Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • “Ke Tla ea Moo U Eang Teng”
    Etsisa Tumelo ea Bona
    • 16-18. (a) Ruthe o ile a bontša lerato ka botšepehi joang? (b) Ke eng seo re ka ithutang sona ho Ruthe ka ho bontša lerato ka botšepehi? (Sheba le setšoantšo sa basali bao ba babeli.)

      16 Ha ba le tseleng, a bua le Naomi a mo shebile ka mahlong, Ruthe o ne a sa tsilatsile ka qeto eo a e entseng. O ne a rata Naomi haholo—le Molimo eo Naomi a neng a mo sebeletsa. Kahoo o ile a bua a re: “U se ke ua nkōpa ka tieo hore ke u tlohele, ke khutle ke se ke ka tsamaea le uena; kaha ke tla ea moo u eang teng, ’me ke tla hlola bosiu moo u hlolang bosiu teng. Batho ba heno e tla ba batho ba heso, ’me Molimo oa hao e tla ba Molimo oa ka. Ke tla shoela moo u shoelang teng, ’me ke hona moo ke tla pateloa teng. E se eka Jehova a ka nketsa joalo ’me a ekelletsa ho seo haeba ntho leha e le efe haese lefu e ka hlahisa karohano pakeng tsa ka le uena.”—Ruthe 1:16, 17.

      Ruthe o ile a re ho Naomi, “Ke tla ea moo u eang teng”

      “Batho ba heno e tla ba batho ba heso, ’me Molimo oa hao e tla ba Molimo oa ka”

      17 Mantsoe a Ruthe aa hlolla—a hlolla hoo batho ba ntseng ba a hopola le ha ho se ho fetile lilemo tse likete tse tharo Ruthe a shoele. Mantsoe ao a bontša tšobotsi e babatsehang ka ho hlaka, e leng ho bontša lerato ka botšepehi. Lerato leo Ruthe a neng a rata Naomi ka lona le ne le le matla ebile le tšepahala hoo a neng a tla lula a e-na le Naomi hohle moo a eang. Ba ne ba tla arohanngoa ke lefu feela. Batho ba habo Naomi e ne e tla ba ba habo Ruthe, hobane Ruthe o ne a ikemiselitse ho siea ntho e ’ngoe le e ’ngoe ea Moabe—esita le melimo ea teng. Ho fapana le Orpa, Ruthe o ne a ka bua ho tsoa botebong ba pelo hore o batla hore Molimo oa Naomi, Jehova, le eena e be Molimo oa hae.a

  • “Ke Tla ea Moo U Eang Teng”
    Etsisa Tumelo ea Bona
    • a Ntho ea bohlokoa ke hore Ruthe ha aa ka a sebelisa feela tlotla “Molimo” joalokaha balichaba ba bangata ba ne ba ka etsa; o ile a boela a sebelisa lebitso la Molimo, e leng Jehova. Ha e bua ka taba ena, The Interpreter’s Bible e re: “Kahoo mongoli o hatisa hore molichaba enoa ke molateli oa Molimo oa ’nete.”

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela