Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • “Bohlale bo ho ba Inyenyefatsang”
    Molula-Qhooa—2000 | August 1
    • 12. Gideone o ile a bontša temoho joang ha a phethahatsa kabelo ea hae?

      12 Pele Jehova a romela Gideone ntoeng, o ile a mo leka. Joang? Gideone o ile a bolelloa hore a qhaqhe aletare ea Baale ea ntat’ae le hore a reme palo e halalelang e neng e eme pel’a eona. Kabelo ena e ne e tla hloka sebete, empa Gideone le eena o ile a bontša boinyenyefatso le temoho tseleng eo a ileng a e phethahatsa ka eona. Ho e-na le ho mema mahlo a batho, Gideone o ile a sebetsa bosiu ha ho ne ho ka etsahala hore a se ke a bonoa ke motho. Ho feta moo, Gideone o ile a phetha kabelo ea hae ka hloko kamoo ho tšoanetseng. O ile a nka bahlanka ba leshome—mohlomong e le hore ba bang ba ka ema e le balebeli ha ba bang ba ntse ba mo thusa ho senya aletare le palo e halalelang.b Ho sa tsotellehe hore na boemo e ne e le bofe, ka tlhohonolofatso ea Jehova, Gideone o ile a phethahatsa kabelo ea hae, ’me ka nako ea teng Molimo o ile a mo sebelisa hore a lokolle Baiseraele ho Bamidiane.—Baahloli 6:25-27.

  • “Bohlale bo ho ba Inyenyefatsang”
    Molula-Qhooa—2000 | August 1
    • b  Temoho ea Gideone le ho ba hlokolosi ha hae ha lia lokela ho nkoa e le bokoala. Ho fapana le hoo, sebete sa hae se tiisoa ke Baheberu 11:32-38, e akarelletsang Gideone har’a ba ileng “ba etsoa ba matla” le ba ileng “ba fetoha ba sebete ntoeng.”

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela