Ka Tumelo, Barake o Ile a Qhalakanya Lebotho le Matla
AK’U ipone u talimane le lebotho la masole a mabifi. Le hlometse ka libetsa tsa morao-rao, ’me le loketse ho li sebelisa. Uena le bo-mphato ba hao le bonahala le se na matla a ho itoanela ka pel’a lona.
Barake, Debora le Baiseraele ba bang ba 10 000 ba ile ba feta boemong bo tšoanang le boo nakong ea baahloli ba Iseraele. Mabotho a lireng e ne e le a Bakanana ba neng ba etelletsoe pele ke molaoli oa lebotho ea bitsoang Sisera. Pokellong ea ’ona ea libetsa ho ne ho e-na le likoloi tsa ntoa, tseo mabili a tsona a neng a e-na le mahare a kotsi a tšepe. Lintho tsena li etsahetse Thabeng ea Tabore le molatsoaneng o phoroselang oa Kishone. Se etsahetseng moo se bontša hore Barake e ne e le monna ea nang le tumelo e ka etsisoang. Hlokomela liketsahalo tse etsahetseng pele ho ntoa eo.
Baiseraele ba Hoeletsa ho Jehova
Buka ea Baahloli e bolela kamoo Baiseraele ka makhetlo a mangata ba ileng ba ’na ba furalla borapeli bo hloekileng hape e re bolella le ka liphello tse bohloko tsa liketso tse joalo. Ketsahalong ka ’ngoe, ba ne ba etsa boipiletso bo tiileng ba kōpa mohau oa Molimo, ebe Molimo o khetha molopolli, ba lokolohe, ’me ka mor’a moo ba khutlele borabeleng ba bona. Ho latela tloaelo eo ea bona, “bara ba Iseraele ba boela ba qala ho etsa se sebe mahlong a Jehova kaha joale Ehude [e leng moahloli ea ileng a ba lopolla khatellong ea Bamoabe] o ne a shoele.” Ha e le hantle, ba ile “ba qala ho khetha melimo e mecha.” Phello ea e-ba efe? “Kahoo Jehova a ba rekisetsa Jabine morena oa Kanana, ea neng a busa Hazore; molaoli oa lebotho la hae e ne e le Sisera . . . Bara ba Iseraele ba qala ho hoeletsa ho Jehova, hobane [Sisera] o ne a e-na le likoloi tsa ntoa tse nang le mahare a tšepe tse makholo a robong, ’me o ne a hateletse bara ba Iseraele ka thata ka lilemo tse mashome a mabeli.”—Baahloli 4:1-3; 5:8.
Ha Mangolo a bua ka bophelo bo neng bo pheloa Iseraele a re: “[Matsatsing ao] litsela li ne li se na sephethephethe, ’me ba tsamaeang litseleng ba ne ba tsamaea ka litsela tse potolohang. Ba lulang naheng e sabaletseng ba ile ba fela.” (Baahloli 5:6, 7) Batho ba ne ba tšaba lihlopha tse futuhang tsa bakhanni ba likoloi tsa ntoa. Setsebi se seng se re: “Batho ba ne ba phela ka tšabo Iseraeleng, sechaba sohle se ne se bonahala se le matsoalong se bile se sa khone ho itšireletsa.” Kahoo joalokaha ba ne ba ile ba ’na ba etsa ka makhetlo, Baiseraele ba neng ba feletsoe ke tšepo ba ile ba hoeletsa ho Jehova hore a ba thuse.
Jehova o Khetha Moeta-pele
Khatello ea Bakanana e ile ea fetoha nako ea maqakabetsi sechabeng sa Iseraele. Molimo o ile a sebelisa moprofeta oa mosali ea bitsoang Debora hore a bolele likahlolo le litaelo tsa hae. Jehova o ile a mo fa tlotla ea ho ba ’mè oa tšoantšetso Iseraele.—Baahloli 4:4; 5:7.
Debora o ile a romeletsa hore ho latoe Barake eaba o re ho eena: “Na Jehova Molimo oa Iseraele ha aa fana ka taelo? ‘E-ea ’me u ikabe Thabeng ea Tabore, u nke banna ba likete tse leshome ho bara ba Nefthali le ho bara ba Zabulone. Ka sebele ke tla hulela ho uena phuleng ea molapo o phoroselang ea Kishone, Sisera molaoli oa lebotho la Jabine le likoloi tsa hae tsa ntoa le bongata ba hae ’me ke tla nehelana ka eena letsohong la hao.’” (Baahloli 4:6, 7) Ha Debora a ne a re, ‘na Jehova ha aa fana ka taelo?’ o ile a hlakisa hore o ne a se na matla le a manyenyane holim’a Barake. Ke feela hore o ne a sebetsa e le mocha oo Molimo a neng a o sebelisa hore a fetise litaelo tsa Hae. Barake o ile a itšoara joang?
Barake o ile a re: “Haeba u tla ea le ’na, ka sebele le ’na ke tla ea; empa haeba u sa ee le ’na, nke ke ka ea.” (Baahloli 4:8) Ke hobane’ng ha Barake a ne a le leqe ho amohela boikarabelo boo Molimo a neng a mo file bona? Na o ne a bontša bokoala? Na o ne a haelloa ke tšepo ea hore litšepiso tsa Molimo li ne li tla phethahala? Le hanyenyane. Barake ha aa ka a hana kabelo eo ebile ha aa ka a hlompholla Jehova. Ho e-na le moo, karabo ea hae e ile ea bontša hore o ne a halala hore a ka phetha a le mong taelo eo Molimo a neng a mo file eona. Ho ba teng ha moemeli oa Molimo ho ne ho tla etsa hore eena le banna ba hae ba fumane tataiso ea Molimo ’me ho ne ho tla ba fa sebete. Kahoo, ho e-na le ho ba pontšo ea hore Barake o ne a fokola, maemo ao a buileng ka ’ona a bontša hore o ne a e-na le tumelo e matla.
Boitšoaro ba Barake bo ka bapisoa le ba Moshe, Gideone le Jeremia. Banna bana le bona ba ne ba sa itšepe hore ba ka phetha mesebetsi eo Molimo a neng a ba file eona. Empa seo ha sea ka sa etsa hore ba nkoe ba sa tšepahale. (Exoda 3:11–4:17; 33:12-17; Baahloli 6:11-22, 36-40; Jeremia 1:4-10) ’Me ho ka thoe’ng ka boitšoaro ba Debora? Ha aa ka a leka ho inkela marapo. Ho fapana le moo, o ile a lula e le mohlanka oa Jehova ea ikokobelitseng. O ile a re ho Barake: “Ruri ke tla ea le uena.” (Baahloli 4:9) O ne a ikemiselitse ho tloha lapeng—e leng sebaka se sireletsehileng haholoanyane—hore a e’o ba le Barake ntoeng e neng e larile ka pele. Debora le eena o ile a beha mohlala o ka lateloang oa tumelo le sebete.
Ba Ile ba Latela Barake ka Tumelo
Sebaka seo mabotho a Iseraele a neng a il’o bokana ho sona e ne e le thaba e hlahelletseng e bitsoang Tabore. Ho ne ho khethiloe sebaka se setlehali. E ne e le sebaka seo ho neng ho tloaelehile hore meloko ea Nefthali le Zabulone, e neng e lula haufi le moo, e bokane ho sona. Kahoo joalokaha Molimo a ne a laetse, baithaopi ba likete tse leshome—le Debora—ba ile ba latela Barake, ba hloa thaba ena.
Bohle ba neng ba ikopantse le Barake ba ne ba lokela ho ba le tumelo. Jehova o ne a tšepisitse Barake hore o ne a tla hlōla Bakanana, empa Baiseraele ba ne ba e-na le libetsa tsa mofuta ofe? Baahloli 5:8 e re: “Thebe e ne e sa bonoe, kapa lerumo, har’a ba likete tse mashome a mane Iseraele.” Kahoo Baiseraele ba ne ba hlometse habobebe. Ho feta moo, ho hlakile hore marumo le lithebe e ne e se letho ha li bapisoa le likoloi tsa ntoa tse nang le mahare a tšepe. Eitse hoba Sisera a utloe hore Barake o nyolohetse Thabeng ea Tabore, hang-hang a khobokanya likoloi tsohle tsa hae tsa ntoa le mabotho a hae ho ea molatsoaneng o phoroselang oa Kishone. (Baahloli 4:12, 13) Ntho eo Sisera a ileng a hlōleha ho e elelloa ke hore o ne a tla be a loana le Molimo ea Matla ’Ohle.
Barake o Qhalakanya Lebotho
Eitse ha ntoa e se e tla loana, Debora o ile a re ho Barake: “Ema, etsoe lena ke letsatsi leo ka sebele Jehova a tla nehelana ka Sisera letsohong la hao. Na hase Jehova ea tsoileng ka pel’a hao?” Barake le banna ba hae ba ne ba lokela ho theoha qhooeng ea Thaba ea Tabore ba ee lithoteng, empa moo likoloi tsa Sisera tsa ntoa li ne li tla be li le botleng. U ka be u ile ua ikutloa joang haeba u ne u le lebothong la Barake? Na u ka be u ile ua mamela kapele, ua hopola hore tataiso e tsoa ho Jehova? Barake le banna ba hae ba likete tse leshome ba ile ba mamela. “Jehova a qala ho ferekanya Sisera le likoloi tsohle tsa hae tsa ntoa le liahelo tsohle ka bohale ba sabole ka pel’a Barake.”—Baahloli 4:14, 15.
Barake o ile a qhalakanya lebotho la ntoa la Sisera ka thuso ea Jehova. Tlaleho ea ntoa eo ha e re bolelle lintlha tsohle tsa se etsahetseng. Leha ho le joalo, pina ea tlhōlo ea Barake le Debora e re ‘maholimo le maru a ile a rotha metsi.’ Kamoo ho bonahalang kateng, pula ea lifefo e ile ea etsa hore likoloi tsa Sisera tsa ntoa li tetebele seretseng, e leng se ileng sa beha Barake ka botleng. Kahoo likoloi tsa ntoa tseo Bakanana ba neng ba tšepetse ho tsona li ile tsa ba bakela bothata. Ha pina eo e bua ka banna ba Sisera ba shoeleng, e re: “Molapo o phoroselang oa Kishone oa ba hohola.”—Baahloli 5:4, 21.
Na se boleloang moo ke ’nete? Phula ea molapo o phoroselang oa Kishone ke nōkana eo hangata e bang le metsi a fokolang. Ka mor’a likhohola kapa lipula tse nang ka nako e telele, ho tloaelehile hore melatsoana e joalo ha e tletse e fetohe nōkana e phallang ka potlako le e kotsi. Nakong ea Ntoa ea I ea Lefatše, pula ea litloebelele e ileng ea na sebakeng sona seo ka metsotso e 15 feela, ho boleloa hore e ile ea sitisa bapalami bohle ba lipere ho tsamaea sebakeng seo. Litlaleho tsa ntoa ea Thabeng ea Tabore e neng e le pakeng tsa Napoleon le Maturkey ka la 16 April, 1799, li bolela hore “[Maturkey] a mangata a ile a qoela ha a ne a leka ho baleha ka ho tšelela karolong e ’ngoe ea thota ea Kishone e neng e koahetsoe ke metsi.”
Rahistori oa Mojuda Flavius Josephus o bolela hore ha mabotho a Sisera le a Barake a le haufi le ho kopana, “ho ile ha hlaha sefefo se matla leholimong, se e-na le pula ea litloebelele le sefako, ’me moea o ile oa fefolela pula ka lifahlehong tsa Bakanana, eaba e ba thiba mahlo hoo metsu ea bona le matjeketjane a sa kang a ba thusa ka letho.”
Baahloli 5:20 e re: “Linaleli tsa loana leholimong, tsa loantša Sisera litseleng tsa tsona.” Linaleli li ile tsa loana le Sisera joang? Batho ba bang ba nka hore polelo ena e bua ka thuso e tsoang ho Molimo. Ba bang ba bolela hore e ka ’na eaba ho buuoa ka thuso ea mangeloi, kapa hore ho ile ha theoha majoe a tsoang lipolaneteng tse ling, ha ka lehlakoreng le leng ba bang ba re ho buuoa ka ho itšetleha ha Sisera ka bonohe ba linaleli ho ileng ha fetoha lefeela. Kaha Bibele ha e re hlalosetse kamoo linaleli li ileng tsa loana kateng ntoeng ena, ho bonahala ho lekane ho utloisisa polelo eo e le e bontšang hore Molimo o ile a namolela lebotho la Iseraele ka tsela e itseng. Ho sa tsotellehe hore na ho etsahetse’ng, Baiseraele ba ile ba sebelisa boemo boo ka ho feletseng. “Barake a lelekisa likoloi tsa ntoa . . . hoo liahelo tsohle tsa Sisera li ileng tsa oa ka bohale ba sabole. Ha hoa ka ha sala le ea mong.” (Baahloli 4:16) Molaoli ea ka sehloohong oa lebotho leo, Sisera, o ile a fella kae?
Mohlorisi o Oela “Letsohong la Mosali”
Bibele e re: “Ha e le Sisera, [o ile a khōla phalo] a balehela ka maoto tenteng ea Jaele mosali oa Hebere Mokene, etsoe ho ne ho e-na le khotso pakeng tsa Jabine morena oa Hazore le ba ntlo ea Hebere Mokene.” Jaele o ile a kōpa Sisera ea khathetseng hore a fapohele tenteng ea hae, a mo fa lebese eaba oa mo koahela, hoo a ileng a ea le sephume sa boroko. Ka mor’a moo, Jaele “a nka thakhisa ea tente ’me a tšoara hamore letsohong la hae,” e leng lintho tseo batho ba lulang litenteng ba li sebelisang khafetsa. “Joale a ea ho eena a nyonyoba eaba o khokhothela thakhisa litlhafunelong tsa hae ’me o e khokhothella fatše, ha a ntse a khalehile ’me a khathetse. Kahoo a shoa.”—Baahloli 4:17-21.
Joale Jaele a tsoa hore a khahlanyetse Barake eaba o re ho eena: “Tloo ’me ke tla u bontša motho eo u mo batlang.” Tlaleho eo e phaella ka ho re: “Kahoo a kena ho eena, ’me, bonang! Sisera o ne a shoele, thakhisa e le litlhafunelong tsa hae.” E tlameha ebe phihlelo ee e ile ea matlafatsa tumelo ea Barake hakaakang! Pejana Debora, moprofeta oa mosali, o ne a ile a re ho eena: “Mokhabiso e ke ke ea e-ba oa hao tseleng eo u e tsamaeang, kaha Jehova o tla rekisa Sisera letsohong la mosali.”—Baahloli 4:9, 22.
Na ketso ea Jaele ho ka thoe ke bononnori? Jehova ha aa ka a e talima joalo. Pina ea tlhōlo ea Barake le Debora e ne e re: “O tla hlohonolofatsoa ka ho fetisisa har’a basali tenteng.” Pina eo e re thusa hore re be le pono e nepahetseng ka lefu la Sisera. ’M’ae o hlalosoa a ne a mo letetse ka matla hore a khutle ntoeng. Oa botsa: “Ke hobane’ng ha koloi ea hae ea ntoa e liehile ho tla?” “Ba bohlale ho mafumahali a hae a hlomphehang” ba leka ka matla ho mo khoba matšoafo ka ho re e ka ’na eaba Sisera o ntse a arola thepa e hapuoeng ntoeng—e leng liaparo tse khabisitsoeng le ho abela banna banana. Mafumahali ao a mo botsa, a re: “Na ha baa tšoanela ho fumana, na ha baa tšoanela ho aba thepa e hapuoeng, pōpelo—lipōpelo tse peli [polelo eo masole a e buang ha a bua ka basali ba lirethe ba hapuoeng] ho monna e mong le e mong ea shahlileng, thepa e hapuoeng ea lintho tse fetotsoeng ’mala bakeng sa Sisera . . . Seaparo se khabisitsoeng, ntho e fetotsoeng ’mala, liaparo tse peli tse khabisitsoeng bakeng sa melala ea banna ba hapileng thepa?”—Baahloli 5:24, 28-30.
Seo re Ithutang Sona
Tlaleho ena ea Barake e re ruta lithuto tsa bohlokoa. Ka sebele mathata le ho tsieleha, ke lintho tse tla hlasela bohle ba qhelelang Jehova ka thōko bophelong ba bona. Ba khutlelang ho Molimo ka ho baka le ka ho sebelisa tumelo ho eena ke bona ba tla lokoloha khatellong ea mefuta e fapa-fapaneng. Kahoo na ha rea lokela ho sebeletsa ho ba le moea oa boikokobetso? Le haeba melao ea Molimo e ka bonahala e sa lumellane le mabaka ao ka botho re ka ’nang ra ipehela oona, re ka kholiseha hore kamehla litaelo tsa hae li tla lula li le molemong oa rōna ka nako e telele. (Esaia 48:17, 18) Ke feela ka ho bontša tumelo ho Jehova le ka ho mamela litaelo tsa Molimo Barake a ileng a “qhalakanya mabotho a basele.”—Baheberu 11:32-34.
Pina ea Debora le Barake e qetella ka mantsoe ana a amang maikutlo: “Lira tsohle tsa hao li ke li timele, Jehova, ’me ba u ratang ba be joaloka letsatsi ha le hlaha ka matla a lona.” (Baahloli 5:31) See e tla ba ’nete e kaakang ha Jehova a felisa lefatše le khopo la Satane!
[Setšoantšo se leqepheng la 29]
Jehova o ile a sebelisa Debora ho bitsa Barake
[Setšoantšo se leqepheng la 31]
Nōka ea Kishone e jele litlhokoa ho ea fihla mabōpong a eona
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Pictorial Archive (Near Eastern History) Est.
[Setšoantšo se leqepheng la 31]
Thaba ea Tabore