na le libuka tse ngata le libukana tse boholo ba makasine tse ngata tse akaretsang lihlooho tse ngata tse fapaneng tsa Bibele. Babali ba buang Senyesemane ba hlohonolofalitsoe ka ho khethehileng ka ho ba le Watch Tower Publications Index 1930-1985, kofuto e ka thusang motho ho ‘batla bohlale joaloka silevera le ho bo batla joaloka letlotlo le patiloeng.’—Liproverbia 2:2-4, NW.
21. (a) Moapostola Pauluse o bontšitse thahasello boithutong ba botho joang? (b) Tse ling tsa litlhahiso tse ka thusang boithutong ba botho ke life?
21 Na u sebelisa monyetla o feletseng oa likhatiso tsa Mokhatlo ka ho li sebelisa bakeng sa ho ithuta le ho etsa lipatlisiso? Kapa likhatiso tse joalo li sebeletsa feela e le lintho tse khabisitseng rakeng ea libuka? Ho thahasellisang, Pauluse ha a le Roma o kile a laela Timothea hore a ‘mo tlele le libuka, haholo-holo tsa matlalo’; kamoo ho bonahalang kateng, totobetseng Pauluse o ne a bua ka likarolo tsa Mangolo a Seheberu. (2 Timothea 4:13, TLP) Ha ho pelaelo hore o ne a batla hore li be haufinyane e le hore a ka khona ho ithuta le ho etsa lipatlisiso. Haeba ha u e-s’o etse joalo, ke hobane’ng ha u sa qale ho bokella libuka pokellong ea hao ea likhatiso tsa puso ea Molimo e le hore le uena u ka etsa lipatlisiso? Boloka likhatiso tse joalo haufinyane, li hlophiloe hantle, li le makhethe, ’me li hloekile. Khetha sebaka sa ho ithuta se khutsitseng le se bonesitsoeng hantle. Etsa kemiso ea linako tsa boithuto ba botho ka mehla.
22. Ke hobane’ng ha ‘ho bea lipelo tsa rōna Lentsoeng la Molimo’ ho le bohlokoa haholoanyane kajeno ho feta leha e le neng pele?
22 Joaloka Baiseraele ba neng ba hlomme litente lithoteng tse nonneng tsa Moabe, re eme lintšing tsa lefatše le lecha. Ho feta leha e le neng pele, ho hlokahala hore re ithute Lentsoe la Molimo ka matla ’me re ‘lopolle nako’ bakeng sa boithuto, mohlomong ka ho tela lithahasello tse ling, tse kang ho shebella thelevishine. (Ba-Efese 5:16) Petrose o khothalelitse ka matla hore: “Le lapele, . . . lebese la moea, le sa tsoakoang, le tle le hōlele” eseng feela khōlong ea moea empa “poloko.” (1 Petrose 2:2; bapisa Ba-Heberu 5:12-14.) Bophelo ba rōna ka bobona boa ameha. Kahoo hanyetsa tšekamelo leha e le efe ea ho khoehlisa boithutong ba botho. Bo sebelise e le mokhoa oa ho tebisa lerato la hao ho Molimo le tšepo ea hao ho ’ona; hape ke tsela ea ho phahamisa kananelo ea hao bakeng sa mokhatlo o hlophisitsoeng oo a o sebelisang ho re thusa. E, ‘bea pelo ea hao’ Lentsoeng la Molimo, ka matla, ka mehla. “Hase lentsoe la lefeela leo le le beeloang, empa ke bophelo ho lōna.”
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Mehleng ea Bibele e ne e le tloaelo hore likarolo tse pshatlehileng tsa lijana tsa letsopa, kapa ostraca, li sebelisoe e le matlapa a ho ngola a theko e tlaase. The International Standard Bible Encyclopedia (1986) e re: “Ostraca e ne e ka sebelisoa esita le ke lihlopha tsa batho ba fumanehileng ka ho fetisisa, ba neng ba ke ke ba khona ho reka letho le leng leo ba ka ngollang ho lona.” Ha ho tsebjoe hore na ke ho isa boholeng bofe Baiseraele ba neng ba sebelisa ostraca ho ngola litemana tsa Bibele. Empa, ho thahasellisang, ostraca ea lekholong la bosupa la lilemo C.E. e nang le litemana tsa Bibele e ile ea fumanoa Egepeta, e leng ho bontšang mokhoa o mong oo ka oona batho ba tlaase ba neng ba ka fumana likarolo tse ling tsa Bibele.
Lintlha tsa Tlhahlobo
◻ Ke hobane’ng ha Moshe a ile a khothaletsa Baiseraele ka matla hore ba ‘bee lipelo tsa bona Lentsoeng la Molimo,’ ’me ba ne ba lokela ho etsa see joang?
◻ Ke joang boithuto ba botho bo matlafatsang kamano ea rōna le Molimo le ho re thusa ho sireletsa tumelo ea rōna?
◻ Boithuto ba botho bo phetha karolo efe ho hanyetseng ha rōna maraba a Satane?
◻ Mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova o entse litokisetso life ho re thusa boithutong ba rōna ba Lentsoe la Molimo?
[Setšoantšo se leqepheng la 11]
Ho e-na le ho ngola Molao oa Molimo lipelong tsa bona, Bajode ba ne ba itlamella ka mekotla ea matlalo e nang le mangolo