‘E ne e le Nako Mang?’
‘KE NAKO mang?’ U kile ua botsa potso ee hangata hakae? Mehleng ea kajeno e potlakileng, ka mehla re amehile ka nako. Bongata ba mesebetsi ea rōna ea letsatsi le letsatsi—ho tsoha hoseng, ho ea mosebetsing, ho ja, ho kopana le metsoalle, joalo-joalo—lintho tsena li laoloa ke nako ka ho felletseng. ’Me re itšetlehile ka lisebelisoa tse ngata—lioache tsa maboteng, lioache tse nyenyane, lialamo, lia-le-moea—hore li re bontše nako.
Ho thoe’ng ka linakong tsa Bibele moo batho ba neng ba se na lisupa-nako tse tšoanang le tsa rōna? Ba ne ba bala nako joang? Na tlaleho ea Bibele e re fa mohlala leha e le ofe oa see? Ho tseba nako ea letsatsi eo ketsahalo e itseng ea Bibele e ileng ea etsahala ka eona ho ka etsa hore u be le temohisiso e ncha ea Lentsoe la Molimo ’me ha eketsa thabo ea hao ea ho ithuta Bibele.
Lisupa-nako Tseo Molimo o Faneng ka Tsona
Mehleng ea pele, nako eo ketsahalo e etsahetseng ka eona e ne e atisa ho tšoauoa ka ho sheba letsatsi kapa khoeli, “maseli a mabeli a maholo” ao ’Mōpi a neng a a behile sebakeng sa maholimo “ho arohanya motšehare ho bosiu.” (Genese 1:14-16) Ka mohlala, e ne e le “ha meso e hlaha” ha mangeloi a mabeli a phehella Lota le lelapa la hae ho baleha motseng oa Sodoma o ahlotsoeng. (Genese 19:15, 16) ’Me e ne e le “nakong ea mantsiboea” ha mohlanka ea tšepahalang oa Abrahama a fihla selibeng seo a ileng a kopana le Rebeka ho sona.—Genese 24:11, 15.
Ka linako tse ling, ho fanoa ka nako e nepahetseng. Ka mohlala, Abimeleke, mora ea mabifi oa Moahloli oa Gideone, o ile a eletsoa hore a timetse motse oa Sikeme “ka meso, ha letsatsi le chaba.” (Baahloli 9:33) Kamoo ho bonahalang ka teng ho ne ho e-na le lebaka le utloahalang la sena. Ho phatsima ha letsatsi ha le phahama ka mor’a makhotla a Abimeleke ho tlameha ebe ho ile ha thatafalletsa makhotla a Sikeme ho lemoha lekhotla le ba hlaselang ‘moriting oa lithaba.’—Baahloli 9:36-41.
Ho Boleloa ha Nako ho Ipapisitsoe le Lipolelo tse Tloaelehileng Sebakeng Seo
Baheberu ba ne ba sebelisa lipolelo tse hohelang le tse thahasellisang ha ba bolela nako. Ha li etse feela hore re elelloe tikoloho le litloaelo tsa moo ketsahalo e ileng ea etsahala empa hape li senola ho hong ka maemo a ketsahalo.
Ka mohlala, Genese 3:8, (NW) e re bolella hore e ne e le “karolong ea letsatsi e moea o pholileng” ha Jehova a ne a bua le Adama le Eva letsatsing leo ka lona ba neng ba entse sebe. Ho utloisisoa hore e ne e le ha letsatsi le se le tla likela ha moea o pholileng o foka, o tlisa khatholoho ka mor’a letsatsi le chesang. Hangata, ha letsatsi le ea qetellong, ke nako ea ho khatholoha le ho phomola. Leha ho le joalo, Jehova ha aa ka a fanyeha taba e tšoanelang kahlolo e tebileng ho fihlela letsatsing le latelang ha nako ea ho e sebetsa e ntse e le teng.
Ka lehlakoreng le leng, Genese 18:1, 2, (NW) e bontša hore lengeloi la Jehova le ile la fihla tenteng ea Abrahama e Mamre “motšehare ha ho chesa.” Nahana ka letsatsi la motšehare o moholo le otlang ka holimo lithabeng tsa Judea. Mocheso e ne e ka ba o tepelletsang. E ne e le nako e tloaelehileng ea ho ja le ho phomola. (Bona Genese 43:16, 25; 2 Samuele 4:5.) Ka lebaka leo, Abrahama o ne a “lutse monyako oa tente,” moo e ka ’nang eaba moea o ne o foka hanyenyane, mohlomong a phomotse hanyenyane ka mor’a ho ja. Re ka utloisisa haholoanyane ho amohela baeti ka mofuthu ha monna enoa ea hōlileng ha re bala hore o ‘ile a mathela ho khahlanyetsa’ baeti bana ’me joale a “potlakela ho Sara, ka tenteng” ho mo bolella hore a lokise bohobe, ka mor’a moo o ile a “mathela mohlapeng oa likhomo” ’me a ‘phakisa a lokisa nama.’ Tsena tsohle a li etsa mochesong oa letsatsi!—Genese 18:2-8, BPN.
