Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • “Ke Tla ea Moo U Eang Teng”
    Etsisa Tumelo ea Bona
    • 23. Ruthe o ile a qala ho nahana ka eng, hona Molao oa Moshe o ne o etselitse mafutsana tokisetso efe? (Sheba le mongolo o botlaaseng ba leqephe.)

      23 Ha basali bana ba babeli ba se ba fumane bolulo Bethlehema, Ruthe o ile a qala ho nahana hore na a ka etsa’ng e le hore a iphelise le hore a hlokomele Naomi. O ile a utloa hore Molao oo Jehova a o fileng batho ba hae Iseraele o ne o akarelletsa tokisetso e lerato bakeng sa mafutsana. Mafutsana a ne a lumelloa ho ea masimong ka nako ea kotulo ’me a sale bakotuli morao e le hore a khoahlapise lijalo tseo bakotuli ba neng ba li siea ka morao le tse neng li metse ka thōko ho masimo.b—Lev. 19:9, 10; Deut. 24:19-21.

      24, 25. Ruthe o ile a etsa’ng ha a iphumana a le masimong a Boaze, hona mosebetsi oa ho khoahlapisa o ne o le joang?

      24 E ne e le nako ea kotulo ea harese, e ka ’na eaba e ne e le ka April ho ea ka almanaka ea mehleng ea rōna, Ruthe o ile a ea masimong ho ea bona hore na a ka khoahlapisa tšimong ea mang. A sa ikemisetsa, o ile a iphumana a le masimong a monna ea bitsoang Boaze, morui ea nang le masimo ea bileng a amanang le monna oa Naomi ea hlokahetseng, e leng Elimeleke. Le hoja ho ea ka Molao a ne a e-na le tokelo ea ho khoahlapisa, ha aa ka a ikenela feela tšimong; o ile a kōpa mohlankana ea neng a okametse bakotuli tumello ea ho khoahlapisa. O ile a mo lumella ’me Ruthe a kena mosebetsing hang-hang.—Ruthe 1:22–2:3, 7.

  • “Ke Tla ea Moo U Eang Teng”
    Etsisa Tumelo ea Bona
    • b Ona e ne e le molao o tsotehang, ka sebele ho ne ho se na molao o tšoanang le ona naheng ea habo Ruthe. Mehleng eo, Linaheng Tsa Bochabela bo Hare, bahlolohali ba ne ba tšoaroa hampe. Buka e ’ngoe e re: “Ka mor’a lefu la monna oa hae, hangata mohlolohali o ne a hlokomeloa ke bara ba hae; haeba a se na bona ho ne ho ka hlokahala hore a ithekise hore e be lekhoba, a rekise ’mele, kapa a bolaoe.”

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela