-
“Mosali ea Khabane ka ho Fetisisa”Molula-Qhooa—2012 | October 1
-
-
“U mang, morali oa ka?” Naomi o ile a bua joalo ha Ruthe a fihla lapeng. Mohlomong o ne a buisoa ke ho se bone hantle ka lebaka la lefifi, empa Naomi o ne a boetse a batla ho kholiseha hore na Ruthe e sa le eena mohlolohali eane kapa ho se ho e-na le ea mo tšepisitseng lenyalo na. Ruthe o ile a potlakela ho bolella ’m’ae matsale sohle se etsahetseng pakeng tsa hae le Boaze. Ntle ho moo, o ile a mo fa harese e leng mpho eo Boaze a neng a mo file eona hore a e fe Naomi.d—Ruthe 3:16, 17.
-
-
“Mosali ea Khabane ka ho Fetisisa”Molula-Qhooa—2012 | October 1
-
-
d Boaze o ile a fa Ruthe litekanyo tse tšeletseng tsa boima bo sa hlalosoang—mohlomong e le ho bontša hore joalokaha matsatsi a tšeletseng a ho sebetsa a lateloa ke phomolo ea Sabatha, matsatsi a ho sehla ha Ruthe e le mohlolohali a ne a tla tloha a lateloa ke “phomolo” e ka fumanoang ka ho ba le monna le lehae le sireletsehileng. Ka lehlakoreng le leng, litekanyo tseo tse tšeletseng—mohlomong likharafu tse tletseng tse tšeletseng—ke sohle seo Ruthe a neng a ka khona ho se jara.
-