Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • “Mosali ea Khabane ka ho Fetisisa”
    Etsisa Tumelo ea Bona
    • 22, 23. (a) E ka ’na eaba mpho eo Boaze a ileng a e fa Ruthe e ne e bolela’ng? (Sheba le mongolo o botlaaseng ba leqephe.) (b) Naomi o ile a khothalletsa Ruthe hore a etse’ng?

      22 Ha Ruthe a fihla lapeng, Naomi o ile a re: “U mang, morali oa ka?” Mohlomong o ne a buisoa ke ho se bone hantle ka lebaka la lefifi, empa Naomi o ne a boetse a batla ho kholiseha hore na Ruthe e sa le eena mohlolohali eane kapa ho se ho e-na le ea mo tšepisitseng lenyalo na. Ruthe o ile a potlakela ho bolella ’m’ae matsale sohle se etsahetseng pakeng tsa hae le Boaze. O ile a boela a mo fa harese, e leng mpho eo Boaze a neng a mo file eona hore a e fe Naomi.c—Ruthe 3:16, 17.

  • “Mosali ea Khabane ka ho Fetisisa”
    Etsisa Tumelo ea Bona
    • c Boaze o ile a fa Ruthe litekanyo tse tšeletseng tsa boima bo sa hlalosoang—mohlomong e le ho bontša hore joalokaha matsatsi a tšeletseng a ho sebetsa a lateloa ke phomolo ea Sabatha, matsatsi a ho sehla ha Ruthe e le mohlolohali a ne a tla tloha a lateloa ke “phomolo” e ka fumanoang ka ho ba le monna le lehae le sireletsehileng. Ka lehlakoreng le leng, litekanyo tseo tse tšeletseng—mohlomong likharafu tse tletseng tse tšeletseng—ke sohle seo Ruthe a neng a ka khona ho se jara.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela