Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Kamoo U Ka Etsang Metsoalle ea ’Nete Kateng
    Molula-Qhooa—1987 | September 15
    • Ka baka la bofuma, monna e mong oa Juda o ile a fallela Moabe le mosali oa hae, Naomi. Kamor’a nako a shoa. Hamorao, bara ba hae ba babeli ba nyala banana ba Moabe Ruthe le Orpa. Eaba bara bao baa shoa, ba siea bahlolohali ba bararo ba le bang. Naomi, ’m’a bona a etsa qeto ea ho khutlela Juda, ’me lingoetsi tsa hae tse peli tsa tloha le eena. Leha ho le joalo, ha ba le tseleng Naomi a qophella basali ba banyenyane hore ba khutle le ho ea batla banna ba bacha har’a batho bahabo bona. Orpa o ile a etsa joalo, empa Ruthe a tsitlallela ho tsamaea le Naomi. Hobane’ng? Hobane e ne e le ho hoholo ho feta ho ba ngoetsi feela; e ne e boetse e le motsoalle oa ’nete. Hoo re kholisehileng ka hona ke hore, sebopeho sa hae sa kutloelo-bohloko se ne se ke ke sa mo lumella hore a tlohelle mohlolohali ea hōlileng, ea lahlehetsoeng ke lelapa la hae, hore a khutle a le mong.—Ruthe 1:1-17.

      Ruthe o ile a bontša qenehelo ea sebele, mosa, botšepehi, le lerato. Litšobotsi tseo li etsa motheo oa setsoalle sa ’nete. Leha ho le joalo, ho ne ho e-na le lebaka le leng le neng le ameha kamanong ea Ruthe le Naomi.

      Setsoalle sa Bona Boemong bo Phahameng Haholoanyane

      Ha Naomi a mo qophella hore a khutle, Ruthe a re: “U se ke ua mphehella hore ke u siee, . . . hobane ke tla ea moo u eang . . . chaba sa hao ke chaba sa ka, ’me Molimo oa hao ke Molimo oa ka.” (Ruthe 1:16) Naomi o ne a thusitse Ruthe, eo pele e neng e le mohetene, ho tseba le ho rata Molimo oa ’nete, Jehova. Tumelo ea bona e kopanetsoeng e ile ea e-ba tlamo e matla ea moea e kopanyang basali ba babeli ’moho e le metsoalle ea ’nete. Hape Jehova o ile a ba hlohonolofatsa ka lelapa le lecha. Kamor’a nako, Ruthe a nyaloa ke Boaze, mong’a tšimo ea atlehileng Juda, ’me a ba le mora ea bitsoang Obede, eo e ileng ea e-ba ntate-moholo oa Morena Davida.—Ruthe 4:13-22; Mattheu 1:5, 6.

      Lebaka lena la moea le bea setsoalle boemong bo phahameng haholoanyane. Joang? Tabeng ea Ruthe le Naomi, ka bobeli ba ne ba rapela Jehova, “Molimo o hauhelang le o lereko, o liehang ho halefa o tletseng mosa o lerato le ’nete.” (Exoda 34:6, NW) “Molimo o lerato,” ’me haeba kannete re o rapela ka moea le ka ’nete, ka sebele re tla hōla leratong la rōna ho oona le ho libōpuoa tse ling. (1 Johanne 4:8; Johanne 4:24) Ka hona, rea fetoha. Re hlaolela thahasello ea botsoalle ho ba bang, haholo-holo batho ba bonolo, ba mahlomoleng ba merabe eohle. Batho ba ichebileng bo bona feela ba khaotsa ho ameha ka bona feela. Batho ba baithati ba hlaolela ho tsotella ba bang. Re qala ho bontša litholoana tsa moea oa Molimo—“lerato, le thabo, le khotso, le sebete, le khauho, le molemo, le botšepehi, le bonolo, le boitšoaro.”—Ba-Galata 5:22, 23.

  • Kamoo U Ka Etsang Metsoalle ea ’Nete Kateng
    Molula-Qhooa—1987 | September 15
    • [Setšoantšo se leqepheng la 7]

      Ruthe o ne a ke ke a furalla Naomi hobane setsoalle sa bona se ne se e-na le motheo o tiileng linthong tsa moea. Na u na le metsoalle ea ’nete e joalo?

Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ea Tšebeliso
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela