Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • “Ke Tla ea Moo U Eang Teng”
    Molula-Qhooa—2012 | July 1
    • Ha Ruthe a talima Naomi ho mo araba, o ne a tseba hantle seo a se batlang. O ne a rata Naomi haholo—le Molimo eo Naomi a neng a mo sebeletsa. Kahoo o ile a bua a re: “U se ke ua nkōpa ka tieo hore ke u tlohele, ke khutle ke se ke ka tsamaea le uena; kaha ke tla ea moo u eang teng, ’me ke tla hlola bosiu moo u hlolang bosiu teng. Batho ba heno e tla ba batho ba heso, ’me Molimo oa hao e tla ba Molimo oa ka. Ke tla shoela moo u shoelang teng, ’me ke hona moo ke tla pateloa teng. E se eka Jehova a ka nketsa joalo ’me a ekelletsa ho seo haeba ntho leha e le efe haese lefu e ka hlahisa karohano pakeng tsa ka le uena.”—Ruthe 1:16, 17.

      Mantsoe a Ruthe aa hlolla—a hlolla hoo batho ba ntseng ba a hopola le ha ho se ho fetile lilemo tse likete tse tharo Ruthe a se a shoele. Mantsoe ao a bontša tšobotsi e babatsehang ka ho hlaka, e leng lerato le tšepahalang. Lerato leo Ruthe a neng a rata Naomi ka lona le ne le le matla ebile le tšepahala hoo a neng a tla lula a e-na le Naomi hohle moo a eang. Ba ne ba tla arohanngoa ke lefu feela. Batho ba habo Naomi e ne e tla ba ba habo Ruthe, hobane Ruthe o ne a ikemiselitse ho siea ntho e ’ngoe le e ’ngoe ea Moabe—esita le melimo ea teng. Ho fapana le Orpa, Ruthe o ne a ka bua ho tsoa botebong ba pelo hore o batla hore Molimo oa Naomi, Jehova, le eena e be Molimo oa hae.b

  • “Ke Tla ea Moo U Eang Teng”
    Molula-Qhooa—2012 | July 1
    • b Ntho ea bohlokoa ke hore Ruthe ha aa ka a sebelisa feela tlotla “Molimo” joalokaha balichaba ba bangata ba ne ba ka etsa; o ile a boela a sebelisa lebitso la Molimo, e leng Jehova. Ha e bua ka taba ena, The Interpreter’s Bible e re: “Kahoo mongoli o hatisa hore molichaba enoa ke molateli oa Molimo oa ’nete.”

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela