Lentsoe la Jehova Lea Phela
Lintlha-khōlō Tsa Buka ea Ruthe
KE KETSAHALO ea sebele e amang maikutlo ea basali ba babeli ba tšepahallanang. Ke tlaleho e bontšang ho hlompha Jehova Molimo le ho tšepa tokisetso ea hae. Ke pale e hatisang tsela e tebileng eo ka eona Jehova a neng a thahasella leloko leo Mesia a neng a tla tsoa ho lona. Ke tlaleho e amang maikutlo ea thabo le masoabi a lelapa le itseng. Buka ea Ruthe e fupere lintlha tseo le tse ling.
Buka ea Ruthe e tlaleha liketsahalo tsa hoo e ka bang lilemo tse 11 “matsatsing ao baahloli ba neng ba phethahatsa toka ka ’ona” Iseraele. (Ruthe 1:1) Liketsahalo tse tlalehiloeng li tlameha ebe li etsahetse qalong ea nako ea Baahloli, kaha mong’a tšimo, e leng Boaze, e mong oa bao ho buuoang ka bona ketsahalong ena ea sebele, e ne e le mora oa Rahaba oa matsatsing a Joshua. (Joshua 2:1, 2; Ruthe 2:1; Matheu 1:5) Ho ka etsahala hore ebe pale ena e ile ea ngoloa ke moprofeta Samuele ka 1090 B.C.E. Ena ke eona feela buka ea Bibele e nang le lebitso la mosali eo e seng Moiseraele. Molaetsa oo e o fupereng oa ‘phela ’me o fana ka matla.’—Baheberu 4:12.
“KE TLA EA MOO U EANG TENG”
Ha Naomi le Ruthe ba fihla Bethlehema, e mong le e mong o bontša thahasello ho bona. Ha basali ba motse ba bua ka e moholo, ba botsa ba sa khaotse: “Na enoa ke Naomi?” Ha Naomi a ba utloa o re: “Le se ke la mpitsa Naomi. Le mpitse Mara, kaha Ea Matla ’Ohle o nkutloisitse bohloko haholo. Ke ne ke tletse ha ke e-ea, ’me Jehova o entse hore ke khutle ke sa nka letho.”—Ruthe 1:19-21.
Ha tlala Iseraele e qobella ba lelapa la hae hore ba tlohe Bethlehema ho ea naheng ea Moabe, Naomi o “tletse” hobane o na le monna le bara ba babeli. Leha ho le joalo, nakoana ka mor’a hore ba lule naheng ea Moabe, monna oa hae, Elimeleke, oa shoa. Hamorao bara ba hae ba babeli ba nyala basali ba Bamoabe, Orpa le Ruthe. Ho feta hoo e ka bang lilemo tse leshome, bara bana ba babeli ba shoa ba se na bana, ba siea basali ba bararo ba le bang. Ha ’mè matsale oa bona, Naomi, a etsa qeto ea ho khutlela Juda, bahlolohali ba bara ba hae ba tsamaea le eena. Ha ba le tseleng, Naomi o khothalletsa lingoetsi tsa hae hore li khutlele Moabe ’me li nyaloe ke banna sechabeng sa habo tsona. Orpa oa lumela. Leha ho le joalo, Ruthe o khomarela Naomi, ’me o re: “Ke tla ea moo u eang teng, ’me ke tla hlola bosiu moo u hlolang bosiu teng. Batho ba heno e tla ba batho ba heso, ’me Molimo oa hao e tla ba Molimo oa ka.”—Ruthe 1:16.
Bahlolohali ba babeli, Naomi le Ruthe, ba fihla Bethlehema ha kotulo ea harese e qala. A sebelisa tokisetso e entsoeng Molaong oa Molimo, Ruthe o qala ho khoahlapisa tšimong eo bonneteng e leng ea mong ka Elimeleke—e leng Mojuda ea tsofetseng ea bitsoang Boaze. Ruthe o khahla Boaze ’me o tsoela pele ho khoahlapisa tšimong ea hae “ho fihlela kotulo ea harese le kotulo ea koro e fela.”—Ruthe 2:23.
Lipotso Tsa Mangolo Lia Arajoa:
1:8—Ke hobane’ng ha Naomi a ile a bolella lingoetsi tsa hae hore “e mong le e mong a khutlele ntlong ea ’m’ae” ho fapana le ho re a ee ntlong ea ntat’ae? Ha hoa boleloa hore na ntat’a Orpa o ne a ntse a phela kapa che. Leha ho le joalo, ntat’a Ruthe o ne a ntse a phela. (Ruthe 2:11) Ho sa tsotellehe seo, ha Naomi a bua ka ntlo ea ’mè, mohlomong o ne a nahana hore ho bua ka bo-’mè ho ne ho tla ba hopotsa monate oa lerato la ’mè. Ka ho khetheha ena e ne e tla ba ntho e tšelisang barali ba aparetsoeng ke masoabi a ho arohana le matsale oa bona ea ratehang. Hape polelo ena e ka ’na ea bontša hore ho fapana le Naomi, ’mè oa Ruthe le oa Orpa ba ne ba e-na le mahae a emeng hantle.
1:13, 21—Na Jehova o ile a sulafalletsa Naomi bophelo le ho mo bakela tlokotsi? Che, ebile Naomi ha aa ka a beha Molimo molato ka phoso leha e le efe. Leha ho le joalo, ka lebaka la sohle se neng se mo hlahetse, o ile a nahana hore Jehova o ne a le khahlanong le eena. O ile a utloa bohloko a ba a felloa ke tšepo. Ho feta moo, mehleng eo tholoana ea mpa e ne e nkoa e le tlhohonolofatso ea Molimo, ha ho ba nyopa ho ne ho nkoa e le thohako. Ka lebaka la ho hloka litloholo le ho shoeloa ke bara ba babeli, Naomi o ne a ka ’na a nka hore ho nepahetse ho nahana hore Jehova o ne a mo tlotlolotse.
2:12—“Moputso o phethahetseng” oo Ruthe a ileng a o fumana o tsoang ho Jehova ke eng? Ruthe o ile a ba le mora ’me a fumana tlotla ea ho ba lethathamong la lesika la bohlokoa ka ho fetisisa historing—e leng lesika la Jesu Kreste.—Ruthe 4:13-17; Matheu 1:5, 16.
Seo re Ithutang Sona:
1:8; 2:20. Ho sa tsotellehe mahlomola ao Naomi a bileng le ’ona, o ile a lula a tšepile mosa o lerato oa Jehova. Re lokela ho etsa se tšoanang, haholo-holo ha re tobane le liteko tse thata.
1:9. Lehae ha ea lokela ho ba feela sebaka seo litho tsa lelapa li jang le ho robala ho sona. E lokela ho ba sebaka se nang le khotso, sa phomolo le matšeliso.
1:14-16. Orpa o ile a ‘khutlela ho batho ba habo le ho melimo ea habo.’ Ruthe ha aa ka a etsa seo. O ile a siea menate le tšireletso ea naha ea habo eaba o lula a tšepahala ho Jehova. Ho hlaolela lerato le tšepahalang ho Molimo le ho bontša moea oa boitelo ho tla re thusa hore re itšireletse hore re se ke ra inehela litakatsong tsa boithati le ho ‘ikhulela ho ea timetsong.’—Baheberu 10:39.
2:2. Ruthe o ne a batla ho sebelisa tokisetso ea ho khoahlapisa e neng e etselitsoe osele le motho ea futsanehileng. E ne e le moikokobetsi. Mokreste ea hlokang ha aa lokela ho ikhantšetsa thuso e lerato ea balumeli-’moho le eena kapa thuso leha e le efe ea ’muso eo a ka ’nang a tšoanelehela ho e fumana.
2:7. Ho sa tsotellehe hore o ne a e-na le tokelo ea ho khoahlapisa, Ruthe o ile a kōpa tumello ea ho khoahlapisa. (Levitike 19:9, 10) Ena e ne e le pontšo ea hore o ne a le bonolo. Ke hantle hore re “batle bonolo,” kaha “ba bonolo ba tla rua lefatše, ka sebele ba tla fumana thabo e phethehileng khotsong e ngata.”—Sofonia 2:3; Pesaleme ea 37:11.
2:11. Ruthe e ne e se feela mong ka Naomi. E ne e le motsoalle oa ’nete. (Liproverbia 17:17) Botsoalle ba bona bo ne bo tiile hobane bo ne bo thehiloe litšobotsing tse kang lerato, botšepehi, kutloelo-bohloko, mosa le moea oa boitelo. Ntho ea bohlokoa le ho feta, bo ne bo thehiloe leratong la bona la lintho tsa moea—takatsong ea bona ea ho sebeletsa Jehova le ea ho ba har’a barapeli ba hae. Le rōna re na le menyetla e metle ea ho hlaolela botsoalle ba sebele le barapeli ba ’nete.
2:15-17. Le hoja Boaze a ile a bebofaletsa Ruthe mosebetsi, o ile “a tsoela pele ho khoahlapisa tšimong ho fihlela ka shoalane.” Ruthe e ne e le sekhothali. Mokreste o lokela ho ba le botumo ba ho ba sekhothali.
2:19-22. Naomi le Ruthe ba ne ba thabela moqoqo o monate lihoreng tsa mantsiboea, e moholo a thahasella mesebetsi ea e monyenyane, ka bobeli ba lokolohile ho bua ka maikutlo le menahano ea bona. Na see se lokela ho fapana ka tsela leha e le efe le lelapeng la Bokreste?
2:22, 23. Ho fapana le Dina, morali oa Jakobo, Ruthe o ile a batla setsoalle har’a barapeli ba Jehova. Oo ke mohlala o motle hakaakang bakeng sa rōna!—Genese 34:1, 2; 1 Bakorinthe 15:33.
NAOMI OA ‘TLALA’
Naomi o tsofetse haholo hoo a ke keng a ba le bana. Kahoo o laela Ruthe hore a mo belehele bana lenyalong la ho rekolloa, kapa la ho keneloa. A latela tataiso ea Naomi, Ruthe o kōpa Boaze hore e be morekolli. Boaze o ikemiselitse ho etsa seo. Leha ho le joalo, ho na le mong ka bona ea haufi haholo ea lokelang ho fuoa monyetla oa pele.
Boaze ha a senyetse taba ena nako. Hoseng ho hlahlamang, o bokella banna ba baholo ba leshome ba Bethlehema ka pel’a mong ka bona eo ’me oa mo botsa hore na o ikemiselitse ho ba morekolli. Monna eo oa hana. Kahoo, Boaze e ba morekolli ’me o nyala Ruthe. Lenyalong la bona ho hlaha mora, ea bitsoang Obede, ntate-moholo oa Morena Davida. Joale basali ba Bethlehema ba re ho Naomi: “Ho bokoe Jehova . . . O fetohile ea hlasimollang moea oa hao le ea hlokomelang botsofali ba hao, hobane ngoetsi ea hao e u ratang, e molemo ho uena ho feta bara ba supileng, e mo tsoetse.” (Ruthe 4:14, 15) Mosali ea khutletseng Bethlehema a “sa nka letho” o boetse o “tletse”!—Ruthe 1:21.
Lipotso Tsa Mangolo Lia Arajoa:
3:11—Ke eng e ileng ea etsa hore Ruthe a be le botumo ba ho ba “mosali ea khabane ka ho fetisisa”? E ne e se “ho lohuoa ha moriri ha ka ntle” kapa “ho roala mekhabiso ea khauta kapa ho apara liaparo tsa ka ntle” ho ileng ha etsa hore batho ba bang ba rate Ruthe. Ho e-na le hoo, e bile “motho ea ka sephiring oa pelo”—moea oa hae o thōtseng le o bonolo, botšepehi le lerato la hae, boikokobetso le bonolo ba hae, mahlahahlaha le moea oa hae oa boitelo. Mosali leha e le ofe ea tšabang Molimo ea lakatsang ho ba le botumo bo kang ba Ruthe o lokela ho loanela ho hlaolela litšobotsi tsena.—1 Petrose 3:3, 4; Liproverbia 31:28-31.
3:14—Ke hobane’ng ha Ruthe le Boaze ba ile ba tsoha pele letsatsi le chaba? E ne e se hobane ho ne ho bile le boitšoaro bo bobe bosiu joale ba batla hore e be pinyane. Ho hlakile hore seo Ruthe a ileng a se etsa bosiung boo se ne se lumellana le tsela e neng e tloaetsoe ke mosali ea batlang tokelo ea ho keneloa. O ile a latela taelo ea Naomi hantle. Ho feta moo, karabo ea Boaze e bontša ka ho hlaka hore ha aa bona letho le phoso ka seo Ruthe a se entseng. (Ruthe 3:2-13) Ho hlakile hore Ruthe le Boaze ba ile ba tsoha ka matjeke e le hore ho se be le ea mong ea ka bang le lebaka la ho qala menyenyetsi ea leshano.
3:15—Ke eng ea bohlokoa ka hore Boaze a fe Ruthe litekanyo tse tšeletseng tsa harese? Mohlomong ketso ena e bontša feela hore joalokaha letsatsi la phomolo le ne le latela matsatsi a tšeletseng a mosebetsi, letsatsi la phomolo la Ruthe le ne le atametse. Boaze o ne a tla tiisa hore o fumana “sebaka sa phomolo” ntlong ea monna oa hae. (Ruthe 1:9; 3:1) Hape mohlomong litekanyo tse tšeletseng tsa harese ke sohle seo Ruthe a neng a ka se roala hloohong ea hae.
3:16—Ke hobane’ng ha Naomi a ile a botsa Ruthe: “U mang, morali oa ka?” Na o ne a sa lemohe hore ke ngoetsi ea hae? Ho ka etsahala hore ebe Naomi o ne a sa lemohe Ruthe hobane, ha Ruthe a khutlela ho Naomi, e ka ’na eaba ho ne ho ntse ho le lefifi. Ho ntse ho le joalo, potso eo e ka ’na ea boela ea bolela hore Naomi o ne a batla ho tseba hore na tse ncha ke life malebana le ho rekolloa ha Ruthe.
4:6—Ke joang morekolli a neng a ka “senya” lefa la hae ka ho rekolla? Ntlha ea pele, haeba motho eo e bang mofutsana a ne a rekisitse tšimo ea hae eo e leng lefa, morekolli o ne a lokela ho reka tšimo eo ka chelete ho itšetlehile ka hore na ho setse lilemo tse kae pele ho Jubile e latelang. (Levitike 25:25-27) Ho etsa joalo ho ne ho tla fokotsa leruo la hae. Ho feta moo, haeba Ruthe a ne a ka tsoala mora, lefa la tšimo e rekolotsoeng le ne le tla jeoa ke mora eo, eseng litho tse teng tse haufi tsa lelapa la morekolli.
Seo re Ithutang Sona:
3:12; 4:1-6. Boaze o ile a latela tokisetso ea Jehova ka hloko. Na re hlokolosi ho latela tsamaiso ea puso ea Molimo?—1 Bakorinthe 14:40.
3:18. Naomi o ne a tšepile Boaze. Na le rōna ha rea lokela ho ba le tšepo e joalo ho balumeli-’moho le rōna ba tšepahalang? Ruthe o ne a ikemiselitse ho keneloa ke monna eo a neng a sa mo tsebe le ho mo tseba, e leng monna e mong ea sa boleloang ka lebitso ka Bibeleng. (Ruthe 4:1) Hobane’ng? Hobane o ne a kholisehile ka tokisetso ea Molimo. Na le rōna re kholisehile ka tsela e tšoanang? Ka mohlala, ha re nahana ho batla molekane oa lenyalo, na re mamela keletso e reng re nyale “feela Moreneng”?—1 Bakorinthe 7:39.
4:13-16. Le hoja Ruthe e ne e le mosali oa Momoabe le morapeli oa molingoana ea bitsoang Kemoshe, ruri o ile a fumana moputso o sa tloaelehang! Sena se hlakisa molao-motheo o reng “ha hoa itšetleha ka ea lakatsang kapa ea mathang, empa ho itšetlehile ka Molimo, ea nang le mohau.”—Baroma 9:16.
Molimo a ka ’na a U “Phahamisa Nakong e Loketseng”
Buka ea Ruthe e etsa hore re bone hore Jehova ke Molimo oa mosa o lerato, ea etsang lintho molemong oa bahlanka ba hae ba tšepahalang. (2 Likronike 16:9) Ha re nahana kamoo Ruthe a ileng a hlohonolofatsoa kateng, rea bona hore na ke habohlokoa hakae ho beha tšepo ea rōna ho Molimo re e-na le tumelo e se nang lipelaelo, re lumela ka ho feletseng “hore o teng le hore e ba moputsi oa ba mo batlang ka tieo.”—Baheberu 11:6.
Ruthe, Naomi le Boaze ba ile ba beha tšepo ea bona e feletseng tokisetsong ea Jehova, ’me lintho li ile tsa ba tsamaela hantle. Ka ho tšoanang, “Molimo o etsa hore mesebetsi ea hae eohle e sebelisane hammoho molemong oa ba ratang Molimo, ba bitsitsoeng ho ea ka morero oa hae.” (Baroma 8:28) Kahoo, a re sebeliseng keletso ea moapostola Petrose e reng: “Ka hona, le ikokobetse tlas’a letsoho le matla la Molimo, e le hore a ka le phahamisa nakong e loketseng; ha le ntse le lahlela matšoenyeho ’ohle a lōna ho eena, hobane oa le tsotella.”—1 Petrose 5:6, 7.
[Setšoantšo se leqepheng la 26]
Na u tseba lebaka leo Ruthe a sa kang a tlohela Naomi ka lona?
[Setšoantšo se leqepheng la 27]
Ke eng se ileng sa etsa hore Ruthe a be le botumo ba ho ba “mosali ea khabane ka ho fetisisa”?
[Setšoantšo se leqepheng la 28]
“Moputso o phethahetseng” oo Ruthe a ileng a o fumana o tsoang ho Jehova ke eng?