Linako tsa Bosiu tsa Baheberu
Kamoo ho bonahalang ka teng Baheberu ba ne ba arotse bosiu ka linako tse tharo, tse bitsoang “litebelo.” E ’ngoe le e ’ngoe ea tsona e ne e akaretsa karolo ea boraro ea nako e lipakeng tsa ha letsatsi le likela le ha le chaba, kapa lihora tse ka bang ’nè, ho latela nako ea selemo. (Pesaleme ea 63:6) E ne e le ha “ho sa qaloa tebelo ea bosiu bo boholo,” e neng e qala ka hora ea leshome bosiu ho fihlela ka hora ea bobeli hoseng, ha Gideone a hlasela kampo ea Midiane. Tlhaselo e neng e etsoa ka nako ena e ne e tla tsometsa balebeli. Ruri, Gideone ea hlokolosi o ne a ke ke a khetha nako e loketseng ho feta ena bakeng sa tlhaselo ea hae!—Baahloli 7:19.
Ka nako ea ho Falla Egepeta, Jehova o ile “a suthisa leoatle ka moea o matla oa bochabela o fokang ka bosiu bohle,” e le hore Baiseraele ba tšele moo ho omileng. Nakong eo Baegepeta ba ba fumanang, e ne e se e le “tebelo ea meso,” ’me Jehova a ferekanya Baegepeta, qetellong a ba timetsa ka ho etsa hore metsi a ‘khutlele tulong tsa ’ona ha bosiu bo e-sa.’ (Exoda 14:21-27) Kahoo ho nkile hoo e ka bang bosiu bohle hore leoatle le arohane le hore bana ba Iseraele ba tšele ho lona.
Lekholong la Pele la Lilemo
Lekholong la pele la lilemo, Bajode ba ne ba se ba sebelisa mokhoa oa ho bala lihora tse 12 letsatsi ka leng. Ke ka baka leo ho e ’ngoe ea lipapiso tsa hae, Jesu a itseng: “Na hora ha li leshome le metso e ’meli ho letsatsi le le leng na?” (Johanne 11:9) Lihora tsena li ne li baloa ho tloha ha letsatsi le chaba ho fihlela ha le likela, kapa hoo e ka bang ho tloha ka hora ea botšelela hoseng ho fihlela ka hora ea botšelela mantsiboea. Kahoo, “hora ea boraro” e ne e tla ba hoo e ka bang hora ea borobong hoseng. E ne e le ka nako ena letsatsing la Pentekonta ha moea o halalelang o ne o tšolloa. Ha batho ba ne ba qosa barutuoa ka hore ba “khotše veine,” Petrose o ile a potlakela ho thibela qoso ena. Ruri ha ho motho ea ka tahoang hoseng hakana!—Liketso 2:13, 15.
Ka tsela e tšoanang, polelo ea Jesu “sejo sa ka ke ho etsa thato ea ea nthomileng” e ba le moelelo o eketsehileng ha re nahana ka hore nako e ne e le efe. Ho latela Johanne 4:6, “e ne e batla e le hora ea botšelela,” kapa e batla e le motšehare o moholo. Ka mor’a ho tsamaea naheng e lithaba ea Samaria ka lihora tsohle tsa hoseng, Jesu le barutuoa ba hae ba ne ba ka be ba lapile ba bile ba nyoriloe. Ke ka baka leo barutuoa ba ileng ba mo phehella hore a je nakong eo ba neng ba tla le lijo. Ba ne ba sa tsebe matla le ho matlafala hoo Jesu a neng a ho fumana ka ho etsa mosebetsi oa Jehova. Ha ho pelaelo hore polelo ea Jesu e ne e le e fetang feela papiso. Ha e le hantle o ne a tšehelitsoe ke ho etsa mosebetsi oa Molimo esita leha ho ne ho fetile lihora tse ngata a jele.—Johanne 4:31-34.
Joalokaha ho chaba le ho likela ha letsatsi ho ne ho fapana ho latela nako ea selemo, hangata ho ne ho fanoa ka khakanyo ea nako eo ketsahalo e etsahetseng ka eona. Kahoo, re atisa ho bala ka liketsahalo tse etsahalang ka hora ea boraro, ea botšelela, ea borobong—eo hangata e bolelang hoo e batlang e e-ba ka linako tseo. (Mattheu 20:3, 5; 27:45, 46; Mareka 15:25, 33, 34; Luka 23:44; Johanne 19:14; Liketso 10:3, 9, 30) Leha ho le joalo, maemong ao ho ’ona ho neng ho hlokahala hore ho boleloe nako ha ho ne ho phetoa taba e itseng, ho ne ho boleloa nako e tobileng. Ka mohlala, ho monna ea neng a thahasella ho tseba hore na mora oa hae o hlile a folisoa ke matla a Jesu, bahlanka ba hae ba ile ba mo arabela: “Maobane, ka hora ea bosupa, [hoo e ka bang ka hora ea pele motšehare oa mantsiboea] febere e mo tlohetse.”—Johanne 4:49-54.
Likarolo tsa Bosiu
Nakong ea puso ea Roma, ho bonahala hore Bajode ba ne ba sebelisa mokhoa oa Magerike le Baroma oa ho arola bosiu ka litebelo tse ’nè ho e-na le tse tharo tseo ba neng ba li sebelisa pele. Ho Mareka 13:35 ke ’nete hore Jesu o ne a bua ka likarolo tsena tse ’nè. Tebelo ea “mantsiboea” e ne e e-ba ho tloha ha letsatsi le likela ho fihlela hoo e ka bang ka hora ea borobong bosiu. Tebelo ea bobeli, “bosiu bo boholo,” e ne e qala ka hoo e ka bang ka hora ea borong ’me e fela bosiu bo boholo. Ea “mokōkō ha o lla” e ne e e-ba ho tloha bosiu bo boholo ho fihlela hoo e ka bang ka hora ea boraro hoseng. ’Me tebelo ea ho qetela, “ka meso,” e ne e fela ka meso, kapa hoo e ka bang ka hora ea botšelela.
Tebelo ea “mokōkō ha o lla” e mema thahasello e khethehileng ka baka la mantsoe a Jesu ho Petrose lengolong la Mareka 14:30: “Mokōkō ha o e-s’o ho lle habeli, u tla be u se u ntatotse hararo.” Leha bahlalosi ba bang ba bolela hore lentsoe “habeli” le bolela linako tse ling tse tobileng—har’a mp’a bosiu le ka mafube, ka tatellano—A Dictionary of Christ and the Gospels, e hlophisitsoeng ke James Hastings, e bontša hore “ha e le hantle mekoko e lla nakong ea bosiu, linaheng tse ka Bochabela joaloka libakeng tse ling, ka linako tse sa tšoaneng ho tloha har’a mp’a bosiu ho ea pele.” Hoa bonahala hore Jesu o ne a sa bue ka nako e tobileng eo ka eona Petrose a neng a tla mo latola. Ho e-na le hoo, o ne a fana ka pontšo e tšoaeang mantsoe a hae ho Petrose, a ileng a phethahala ka nepo bosiung bona boo.—Mareka 14:72.
E ne e le “ka tebelo ea bone ea bosiu”—pakeng tsa hora ea boraro le ea botšelela hoseng—ha Jesu, a tsamaea holim’a metsi a Leoatle la Galilea, a tla ho barutuoa ba hae, ba neng ba le seketsoaneng se neng “se se se le har’a leoatle.” Mohlomong ho bonolo ho utloisisa hore na ke hobane’ng ha barutuoa ba “tšoha, ba re: Ke sethotsela; ’me ba meketsa ke ho tšaba.” (Mattheu 14:23-26) Ka lehlakoreng le leng, sena se bontša hore Jesu o tlameha a ne a ile a qeta nako e telele a rapela ka boeena thabeng. Hobane sena se etsahetse kapele ka mor’a hore Johanne Mokolobetsi a khaoloe hlooho ke Heroda Antipase pele ho Paseka, e ileng ea tšoaea qaleho ea selemo sa ho qetela sa tšebeletso ea Jesu ea lefatšeng, ruri Jesu o ne a e-na le ho hongata hoo a ka ho nahanisisang thapelong ea hae ea botho ho Ntat’ae.
Ho baloa ha lihora tse 12 tsa bosiu ho ne ho sebelisoa ka nako e le ’ngoe le litebelo tsena tse ’nè. E le hore a ka tsamaisa Pauluse a sireletsehile ho ea Cesarea, molaoli oa lebotho la sesole Klaude Lysiase o ile a bolella balaoli ba hae hore ba lokise lebotho la masole a 470 “ka hora ea boraro ea bosiu.” (Liketso 23:23, 24) Kahoo Pauluse o ile a tsamaea a sireletsehile bosiu ha a tloha Jerusalema.
Tseba Nako ea Letsatsi
Ho bala le ho nahanisisa ka litlaleho tsa se ileng sa etsahala har’a batho ba Molimo ba boholo-holo ke mohloli oa thabo le matla a moea. Ha u ka kenya nako monahanong oa hao, ruri e tla etsa hore u thabele thuto ea hao ea Bibele haholoanyane. Hobane’ng? Hobane ka tsela ena u ka ba le boitsebiso bo felletseng ba Lentsoe la Molimo. Likhatiso tse kang Insight on the Scriptures le New World Translation of the Holy Scriptures With References ke lithuso tsa bohlokoa bo boholo tabeng ena (bobeli ba tsona li hatisitsoe ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.). Li tla u thusa hore u fumane likarabo ha u ipotsa potso ena: ‘E ne e le nako mang?’